Bakreste Bohle ba ’Nete ke Baevangeli
“Binelang Jehova, le boke lebitso la hae. Letsatsi le letsatsi le bolele litaba tse molemo tsa poloko ea hae.”—PESALEME EA 96:2.
1. Ke litaba life tse molemo tseo ho hlokahalang hore batho ba li utloe, ’me Lipaki tsa Jehova li behile mohlala joang ho jaleng litaba tseo?
LEFATŠENG le etsahalloang ke likoluoa letsatsi le leng le le leng, ke matšeliso a ’nete ho tseba hore joalokaha Bibele e bolela, haufinyane ntoa, tlōlo ea molao, tlala le khatello li tla fela. (Pesaleme ea 46:9; 72:3, 7, 8, 12, 16) Ka sebele, na tsee hase litaba tse molemo tseo ho hlokahalang hore e mong le e mong a li utloe? Lipaki tsa Jehova li nahana hore ho joalo. Li tsejoa hohle e le baboleli ba “litaba tse molemo tsa ho hong ho molemo.” (Esaia 52:7) Ke ’nete hore Lipaki tse ngata li ile tsa hlorisoa ka lebaka la boikemisetso ba tsona ba ho bolela litaba tse molemo. Empa haholo-holo li thahasella se molemong oa batho. Lipaki li entse tlaleho e kaakang ea cheseho le mamello!
2. Lebaka le leng la cheseho ea Lipaki tsa Jehova ke lefe?
2 Cheseho ea Lipaki tsa Jehova kajeno e tšoana le ea Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. Koranta ea Roma e K’hatholike L’Osservatore Romano e ile ea bua tjena ka nepo ka bona: “Bakreste ba pele, ha ba qeta ho kolobetsoa, ba ne ba nka hore ba tlameha ho jala Kosepele. Makhoba a ne a bolela Kosepele ka ho bua le batho.” Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li tšoana le Bakreste bao ba pele, li cheseha hakaale? Lebaka la pele ke hore litaba tse molemo tseo li li phatlalatsang li tsoa ho Jehova Molimo ka seqo. Ke lebaka le molemo ka ho fetisisa la ho cheseha. Li bolela ka lebaka la mantsoe ana a mopesaleme: “Binelang Jehova, le boke lebitso la hae. Letsatsi le letsatsi le bolele litaba tse molemo tsa poloko ea hae.”—Pesaleme ea 96:2.
3. (a) Lebaka la bobeli la cheseho ea Lipaki tsa Jehova ke lefe? (b) ‘Poloko ea [Molimo]’ e akarelletsa eng?
3 Mantsoe a mopesaleme a re hopotsa lebaka la bobeli la cheseho ea Lipaki tsa Jehova. Molaetsa oa tsona ke oa poloko. Batho ba bang ba sebetsa mafapheng a bongaka, kahisano, moruo, kapa a mang e le hore ba ntlafatse bophelo ba batho ba bang, ’me boiteko bo joalo boa babatseha. Empa seo motho e mong a ka se etsetsang e mong se haelloa haholo ha se bapisoa le “poloko ea [Molimo].” Ka Jesu Kreste, Jehova o tla pholosa ba bonolo sebeng, ho kuleng le lefung. Ba ruang molemo oa sena ba tla phela ka ho sa feleng! (Johanne 3:16, 36; Tšenolo 21:3, 4) Poloko ke o mong oa ‘mesebetsi e hlollang’ eo Bakreste ba e bolelang kajeno ha ba nka khato ka mantsoe a reng: “Bolelang khanya ea [Molimo] har’a lichaba, le bolele mesebetsi ea hae e hlollang har’a batho bohle. Etsoe Jehova o moholo ’me o lokela ho rorisoa haholo. O tšabeha ho feta melimo e meng kaofela.”—Pesaleme ea 96:3, 4.
Mohlala oa Monghali
4-6. (a) Lebaka la boraro la cheseho ea Lipaki tsa Jehova ke lefe? (b) Jesu o ile a bontša cheseho joang bakeng sa mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo?
4 Ho na le lebaka la boraro la cheseho ea Lipaki tsa Jehova. Li latela mohlala oa Jesu Kreste. (1 Petrose 2:21) Monna eo ea phethahetseng o ile a amohela ka pelo eohle kabelo ea ‘ho bolella ba bonolo litaba tse molemo.’ (Esaia 61:1; Luka 4:17-21) Kahoo, e ile ea e-ba moevangeli, e leng ’moleli oa litaba tse molemo. O ile a pholletsa le Galilea le Judea, a ntse a “bolela litaba tse molemo tsa ’muso.” (Matheu 4:23) Kaha o ne a tseba hore ba bangata ba tla nka khato ka litaba tseo tse molemo, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona, le kōpe Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.”—Matheu 9:37, 38.
5 Tumellanong le thapelo ea hae, Jesu o ile a koetlisa ba bang hore e be baevangeli. Ka mor’a nako, o ile a roma baapostola ba hae ba le bang ’me a re ho bona: “Ha le ntse le e-ea, le bolele, le re, ‘’Muso oa maholimo o atametse.’” Na ho ka be ho bile molemo haholoanyane hoja ba theha mananeo a ho fokotsa mathata a sechaba a nakong eo? Kapa ho ka be ho bile molemo hoja ba kenella lintoeng tsa lipolotiki ho loantša bobolu bo neng bo atile ka nako eo? Che. Ho e-na le hoo, Jesu o ile a behela baevangeli bohle ba Bakreste molao ha a re ho balateli ba hae: “Ha le ntse le e-ea, le bolele.”—Matheu 10:5-7.
6 Hamorao, Jesu o ile a roma sehlopha se seng sa barutuoa hore se phatlalatse se re: “’Muso oa Molimo o atametse.” Ha ba khutla ho tla tlaleha katleho ea leeto la bona la boevangeli, Jesu o ile a thaba haholo. O ile a rapela a re: “Ke u rorisa phatlalatsa, Ntate, Morena oa leholimo le lefatše, hobane ka hloko u patetse ba bohlale le ba nang le kelello lintho tsena, ’me u li senoletse bana.” (Luka 10:1, 8, 9, 21) Barutuoa ba Jesu, ba qalileng e le batšoasi ba litlhapi, lihoai le ba bang ba sebetsang ka thata, ba ne ba tšoana le bana ha ba bapisoa le baeta-pele ba bolumeli ba sechaba ba rutehileng haholo. Empa barutuoa ba ne ba koetliselitsoe ho bolela litaba tse molemo ho feta tsohle.
7. Ka mor’a hore Jesu a nyolohele leholimong, balateli ba hae ba ile ba qala ka bo-mang ha ba bolela litaba tse molemo?
7 Ka mor’a hore Jesu a nyolohele leholimong, balateli ba hae ba ile ba tsoela pele ho jala litaba tse molemo tsa poloko. (Liketso 2:21, 38-40) Ba ile ba bolella bo-mang pele? Na ba ile ba ea ho lichaba tse sa tsebeng Molimo? Che, tšimo ea bona e qalile ka Baiseraele, batho ba neng ba e-na le lilemo tse 1 500 ba tseba Jehova. Na ba ne ba e-na le tokelo ea ho bolela naheng eo ho neng ho se ho ntse ho rapeloa Jehova ho eona? Hantle haholo. Jesu o ne a itse ho bona: “Le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Liketso 1:8) Ho ne ho hlokahala hore Baiseraele ba utloe litaba tse molemo joaloka lichaba tse ling.
8. Lipaki tsa Jehova kajeno li etsisa balateli ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo joang?
8 Ka tsela e tšoanang, Lipaki tsa Jehova kajeno li bolela lefatšeng lohle. Li sebelisana le lengeloi le bonoeng ke Johanne le neng “le e-na le litaba tse molemo tse sa feleng hore le li bolele e le litaba tse nyakallisang ho ba lulang lefatšeng, le ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang.” (Tšenolo 14:6) Selemong sa 2001, li ne li le mafolofolo linaheng le libakeng tse 235, ho akarelletsa le tse ling tseo ho nkoang hore ke linaha tsa Bokreste. Na ke phoso hore Lipaki tsa Jehova li bolele moo Bokreste-’mōtoana bo seng bo e-na le likereke teng? Ba bang ba bolela hore ke phoso ’me ba ka ba ba bolela hore ho bolela evangeli ho joalo ke ho “utsoa linku.” Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova li hopola kamoo Jesu a neng a ikutloa kateng ka Bajuda ba ikokobelitseng ba mehleng ea hae. Le hoja ba ne ba se ba ntse ba e-na le boprista, Jesu ha aa ka a tsilatsila ho ba bolella litaba tse molemo. O ile a ‘ba hauhela, hobane ba ne ba sohlokehile ’me ba qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.’ (Matheu 9:36) Ha Lipaki tsa Jehova li fumana baikokobetsi ba sa tsebeng letho ka Jehova le ’Muso oa hae, na li lokela ho ba tima litaba tse molemo hobane bolumeli bo bong bo bolela hore ke batho ba bona? Kaha re etsisa mohlala oa baapostola ba Jesu, re ke ke ra ba tima tsona. Litaba tse molemo li tlameha ho boleloa “lichabeng tsohle,” ntle ho khethollo.—Mareka 13:10.
Bakreste Bohle ba Pele ba ne ba Bolela Evangeli
9. Lekholong la pele la lilemo, ke bo-mang ba neng ba kenya letsoho mosebetsing oa boboleli ka phuthehong ea Bokreste?
9 Lekholong la pele la lilemo ke bo-mang ba neng ba kenya letsoho mosebetsing oa boboleli? Linnete li bontša hore Bakreste bohle e ne e le baevangeli. Mongoli W. S. Williams o re: “Bopaki bo akaretsang ke hore Bakreste bohle ba Kereke ea pele . . . ba ne ba bolela kosepele.” Mabapi le liketsahalo tsa mohla Pentekonta ea 33 C.E., Bibele e re: “Kaofela [banna le basali] ba tlala moea o halalelang ’me ba qala ho bua ka maleme a fapaneng, feela joalokaha moea o ne o etsa hore ba bue.” Baevangeli ba ne ba akarelletsa banna le basali, bana le batho ba baholo, makhoba le batho ba lokolohileng. (Liketso 1:14; 2:1, 4, 17, 18; Joele 2:28, 29; Bagalata 3:28) Ha mahloriso a qobella Bakreste ba bangata hore ba balehe Jerusalema, “ba neng ba hasane ba pholletsa le naha ba bolela litaba tse molemo tsa lentsoe.” (Liketso 8:4) Evangeli e ne e boleloa ke bohle “ba neng ba hasane,” eseng ba seng bakae feela ba khethiloeng.
10. Ke mesebetsi efe e ’meli e ileng ea phethahatsoa pele ho senngoa tsamaiso ea Sejuda?
10 Ho bile joalo ka lilemo tseo tsohle tsa pele. Jesu o ile a profeta a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) Ha mantsoe ao a phethahala lekholong la pele la lilemo, litaba tse molemo li ne li boleloa ka bophara pele mabotho a Roma a timetsa tsamaiso ea Sejuda ea bolumeli le ea lipolotiki. (Bakolose 1:23 ) Ho feta moo, balateli bohle ba Jesu ba ile ba mamela taelo ea hae e reng: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) Bakreste ba pele ha baa ka ba phehella ba bonolo hore ba lumele ho Jesu ’me ka mor’a moo ba ba tlohella ntle ho tataiso, joalokaha baboleli ba bang ba etsa kajeno. Ho e-na le hoo, ba ile ba ba ruta hore e be barutuoa ba Jesu, ba ba hlophisa ka liphutheho, ’me ba ba koetlisa e le hore le bona ba ka bolela litaba tse molemo le ho etsa barutuoa. (Liketso 14:21-23) Lipaki tsa Jehova kajeno li latela mohlala oo.
11. Ke bo-mang kajeno ba kentseng letsoho ho bolelleng moloko oa batho litaba tse molemo ka ho fetisisa?
11 Lipaki tsa Jehova tse ngata li ile tsa ea linaheng lisele e le baromuoa, li etsisa mohlala oa lekholong la pele la lilemo oa Pauluse, Barnabase le ba bang. Mosebetsi oa tsona kannete o bile molemo, kaha ha lia kenella lipolotiking kapa hona ho kheloha ka litsela tse itseng mosebetsing oa tsona oa ho bolela litaba tse molemo. Li utloile taelo ea Jesu e reng: “Ha le ntse le e-ea, le bolele.” Leha ho le joalo, boholo ba Lipaki tsa Jehova hase baromuoa linaheng lisele. Tse ngata lia sebetsa e le hore li tsebe ho phela, ’me tse ling li sa ntsane li kena sekolo. Tse ling li hōlisa bana. Empa Lipaki tsohle li bolella ba bang litaba tse molemo tseo li ithutileng tsona. Tse nyenyane le tse hōlileng, tse tona le tse tšehali, li arabela ka thabo khothatsong ena ea Bibele: “U bolele lentsoe, u be ho lona ka ho phehella nakong e tšoanelang, nakong e likhathatso.” (2 Timothea 4:2) Joaloka lilelekela tsa tsona tsa lekholong la pele la lilemo, li tsoela pele li “sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo mabapi le Kreste, Jesu.” (Liketso 5:42) Li phatlalatsa litaba tse molemo ka ho fetisisa bathong.
Na ke ho Sokolla Kapa ke ho Bolela Evangeli?
12. Ho sokolla ke eng, ’me ho se ho nkoa joang?
12 Puong ea Segerike ho na le lentsoe pro·se’ly·tos, le bolelang “mosokolohi.” Ho lona ho tsoile lentsoe la Senyesemane “proselytism,” leo ka ho toba le bolelang “ketso ea ho etsa basokolohi.” Mehleng ena, ba bang ba re ho sokolla ho kotsi. Tokomane e hatisitsoeng ke Lekhotla la Lefatše la Likereke e bua ka “sebe sa ho sokolla.” Hobane’ng? Catholic World Report e re: “Ka lebaka la lipelaelo tse kenang lenyelenyele tsa Kereke ea Orthodox, ‘ho sokolla’ ho se ho e-na le moelelo oa tšokollo e etsoang ka likhoka.”
13. Mehlala e meng ea ho sokolla ho kotsi ke efe?
13 Na ho sokolla ho kotsi? Ho ka ba kotsi. Jesu o boletse hore ho sokolla ha bangoli le Bafarisi ho ne ho le kotsi ho bao ba neng ba ba sokolla. (Matheu 23:15) Ka sebele, ‘ho sokolla ka likhoka’ ho phoso. Ka mohlala, ho ea ka rahistori Josephus, ha John Hyrcanus oa Bamaccabee a hapa Baidumea, o ile “a ba lumella ho lula naheng ea bona hafeela ba bololitsoe ’me ba utloisisa ho boloka melao ea Bajuda.” Haeba Baidumea ba ne ba batla ho phela tlas’a puso ea Sejuda, ba ne ba lokela ho sebelisa bolumeli ba Sejuda. Bo-rahistori ba re bolella hore lekholong la borobeli la lilemo C.E., Charlemagne o ile a hapa Masaxone a bahetene a Europe ka leboea ’me ka sehlōhō a a qobella hore a sokolohe.a Leha ho le joalo, na Masaxone kapa Baidumea ba ne ba hlile ba sokolohile kannete? Ka mohlala, Morena Heroda oa Moidumea—ea ileng a leka ho bolaea Jesu oa lesea—na kannete o ne a hlile a khomaretse Molao oa Moshe o bululetsoeng ke Molimo?—Matheu 2:1-18.
14. Baromuoa ba bang ba Bokreste-’mōtoana ba hatella batho joang hore ba sokolohe?
14 Na kajeno batho ba sokolloa ka likhoka? Ka kutloisiso e itseng, ba bang ba sokolloa ka likhoka. Baromuoa ba bang ba Bokreste-’mōtoana ba fana ka litlhapiso tsa thuto ho ba bang bao ho lebeletsoeng hore e ka ’na ea e-ba basokolohi. Kapa ba ka ’na ba etsa hore mophaphathehi ea lapileng a mamele thero e le hore a tle a fumane lijo ka mor’a moo. Ho ea ka polelo e ntšitsoeng ke seboka sa Babishopo ba Kereke ea Orthodox ka 1992, “ho sokolla ka linako tse ling ho etsoa ka ho hohela ka lintho tse bonahalang ’me ka linako tse ling ho etsoa ka pefo e fapa-fapaneng.”
15. Na Lipaki tsa Jehova li sokolla ka moelelo oa kajeno oa lentsoe lee? Hlalosa.
15 Ho hatella batho hore ba fetole bolumeli ba bona ho phoso. Ka sebele, Lipaki tsa Jehova ha li etse joalo.b Kahoo, ha li sokolle ka moelelo oa kajeno oa lentsoe lena. Ho e-na le hoo, joaloka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, li bolella e mong le e mong litaba tse molemo. Ba ithaopelang ho nka khato ba memeloa ho amohela tsebo e eketsehileng ka thuto ea Bibele. Ka tumelo e thehiloeng tsebong e nepahetseng ea Bibele, ba thahasellang ba ithuta ho lumela ho Molimo le merero ea hae. Ka lebaka leo, ba ipiletsa lebitsong la Molimo, Jehova, bakeng sa poloko. (Baroma 10:13, 14, 17) Hore na ba tla amohela litaba tse molemo kapa che, ke taba ea bona. Ha ba qobelloe. Haeba ba ne ba qobelloa, ho sokoloha ho ne ho sa tl’o ba le morero. E le hore borapeli bo amohelehe ho Molimo, bo tlameha ho tsoa pelong.—Deuteronoma 6:4, 5; 10:12.
