-
Jesu o Phekola Moshanyana ea Nang le ModemonaJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
Ha Jesu, Petrose, Jakobo le Johanne ba theoha thabeng, ba kopana le mokhopi oa batho. Ho na le ho hong ho phoso. Bangoli ba etselitse barutuoa sakana la nkope ’me ba phehile khang le bona. Batho ba thabetse ho bona Jesu, kahoo ba mathela ho eena ho ea mo lumelisa. O re ho bona: “Ke eng eo le phehisanang le bona ka eona?”—Mareka 9:16.
-
-
Jesu o Phekola Moshanyana ea Nang le ModemonaJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
Kamoo ho bonahalang kateng, bangoli ba nyatsa hore ebe barutuoa ba Jesu ba hlolehile ho phekola moshanyana enoa, mohlomong ba bile ba soma boiteko ba bona. Ho e-na le ho araba motsoali enoa ea tšoenyehileng, Jesu o bua le letšoele o re: “Lona moloko o se nang tumelo le o sothehileng, ke tla lula le lona halelele hakae? Ke tla le mamella halelele hakae?” Ho hlakile hore Jesu o bua ka ho toba le bangoli ba ileng ba tsunya-tsunya barutuoa ba hae ha a le sieo. Joale Jesu o araba motsoali enoa ea tsielehileng o re: “Mo tlise koano ho ’na.”—Matheu 17:17.
-