Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na U Tla Khoptjoa ka Lebaka la Jesu?
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2021 | May
    • (3) JESU O NE A SA ETSE MEETLO E MENGATA EA BAJUDA

      Batho ba bangata ba ile ba hanyetsa Jesu ka lebaka la ho hana ho etsa e meng ea meetlo ea bona. Ntho e tšoanang e ka khopisa batho ba bang joang mehleng ee? (Sheba serapa sa 13)d

      13. Ke’ng e ileng ea etsa hore batho ba bangata ba se ke ba rata Jesu?

      13 Mehleng ea Jesu, barutuoa ba Johanne Mokolobetsi ba ile ba makalla barutuoa ba Jesu ha ba ne ba sa itime lijo. Jesu o ile a hlalosa hore ho ne ho se na lebaka la hore ba itime lijo ha a ntse a phela. (Mat. 9:​14-17) Ho ntse ho le joalo, Bafarisi le bahanyetsi ba Jesu ba ne ba mo hloile hobane o ne a sa etse meetlo le litloaelo tsa bona. Ba ile ba halefa ha a ne a folisa batho ka Sabatha. (Mar. 3:​1-6; Joh. 9:​16) Ka lehlakoreng le leng, ba ne ba ikotla sefuba ka hore ba hlompha molao oa Sabatha empa ka lehlakoreng le leng ba ne ba bona ho se na bothata ha ba etsetsa khoebo ka tempeleng. Ba ile ba tuka ke bohale ha Jesu a ba khalemela ka matla mabapi le ntho eo. (Mat. 21:​12, 13, 15) Athe batho bao Jesu a ileng a ba ruta ha a ne a le ka synagogeng Nazaretha, ba ile ba koata hona hoo ha Jesu a sebelisa mehlala ea Baiseraele ho ba bontša kamoo ba neng ba ikhohomosa ebile ba se na tumelo kateng. (Luka 4:​16, 25-30) Tsela eo Jesu a ileng a etsa lintho ka eona eo batho ba neng ba sa e lebella, e ile ea etsa hore ba bangata ba se ke ba mo rata.​—Mat. 11:​16-19.

      14. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a nyatsa meetlo ea batho e sa lumellaneng le Mangolo?

      14 Mangolo a re’ng? A sebelisa moprofeta Esaia, Jehova o ile a re: “Batho bana ba atametse ka melomo ea bona ’me ba ntlotlisitse ka melomo ea bona feela ’me ba suthiselitse lipelo tsa bona hole le ’na ’me tšabo ea bona ho ’na e fetohile taelo ea batho e rutoang.” (Esa. 29:​13) Jesu o ne a etsa hantle ha a ne a nyatsa meetlo ea batho e sa lumellaneng le Mangolo. Batho ba neng ba nka melao ea batho le litloaelo tsa bona e le tsa bohlokoa ho feta Mangolo, ba ile ba latola Jehova le eo a mo rommeng e le Mesia.

  • Na U Tla Khoptjoa ka Lebaka la Jesu?
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2021 | May
    • (4) JESU HA AA KA A FETOLA ’MUSO

      Batho ba bangata ba ile ba hanyetsa Jesu ka lebaka la hore ha aa ka a kenella lipolotiking. Ntho e tšoanang e ka khopisa batho ba bang joang mehleng ee? (Sheba serapa sa 17)e

      17. Mehleng ea Jesu, batho ba bangata ba ne ba lebelletse hore Mesia a etse’ng?

      17 Batho ba bang mehleng ea Jesu ba ne ba batla hore ho be le liphetoho tsa hang-hang lipolotiking. Ba ne ba batla hore Mesia a ba lokolle pusong e hatellang ea Roma. Empa Jesu o ile a hana ha ba ne ba batla ho mo etsa morena. (Joh. 6:​14, 15) Athe ba bang ho akarelletsa le Baprista, ba ne ba tšoenyehile ka hore Jesu o tla tlisa liphetoho lipolotiking ’me a halefise Baroma ba neng ba file baeta-pele bao ba bolumeli matla a itseng pusong. Mathata ao a lipolotiki a ile a etsa hore Bajuda ba bangata ba hanyetse Jesu.

      18. Ke boprofeta bofe ba Bibele bo buang ka Mesia boo batho ba ileng ba iphapanyetsa bona?

      18 Mangolo a re’ng? Le hoja boprofeta bo ile ba bolela hore Mesia o ne a tla fana ka tharollo mathateng a batho, bo bong bo ile ba bontša hore o ne a tla lokela ho shoa pele bakeng sa libe tsa rona. (Esa. 53:​9, 12) Joale, ke hobane’ng ha batho ba ne ba lebelletse lintho tse fosahetseng ka Mesia? Ba bangata mehleng ea Jesu ba ne ba sa rate boprofeta bo neng bo sa fane ka tharollo ea mathata a bona ka nako eo.​—Joh. 6:​26, 27.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela