Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Matheu
MATHEU eo e neng e le motsoalle ea haufi oa Jesu Kreste le eo e neng e kile ea e-ba ’mokelli oa lekhetho, ke eena motho oa pele ea ngotseng tlaleho e hlollang ka bophelo ba Jesu le ka tšebeletso eo a ileng a e etsa. Kosepele ea Matheu, e ngotsoeng pele ka Seheberu eaba hamorao e fetoleloa ka Segerike, e ile ea phethoa hoo e ka bang ka 41 C.E. ’me ke sehokelo se kopanyang Mangolo a Seheberu le Mangolo a Segerike a Bakreste.
Kosepele ena e susumetsang le e nang le moelelo, eo ho bonahalang haholo-holo e ne e ngoletsoe Bajuda, e bontša hore Jesu ke Mesia ea tšepisitsoeng, Mora oa Molimo. Ha re mamela molaetsa oa eona ka hloko, re tla matlafatsa tumelo ea rōna ho Molimo oa ’nete, ho Mora oa hae re be re e matlafatse le litšepisong tsa Hae.—Baheb. 4:12.
“’MUSO OA MAHOLIMO O ATAMETSE”
Lintho tse ka sehloohong tseo Matheu a buang ka tsona ke ’Muso le lithuto tsa Jesu, le hoja ho bua ka lintho tsena ho mo etsa hore a se ke a bolela liketsahalo ho ea ka tatellano ea tsona. Ka mohlala, Thuto ea Thabeng e ngotsoe qalong ea buka ena le hoja Jesu a fane ka eona hoo e ka bang bohareng ba tšebeletso ea hae.
Ha Jesu a ntse a etsa tšebeletso ea hae Galilea, o etsa mehlolo, o fa baapostola ba 12 litaelo tsa tšebeletso, o nyatsa Bafarisi ebile o etsa lipapiso ka ’Muso. Ka mor’a moo o tloha Galilea ’me o fihla “meeling ea Judea ka mose ho Jordane.” (Mat. 19:1) Ha ba le tseleng, Jesu o re ho barutuoa ba hae: ‘Re nyolohela Jerusalema, ’me Mor’a motho o tla ahloleloa lefu, ’me o tla tsosoa ka letsatsi la boraro.’—Mat. 20:18, 19.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
3:16—‘Maholimo a ile a buleha’ joang ha Jesu a ne a kolobetsoa? Ho bonahala sena se bolela hore Jesu o ile a hopola bophelo ba hae ba leholimong.
5:21, 22—Na ho bontša khalefo ho hobe ho feta ho boloka sekhopi? Jesu o ile a hlokomelisa hore motho ea lulang a jere mor’abo ka pelo o etsa sebe se seholo. Leha ho le joalo, ho bontša khalefo ka ho bua lentsoe le eisang ho hobe haholo, ’me ho etsa hore motho a ikarabelle lekhotleng le phahameng ho feta lekhotla la toka la motse.
5:48—Na ka sebele ho ka khoneha hore re “phethahale, joalokaha Ntat’a [rōna] oa leholimo a phethahetse”? E, ho ka khoneha ka tsela e itseng. Mona Jesu o ne a bua ka taba ea lerato, ’me o ile a bolella bamameli ba hae hore ba etsise Molimo le hore lerato la bona e be le phethahetseng. (Mat. 5:43-47) Joang? Ka ho le hōlisa hore le akarelletse lira tsa bona.
7:16—Bolumeli ba ’nete bo tsejoa ka “litholoana” life? Litholoana tsena ha li akarelletse boitšoaro ba rōna feela. Li boetse li ama lintho tseo re li lumelang—e leng lithuto tseo re li tšehetsang ka botšepehi.
10:34-38—Na ke phoso ea molaetsa oa Bibele ha lelapa le arohana? Che. Ho e-na le hoo, likarohano li bakoa ke se etsoang ke litho tse sa lumelang tsa lelapa. Li ka ’na tsa etsa qeto ea ho hanyetsa kapa ho hana Bokreste, eaba li baka likarohano ka lapeng.—Luka 12:51-53.
