-
Bona se Molemo Bakeng sa Mosebetsi oa Hao o Thata“Le Ipoloke Leratong la Molimo”
-
-
6, 7. Jesu o na le botumo bofe ba nako e telele ba hore ke sekhothali?
6 Jesu o na le botumo ba nako e telele ba hore ke sekhothali. Pele e e-ba motho oa nama, o ile a sebetsa le Molimo e le “mosebetsi ea hloahloa” ha ho ne ho bōptjoa lintho tsohle “tse maholimong le tse lefatšeng.” (Liproverbia 8:22-31; Bakolose 1:15-17) Ha a le lefatšeng, Jesu o ile a tsoela pele e le sekhothali. Ha a sa le monyenyane, o ile a ithuta mosebetsi oa ho haha, ’me o ile a tsejoa e le “’metli oa mapolanka.”a (Mareka 6:3) Mosebetsi ona o akarelletsa ho sehla ka thata le ho ba le tsebo ea lintho tse fapa-fapaneng, ’me ho ne ho le joalo haholo mehleng ea pele ho e-ba le mechine e sakhang mapolanka, mabenkele a rekisang thepa le lisebelisoa tsa motlakase. Ak’u nahane ka Jesu a tsoa ho ea itatela lifate—mohlomong sena se ne se tla hloka hore a li reme a be a li hulele kae kapa kae moo a il’o sebeletsa teng. Ak’u nahane feela ha a haha matlo—a hlophisa maballo a bile a fera matlo ao, a etsa mamati, a bile a betla le thepa e ’ngoe ea ntlo. Ha ho pelaelo hore Jesu o ne a tseba khotsofalo e tlisoang ke mosebetsi o boima o entsoeng ka bokhabane.
-
-
Bona se Molemo Bakeng sa Mosebetsi oa Hao o Thata“Le Ipoloke Leratong la Molimo”
-
-
a Ho boleloa hore lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “’metli oa mapolanka” ke “lentsoe le akaretsang, le bolelang motho ea sebetsang ka mapolanka ebang o ne a haha matlo kapa a betla thepa ea ka tlung kapa mofuta leha e le ofe oa lintho tse etsoang ka mapolanka.”
-