-
‘Kreste o Bontša Hore Molimo o Matla’Atamela ho Jehova
-
-
18-20. (a) Ke eng e neng e susumetsa tsela eo Jesu a sebelisang matla a hae ka eona? (b) U ikutloa joang ka tsela eo Jesu a ileng a folisa monna e mong ea sa utloeng litsebeng ka eona?
18 Motho enoa ea matla, Jesu, o ne a fapane hole le babusi bao ka ho se tsotelle ba ’nileng ba hlokomoloha litlhoko le mahlomola a ba bang ha ba sebelisa matla. Jesu o ne a tsotella batho. Ho bona feela batho ba le mahlomoleng ho ne ho mo ama habohloko hoo a neng a susumelletseha ho ba imolla bohloko ba bona. (Matheu 14:14) O ne a nahanela maikutlo le litlhoko tsa bona, ’me kameho ena e mofuthu e ne e susumetsa tsela eo a sebelisang matla a hae ka eona. Mohlala oa sena o amang maikutlo o fumanoa ho Mareka 7:31-37.
19 Ketsahalong ena, bongata bo ile ba fumana Jesu ’me ba mo tlisetsa batho ba bangata ba kulang, ’me a ba folisa kaofela. (Matheu 15:29, 30) Empa Jesu o ile a fa monna e mong tlhokomelo e khethehileng. Monna enoa o ne a sa utloe litsebeng a bile a sa khone ho bua hantle. Mohlomong ka ho khetheha Jesu o ile a hlokomela ho tšoha kapa ho hlajoa ke lihlong ha monna enoa. Ka ho nahanela, Jesu o ile a mo nkela thokoana, thoko le bongata, ba ea sebakeng se poteletseng. Eaba Jesu o sebelisa matšoao a itseng ho bontša monna enoa seo a neng a le mothating oa ho se etsa. O ile a “kenya menoana ka litsebeng tsa hae eaba o tšoela mathe o thetsa leleme la hae.”c (Mareka 7:33) Jesu a ntan’o lelala a sheba leholimong ’me a rapela ka ho feheloa. Ho etsa sena ho ne ho tla bolella monna eo hore, ‘Seo ke leng mothating oa ho u etsetsa sona ke se etsa ka matla a tsoang ho Molimo.’ Qetellong, Jesu o ile a re: “Buleha.” (Mareka 7:34) Eaba monna eo o khona ho utloa le ho bua hantle.
-
-
‘Kreste o Bontša Hore Molimo o Matla’Atamela ho Jehova
-
-
c Ho tšoela mathe e ne e le mokhoa kapa pontšo ea ho folisa e neng e amoheloa ke Bajuda le Balichaba, ’me tšebeliso ea mathe phekolong e tlalehiloe mengolong ea bo-rabi. Mohlomong Jesu o ile a tšoela mathe e le feela ho tsebisa monna eo hore o mothating oa ho folisoa. Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, Jesu o ne a sa sebelise mathe e le moriana oa tlhaho.
-