Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Bontša Ho Tšepa Jehova—Ka Ho Sebelisa Lintho Tseo U Ithutileng Tsona
    Molula-Qhooa—1988 | August 15
    • 11. Ba bang ba ’nile ba tšoaseha ho lelekiseng lintho tse bonahalang joang, ’me ke hobane’ng ha hoo e le booatla?

      11 “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.” (Mattheu 6:33) Ke ho soabisang hakaakang ha ba bang ba hlōleha ho utloa mantsoe ao! Ba kholoa tšōmo ea tšireletseho ea lichelete, ka ho ferekana ba lelekisa leruo, thuto ea lefatše, le lipakane tsa lefatše, “ba tšepile mokhoa oa bona oa ho iphelisa.” (Pesaleme ea 49:6, NW) Salomone oa lemosa: “U se ke ua ikhathatsa ho bokella leruo; . . . U le talimela’ng, ha e le moo le tla feta kapele? Le tla mela mapheo ruri, le rurele holimo joale ka ntsu.”—Liproverbia 23:4, 5.

  • Bontša Ho Tšepa Jehova—Ka Ho Sebelisa Lintho Tseo U Ithutileng Tsona
    Molula-Qhooa—1988 | August 15
    • 13. Ke hobane’ng ha ho le molemohali hore re khotsofale ke “lijo le liaparo”?

      13 Ba tšepang hore Jehova o tla ba hlokomela ba ipoloka mahlomoleng a mangata le ho ferekaneng ho hongata. Ke ’nete hore ho khotsofalla “lijo le liaparo” ho ka ’na ha bolela mokhoa o ikokobelitseng haholoanyane oa bophelo. (1 Timothea 6:8) Empa “maruo ha a thuse letho mohl’a letsatsi la bohale.” (Liproverbia 11:4) Ho feta moo, ha re eketsa tšebeletso ea rōna ho Jehova, re ipea har’a ba tla fumana “tlhohonolofatso ea Jehova” e “entšang, ’me ha ho bohloko boo a e tlisang le eona.”—Liproverbia 10:22, NW.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela