Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—1990 | March 15
    • Lipotso tse Tsoang ho Babali

      ◼ Na ho tsoa ho Mattheu 7:13, 14, le Luka 13:24 re lokela ho etsa qeto ea hore esita le mohla tsoho, batho boholo ba tla hana borapeli ba ’nete?

      Che, litemana tsena ha li tšehetse qeto eo. Ho fapana le hoo, li amana ka ho khetheha le ho fumana bophelo ’Musong oa leholimo.

      Mantsoe a Jesu ho Mattheu 7:13, 14 ke karolo ea Thuto ea Thabeng. O ile a re: “Kenang ka monyako o patisaneng; hobane monyako oa timelo o hebe-hebe, le tsela e eang teng e phatlaletse, ’me ba kenang teng ba bangata. Hobane monyako oa bophelo o patisane, le tsela e eang teng e tšesane, ’me ba e fumanang ha ba bakae.”

      Bongata ba lintho tseo Jesu a li buileng ketsahalong ena li ne li amana haholo-holo le ’Muso oa leholimo. Ka mohlala, o ile a qala ka mantsoe ana: “Ho lehlohonolo bafumanehi moeeng, hobane ’muso oa maholimo ke oa bona.” O ile a re ba pelo li hloekileng ba ne ba tla “bona Molimo” le hore “’muso oa maholimo” ke oa ba “hlorisetsoang ho loka.” (Mattheu 5:3, 8, 10) Hamorao puong eona eo, Jesu o ile a bua ka tsela e phatlaletseng e lebisang timelong le tsela e tšesaane e lebisang bophelong. Ka karolo, o ile a phaella: “Hase bohle ba reng ho ’na: Morena! Morena! ba tlang ho kena ’musong oa maholimo; empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong.”—Mattheu 7:13, 14, 21.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—1990 | March 15
    • Ka baka leo, re ka bona ho se fuperoeng ke boitsebiso bo potolohileng taba liketsahalong tseo tse peli hore litlhaloso tsa Jesu (tsa ba seng bakae ba leng tseleng e tšesaane e lebisang bophelong le ho pholosoeng) haholo-holo li ne li amana le ho amoheloa ke Molimo ka nako eo ea ha A ne a tšepisa tšepo ea bophelo ba leholimo. Bao ha ho bapisoa e leng ba seng bakae ba ileng ba utloa molaetsa oa ’nete ’me ba ithuta se neng se hlokahala ba ile ba arabela ’me ba ipaka ba tšepahala.—Mattheu 22:14; 24:13; Johanne 6:60-66.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela