Ke’ng se U Susumelletsang ho Sebeletsa Molimo?
“U rate Morena, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea [soule, NW] oa hao oohle, le ka khopolo ea hao eohle, le ka matla a hao ’ohle.”—MAREKA 12:30.
1, 2. Ke lintho life tse thabisang tse finyelloang mabapi le mosebetsi oa ho bolela?
BOLENG ba sebele ba koloi ha bo lekanyetsoe ka ponahalo ea eona ea kantle feela. Pente e sebelisitsoeng e ka ’na ea ntlafatsa bokantle ba eona, ’me ponahalo ea eona ea ho ba boreleli le ho phatsima e ka ’na ea ipiletsa ho motho ea ka ’nang a e reka; empa habohlokoa le ho feta ke lintho tse seng pepeneneng—enjine e tsamaisang koloi eo, hammoho le likarolo tse ling tsohle tse e laolang.
2 Hoa tšoana le ka tšebeletso ea Mokreste ho Molimo. Lipaki tsa Jehova li na le mesebetsi ea bomolimo e mengata. Selemo ka seng, lihora tse fetang limilione tse sekete li qetoa boboleling ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ho feta moo, lithuto tsa Bibele tse limilione lia khannoa, ’me ho kolobetsoa ba makholo a likete. Haeba u ’moleli oa litaba tse molemo, u bile le karolo—esita le haeba e bonahala e le nyenyane—lipalo-palong tsena tse thabisang. ’Me u ka kholiseha hore ‘Molimo ha o khopo; o ke ke oa lebala mesebetsi ea lōna, le kamoo lerato la lōna le sebelitseng kateng ka baka la lebitso la oona.’—Ba-Heberu 6:10.
3. Ntle le mesebetsi Bakreste ba lokela ho ameha ka eng haholo-holo, hona hobane’ng?
3 Leha ho le joalo, boleng ba sebele ba tšebeletso ea rōna—re kopane kapa ea motho ka mong—ha bo lekanyetsoe ka lipalo feela. Joalokaha Samuele a ile a bolelloa, “motho o talima tšobotsi, empa Jehova eena o talima pelo.” (1 Samuele 16:7) E, ke seo re leng sona ka hare seo Molimo a se nkang e le sa bohlokoa. Ke ’nete hore mesebetsi ea hlokahala. Liketso tsa boinehelo ba bomolimo li khabisa thuto ea Jehova li bile li ipiletsa ho bao e ka ’nang ea e-ba barutuoa. (Mattheu 5:14-16; Tite 2:10; 2 Petrose 3:11) Empa mesebetsi ea rōna ha e senole sohle. Jesu ea tsositsoeng o ne a e-na le lebaka la ho ameha ka phutheho ea Efese—ho sa tsotellehe tlaleho ea bona ea mesebetsi e metle. O ile a ba bolella: “Ke tseba mesebetsi ea hao. . . . Empa ke na le see ke se nyatsang ho uena, ke hobane u lahlile lerato la hao la pele.”—Tšenolo 2:1-4.
4. (a) Tšebeletso ea rōna ho Molimo e ka fetoha tloaelo e etsoang ka lebaka la ho tlameha joang? (b) Ke hobane’ng ha ho hlokahala ho itlhahloba ha botho?
4 Kotsi e teng. Ha nako e ntse e feta, tšebeletso ea rōna ho Molimo e ka ’na ea e-ba joaloka tloaelo e etsoang ka lebaka la ho tlameha. Mosali e mong oa Mokreste o ile a hlalosa boemo ba hae ka tsela ena: “Ke ne ke ee ke ee tšebeletsong, ke ee libokeng, ke ithute, ke rapele—empa ke ne ke etsa tsena tsohle ka tloaelo feela, le ka mohla ke sa susumetsehe.” Ka sebele, bahlanka ba Molimo ba lokela ho babatsoa ha ba ikitlaetsa ho sa tsotellehe hore ba ikutloa ba ‘lihetsoe fatše’ kapa ba ‘kokobelitsoe.’ (2 Ba-Korinthe 4:9; 7:6) Leha ho le joalo, ha kemiso ea rōna ea Bokreste e se e fetoha e sa bontšeng mahlaha-hlaha, ka puo ea tšoantšetso, ho hlokahala hore re nyarele ka hare ka enjineng. Esita le likoloi tse molemo ka ho fetisisa li hloka ho hlokomeloa joalo-joalo; ka ho tšoanang, ho hlokahala hore Bakreste bohle ba itlhahlobe joalo-joalo. (2 Ba-Korinthe 13:5) Ba bang ba ka bona mesebetsi ea rōna, empa ba ke ke ba hlokomela se susumetsang liketso tsa rōna. Ka hona, kaofela ha rōna re lokela ho ameha ka potso ena: ‘Ke eng e ntšusumelletsang ho sebeletsa Molimo?’
Litšitiso Tsa Tšusumetso e Loketseng
5. Ke molao ofe oo Jesu a itseng ke oa pele ho eohle?
5 Jesu ha a botsoa hore na melaong e filoeng Iseraele ke ofe oo e leng oa pele ho eona kaofela, o ile a qotsa taelo e neng e lebisa tlhokomelo tšusumetsong e kahare, eseng ponahalong e kantle: “U rate Morena, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea [soule, NW] oa hao oohle, le ka khopolo ea hao eohle, le ka matla a hao ’ohle.” (Mareka 12:28-30) Ka tsela eo Jesu o ile a bontša se lokelang ho susumetsa tšebeletso ea rōna ho Molimo—lerato.
6, 7. (a) Satane o hlasetse tikoloho ea lelapa joang ka bolotsana, hona hobane’ng? (2 Ba-Korinthe 2:11) (b) Khōliso e ka ama maikutlo a motho joang mabapi le bolaoli ba bomolimo?
6 Satane o batla ho kena-kenana le matla a rōna a ho hlaolela tšoaneleho ea bohlokoa haholo ea lerato. E le hore a ka finyella sena, mokhoa o mong oo a o sebelisang ke ho hlasela tikoloho ea lelapa. Hobane’ng? Hobane mona ke moo maikutlo a rōna a pele le a tšoarellang a lerato a qalehang teng. Satane o tseba hantle molao-motheo oa Bibele oa hore se ithutiloeng bonyenyaneng se ka ba bohlokoa ha motho a se a le moholo. (Liproverbia 22:6) Ka bolotsana o leka ho khopamisa maikutlo a rōna a lerato lilemong tsa bonyenyane. Kaha e le “molimo oa lefatše lena,” Satane o bona hore merero ea hae e phetheha hamolemo ha ba bangata ba hōlela malapeng ao tikoloho ea ’ona e seng e sireletsehileng le ea lerato empa ao tikoloho ea ’ona e leng ea ntoa le ea bohale, khalefo, le lipuo tse mpe.—2 Ba-Korinthe 4:4; Ba-Efese 4:31, 32; 6:4; Ba-Kolosse 3:21.
7 Buka ea Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng e ile ea bontša hore tsela eo ntate a phethang karolo ea hae ea botsoali ka eona ‘e ka ba le phello e tšoarellang maikutlong a bana ba hae mabapi le bolaoli ba batho le ba bomolimo ha ba se ba hōlile.’a Monna e mong oa Mokreste ea ileng a hōlisoa ke ntate ea hatellang, ea bohale oa lumela: “Ho ’na, ho utloa Jehova ho bonolo; ho mo rata ho thata haholoanyane.” Ho hlakile hore kutlo ea hlokahala, hobane mahlong a Molimo “kutlo e fetisa sehlabelo.” (1 Samuele 15:22) Empa ke’ng se ka re thusang ho etsa se ka ’nģane ho ho utloa feela ’me re hlaolele lerato bakeng sa Jehova e le matla a susumetsang borapeli ba rōna?
“Lerato la Kreste le re Tlamile”
8, 9. Sehlabelo sa thekollo sa Jesu se lokela ho tsosa lerato la rōna ho Jehova joang?
8 Tšusumetso e khōlōhali ea ho hlaolela lerato la pelo eohle ho Jehova ke ho ananela sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste. “Lerato la Molimo ho rōna le bonahetse ka hona: Molimo o romile lefatšeng Mora oa oona ea tsoetsoeng a le mong, re tle re phele ka eena.” (1 Johanne 4:9) Hang ha re utloisisa re bile re ananela ketso ena ea lerato, e susumetsa karabelo e bontšang lerato. “Rea mo rata, kahobane e le [Jehova] ea re ratileng pele.”—1 Johanne 4:19.
9 Ka ho rata, Jesu o ile a amohela kabelo ea hae ea ho sebeletsa e le ’Moloki oa batho. “Moo re tsebileng lerato, ke ha Jesu a re teletse bophelo ba hae.” (1 Johanne 3:16; Johanne 15:13) Lerato la Jesu la boitelo le lokela ho susumetsa karabelo e bontšang kananelo ka ho rōna. Ka mohlala: Nka hore u ile ua pholosoa ha u ne u qoela. Na u ne u ka ikela hae, ua iphumola metsi, ’me ua lebala ka hona? Ka sebele u ne u ke ke ua etsa joalo! U ne u tla ikutloa u kolota motho ea u pholositseng. Etsoe, u kolota motho eo bophelo ba hao. Na re kolota Jehova Molimo le Jesu Kreste ho ka tlaase ho moo? Ka ntle ho thekollo, ka puo ea tšoantšetso, kaofela ha rōna re ne re tla qoela sebeng le lefung. Ho e-na le hoo, ka lebaka la ketso ena e khōlō ea lerato, re na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng.—Ba-Roma 5:12, 18; 1 Petrose 2:24.
10. (a) Re ka lebisa tlhokomelo ea rōna thekollong joang bophelong ba rōna? (b) Lerato la Kreste le re susumetsa joang?
10 Thuisa ka thekollo. Lebisa tlhokomelo ea hao ho eona bophelong ba hao, joalokaha Pauluse a ile a etsa: “’Me joale, ha ke sa ntse ke phela nameng, ke iphelela tumelong ho Mor’a Molimo, ea nthatileng, a ba a itella ’na.” (Ba-Galata 2:20) Ho thuisa ho joalo ho tla tsosa tšusumetso e tlohang pelong, hobane Pauluse o ile a ngolla Bakorinthe: “Lerato la Kreste le re tlamile . . . o shoele bakeng sa bohle hore ba phelang ba se hlole ba iphelela, ba [mpe] ba phelele ea shoeleng, a ba a tsoha bakeng sa bona.” (2 Ba-Korinthe 5:14, 15) The Jerusalem Bible e re lerato la Kreste “lea re hlolla.” Ha re nahanisisa ka lerato la Kreste, rea susumetseha, re ameha ka ho teba, re bile rea hlolloa. Le ama lipelo tsa rōna le bile le re susumelletsa ketsong. Joalokaha phetolelo ea J. B. Phillips e e beha ka mantsoe a mang, “mohloli oa sebele oa tšusumetso ea liketso tsa rōna ke lerato la Kreste.” Mofuta leha e le ofe o mong oa tšusumetso o ke ke oa hlahisa litholoana tse tšoarellang ka ho rōna, joalokaha mohlala oa Bafarisi o bontša.
“Hlokomelang Litomoso Tsa Bafarisi”
11. Hlalosa maikutlo a Bafarisi mabapi le mesebetsi ea bolumeli.
11 Bafarisi ba ile ba tlosa cheseho eohle borapeling ba Molimo. Ho e-na le ho beha khatiso ho rateng Molimo, ba ne ba beha khatiso mesebetsing e le eona tekanyetso ea bomoea. Ho ameha ha bona haholo ka makolopetso a melao ho ile ha etsa hore ba hlahe ba lokile kantle, empa kahare ba ne ba “tletse masapo a bafu le ho bola hohle.”—Mattheu 23:27.
12. Ka mor’a hore Jesu a phekole monna e mong, Bafarisi ba ile ba bontša joang hore ba pelo li thata?
12 Ketsahalong e ’ngoe Jesu ka qenehelo o ile a folisa motho eo letsoho la hae le neng le omeletse. E tlameha ebe molepera enoa o ile a thaba hakaakang ha ka ho panya ha leihlo a folisoa lefu leo ho seng pelaelo hore le ne le mo hlokisa boiketlo ’meleng le maikutlong! Empa, Bafarisi ha baa ka ba thaba le eena. Ho e-na le hoo, ba ile ba tšoaea liphoso mabapi le lintho tse sa reng letho—hore Jesu o thusitse motho eo ka Sabbatha. Ka lebaka la ho ameha haholo ka tlhaloso ea bona ea Molao mabapi le lintho tse sa reng letho, Bafarisi ba ile ba lahleheloa ka ho feletseng ke morero oa sebele oa Molao. Ha ho makatse hore ebe Jesu o ne “a soabile ke bothata ba lipelo tsa bona”! (Mareka 3:1-5) Ho feta moo, o ile a lemosa barutuoa ba hae: “Hlokomelang litomoso tsa Bafarisi le tsa Basadduci.” (Mattheu 16:6, NW) Liketso tsa bona le mekhoa li senotsoe ka Bibeleng molemong oa rōna.
13. Mohlala oa Bafarisi o re tšoaretse thuto efe?
13 Mohlala oa Bafarisi o re ruta hore ho hlokahala hore re be le pono e lekanyetsang lintho hantle mabapi le mesebetsi. Ruri, mesebetsi ea hlokahala, hobane “tumelo, ha e se na mesebetsi, e shoele.” (Jakobo 2:26) Leha ho le joalo, batho ba sa phethahalang ba na le tšekamelo ea ho ahlola ba bang ka seo ba se etsang ho e-na le ho ba ahlola ka seo ba leng sona. Ka linako tse ling, re ka ba ra ikahlola ka tsela eo. Re ka ’na ra ameha ka ho feteletseng ka mesebetsi, joalokaha eka ke eona feela tekanyetso ea bomoea ba rōna. Re ne re ka lebala bohlokoa ba ho hlahloba sepheo sa rōna. (Bapisa le 2 Ba-Korinthe 5:12.) Re ka ’na ra ba batho ba sa feto-fetoheng le maemo ba khomarelang melao le litaelo ka ho tlōlisang ba ‘sefang monoang empa ba koenya kamele,’ ba utloang lengolo la molao ha ba ntse ba tlōla morero oa oona.—Mattheu 23:24, NW.
14. Bafarisi ba ne ba le joaloka kopi kapa sejana se sa hloekang joang?
14 Seo Bafarisi ba neng ba sa se utloisise ke hore haeba motho a hlile a rata Jehova, liketso tsa boinehelo ba bomolimo li tla itlisa ka tlhaho. Bomoea bo tloha kahare bo tsoela kantle. Jesu o ile a nyatsa Bafarisi ka matla bakeng sa ho nahana ha bona ho fosahetseng tabeng ena, a re: “Ho malimabe lōna, bangoli le bafarisi baikaketsi! hobane le hlatsoa mohope le sejana kantle, athe kahare ho tletse bosholu le ho senya. Mofarisi ea sefofu! hlatsoa mohope le sejana ka hare ho tsona pele, bokantle ba tsona bo tle bo hloeke le bona.”—Mattheu 23:25, 26.
15. Qotsa mehlala e bontšang hore Jesu o bona ka ’nģane ho ponahalo ea bokantle.
15 Ponahalo ea bokantle ba kopi, sejana, kapa esita le mohaho ha e senole ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Barutuoa ba Jesu ba ile ba hlolloa ke botle ba tempele ea Jerusalema, eo Jesu a ileng a re ke “lehaha la masholu” ka lebaka la se neng se etsahala kahare. (Mareka 11:17; 13:1) Seo e bileng ’nete ka tempele ke ’nete ka ba limilione ba ipolelang hore ke Bakreste, joalokaha tlaleho ea Bokreste-’mōtoana e bontša. Jesu o itse o ne a tla ahlola ba bang ba neng ba etsa “mehlolo” ka lebitso la hae ka hore ke “ba sebetsang bokhopo.” (Mattheu 7:22, 23) Ho fapaneng ka ho feletseng le hoo ke hore o ile a re ka mohlolohali ea ileng a nehela chelete e batlileng e e-ba e nyenyane haholo tempeleng: “Mohlolohali enoa ea fumanehileng o noketse ho fetisa bohle ba noketseng polokelong ea letlotlo . . . Enoa o noketse a nkile bofumanehing ba hae, o noketse hohle hoo a neng a na le hona, hohle hoo a neng a phela ka hona.” (Mareka 12:41-44) Na tsee ke likahlolo tse sa tšoaneng? Le hanyenyane. Maemong ana ka bobeli, Jesu o bonahalitse pono ea Jehova. (Johanne 8:16) O ile a bona sepheo seo mesebetsi e etsoang ka sona ’me a ahlola ka ho loketseng.
“E Mong le e Mong . . . ka Matla a Hae”
16. Ke hobane’ng ha ho sa hlokahale hore re tsoele pele ho bapisa mosebetsi oa rōna le oa Mokreste e mong?
16 Haeba sepheo sa rōna e le se loketseng, ha ho hlokahale hore re tsoele pele ho ipapisa le ba bang. Ka mohlala, ha ho molemo o finyelloang ke hore ka moea oa tlholisano re leke ka matla hore nako eo re e nkang tšebeletsong kapa seo re se finyellang boboleling se lekane le sa Mokreste e mong. Jesu o itse ho rata Jehova ka pelo ea hao eohle, khopolo, soule le matla—eseng tsa motho e mong. Matla a motho ka mong, mamello, le maemo lia fapana. Haeba boemo ba hao bo lumela, lerato le tla u susumetsa ho qeta nako e ngata tšebeletsong—mohlomong esita le ho ba mosebeletsi oa pula-maliboho ea nako e tletseng. Leha ho le joalo, haeba u loana ka matla le bokuli, nako eo u e qetang tšebeletsong e ka ’na ea ba ka tlaase ho eo u neng u ka rata ho e nka. U se ke ua nyahama. Ho tšepahala ho Molimo ha ho lekanyetsoe ka lihora. Ka ho ba le sepheo se hloekileng, u tla ba le lebaka la ho thaba. Pauluse o ile a ngola: “Empa e mong le e mong a ke a leke mesebetsi eo e leng ea hae, ’me ke moo a tla ba le sebaka sa ho ithorisa ka tsa hae, e seng ka [ho ipapisa le, NW] ba bang.”—Ba-Galata 6:4.
17. Ka mantsoe a hao, hakhutšoanyane pheta papiso ea litalenta.
17 Nahana ka papiso ea Jesu ea litalenta, joalokaha e tlalehiloe ho Mattheu 25:14-30. Monna ea neng a le haufi le ho etela hōle o ile a bitsa bahlanka ba hae ’me a beha thepa ea hae tlhokomelong ea bona. “A nea e mong litalenta tse hlano, e mong a mo nea li le peli, e mong a neoa e le ’ngoe; e mong le e mong a neoa ka matla a hae.” Ha monghali a khutla bakeng sa ho tla hlahloba litaba le bahlanka ba hae, o ile a fumana eng? Mohlanka ea neng a filoe litalenta tse hlano o ile a fumana tse ling tse hlano. Ka ho tšoanang, mohlanka ea neng a filoe litalenta tse peli o ile a fumana tse ling tse peli. Mohlanka ea neng a filoe talenta e le ’ngoe o ile a e epela fatše ’me ha aa ka a etsa letho ho eketsa leruo la mong’a hae. Kahlolo ea monghali e bile efe boemong boo?
18, 19. (a) Ke hobane’ng ha monghali a sa ka a bapisa mohlanka ea fuoeng litalenta tse peli le mohlanka ea fuoeng litalenta tse hlano? (b) Papiso ea litalenta e re ruta eng ka pabatso le ho bapisa? (c) Ke hobane’ng ha mohlanka oa boraro a ile a ahloloa habohloko?
