Na U na le “Kelello ea Kreste”?
“E se eka Molimo ea fanang ka mamello le matšeliso a ka le neha . . . boikutlo ba kelello bo tšoanang le boo Kreste Jesu a neng a e-na le bona.”—BAROMA 15:5.
1. Jesu o bontšoa joang litšoantšong tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana, ’me ke hobane’ng ha e se litšoantšo tse ntle tsa Jesu?
“HA HO mohla a kileng a bonoa a tšeha.” Ke kamoo Jesu a hlalosoang kateng tokomaneng eo ka bohata e bolelang hore e ngotsoe ke e mong ea boholong Roma ea boholo-holo. Tokomane ena, e ’nileng ea bonoa e le sebōpehong sa eona sa kajeno ho tloha hoo e ka bang lekholong la bo11 la lilemo, ho boleloa hore e susumelitse baetsi ba litšoantšo ba bangata.a Litšoantšong tse ngata, Jesu o bonahala e le motho ea hlomohileng, ea bososelang seoelo, haeba o ke a bososele. Empa seo hase setšoantšo se setle sa Jesu, eo Likosepele li bontšang hore o mofuthu, o mosa o bile o na le maikutlo a tebileng.
2. Re ka hlaolela “boikutlo ba kelello bo tšoanang le boo Kreste Jesu a neng a e-na le bona” joang, ’me see se tla re hlomella ho etsa eng?
2 Ka ho hlakileng, e le hore re ka tseba Jesu oa sebele, re lokela ho tlatsa likelello le lipelo tsa rōna ka kutloisiso e nepahetseng ea hore na ha e le hantle Jesu e ne e le motho oa mofuta ofe ha a sa le lefatšeng. Ka lebaka leo, a re hlahlobeng litlaleho tse ling tsa Kosepele tse re fang temohisiso mabapi le “kelello ea Kreste”—ke hore, maikutlo a hae, kutloisiso ea hae, menahano ea hae le kamoo a neng a beha mabaka kateng. (1 Bakorinthe 2:16) Ha re ntse re etsa joalo, a re hlahlobeng kamoo re ka hlaolelang “boikutlo ba kelello bo tšoanang le boo Kreste Jesu a neng a e-na le bona” kateng. (Baroma 15:5) Ka tsela eo, re ka hlomelloa hamolemo bophelong ba rōna le litšebelisanong tsa rōna le ba bang bakeng sa ho latela mohlala oo a re behetseng oona.—Johanne 13:15.
O ne a Atameleha Habonolo
3, 4. (a) Tlaleho e ho Mareka 10:13-16 e etsahetse tlas’a maemo afe? (b) Jesu o ile a itšoara joang ha barutuoa ba hae ba ne ba leka ho thibela bana ba banyenyane ho tla ho eena?
3 Batho ba ne ba ikutloa ba hoheleha ho Jesu. Makhetlong a sa tšoaneng, batho ba lilemo tse sa tšoaneng le limelo tse fapaneng ba ne ba mo atamela ka bolokolohi. Nahana ka ketsahalo e tlalehiloeng ho Mareka 10:13-16. E etsahetse ho ella qetellong ea tšebeletso ea hae, ha a ne a lebile Jerusalema ka lekhetlo la ho qetela, ho ea talimana le lefu le bohloko.—Mareka 10:32-34.
4 Nahana ka ketsahalo ena. Batho ba qala ho tlisa bana, ho akarelletsa le masea, hore Jesu a ba hlohonolofatse.b Leha ho le joalo, barutuoa ba hae ba leka ho thibela bana bana ho tla ho Jesu. Mohlomong barutuoa ba na le maikutlo a hore ka sebele Jesu ha a batle ho khathatsoa ka bana libekeng tsena tsa matšoenyeho. Empa ba fositse. Ha Jesu a hlokomela seo barutuoa ba se etsang, ha a thabe. Jesu o biletsa bana ho eena, o re: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho ’na; le se ke la leka ho ba thibela.” (Mareka 10:14) Joale o etsa ho hong ho bontšang bonolo ba sebele le lerato. Tlaleho ena e re: ‘A sika bana bao ’me a qala ho ba hlohonolofatsa.’ (Mareka 10:16) Ho totobetse hore bana ba phutholohile ha Jesu a ba sika.
5.Tlaleho e ho Mareka 10:13-16 e re bolella eng ka hore na Jesu e ne e le motho oa mofuta ofe?
5 Tlaleho eo e khutšoanyane e re bolella ho hongata ka hore na Jesu e ne e le motho oa mofuta ofe. Hlokomela hore o ne a atameleha. Le hoja a ne a bile boemong bo phahameng maholimong, o ne a sa tšose batho ba sa phethahalang leha e le hona ho ba nyenyefatsa. (Johanne 17:5) Na ka ho tšoanang hase habohlokoa hore ebe esita le bana ba ne ba ikutloa ba phutholohile ha ba e-na le eena? Ka sebele ba ne ba ke ke ba ikutloa ba hoheleha ho motho ea seng mosa, ea sa thabang eo ho neng ho se mohla a bososelang kapa a tšehang! Batho ba lilemo tsohle ba ne ba atamela Jesu hobane ba ne ba bona hore ke motho ea mofuthu, ea tsotellang, ’me ba ne ba kholisehile hore a ke ke a ba soetsa.
6. Baholo ba ka etsa hore ba atamelehe habonolo joang?
6 Ha re nahana ka tlaleho ena, re ka ipotsa, ‘Na ke na le kelello ea Kreste? Na kea atameleha?’ Linakong tsena tse mahlonoko, linku tsa Molimo li hloka balisa ba atamelehang, banna ba tšoanang le “tšireletso ha moea o foka.” (Esaia 32:1, 2; 2 Timothea 3:1) Baholo, haeba le hlaolela thahasello ea sebele, e tlohang pelong ho barab’abo lōna ’me le ikemiselitse ho itella bona, ba tla lemoha kameho ea lōna. Ba tla e bona lifahlehong tsa lōna, ba e utloe molumong oa mantsoe a lōna ba be ba e hlokomele moseng oa lōna. Mofuthu o joalo oa sebele le kameho li ka etsa hore u tšeptjoe ’me ho be bonolo haholoanyane hore ba bang, ho akarelletsa le bana, ba u atamele. Mosali e mong oa Mokreste o hlalosa lebaka leo ka lona a ileng a khona ho lokoloha ha a buisana le moholo e mong: “O ne a bua le ’na ka tsela e bonolo le e bontšang qenehelo. Ho seng joalo, mohlomong nka be ke sa ka ka bua letho. O ile a etsa hore ke ikutloe ke sireletsehile.”
O ne a Nahanela ba Bang
7. (a) Jesu o ile a bontša joang hore o nahanela ba bang? (b) Mohlomong ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa hore monna ea foufetseng a bone butle-butle?
7 Jesu o ne a nahanela ba bang. O ne a ameha ka maikutlo a ba bang. Ho bona feela batho ba mahlomoleng ho ne ho mo ama ka ho teba hoo a neng a susumelletseha ho ba lokolla bohlokong. (Matheu 14:14) O ne a boetse a nahanela mefokolo le litlhoko tsa ba bang. (Johanne 16:12) Batho ba kile ba tlisetsa Jesu monna ea foufetseng ’me ba mo kōpa hore a mo folise. Jesu o ile a etsa hore monna eo a boele a bone, empa o ile a etsa joalo butle-butle. Qalong, monna eo o ne a bonela batho leroothong—“se bonahalang eka ke lifate, empa lia tsamaea.” Joale, Jesu a etsa hore a bone ka ho feletseng. Ke hobane’ng ha a ne a folisa monna eo butle-butle? E ka ’na eaba o ile a etsa seo e le hore a nolofalletse motho eo ea neng a tloaetse ho ba lefifing hore a se ke a fahloa ka tšohanyetso ke khanya ea letsatsi le ho tšosoa ke lefatše le rarahaneng.—Mareka 8:22-26.
8, 9. (a) Ho ile ha etsahala eng kapele ka mor’a hore Jesu le barutuoa ba hae ba kene sebakeng sa Dekapolise? (b) Hlalosa ho folisa ha Jesu monna oa tsebe-tutu.
