-
Jehova o Balile “Moriri oa Lihlooho Tsa Lōna”Molula-Qhooa—2005 | August 1
-
-
6 Jesu o ile a phetela baapostola ba hae lipapiso tse peli e le hore a ba thuse ho utloisisa lebaka leo ka lona ba neng ba sa lokela ho tšaba. O ile a re ho bona: “Na lirobele tse peli ha li rekisoe ka chelete ea tšepe ea bohlokoa bo bonyenyane? Empa leha ho le joalo ha ho le se seng sa tsona se tla oela fatše kantle le hore Ntat’a lōna a tsebe. Empa moriri oa lihlooho tsa lōna o baliloe kaofela. Ka hona le se ke la tšaba: le ba bohlokoa ho feta lirobele tse ngata.” (Matheu 10:29-31) Hlokomela hore Jesu o amahanya ho se tšabe tsietsi le ho kholiseha hore Jehova o tsotella e mong le e mong oa rōna. Ka ho hlakileng, moapostola Pauluse o ne a kholisehile joalo. O ile a ngola tjena: “Haeba Molimo a eme le rōna, ke mang ea tla ba khahlanong le rōna? Eena ea sa kang a qenehela esita le Mora oa hae empa a nehelana ka eena bakeng sa rōna bohle, hape ke hobane’ng ha a ke ke a re fa lintho tse ling kaofela ka mosa hammoho le eena?” (Baroma 8:31, 32) Ho sa tsotellehe mathata ao u tobanang le ’ona, le uena u ka kholiseha hore Jehova oa u tsotella hafeela u tšepahala ho eena kamehla. Ntlha ena e tla hlaka haholoanyane ha re lekolisisa temoso eo Jesu a ileng a e fa baapostola ba hae.
Bohlokoa ba Serobele
7, 8. (a) Batho ba ne ba nka lirobele joang mehleng ea Jesu? (b) Kamoo ho bonahalang kateng, ke hobane’ng ha Matheu 10:29 e sebelisa nyenyefatso ea lentsoe la Segerike le bolela’ng “lirobele”?
7 Lipapiso tsa Jesu li bontša ka ho hlaka hore Jehova o amehile ka mohlanka e mong le e mong oa Hae. Taba ea pele, ak’u nahane ka lirobele. Mehleng ea Jesu, lirobele li ne li nkoa e le lijo, empa kaha li ne li ja lijalo, batho ba bangata ba ne ba li nka e le linonyana tse senyang masimong. Lirobele li ne li le ngata li bile li le theko e tlaase hoo ka chelete ea kajeno, motho a neng a ka reka tse peli ka chelete e lekanang le lisente tse ka tlaase ho tse 30. Ha chelete eo e ne e eketsoa ka e lekanang le eona, e ne e ka reka lirobele tse hlano eseng tse ’nè—motho o ne a ekeletsoa nonyana e ’ngoe joalokaha eka hase ea bohlokoa ho hang!—Luka 12:6.
8 Hape, nahana ka boholo ba nonyana ena e tsebahalang. Esita le serobele se seholo ha se bapisoa le linonyana tse ling tse ngata, se senyenyane haholo. Leha ho le joalo, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “lirobele” ho Matheu 10:29 ka ho toba le bolela lirobele tse nyenyane. Ho hlakile hore Jesu o ne a batla hore baapostola ba hae ba nahane ka nonyana eo ho hang e seng ea bohlokoa. Ho joalokaha buka e ’ngoe e re: “Jesu o bua ka nonyana e nyenyane ka ho fetisisa ’me o sebelisa nyenyefatso ea nonyana eo!”
9. Papiso ea Jesu ea lirobele e hlakisa ntlha efe ea bohlokoa?
9 Papiso ea Jesu ea lirobele e hlakisa ntlha ena ea bohlokoa: Se bonahalang e se sa bohlokoa ho batho ke sa bohlokoa ho Jehova Molimo. Ho feta moo, Jesu o ile a tiisa ’nete ena ka ho phaella ka ho re serobele se senyenyane se ke ke sa “oela fatše” Jehova a sa se bona.c Thuto e hlakile. Haeba Jehova Molimo o hlokomela nonyana e nyenyane ka ho fetisisa le eo e seng ea bohlokoa hakaalo, e tlameha ebe o ameha hakaakang ka boemo ba motho ea khethileng ho mo sebeletsa!
-
-
Jehova o Balile “Moriri oa Lihlooho Tsa Lōna”Molula-Qhooa—2005 | August 1
-
-
c Litsebi tse ling li bontša hore e ka ’na eaba ha ho thoe serobele se oela fatše, seo hase bue feela ka ho shoa ha sona. Li re poleloana ea Segerike sa pele e fana ka maikutlo a ha nonyana e lula e le hore e ka sela. Haeba ho joalo, seo se ne se tla fana ka maikutlo a hore Molimo ha a amehe ka nonyana eo feela ha e shoa, empa o lemoha sohle seo e se etsang letsatsi ka leng ebile o ameha ka sona.—Matheu 6:26.
-