Ho Felisa ho Ipheta-pheta ha Lehloeo
‘Ratang lira tsa lōna.’—MATHEU 5:44.
BAETA-PELE ba lichaba tse peli tse loantšanang ba ile ba kena lipuisanong tse matla tsa ho bōpa khotso. Mopresidente oa naha e tsoetseng pele haholo moruong o ile a ba teng puisanong ena, a sebelisa tšusumetso ea hae e matla le tsebo eo a nang le eona litabeng tsa machaba ho leka ho kopanya baeta-pele bana ba babeli. Empa qetello ea boiteko bona bo bohloko e bile masetla-libete a eketsehileng. Ka mor’a libeke li se kae, lichaba tseo tse peli li ne li loantšana ntoeng eo makasine ea Newsweek e ileng ea e bitsa “pefo e feteletseng e kileng ea e-ba teng lipakeng tsa linaha tseo lilemong tse mashome a mabeli.”
Ho pholletsa le lefatše, lehloeo le bora lipakeng tsa lihlopha tsa merabe le lichaba le hana ho fela ho sa tsotellehe boiteko bo botle bo etsoang ke baeta-pele ba lichaba. Ho ipheta-pheta ha lehloeo ho eketseha le ho feta, ho bakoa ke ho hloka tsebo, khethollo le liphatlalatso tse mpe khahlanong le ba bang. Empa le hoja baeta-pele ba kajeno ba phopholetsa ho fumana tharollo e ncha, ba sitoa ho bona hore tharollo e molemohali ke ea boholo-holo—tharollo ea khale joaloka Thuto ea Thabeng. Thutong eo, Jesu Kreste o ile a khothalletsa bamameli ba hae hore ba ikokobelletse litsela tsa Molimo. Thutong eo, o ile a bolela mantsoe a qotsitsoeng ka holimo a reng, ‘Ratang lira tsa lōna.’ Khothatso eo hase feela tharollo e molemohali ea bothata bona ba lehloeo le leeme empa hape ke eona feela tharollo e sebetsang!
Babelaeli ba lahlela matjoing khopolo ea hore motho a rate lira tsa hae, ba e nka e se ntho ea sebele ebile e le e sa sebetseng. Leha ho le joalo, haeba lehloeo ke boitšoaro boo motho a ithutang bona, joale na ha ho utloahale ho nahana hore motho a ka ithuta ho se be le lona? Ka hona, mantsoe a Jesu a na le tšepo ea sebele bakeng sa batho. A bontša hore hoa khoneha ho felisa bora esita le boo e leng khale bo le teng.
Nahana ka boemo ba mehleng ea Jesu har’a bamameli ba hae ba Bajuda. Ho ne ho sa hlokahale hore ba nke leeto ho fumana lira. Masole a Baroma a ne a laola sebaka sa bona, a hatella Bajuda ka lekhetho, a ba tsamaisa lipolotiking, a ba sebelisa hampe le ho ba tlatlapa. (Matheu 5:39-42) Leha ho le joalo, ba bang ba ne ba ka ba ba nka Bajuda ba habo bona e le lira ka lebaka la ho se utloane ho fokolang ho neng ho sa ka ha lokisoa ka nako ’me ha hōla. (Matheu 5:21-24) Na ka sebele Jesu o ne a ka lebella hore bamameli ba hae ba rate batho ba neng ba ba utloisitse bohloko?
Se Boleloang ke “Lerato”
Pele ho tsohle, hlokomela hore ha Jesu a ne a bua ka “lerato,” o ne a sa nahana ka mofuta oa kameho e mofuthu e ka bang teng lipakeng tsa metsoalle e haufi-ufi. Lentsoe la Segerike bakeng sa lerato le sebelisitsoeng ho Matheu 5:44 le hlaha ho lentsoe a·gaʹpe. Lentsoe lena le na le moelelo oa lerato le laoloang kapa le busoang ke molao-motheo. Hase hakaalo hore le akarelletsa boikutlo bo mofuthu. Kaha le tataisoa ke molao-motheo o lokileng, lerato le joalo le susumetsa motho hore a batle lithahasello tse molemong oa ba bang, ho sa tsotellehe boitšoaro ba bona. Ka hona, lerato la a·gaʹpe le ka phahamela bora ba batho. Jesu ka boeena o ile a bonahatsa lerato le joalo ka hore, ho e-na le hore a bitsetse masole a Baroma a neng a mo khokhothetse thupeng thohako, o ile a rapela: “Ntate, u ba tšoarele, kaha ha ba tsebe seo ba se etsang.”—Luka 23:34.
Na hoa utloahala ho lebella hore lefatše le tla amohela thuto ea Jesu ka tekanyo e khōlō le hore batho ba tla qala ho ratana? Che, hobane Bibele e bontša hore lefatše lena le tla ’ne le tsoele pele ho ea tšenyehong. Timothea oa Bobeli 3:13 e ile ea bolela esale pele hore “batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang.” Leha ho le joalo, batho ka bomong ba ka felisa ho ipheta-pheta hona ha lehloeo ka ho fumana thuto e feletseng ea melao-motheo e lokileng ka ho ithuta Bibele. Tlaleho e bontša ka ho hlaka hore ba bangata ba ithutile ho loantša lehloeo le lengata le ba pota-potileng. Nahana ka mehlala e ’maloa ea sebele.
Ho Ithuta ho Rata
José o ile a kenella ntoeng ea likhukhuni a le lilemo li 13, e le setho sa sehlopha sa likhukhuni.a O ile a rutoa ho hloea batho bao ho neng ho thoe ke bona ba ikarabellang bakeng sa ho hloka toka ho neng ho mo potolohile. Ha ho khoneha, morero oa hae e ne e le ho ba tlosa tseleng. Ha a bona bo-mphato oa hae ba bangata ba e-shoa, José o ile a tlala khalefo le moea oa boiphetetso. Ha a ntse a etsa liqhomane, o ne a ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha ho e-na le mahlomola a mangata hakaale? Haeba Molimo o teng, na e hlile oa bona?’ Ka makhetlo a mangata o ne a lla , a ferekane a bile a tepeletse maikutlo.
Qetellong José o ile a ea phuthehong ea Lipaki tsa Jehova e sebakeng seo a lulang ho sona. Sebokeng sa pele seo a bileng ho sona, o ile a elelloa ka potlako moea o lerato o neng o foka moo. Motho e mong le e mong o ne a mo lumelisa ka mofuthu le ka tsela e botsoalle. Hamorao, puisano eo a ileng a ba le eona sehloohong se reng “Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Mahlomola?” e ile ea arabela lipotso tseo a ’nileng a ipotsa tsona.b
Ka mor’a nako, tsebo e eketsehileng ea Bibele e ile ea etsa hore José a etse liphetoho bophelong ba hae le tseleng eo a nahanang ka eona. O ile a ithuta hore “ea sa rateng o lula lefung. E mong le e mong ea hloileng . . . ke ’molai, ’me . . . ha ho ’molai eo bophelo bo sa feleng bo lutseng ho eena.”—1 Johanne 3:14, 15.
Leha ho le joalo, ho khaola maqhama le metsoalle ea hae ea likhukhuni ho ile ha fana ka phephetso. Nako e ’ngoe le e ’ngoe ha a ne a e-ea Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova, o ne a saloa morao. Bo-mphato oa hae ba bang ba bile ba e-ba teng libokeng tse ’maloa hore ba utloisise se fetotseng José hakana. Ka mor’a hore ba khotsofale hore e ne e se lehlabaphio kapa hona hore o ne a se kotsi ho bona, ba ile ba mo tlohela. José o ile a kolobetsoa e le e mong oa Lipaki tsa Jehova ha a le lilemo li 17. Kapele ka mor’a moo, o ile a qala ho bolela nako eohle. Ho e-na le ho rera ho bolaea batho, hona joale o ba isetsa molaetsa oa lerato le tšepo!
Ho Qhaqha Mekoallo ea Morabe
Na litho tsa lihlopha tsa morabe li ka qhaqha mekoallo ea lehloeo e li arohantseng? Nahana ka sehlopha se buang Seamharike sa Lipaki tsa Jehova tse London, Engelane. Sehlopha seo se entsoe ka batho ba 35—ba 20 ke Maethiopia ’me ba 15 ke Maeritrea. Ba rapela kaofela ka khotso ba momahane ho sa tsotellehe ’nete ea hore Afrika, Maeritrea le Maethiopia a sa tsoa loana e mahlo-mafubelu.
Paki e ’ngoe ea Moethiopia e ’nile ea bolelloa sena ke lelapa labo eona: ‘Le ka mohla u se ke be ua tšepa Maeritrea!’ Empa hona joale ha a tšepe Maeritrea ao e leng Bakreste-’moho le eena feela, empa o a bitsa bara le barali babo! Le hoja Maeritrea ana ka tloaelo a bua Setigrinya, a ile a khetha ho ithuta Seamharike—puo ea barab’abo ’ona ba Maethiopia—e le hore a ka ithuta Bibele hammoho. Boo ke bopaki bo bokaakang ba matla a lerato la Molimo leo e leng “tlamo e phethahetseng ea bonngoe”!—Bakolose 3:14.
Ho Lebala Tse Fetileng
Empa ho thoe’ng haeba motho e kile ea e-ba mohlaseluoa oa tšoaro e se nang botho? Na hase ha tlhaho ho hloea motho ea u hlokofalitseng? Nahana ka mohlala oa Manfred, Paki e ’ngoe ea Jeremane. O ile a qeta lilemo tse tšeletseng tsa bophelo ba hae a le chankaneng ea Bokomonisi hobane feela e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Na o kile a ikutloa a hloile bahatelli ba hae kapa hona ho ba le moea oa boiphetetso? O ile a arabela ka “che.” Ho latela koranta ea Jeremane, Saarbrücker Zeitung, Manfred o hlalositse: “Ho etsa ntho ka ho hloka toka kapa ho iphetetsa ka ho hloka toka . . . ho etsa hore ho hloka toka ho ipheta-phete nako le nako.” Ka ho hlakileng, Manfred o ile a sebelisa mantsoe a Bibele: “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena. . . . Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.”—Baroma 12:17, 18.