8 Hape nahana ka ketsahalo e ileng ea etsahala ka mor’a Paseka ea 32 C.E. Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba kene sebakeng sa Dekapolise, ka bochabela ho Leoatle la Galilea. Ha ba le moo, batho ba bangata ba ile ba ba fumana kapele ’me ba tlisa ho Jesu ba bangata ba neng ba kula le ba holofetseng, ’me o ile a ba folisa kaofela. (Matheu 15:29, 30) Ka ho thahasellisang, Jesu o ile a qoolla monna e mong bakeng sa tlhokomelo e khethehileng. Mareka, mongoli oa Kosepele, e leng eena feela ea tlalehileng ketsahalo ena, o tlaleha se ileng sa etsahala.—Mareka 7:31-35.
9 Monna enoa e ne e le tsebe-tutu a bile a sa khone ho bua. Ho ka etsahala hore ebe Jesu o ile a bona hore monna enoa o tšohile ka tsela e khethehileng kapa o tsielehile. Eaba Jesu o etsa ho hong ho batlang ho sa tloaeleha. O ile a nkela monna enoa ka thōko, hōle le bongata, boinotšing. Eaba Jesu o sebelisa puo ea matsoho ho bolella monna enoa seo a neng a tla tloha a se etsa. O ile a “kenya menoana ka litsebeng tsa monna eo ’me, ka mor’a ho tšoela mathe, a ama leleme la hae.” (Mareka 7:33) Ka mor’a moo, Jesu o ile a lelalla leholimong ’me a rapela ka ho feheloa. Liketso tsena tseo e neng e le lipontšo li ne li bolella monna enoa hore, ‘Seo ke tla tloha ke u etsetsa sona ke se etsa ka matla a tsoang ho Molimo.’ Qetellong, Jesu o ile a re: “Buleha.” (Mareka 7:34) Ha seo se etsahala, monna eo o ile a utloa, ’me a khona ho bua ka tsela e tloaelehileng.
10, 11. Re ka bontša joang hore re nahanela maikutlo a ba bang ka phuthehong? ka lapeng?
10 Jesu o ne a nahanela ba bang hakaakang! O ne a ameha ka maikutlo a bona, ’me tlhokomelo ena e bontšang kutloelo-bohloko, e ile ea mo susumelletsa ho nka bohato ka litsela tse bontšang hore o nahanela maikutlo a bona. Joaloka Bakreste, ke hantle ha re hlaolela kelello ea Kreste le ho e bonahatsa tabeng ena. Bibele ea re eletsa: “Kaofela ha lōna le be le kelello e joalo, le bontša ho utloelana bohloko, le e-na le boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, le e-na le qenehelo e bonolo, le ikokobelitse kelellong.” (1 Petrose 3:8) Ka sebele sena se hloka hore re bue le ho nka bohato ka litsela tse nahanelang maikutlo a ba bang.
11 Ka phuthehong, re ka bontša hore re nahanela maikutlo a ba bang ka ho ba fa seriti, re ba tšoare kamoo re neng re ka rata ho tšoaroa kateng. (Matheu 7:12) Seo se ne se tla akarelletsa ho ba hlokolosi ka seo re se buang le tsela eo re se buang ka eona. (Bakolose 4:6) Hopola hore ‘mantsoe a buuoang ka ho se nahane a ka hlaba joaloka sabole.’ (Liproverbia 12:18, NW) Ho thoe’ng ka lapeng? Monna le mosali ba hlileng ba ratanang, e mong o nahanela maikutlo a e mong. (Baefese 5:33) Ba qoba mantsoe a bontšang ho hloka kutloelo-bohloko, ho tšoaea liphoso ho sa khaotseng le ho phoqa ho halefisang—tseo kaofela ha tsona li ka utloisang motho bohloko bo ke keng ba fola habonolo. Bana le bona ba na le maikutlo, ’me batsoali ba lerato ba nahanela sena. Ha ho hlokahala khalemelo, batsoali ba joalo ba fana ka eona ka litsela tse hlomphang seriti sa bana ba bona le tse sa ba hlabiseng lihlong ka ho sa hlokahaleng.c (Bakolose 3:21) Ka tsela eo, ha re nahanela ba bang, re bontša hore re na le kelello ea Kreste.
O ne a Ikemisetsa ho Tšepa ba Bang
12. Jesu o ne a e-na le pono efe e leka-lekaneng le ea sebele ka barutuoa ba hae?
12 Jesu o ne a e-na le pono e leka-lekaneng le ea sebele ka barutuoa ba hae. O ne a tseba hantle hore ha baa phethahala. Etsoe, o ne a ka bona se ka lipelong tsa batho. (Johanne 2:24, 25) Leha ho le joalo, ha aa ka a lebisa tlhokomelo mefokolong ea bona, empa o ile a e lebisa litšoanelehong tsa bona tse molemo. O ile a boela a bona monyetla o molemo ho banna bana bao Jehova a neng a ba hutse. (Johanne 6:44) Pono ea Jesu e nepahetseng ka barutuoa ba hae e ne e totobetse tseleng eo a neng a sebelisana le bona ka eona le kamoo a neng a ba tšoara kateng. Taba ea pele, o ile a bontša hore o ikemiselitse ho ba tšepa.
13. Jesu o ile a bontša joang hore o tšepa barutuoa ba hae?
13 Jesu o ile a bontša tšepo e joalo joang? Ha a tloha lefatšeng, o ile a fa barutuoa ba hae ba tlotsitsoeng boikarabelo bo boima. O ile a ba fa boikarabelo ba ho hlokomela lithahasello tsa ’Muso oa hae lefatšeng ka bophara. (Matheu 25:14, 15; Luka 12:42-44) Nakong ea tšebeletso ea hae, o ile a bontša le ka litsela tse nyenyane, tse sa tobang, hore oa ba tšepa. Ha a ne a atisa lijo ka mohlolo e le hore a ka fepa bongata, o ile a fa barutuoa ba hae boikarabelo ba ho aba lijo tsena.—Matheu 14:15-21; 15:32-37.
14. U ne u ka akaretsa tlaleho e ho Mareka 4:35-41 joang?
14 Nahana hape ka tlaleho e ho Mareka 4:35-41. Ketsahalong ena Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba palama sekepe ’me ba se sesisetsa ka ’nģ’a bochabela ka mose ho Leoatle la Galilea. Kapele ka mor’a hore ba tlohe, Jesu o ile a robala karolong e ka morao ea seketsoana ’me a khaleha. Leha ho le joalo, “moea o moholo o befileng oa sefefo oa tsoha.” Lifefo tse joalo li ne li tloaelehile Leoatleng la Galilea. Ka lebaka la botlaase ba lona (limithara tse ka bang 200 ka tlas’a bophahamo ba leoatle), moea ona o futhumetse haholoanyane sebakeng seo ho feta sebakeng se se potolohileng, ’me sena se baka pherekano e itseng tikolohong. Ho ekelletsa ho sena, meea e matla e foka ka sekhahla ho theosa le Phula ea Jordane e tloha Thabeng ea Hermone, e ka leboea. Ho ka hla ha etsahala hore khutso ea nakoana e fetohe sefefo se matla. Nahana ka sena: Ha ho pelaelo hore Jesu o ne a tseba lifefo tse tloaelehileng, hobane o ne a hōletse Galilea. Empa, o ile a robala ka khotso, a tšepile tsebo ea barutuoa ba hae, bao ba bang ba bona e neng e le batšoasi ba litlhapi.—Matheu 4:18, 19.