11:2-6—Haeba Johanne o ne a se a ntse a tseba hore Jesu ke Mesia hobane a ne a ile a utloa ha Molimo a mo amohela, ke hobane’ng ha a ile a botsa Jesu hore na e ne e le “Ea Tlang”? Mohlomong Johanne o ile a botsa potso ena e le hore a utloe molomong oa Jesu. Ho feta moo, Johanne o ne a batla ho tseba hore na ho ne ho tla ba le “ea fapaneng” ea neng a tla tla ka matla a ’Muso ebe o phethahatsa lintho tsohle tseo Bajuda ba neng ba li lebeletse. Karabo ea Jesu e ile ea bontša hore ho ke ke ha e-ba le mohlahlami.
19:28—“Meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele” e tla ahloloa e emela eng? Ha e emele meloko e 12 ea Iseraele ea moea. (Bagal. 6:16; Tšen. 7:4-8) Baapostola bao Jesu a neng a bua le bona e ne e tla ba karolo ea Iseraele ea moea, eseng baahloli ba litho tsa eona. Jesu o ile a ‘etsa selekane le bona bakeng sa ’muso,’ ’me e ne e tla ba ‘’muso le baprista ho Molimo.’ (Luka 22:28-30; Tšen. 5:10) Baiseraele ba moea “ba tla ahlola lefatše.” (1 Bakor. 6:2) Kahoo, ho hlakile hore “meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele,” e ahloloang ke ba lutseng literoneng leholimong, e emela batho bao e seng ba sehlopha sa borena le boprista, se neng se tšoantšetsoa ke meloko e 12 Letsatsing la ho Koaheloa ha Libe.—Lev., khao.16.
Seo re Ithutang Sona:
4:1-10. Tlaleho ena e re ruta hore Satane ke motho oa sebele hase feela bobe bo teng. O re leka ka “takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso.” Leha ho le joalo, ho sebelisa melao-motheo ea Mangolo ho tla re thusa hore re lule re tšepahala ho Molimo.—1 Joh. 2:16.
5:1–7:29. Ela hloko tlhoko ea hao ea moea. U be le khotso. Phema ho nahana ka boitšoaro bo bobe. Phelela lentsoe la hao. Ha u rapela, qala ka lintho tse amanang le morero oa Molimo pele ho lintho tse bonahalang. E-ba ea ruileng ho Molimo. Batla ’Muso pele le ho loka ha Molimo. U se ke ua ahlola ba bang. Etsa thato ea Molimo. Ka sebele ho akarellelitsoe lintho tse molemo haholo Thutong ea Thabeng!
9:37, 38. Re lokela ho sebetsa tumellanong le kōpo ea rōna ea hore Monghali a “romele basebetsi kotulong ea hae,” re ntse re etsa mosebetsi oa ho etsa barutuoa ka cheseho.—Mat. 28:19, 20.
10:32, 33. Le ka mohla re se ke ra tšaba ho bua ka tumelo ea rōna.
13:51, 52. Ho utloisisa linnete tsa ’Muso ho tlisa boikarabelo ba ho ruta ba bang le ho ba thusa ho utloisisa linnete tsena tsa bohlokoa.
14:12, 13, 23. Linako tsa ho ba boinotšing ke tsa bohlokoa hore re tsebe ho thuisa ka mokhoa o nang le morero.—Mar. 6:46; Luka 6:12.
17:20. Re tšoanela ho ba le tumelo e le hore re loantše mathata le hore re hlōle litšitiso tse kang lithaba tse kena-kenanang le kamano ea rōna le Molimo. Ha rea lokela ho hlokomoloha taba ea ho matlafatsa tumelo ea rōna ho Jehova le litšepisong tsa hae.—Mar. 11:23; Luka 17:6.
18:1-4; 20:20-28. Ho se phethahale le mofuta oa bolumeli oo barutuoa ba Jesu ba neng ba hōletse ho oona o neng o khothalletsa maemo, li ile tsa etsa hore barutuoa ba Jesu ba amehe haholo ka botumo. Ha re ntse re phema mekhoa ea boetsalibe, re lokela ho hlaolela boikokobetso re be re lule re e-na le pono e loketseng ka litokelo le boikarabelo.
“HO TLA NEHELANOA KA MOR’A MOTHO HORE A KHOKHOTHELOE”
Jesu o kena Jerusalema “a palame esele” ka la 9 Nisane, 33 C.E. (Mat. 21:5) Letsatsing le latelang, o kena tempeleng ’me oa e hloekisa. Ka la 11 Nisane, o ruta ka tempeleng, o nyatsa bangoli le Bafarisi, ’me ka mor’a moo o fa barutuoa ba hae ‘pontšo ea ho ba teng ha hae le ea qetello ea tsamaiso ea lintho.’ (Mat. 24:3) Letsatsing le hlahlamang, o re ho bona: “Lea tseba hore matsatsi a mabeli ho tloha joale paseka e tla ba teng, ’me ho tla nehelanoa ka Mor’a motho hore a khokhotheloe thupeng.”—Mat. 26:1, 2.
Ke la 14 Nisane. Ka mor’a hore Jesu a thehe Sehopotso sa lefu la hae le atametseng, oa ekoa, oa tšoaroa, o hlaha ka pel’a lekhotla ’me o khokhotheloa thupeng. Ka letsatsi la boraro, o tsosoa bafung. Pele Jesu ea tsositsoeng bafung a nyolohela leholimong, o laela balateli ba hae: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.”—Mat. 28:19.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
22:3, 4, 9—Memo e etsoang ka makhetlo a mararo ea ho ea moketeng oa lenyalo e etsoa neng? Memo ea pele ea ho bokella sehlopha sa monyaluoa e tsoile ha Jesu le balateli ba hae ba ne ba qala ho bolela litaba tse molemo ka 29 C.E., ’me e ile ea tsoela pele ho fihlela ka 33 C.E. Memo ea bobeli e ile ea tsoela pele ho tloha ha ho ne ho tšolloa moea o halalelang ka Pentekonta ea 33 C.E. ho fihlela ka 36 C.E. Memo ea pele le ea bobeli e ne e lebisitsoe ho Bajuda, batho ba sokolohetseng Sejudeng le Basamaria feela. Leha ho le joalo, memo ea boraro, e ileng ea etsoa ho tloha ka 36 C.E. ha ho ne ho sokoloha molaoli oa lebotho la Roma ea bitsoang Korneliase, e ne e lebisitsoe ho batho ba tsoang litseleng tse ka ntle ho motse, ke hore, Balichaba ba neng ba sa bolla, ’me memo eo e ntse e tsoela pele le kajeno.
23:15—Ke hobane’ng ha motho eo Bafarisi ba neng ba mo sokolletse Bofarising e ne e le “mofo oa Gehena ka makhetlo a mabeli ho feta” Bafarisi ka bobona? Mohlomong batho ba bang ba ileng ba sokolloa ke Bafarisi e ne e le baetsalibe ba feteletseng. Leha ho le joalo, ka ho sokolohela mekhoeng e feteletseng ea Bafarisi, ba ile ba e-ba babe le ho feta, mohlomong ba e-ba babe le ho feta mesuoe ea bona e ahlotsoeng. Kahoo, ha ho bapisoa, e ne e le ‘bafo ba Gehena’ ka makhetlo a mabeli ho feta Bafarisi ba Bajuda.
27:3-5—Judase o ile a soabela eng? Ha ho na bopaki ba hore Judase o ile a bontša tšoabo hobane a ne a bakile e le kannete. Ho e-na le hore a batle tšoarelo ho Molimo, o ile a bolela phoso ea hae ho baprista ba ka sehloohong le banna ba baholo. Kaha Judase o ne a entse “sebe se tlisang lefu,” ho nepahetse hore ebe o ne a imetsoe ke maikutlo a ho ba molato le ho nyahama. (1 Joh. 5:16) O ile a bontša tšoabo hobane a ne a selebaletsoe.
Seo re Ithutang Sona:
21:28-31. Ntho ea bohlokoa ka sebele ho Jehova ke hore re etse thato ea hae. Ka mohlala, re lokela ho chesehela mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa.—Mat. 24:14; 28:19, 20.
22:37-39. Ka sebele litaelo tse peli tse khōlō li akaretsa ka bokhutšoanyane seo Molimo a se batlang ho barapeli ba hae!
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Na u kopanela ka cheseho mosebetsing oa ho kotula?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© 2003 BiblePlaces.com
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Ntho e ka sehloohong eo Matheu a buang ka eona ke ’Muso