Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Ha Jesu Kreste a ne a roma baapostola ba 12 ho ea bolela litaba tse molemo, na o ile a ba bolella hore ba nke mare le hore ba roale meqathatso?
Batho ba bang ba bolela hore Likosepele tse tharo tse fanang ka tlaleho ea ha Jesu a ne a roma baapostola, lia hanyetsana. Leha ho le joalo, ha re bapisa litlaleho tsena re ka fihlela qeto e thahasellisang. Qala ka ho bapisa seo Mareka le Luka ba se ngotseng. Tlaleho ea Mareka e re: “[Jesu o ile] a ba fa litaelo tsa hore ba se ke ba nka letho bakeng sa leeto haese lere feela, ba se ke ba nka bohobe, ba se ke ba nka mokotla oa lijo, ba se ke ba nka chelete ea koporo ka lipacheng tsa bona tsa senyepa, empa ba fase meqathatso, le hore ba se ke ba apara liaparo tse peli tsa ka hare.” (Mar. 6:7-9, NW) Luka eena o tlalehile sena: “Le se ke la nka letho bakeng sa leeto, leha e le lere kapa mokotla oa lijo, kapa bohobe kapa chelete ea silevera; kapa liaparo tse peli tsa ka hare.” (Luka 9:1-3, NW) Mona re hlokomela ntho eo ekang ke ho se lumellane. Ho ea ka Mareka, baapostola ba ile ba bolelloa hore ba nke mare le hore ba tlame meqathatso, empa tlaleho ea Luka e re ba ne ba sa lokela ho nka letho, esita le mare. Ho fapana le Mareka, Luka ha aa ka a bua letho ka meqathatso.
E le hore re utloisise molaetsa oo Jesu a neng a batla ho o fetisa ketsahalong ena, hlokomela polelo e tšoanang e teng Likosepeleng tsena boraro ba tsona. Litlalehong tsena tse sa tsoa qotsoa hammoho le ho Matheu 10:5-10 (NW), baapostola ba ile ba bolelloa hore ba se ke ba apara kapa ba nka “liaparo tse peli tsa ka hare.” Ho ka etsahala hore ebe moapostola ka mong o ne a apere seaparo se le seng sa ka hare. Kahoo, ba ne ba sa lokela hore ba nke se seng bakeng sa leeto. Ka tsela e tšoanang, ba ne ba roetse meqathatso. Mareka o ile a bontša bohlokoa ba hore ba “fase meqathatso,” e leng meqathatso eo ba neng ba se ba ntse ba e roetse. Ho thoe’ng ka mare? The Jewish Encyclopedia e re: “Ho bonahala eka e ne e le ntho e tloaelehileng har’a Baheberu ba boholo-holo hore ba tsamaee ba nkile mare.” (Gen. 32:10) Mareka o ile a bolela hore baapostola ba ne ba lokela “hore ba se ke ba nka letho bakeng sa leeto” haese mare ao ba neng ba se ba ntse ba a nkile ha Jesu a ne a ba fa taelo eo. Kahoo, bangoli ba Likosepele ba ne ba hatisa taelo ea Jesu ea hore ba se ke ba liehisa leeto ka ho ea batla lintho tse ling.
Taba ena e boetse e hatisoa ke Matheu, ea ileng a utloa taelo ea Jesu ketsahalong eo eaba oa e tlaleha. Jesu o ile a re: “Le se ke la iphumanela khauta kapa silevera kapa koporo bakeng sa lipache tsa lōna tsa senyepa, kapa mokotla oa lijo bakeng sa leeto, kapa liaparo tsa ka hare tse peli, kapa meqathatso kapa lere; kaha mosebetsi o tšoaneloa ke lijo tsa hae.” (Mat. 10:9, 10, NW) Ho thoe’ng ka meqathatso eo baapostola ba neng ba e roetse le ka mare ao ba neng ba a nkile? Jesu ha aa ka a re ba lahle lintho tseo ba neng ba se ba ntse ba e-na le tsona, empa o ne a bolela hore ba se ke ba iphumanela lintho tse joalo. Ke hobane’ng ha a ile a fana ka taelo e joalo? Ke hobane “mosebetsi o tšoaneloa ke lijo tsa hae.” Oo e ne e le moko-taba oa taelo ea Jesu, ’me o ne o lumellana le keletso eo a ileng a fana ka eona Thutong ea Thabeng, ea hore ba se ke ba tšoenyeha ka hore na ba tla ja’ng, ba tla noa’ng kapa ba tla apara’ng.—Mat. 6:25-32.
Le hoja litlaleho tsa Kosepele li ka ’na tsa bonahala li sa lumellane, li ne li bua ka ntho e le ’ngoe. Baapostola ba ne ba lokela ho tsamaea ba le kamoo ba neng ba le kateng, ba se ke ba sitisoa ke ho ea iphumanela lintho tse ling. Hobane’ng? Hobane Jehova o ne a tla ba hlokomela.
“Mofumahali, esita le mafumahali” ao Solomone a neng a bua ka ’ona e ne e le bo-mang?—Moek. 2:8.
Ha re na bonnete, empa ho ka etsahala hore ebe e ne e le basali ba hlaheletseng bao Solomone a ileng a kopana le bona lelapeng la borena.
Ho Moeklesia khaolo ea 2, Solomone o bolela lintho tse fapa-fapaneng tseo a neng a li finyeletse, tse akarelletsang merero ea hae ea kaho e meholo. O ile a phaella ka ho re: “Ka ipokellela le silevera le khauta, le thepa eo ka ho khethehileng e leng ea marena le liprofinse. Ka iketsetsa libini tsa banna le libini tsa basali le thabo e phethehileng ea bara ba moloko oa batho, e leng mofumahali, esita le mafumahali.”—Moek. 2:8.
Bahlalosi ba bangata ba nahana hore “mafumahali” ao Solomone a neng a bua ka ’ona, e ne e le basali ba bangata ba balichaba le lirethe tseo a ileng a ba le tsona lilemong tsa hae tsa ho qetela, e leng basali ba ileng ba mo hulela borapeling ba bohata. (1 Mar. 11:1-4) Leha ho le joalo, ho na le mathata ka tlhaloso eo. Ha Solomone a ne a ngola mantsoe ao, o ne a se a ntse a tseba “mofumahali, esita le mafumahali” ao. Hape, nakong eo o ne a ntse a e-na le kamano e ntle le Jehova, kaha Molimo o ile a mo bululela hore a ngole libuka tsa Bibele. Seo se fapane hōle le boemo bo ileng ba hlaha lilemong tsa ho qetela ha a ne a se a e-na le basali ba makholo ba balichaba le lirethe, ha a tla oela borapeling ba bohata.
Bukeng ea Moeklesia, Solomone o ile a bolela hore o ne a ile a “batla ho fumana mantsoe a thabisang le ho ngoloa ha mantsoe a nepahetseng a ’nete.” (Moek. 12:10) Ho hlakile hore o ne a tseba mantsoe a bolelang “mosali,” “mofumahali” le “serethe,” kaha o ile a a sebelisa mangolong a hae a bululetsoeng. (Liprov. 5:18; 12:4; 18:22; Moek. 9:9; Sefela 6:8, 9) Empa ho Moeklesia 2:8, ha ho sebelisoe mantsoe ao a tloaelehileng.
Moo ho sebelisitsoeng mantsoe “mofumahali, esita le mafumahali,” ke hona feela ka Bibeleng moo re fumanang ho sebelisitsoe lentsoe la Seheberu le sa tloaelehang (le le bonngoeng le bongateng). Litsebi lia lumela hore ha li na bonnete ba hore na lentsoe leo le bolela’ng. Bafetoleli ba bangata ba Bibele ba nka hore poleloana e ho Moeklesia 2:8 e bua ka basali, ’me e sebelisoa e le bonngoeng, hamorao e sebelisoa e le ka bongateng kapa e bolela boemo bo phahameng ka ho fetisisa. Phetolelo e reng “mofumahali, esita le mafumahali,” e fetisa moelelo oona oo.
Solomone o ne a tumme haholo hoo mofumahali ea neng a e-tsoa naheng e ruileng ea Sheba a ileng a utloela ka eena, eaba oa mo etela ’me a hlolloa haholo. (1 Mar. 10:1, 2) E ka ’na eaba ke sona seo Solomone a neng a se bolela ha a ne a bua ka “mofumahali, esita le mafumahali.” Mohlomong o ne a bua ka basali ba hlaheletseng bao a ileng a kopana le bona lelapeng la hae lilemong tse ngata tsa ha a ne a sa ntse a e-na le kamano e ntle le Molimo.