Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jesu o Bontšitse Hore “Molimo o Bohlale”
    Atamela ho Jehova
    • 6-8. (a) Jesu o fana ka mabaka afe a kholisang a hore re qobe ho tšoenyeha? (b) Ke’ng e bontšang hore keletso ea Jesu e bonahatsa bohlale ba Molimo?

      6 Ka mohlala, nahana ka keletso e bohlale eo Jesu a faneng ka eona e tlalehiloeng ho Matheu khaolo ea 6, e mabapi le kamoo ho ka sebetsanoang ka katleho kateng le ho tšoenyeha ka lintho tse bonahalang. Jesu oa re eletsa: “Tlohelang ho tšoenyeha ka bophelo ba lona hore na le tla ja’ng kapa le tla noa’ng kapa la tšoenyeha ka ’mele ea lona hore na le tla apara’ng.” (Temana ea 25) Lijo le liaparo ke litlhoko tsa motheo, ’me ke ho utloahalang ho tšoenyeha ka ho fumana lintho tsena. Empa Jesu o re re ‘tlohele ho tšoenyeha’ ka lintho tsena.b Hobane’ng?

      7 Mamela ha Jesu a fana ka mabaka a kholisang. Kaha Jehova o re file bophelo le ’mele, na a ka sitoa ho re fa lijo ho baballa bophelo boo le liaparo ho apesa ’mele eo? (Temana ea 25) Haeba Molimo a fepa linonyana ’me a apesa lipalesa botle, ruri o tla hlokomela batho ba hae ba mo rapelang! (Temana ea 26, 28-30) Ha e le hantle, ho tšoenyeha ho sa hlokahaleng ha ho thuse ka letho. Ho ke ke ha lelefatsa bophelo ba rona leha e se e le ka motsotsoana feela.c (Temana ea 27) Re ka qoba ho tšoenyeha joang? Jesu oa re eletsa hore re ’ne re etelletse pele borapeli ba Molimo bophelong ba rona. Ba etsang seo ba ka kholiseha hore litlhoko tsohle tsa bona tsa letsatsi le letsatsi ba ‘tla li ekeletsoa’ ke Ntate oa bona ea leholimong. (Temana ea 33) Ha a lihela likhala, Jesu o etsa tlhahiso e sebetsang ka ho fetisisa ea hore re shebane le letsatsi le le leng ka nako. Ke hobane’ng ha u ka eketsa mathata a kajeno ka a hosane? (Temana ea 34) Ho feta moo, ke hobane’ng ha u ka khathatseha ka ho sa hlokahaleng ka lintho tse ka ’nang tsa se ke tsa etsahala ho hang? Ho sebelisa keletso ena e bohlale ho ka re qobisa masisa-pelo a mangata lefatšeng lena le sithabetsang.

  • Jesu o Bontšitse Hore “Molimo o Bohlale”
    Atamela ho Jehova
    • b Leetsi la Segerike le fetoletsoeng e le “ho tšoenyeha” le bolela “ho faposa kelello.” Joalokaha le sebelisitsoe ho Matheu 6:25, le bolela tšabo e faposang kelello kapa e ngamolang hlooho, e hlokisang motho thabo bophelong.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela