Re U Lome Tsebe?
Ke hobane’ng ha oli e monko o monate e ileng ea sebelisoa ke Maria e ne e le theko e boima hakaale?
Matsatsi a seng makae pele Jesu a e-shoa, Maria, khaitseli ea Lazaro, o ile “a tla a nkile pitsana ea alabastera ea oli e nkhang hamonate, nareda ea ’nete, e theko e boima haholo,” eaba o e tšela hloohong ea Jesu. (Mareka 14:3-5; Matheu 26:6, 7; Johanne 12:3-5) Tlaleho ea Mareka le ea Johanne e re oli ena e nkhang hamonate e ne e ja lidenari tse 300—hoo e ka bang moputso oa selemo oa mosebetsi ea tloaelehileng.
Oli ee e nkhang hamonate le e theko e boima e ne e entsoe ka eng? Ho nahanoa hore nareda ena e boletsoeng ka Bibeleng e tsoa semeleng se senyenyane se nkhang hamonate (Nardostachys jatamansi) se fumanoang Lithabeng Tsa Himalaya. Hangata nareda e theko e boima e ne e hlapolloa kapa ho etsoa ea boleng bo tlaase. Leha ho le joalo, Mareka le Johanne ba sebelisa mantsoe a reng “nareda ea ’nete.” Hore ebe oli ena e nkhang hamonate e ne e le theko e boima hakaalo ho bontša hore e ka ’na eaba e ne e tsoa hōle India.
Ke hobane’ng ha tlaleho ea Mareka e re Maria o ile “a bula pitsana ea alabastera ka ho e pshatla”? Pitsana ea alabastera e ne e atisa ho ba le molomo o mosesaane o neng o ka koaloa hantle ho etsa hore monko o monate o se ke oa tsoa. Bukeng ea hae e bitsoang Discoveries From the Time of Jesus Alan Millard o re: “Ho hlakile hore na mosali eo o ne a thabile hakaakang hore ebe o ile a pshatla [mokhamo oa pitsana eo], a sa emele ho e koaholla hantle, ebe monko oohle o tsoa ka nako e le ’ngoe.” Sena se re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha “ntlo [e ile] ea tlala monko oa oli e nkhang hamonate.” (Johanne 12:3) Ruri e ne e le mpho e theko e boima haholo empa e le e loketseng. Hobane’ng? Mosali enoa ea nang le kananelo o ne a sa tsoa bona ha Jesu a tsosa khaitseli ea hae e ratehang, Lazaro.—Johanne 11:32-45.
Na ho ne ho e-na le motse o le mong kapa e ’meli e bitsoang Jeriko?
Matheu, Mareka le Luka ba bua ka phekolo ea mohlolo e ileng ea etsoa haufi le Jeriko. (Matheu 20:29-34; Mareka 10:46-52; Luka 18:35-43) Matheu le Mareka ba re Jesu o ile a etsa mohlolo ona ha a “tsoa” Jeriko. Athe Luka o re sena se etsahetse ha Jesu a “atamela” Jeriko.
Mehleng ea Jesu, na ho ne ho e-na le motse o le mong feela o bitsoang Jeriko kapa e ne e le ’meli? Buka ea Bible Then & Now e re: “Ha ho ne ho ngoloa Testamente e Ncha Jeriko e ne e se e tsosolositsoe ’me e le bohōle ba maele (1,6 km) ka boroa ho motse oa khale. Heroda e Moholo o ne a hahile ntlo ea borena ea mariha moo.” Sena se tiisoa ke buka ea Archaeology and Bible History, e reng: “Mehleng ea Jesu ho ne ho e-na le metse e ’meli e bitsoang Jeriko. . . . Motse oa khale oa Bajuda o ne o le bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 1,6 ho tloha motseng oa Baroma.”
Kahoo e ka ’na eaba Jesu o ile a etsa mohlolo oo ha a tloha motseng oa Bajuda ’me a atamela motseng oa Baroma kapa a tloha motseng oa Baroma ’me a atamela motseng oa Bajuda. Ho hlakile hore ho tseba maemo a neng a le teng nakong eo mantsoe ana a ngotsoeng ka eona ho re thusa ho utloisisa lintlha tse ka ’nang tsa bonahala eka lia ikhanyetsa.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Botlolo ea Alabastera ea oli e nkhang hamonate
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
©Réunion des Musées Nationaux/Art Resource, NY