Ho Bolela Evangeli Mehleng ea Kajeno
16. Mosebetsi oa ho bolela evangeli oa Lipaki tsa Jehova o eketsehile joang mehleng ea kajeno?
16 Ho pholletsa le mehla ea kajeno, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa bolela litaba tse molemo tsa ’Muso phethahatsong e khōlō haholoanyane ea Matheu 24:14. Kofuto ea tsona e khōlō mosebetsing oa tsona oa ho bolela evangeli ke makasine ea Molula-Qhooa.c Ka 1879, ha ho hatisoa litokollo tsa pele tsa Molula-Qhooa (ka Senyesemane), ho ile ha tsamaisoa limakasine tse ka bang 6 000 ka puo e le ’ngoe. Selemong sa 2001, lilemo tse fetang 122 hamorao, ho tsamaisitsoe limakasine tse 23 042 000 ka lipuo tse 141. Keketseho eno e tsamaisana le ho hōla ha mosebetsi oa ho bolela evangeli oa Lipaki tsa Jehova. Bapisa lihora tse likete tse seng kae tse sebelitsoeng selemo le selemo mosebetsing oa ho bolela evangeli lekholong la bo19 la lilemo le lihora tse 1 169 082 225 tse nehetsoeng mosebetsing oa boboleli selemong sa 2001. Nahana ka lithuto tsa Bibele tse sa lefelloeng tse 4 921 702 tse ileng tsa khannoa ka kakaretso khoeli le khoeli. Ho finyeletsoe mosebetsi o motle o moholo hakaakang! ’Me o entsoe ke baboleli ba mafolofolo ba ’Muso ba 6 117 666.
17. (a) Kajeno ho rapeloa melimo ea mofuta ofe ea bohata? (b) Ho sa tsotellehe hore na motho o bua puo efe, ke oa sechaba sefe kapa boemo bofe sechabeng, ke eng eo e mong le e mong a lokelang ho e tseba?
17 Mopesaleme o re: “Melimo eohle ea lichaba ke melimo ea lefeela; empa ha e le Jehova, o entse maholimo.” (Pesaleme ea 96:5) Lefatšeng la kajeno le sa natseng bolumeli, bochaba, liemahale tsa bochaba, batho ba hlahelletseng, lintho tse bonahalang, esita le leruo ka bolona e se e le tsona tse rapeloang. (Matheu 6:24; Baefese 5:5; Bakolose 3:5) Mohandas K. Gandhi o kile a re: “Ke maikutlo a ka a tiileng hore . . . Europe ke ea Bokreste ka lebitso feela kajeno. Ha e le hantle e rapela Mamona [maruo].” ’Nete ke hore, litaba tse molemo li lokela ho utluoa hohle. E mong le e mong, ho sa tsotellehe puo ea hae, sechaba sa habo, kapa boemo ba hae sechabeng, o lokela ho utloa ka Jehova le merero ea hae. Re lakatsa eka bohle ba ka nka khato ka mantsoe ana a mopesaleme: “Isang khanya le matla ho Jehova. Isang ho Jehova khanya ea lebitso la hae”! (Pesaleme ea 96:7, 8) Lipaki tsa Jehova li thusa ba bang ho ithuta ka Jehova e le hore ka tšoanelo li ka isa khanya ho eena. ’Me ba nkang khato ba rua molemo o moholo. Ba thabela melemo efe? Melemo ena e tla tšohloa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ea ka The Catholic Encyclopedia, nakong ea Phetoho ea Bolumeli, ho qobelloa ha batho bolumeling bo itseng ho ne ho hlalosoa ka lepetjo la Selatine le bolelang hore “mang kapa mang ea busang lefatše o le khethela le bolumeli.”
b Sebokeng sa Komisi ea United States ea Machaba ea Tokoloho ea Bolumeli ka la 16 November, 2000, motho e mong ea neng a nkile karolo o ile a bontša phapang pakeng tsa ba lekang ho sokolla ka likhoka le mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova. Ho ile ha boleloa hore ha Lipaki tsa Jehova li bolella ba bang, li ho etsa ka tsela eo motho a ka bolelang habonolo feela hore “ha ke batle ho le mamela” ebe o koala monyako.
c Sehlooho se feletseng sa makasine ena ke Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova.
Na U ka Hlalosa?
• Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova e le baevangeli ba chesehang?
• Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li bolela le moo Bokreste-’mōtoana bo hlomileng likereke teng?
• Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li sa sokolle ka moelelo oa kajeno oa lentsoe lee?
• Mosebetsi oa ho bolela evangeli oa Lipaki tsa Jehova o hōtse joang mehleng ea kajeno?
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Jesu e ne e le moevangeli ea chesehang ’me o ile a koetlisa ba bang hore ba etse mosebetsi oo
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Bohle phuthehong ea lekholo la pele la lilemo ba ne ba kentse letsoho ho boleleng evangeli
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Ho qobella batho hore ba fetole bolumeli ba bona ke phoso