Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • O Ile “a Susumetsoa ke Khauho”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
    • 15, 16. Hlalosa liketsahalo tse peli tse senolang kamoo Jesu a neng a talima batho bao a neng a ba pakela kateng.

      15 Ka 31 C.E., ka mor’a ho qeta lilemo tse peli a ikitlaetsa ka matla tšebeletsong, Jesu o ile a etsa ho eketsehileng ka hore ‘a etele metse le metsana eohle’ ea Galilea. Seo a ileng a se bona moo se ile sa mo ama ka ho teba. Moapostola Matheu o re: “Ha a bona bongata a bo hauhela, hobane bo ne bo sohlokehile ’me bo qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.” (Matheu 9:35, 36) Jesu o ne a utloela batho ba tloaelehileng bohloko. O ne a lemoha kamoo ba leng boemong bo otlang pelo kateng moeeng. O ne a tseba hore baeta-pele ba bolumeli, bao e neng e lokela ho ba balisa ba bona, ba ne ba ba khahlapetsa ba bile ba ba hlokomolohile ka ho feletseng. Qenehelo e tebileng e ile ea susumelletsa Jesu hore a ikitlaetse ka matla ho finyella batho ka molaetsa oa tšepo. Ntho e ka sehloohong eo ba neng ba e hloka e ne e le litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.

  • O Ile “a Susumetsoa ke Khauho”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
    • 18 Re lokela ho talima batho ka tsela eo Jesu a neng a ba talima ka eona—‘ba sohlokehile ’me ba qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.’ Ak’u nahane u fumana konyana e lahlehileng e sa tsebe moo e eang teng. Konyana eo e lapile ebile e nyoriloe kaha ha e na molisa ea e isang makhulong a matala le metsing. Na u ne u ke ke ua utloela konyana eo bohloko? Na u ne u sa tl’o etsa sohle se matleng a hao ho e fa metsi le lijo? Konyana eo e tšoana le batho ba bangata ba e-s’o utloe litaba tse molemo. Kaha ba hlokomolohiloe ke balisa ba bolumeli ba bohata, ba lapile ebile ba nyoriloe moeeng ’me ha ba na tšepo ea sebele ka bokamoso. Re na le seo ba se hlokang: lijo tse matlafatsang tsa moea le metsi a khathollang a ’nete e Lentsoeng la Molimo. (Esaia 55:1, 2) Ha re nahana ka seo batho ba re potolohileng ba se hlokang moeeng, re ba utloela bohloko. Haeba re tšoana le Jesu ’me re utloela batho bao bohloko, re tla etsa sohle se matleng a rōna ho ba bolella ka tšepo ea ’Muso.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela