Bophelo ba Mehleng ea Bakreste ba Lekholong la Pele la Lilemo
“’Metli oa Mapolanka”
“Na eo hase mora oa ’metli oa mapolanka?”—MATHEU 13:55.
JESU o ne a sa tsebahale feela ka hore ke “mora oa ’metli oa mapolanka” empa o ne a bile a tsejoa e le “’metli oa mapolanka.” (Mareka 6:3) Ha ho pelaelo hore o ithutile mosebetsi oo ho ntate oa hae ea mo hōlisitseng, Josefa.
Jesu o ne a lokela ho ba le tsebo efe le lisebelisoa life e le hore a etse mosebetsi oa ho betla mapolanka hantle? E ka ’na eaba o ne a etsetsa batho ba Nazaretha thepa ea mofuta ofe le mesebetsi ea mofuta ofe? Hona mosebetsi oa mapolanka oo a neng a o koetliselitsoe a sa le monyenyane e ka ’na eaba o ile oa ama bophelo ba hae joang hamorao?
Khoebo ea Lelapa Setšoantšo se tlaase mona ke sa ntate ea bontšang mora oa hae e moholo hore na elese e sebelisoa joang ka tsela e nepahetseng le e ke keng ea mo ntša kotsi. Mora e monyenyane eena o mametse le ho shebella ka hloko.
Hangata bashanyana ba ne ba koetlisetsoa mosebetsi o itseng ha ba le lilemo li 12 ho ea ho 15. Ba ne ba tloaetse ho rutoa mosebetsi oo ke bo-ntate ba bona. Koetliso eo hangata e ne e nka lilemo tse ngata ’me moshanyana o ne a lokela ho ikitlaetsa haeba a ne a hlile a batla ho ba ’metli oa mapolanka ea etsang mosebetsi o tsoileng matsoho. Nahana feela ka lihora tse ngata tseo e tlamehang ebe Josefa o ne a li qeta a e-na le Jesu—a sebetsa le eena, a qoqa le eena a bile a mo fa malebela. E tlameha ebe Josefa o ne a thaba hakaakang ha a bona Jesu a ipabola ka mosebetsi oa mapolanka!
Ho ne ho Hlokahala Tsebo, Matla le Boiphihlelo ’Metli oa mapolanka o ne a lokela ho tseba mofuta oa lepolanka leo a le sebelisang. O ne a ka khetha leo a le batlang ho latela lifate tse neng li lengoa moo, tse kang kiprese, eike, kedare, sikamora le mohloaare. Leha ho le joalo, ’metli oa mapolanka oa lekholong la pele la lilemo o ne a sa ee lebenkeleng le rekisang mapolanka kapa le rekisang thepa ea mohaho ebe o khetha mapolanka a seng a sehiloe ka tsela eo a e batlang. Ho e-na le hoo, o ne a e-ea morung, a khetha mofuta oo a o batlang oa lifate, a li rema ebe o hula lifate tseo tse boima ho li isa moo a sebeletsang.
’Metli oa mapolanka o ne a etsa’ng ka lifate tseo a li bokeletseng? O ne a ka qeta nako e ngata a haha matlo. O ne a ka etsa maballo, litepisi tsa ka matlung, mamati, lifensetere le liforeimi tsa mabota.
Hape ’metli oa mapolanka o ne a etsa thepa ea ka tlung. Litšoantšo tse bontšitsoeng mona li bontša tse ling tsa lintho tseo a neng a li etsa—liraka tse nang le lilae, lishelefo kapa mamati (1); lituloana (2), litulo (3) le litafole (4) tsa mefuta e sa tšoaneng hammoho le libethe tseo masea a robalang ho tsona motšehare. Ha a khabisa thepa o ne a ka e koahela ka lepolanka le letle le fatiloeng hore le etse mekhabiso e fapa-fapaneng. E le ho etsa hore botle ba thepa bo se ke ba senyeha kapele, o ne a e tlotsa ka boka ba linotši, vanishe kapa oli.
’Metli oa mapolanka o ne a boetse a etsetsa lihoai thepa—lijoko (5) tse entsoeng ka lehong le thata hammoho le lifereko, liharaka le likharafu (6). Mehoma (7) eo a neng a e etsa e ne e lokela hore e be e tiileng hantle kaha lintlha tsa eona tse entsoeng ka tšepe li ne li lema mobung o nang le majoe. O ne a etsa likosekara (8) le likariki tse nang le mabili a nang le lipèkè kapa a se nang tsona. Mosebetsi oa hae o ne o ka akarelletsa le ho lokisa kapa ho nchafatsa thepa, lisebelisoa le likariki tseo a neng a li etsa.