15. Re ka etsisa Jesu joang boikemisetsong ba hae ba ho tšepa barutuoa ba hae?
15 Na re ka etsisa Jesu boikemisetsong ba hae ba ho tšepa barutuoa ba hae? Batho ba bang ba bona ho le thata ho abela ba bang boikarabelo. Ba tlameha hore ka linako tsohle ba li hule pele, kamoo re ka behang taba kateng. Ba ka ’na ba nahana, ‘Haeba ke batla hore ntho e itseng e etsoe ka tsela e nepahetseng, e tlameha hore e etsoe ke ’na!’ Empa haeba ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tlameha ho etsoa ke rōna, re kotsing ea ho khathala ’me mohlomong re bile re nka nako e telele ka ho sa hlokahaleng re le thōko le malapa a rōna. Ntle ho moo, haeba re sa abele ba bang mesebetsi e loketseng le boikarabelo, e ka ’na eaba re ba thibela ho fumana phihlelo le tsebo. E ka ba bohlale ho ithuta ho tšepa ba bang, re ba abele mesebetsi e meng. Ke hantle ha ka botšepehi re ipotsa, ‘Na ke na le kelello ea Kreste tabeng ee? Na ke ikemisetsa ho abela ba bang mesebetsi e itseng, ke tšepa hore ba tla etsa sohle seo ba se khonang?’
O ne a Bontša Hore o Tšepa Barutuoa ba Hae
16, 17. Bosiung ba ho qetela ba bophelo ba Jesu ba lefatšeng, o ile a tiisetsa baapostola ba hae eng, le hoja a ne a tseba hore ba tla mo lahla?
16 Jesu o bontšitse ka tsela e ’ngoe ea bohlokoa hore o na le pono e nepahetseng ka barutuoa ba hae. O ile a ba tsebisa hore oa ba tšepa. Sena se ile sa totobala mantsoeng a kholisang ao a ileng a a bolella baapostola ba hae bosiung ba ho qetela ba bophelo ba hae ba lefatšeng. Hlokomela se ileng sa etsahala.
17 E ne e le bosiu bo maphathaphathe ho Jesu. O ile a fa baapostola ba hae thuto e sebetsang e le mohlala oa boikokobetso ka ho ba hlatsoa maoto. Ka mor’a moo, o ile a theha sejo sa mantsiboea seo e neng e tla ba sehopotso sa lefu la hae. Joale, baapostola ba ile ba boela ba pheha khang e matla ka taba ea hore na ke mang eo ho neng ho bonahala e le e moholo ka ho fetisisa har’a bona. A ntse a sa fele pelo, Jesu ha aa ka a ba omanya empa o ile a buisana le bona.O ile a ba bolella se larileng ka pele: “Kaofela ha lōna le tla khoptjoa mabapi le ’na bosiung bona, etsoe ho ngoliloe, ‘Ka sebele ke tla otla molisa, ’me linku tsa mohlape li tla hasa-hasana.’” (Matheu 26:31; Zakaria 13:7) O ne a tseba hore metsoalle ea hae e haufi e ne e tla mo lahla nakong eo a e hlokang. Ho ntse ho le joalo, ha aa ka a e nyatsa. Ho fapana le hoo, o ile a e bolella: “Empa ka mor’a hore ke tsosoe, ka sebele ke tla le etella pele ho kena Galilea.” (Matheu 26:32) E, o ile a e kholisa hore le hoja e ne e tla mo lahla, o ne a sa tl’o e lahla. Ha ketsahalo ena e bohloko e fetile, o ne a tla kopana le eona hape.
18. Ha a le Galilea, Jesu o ile a tšepela barutuoa ba hae thōmo efe ea bohlokoa, ’me baapostola ba ile ba e phetha joang?
18 Jesu o ile a tšepahala. Hamorao ha a le Galilea, Jesu ea tsohileng bafung o ile a hlaha ho baapostola ba 11 ba tšepahalang, bao ka ho hlakileng ba neng ba bokane le ba bang ba bangata. (Matheu 28:16, 17; 1 Bakorinthe 15:6) Ha ba le moo, Jesu o ile a ba fa taelo ea bohlokoa e reng: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetsa ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba ruta ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) Buka ea Liketso e re fa bopaki bo hlakileng ba hore baapostola ba ile ba phetha thōmo eo. Ka botšepehi ba ile ba etella pele mosebetsi oa boboleli ba litaba tse molemo lekholong la pele la lilemo.—Liketso 2:41, 42; 4:33; 5:27-32.
19. Liketso tsa Jesu tsa ka mor’a tsoho ea hae li re ruta eng ka kelello ea Kreste?
19 Tlaleho ee e senolang boitsebiso e re ruta eng ka kelello ea Kreste? Jesu o ne a bone baapostola ba hae nakong eo ba fokolang ka ho fetisisa, empa o ile “a ba rata ho isa bofelong.” (Johanne 13:1) Ho sa tsotellehe mefokolo ea bona, o ile a ba bolella hore oa ba tšepa. Hlokomela hore Jesu o ne a sa tšepa ntšepeli-a-ntšepe. Ha ho pelaelo hore tšepo le tumelo tseo a neng a ile a li bontša ho bona li ile tsa ba matlafalletsa hore ba etse qeto e tiileng ka lipelong tsa bona ea hore ba tla etsa mosebetsi oo a ba laetseng hore ba o etse.
20, 21. Re ka bontša pono e nepahetseng joang ka balumeli-’moho le rōna?
20 Re ka bonahatsa kelello ea Kreste joang tabeng ee? U se ke ua hloka tšepo ho balumeli-’moho le uena. Haeba u nahana se sebe ka ho fetisisa, mantsoe a hao le liketso li ka ’na tsa se senola. (Luka 6:45) Leha ho le joalo, Bibele e re bolella hore lerato “le lumela lintho tsohle.” (1 Bakorinthe 13:7) Lerato le na le boikutlo bo nepahetseng, eseng bo fosahetseng. Lea haha ho e-na le ho heletsa. Batho ba arabela habonolo haholoanyane leratong le khothatsong ho feta litšosong. Re ka haha le ho khothatsa ba bang ka ho bontša hore rea ba tšepa. (1 Bathesalonika 5:11) Haeba, joaloka Kreste, re e-na le pono e nepahetseng ka barab’abo rōna, re tla ba tšoara ka litsela tse ba hahang ’me re fumane se molemohali ho bona.
21 Ho hlaolela kelello ea Kreste le ho e bonahatsa ho teba ho feta feela ho etsisa Jesu linthong tse itseng tseo a neng a li etsa. Joalokaha ho boletsoe sehloohong se etellang sena pele, e le hore re fele re etsise Jesu, re lokela hore re qale ka ho ithuta ho talima lintho ka tsela eo a neng a li talima ka eona. Likosepele li re nolofalletsa ho bona karolo e ’ngoe ea botho ba hae, menahano ea hae le maikutlo a hae ka mosebetsi oo a neng a o abetsoe, joalokaha sehlooho se latelang se tla bua ka eona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tokomaneng ena, mongoli oa moikhakanyi o hlalosa seo a nahanang hore ke chebahalo ea Jesu, ho akarelletsa le ’mala oa moriri oa hae, oa litelu le oa mahlo. Mofetoleli oa Bibele Edgar J. Goodspeed o hlalosa hore tlhaloso ena ea boikhakanyo e “entsoe ka morero oa ho etsa hore tlhaloso e libukeng tsa baetsi ba litšoantšo mabapi le chebahalo ea Jesu e amohelehe.”
b Kamoo ho bonahalang kateng, e ne e le bana ba lilemo tse sa tšoaneng. Lentsoe leo mona le fetoletsoeng e le “bana ba banyenyane” le boetse le sebelisitsoe ho morali oa Jairase ea lilemo li 12. (Mareka 5:39, 42; 10:13) Leha ho le joalo, tlalehong e tšoanang le eo, Luka o sebelisa lentsoe leo hape le sebelisoang ho masea.—Luka 1:41; 2:12; 18:15.
c Bona sehlooho se reng “Na U Hlompha Seriti sa Bona?” tokollong ea Molula-Qhooa oa April 1, 1998.
Na U ka Hlalosa?
• Jesu o ile a itšoara joang ha barutuoa ba hae ba ne ba leka ho thibela bana ho tla ho eena?
• Jesu o ile a bontša ka litsela life hore o nahanela ba bang?
• Re ka etsisa Jesu joang boikemisetsong ba hae ba ho tšepa barutuoa ba hae?
• Re ka etsisa Jesu joang tabeng ea ho tšepa baapostola ba hae?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Bana ba ne ba ikutloa ba phutholohile ha ba e-na le Jesu
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Jesu o ne a sebetsana le ba bang ka qenehelo
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Baholo ba atamelehang ke tlhohonolofatso