18 Taba ea pele, a re nahaneng ka bahlanka ba neng ba filoe litalenta tse hlano le tse peli ka tatellano. Ho mohlanka ka mong, monghali o ile a re: “Ke hantle, mohlanka ea molemo, ea khabane.” Na a ka be a ile a rialo ho mohlanka ea filoeng litalenta tse hlano haeba a ne a fumane tse peli feela? Ha ho bonahale eka ho ka be ho bile joalo! Ka lehlakoreng le leng, ha aa ka a re ho mohlanka ea ileng a fumana litalenta tse ling tse peli: ‘Ke hobane’ng ha u sa ka ua fumana tse hlano? Bona mohlanka-’moho le uena hore u mphumanetse hakae!’ Che, monghali ea nang le qenehelo, ea neng a tšoantšetsa Jesu, ha aa ka a bapisa. O ile a fana ka litalenta “ho e mong le e mong . . . [ho ea] ka matla a hae,” ’me ha aa ka a lebella ho fumana se fetang seo e mong le e mong oa bona a neng a ka khona ho fana ka sona. Bahlanka bana ka bobeli ba ile ba fumana pabatso e tšoanang, hobane ka bobeli ba ile ba sebeletsa monghali oa bona ka soule eohle. Kaofela ha rōna re ka ithuta ho hong ho sena.
19 Ho hlakile hore mohlanka oa boraro ha aa ka a babatsoa. Ha e le hantle, o ile a lahleloa kantle lefifing. A filoe talenta e le ’ngoe feela, o ne a ke ke a lebelloa ho hlahisa se lekanang le sa mohlanka ea nang le litalenta tse hlano. Leha ho le joalo, ha aa ka a leka le ho leka! Kahlolo e bohloko qetellong e ile ea mo tlela ka lebaka la tšekamelo ea pelo ea hae e ‘lonya, e sebolu,’ e ileng ea bontša ho hloka lerato ho monghali enoa.
20. Jehova o talima likhaello tsa rōna joang?
20 Jehova o lebeletse e mong le e mong oa rōna ho mo rata ka matla a rōna ’ohle, empa ke ho amang maikutlo hakaakang hore ebe “o tsebisisa ho bōpjoa ha rōna, o elelloa hoba re lerōle feela”! (Pesaleme ea 103:14) Liproverbia 21:2 e re “Jehova ke eena ea lekanyang lipelo”—eseng lipalo-palo. O utloisisa likhaello leha e le life tseo re ke keng ra li laola, ebang ke tsa lichelete, tsa ’mele, maikutlo, kapa tse ling. (Esaia 63:9) Ka nako e tšoanang, o re lebella hore re sebelise lintho tseo e ka ’nang eaba re na le tsona kahohle kamoo re ka khonang. Jehova o phethahetse, empa ha a sebetsana le barapeli ba hae ba sa phethahalang, ha a lebelle phetheho ho bona. Ha a thata litšebelisanong tsa hae leha e le hona hore ke ea iphapanyetsang ’nete tabeng ea seo a se lebellang.
21. Haeba tšebeletso ea rōna ho Molimo e susumetsoa ke lerato, ke liphello life tse molemo tse tla latela?
21 Ho rata Jehova ka lipelo tsa rōna tsohle, lisoule, khopolo le matla “ho fetisa licheso le mahlabelo ’ohle.” (Mareka 12:33) Haeba re susumetsoa ke lerato, joale re tla etsa sohle seo re ka se khonang tšebeletsong ea Molimo. Petrose o ile a ngola hore haeba litšoaneleho tsa bomolimo, ho akarelletsa lerato, li le “ho lōna, ’me li eketseha ho lōna, li ke ke tsa le fa sebaka sa ho ba botsoa le sa ho nyopa tsebong ea Jesu Kreste, Morena oa rōna.”—2 Petrose 1:8.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
Tlhahlobo
◻ Ke’ng e lokelang ho re susumelletsa ho sebeletsa Molimo?
◻ Lerato la Kreste le re susumelletsa ho sebeletsa Jehova joang?
◻ Re tlameha ho qoba kameho efe e feteletseng ea Bafarisi?
◻ Ke hobane’ng ha e se bohlale ho tsoela pele ho bapisa tšebeletso ea rōna le ea Mokreste e mong?
[Litšoantšo tse leqepheng la 16]
Matla, mamello, le maemo a motho ka mong lia fapana