Lefatše le se Nang Lehloeo!
Lipaki tsa Jehova ha li ipolele li phethahetse tabeng ena. Hangata li fumana hore ho itebatsa bora le lehloeo la nako e fetileng ha ho bonolo. Ho hloka boiteko bo tsoelang pele, bo khothetseng ba ho sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba motho. Ka kakaretso, Lipaki tsa Jehova ke mohlala o phelang oa hore matla a Bibele a felisa lehloeo. Ka lenaneo la ho ithuta Bibele malapeng, Lipaki li thusa batho ba likete selemo se seng le se seng ho itokolla mahlaahleleng a khethollo ea morabe le leeme.c (Bona lebokose le reng, “Keletso ea Bibele e Thusa ho Felisa Lehloeo.”) Katleho eo ke selelekela sa liphello tsa lefatše lohle tsa lenaneo la thuto leo haufinyane le tla thusa ho felisa lehloeo le mehloli ea lona ka ho feletseng. Lenaneo lena la ka moso la thuto le tla phethoa tlas’a taolo ea ’Muso oa Molimo, kapa puso ea lefatše lohle. Jesu o re rutile hore re rapelle ’Muso oo Thapelong ea Morena ha a ne a re: “’Muso oa hao o ke o tle.”—Matheu 6:9, 10.
Bibele e tšepisa hore tlas’a tataiso ea ’muso ona oa leholimo, “ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.” (Esaia 11:9; 54:13) Joale, mantsoe a qotsoang khafetsa a moprofeta Esaia a tla phethahala lefatšeng lohle: “[Molimo] ka sebele o tla ahlola har’a lichaba ’me a lokise litaba lichabeng tse ngata. Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela. Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.” (Esaia 2:4) Molimo ka boeena o tla felisa ka ho sa feleng ho ipheta-pheta ha lehloeo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hase lebitso la hae la sebele.
b Bona khaolo ea 8, e reng “Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Mahlomola?” bukeng ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.
c U ka lokisetsa ho ba le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng ka ho ikopanya le Lipaki tsa Jehova tsa sebakeng sa heno kapa ka ho ngolla bahatisi ba makasine ena.
[Lebokose le leqepheng la 11]
Keletso Ea Bibele E Thusa Ho Felisa Lehloeo
● “Lintoa li tsoa mohloling ofe ’me litsekisano li tsoa mohloling ofe har’a lōna? Na ha li tsoe mohloling ona, e leng, litakatsong tsa lōna tsa menyaka ea nama tse loantšanang lithong tsa lōna?” (Jakobo 4:1) Hangata ho loantšana le ba bang ho ka fela haeba re ithuta ho laola litakatso tsa rōna tsa boithati.
● “Le [se] hlokomele lithahasello tsa litaba tsa lōna feela, empa hape le [hlokomele] lithahasello tsa ba bang.” (Bafilipi 2:4) Ho beha lithahasello tsa ba bang ka pele ho tsa rōna ke tsela e ’ngoe ea ho felisa lintoa tse sa hlokahaleng.
● “Tlohela bohale ’me u lese khalefo; u se ke ua iponahatsa u halefile hore feela u etse bobe.” (Pesaleme ea 37:8) Re ka khona ho laola maikutlo a kotsi ebile re tlamehile ho etsa joalo.
● “Molimo . . . o entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho, ho lula holim’a lefatše lohle.” (Liketso 17:24, 26) Ha ho utloahale hore motho a ikutloe a phahametse batho ba morabe o mong kaha kaofela re litho tsa lelapa le le leng la motho.
● ‘Le se etse letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong le nke hore ba bang ba le phahametse.’ (Bafilipi 2:3) Ho khesa ba bang ke booatla—hobane hangata batho ba bang ba na le litšobotsi le tsebo tseo rōna ka borōna re se nang tsona. Ha ho na morabe kapa setso se nang le litšobotsi tsohle tse molemo.
● “Ka sebele, joale, hafeela re sa na le nako e loketseng, a re sebetseng se molemo ho bohle.” (Bagalata 6:10) Hore e hle e be uena ea bontšang botsoalle le ea thusang ba bang ho sa tsotellehe morabe kapa setso sa bona ho ka etsa ho hongata ho koala sekheo sa puisano le ho felisa ho se utloisisane.
[Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]
Lipaki tsa Maethiopia le tsa Maeritrea li rapela hammoho ka khotso
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Manfred ea pholohileng chankaneng ea Bokomonisi, o hanne ho inehela lehloeong
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Bibele e ka thusa ho qhaqha mekoallo e arolang batho