U se u ka inahanela feela hore na mosebetsi oa Jesu oa ho ba ’metli o ile oa etsa hore a shebahale joang! Nahana ka letlalo la hae le neng le tlabotsoe ke letsatsi la Bochabela bo Hare, mesifa ea hae e neng e bōpehile ka lebaka la mosebetsi o boima oo a o entseng ka lilemo-lemo le matsoho a hae a thata ka lebaka la ho tšoara mapolanka a hoashang le ho sebelisa lilepe, lihamore le lisakha.
Mohloli oa Lipapiso Tsa Hae Jesu o ne a ipabola ka ho sebelisa lintho tse bonolo le tse tloaelehileng hore a rute lithuto tse tebileng. Na o ne a sebelisa tsebo ea hae ea ho ba ’metli oa mapolanka ha a etsa lipapiso tse ling? Hlokomela tse seng kae feela. O ile a re ho letšoele le leng: “Joale, ke hobane’ng ha u sheba lehlokoa le ka leihlong la mor’eno, empa u sa nahane ka leballo le ka leihlong la hao?” ’Metli oa mapolanka o ne a tseba hantle hore na leballo ke ntho e khōlō hakae. (Matheu 7:3) Hamorao Jesu o ile a re ho sehlopha se seng: “Ha ho motho ea behileng letsoho la hae mohomeng ’me a talima lintho tse ka morao ea loketseng ’muso oa Molimo.” Ho ka etsahala hape hore ebe o ile a etsa mehoma e mengata. (Luka 9:62) E ’ngoe ea limemo tse mofuthu ka ho fetisisa tsa Jesu e ne e bua ka thepa e ’ngoe eo ’metli oa mapolanka a neng a e etsa. Jesu o ile a re: “Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, . . . joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.” (Matheu 11:29, 30) Ha ho pelaelo hore Jesu o ne a tseba ho etsa joko e “mosa,” e sa sehleng, kapa e lulang hantle molaleng.
E ka ’na eaba bahanyetsi ba Jesu ba ne ba mo bitsa “mora oa ’metli oa mapolanka” e le ho mo nyenyefatsa. Ho sa tsotellehe ho nyenyefatsoa joalo, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo le ba mehleng ena ba nka e le tlotla ho latela ’metli enoa oa mapolanka ea neng a ikokobelitse.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Lebokose la Lithulusi la ’Metli oa Mapolanka
’Metli oa mapolanka oa lekholong la pele la lilemo joaloka Jesu, o ne a lokela ho tseba ho sebelisa lithulusi tse bontšitsoeng mona. Sakha (1) e ne e entsoe ka foreimi ea lehong e tšoereng lehare la tšepe le nang le meno a bohale a entsoeng ka tsela eo a tla khona ho sakha ha motho a e hula. O ne a sebelisa sekoere (2) ho bona hore na ntho eo a e etsang e kopane ka ho lekana, le polomo (3) ho etsa hore lintho li eme li otlolohile hantle. Hape ka har’a lebokose la hae la lithulusi ho ne ho e-na le baterepase (4), rulara (5), poleine e nang le lehare le bohale le le ka behoang ka litsela tse sa tšoaneng le fefang lepolanka hore le be boreleli (6) le selepe (7) sa ho rema lifate.
’Metli oa mapolanka o ne a boetse a sebelisa thulusi e bōpang lehong ka tsela eo ’metli a batlang ka eona (8) le chesele e sekoti (9) ho seha le ho etsa lithupa tse ohlang. Sekoahelong sa lebokose la lithulusi ho na le hamore ea lehong (10) e sebelisoang ho otlella lipekere kapa lichesele. Hape ho na le sakha e nyenyane (11), lehare le nang le mefeng e ’meli (12) le fefang, le lipekere (13). Ka pel’a lebokose la lithulusi ho na le hamore ea tšepe (14) le selepe se kang mohoma (15) ho karapa lehong. Sekoahelong ho na le thipa (16) hammoho le lichesele (17) tse boholo bo sa tšoaneng. Elese (18) ke e itšetlehileng ka lebokose la lithulusi.