Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Josefa oa Arimathea o ba Sebete
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | October
    • JOSEFA OA ARIMATHEA o ne a tšaba ho bua le ’musisi oa Moroma e leng Ponse Pilato, ea neng a tsebahala a le manganga haholo. Leha ho le joalo, Josefa o ne a se na boikhethelo kaha Jesu o ne a lokeloa ho patoa ka tsela e hlomphehang le e nang le seriti. Kahoo Josefa o ne a lokela ho kopa Pilato ho lokolla setopo sa Jesu. Empa ha hoa ka ha e-ba thata haholo ho ea kamoo Josefa a neng a nahanne kateng. Ka mor’a hore molaoli oa lebotho a netefatse hore Jesu o shoele, Pilato o ile a fana ka taelo ea hore setopo sa Jesu se lokolloe. Le hoja a ne a ntse a utloile bohloko, Josefa o ile a khutlela sebakeng seo Jesu a bolaetsoeng ho sona.—Mar. 15:42-45.

  • Josefa oa Arimathea o ba Sebete
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | October
    • SETHO SA SANHEDRINE

      Kosepele ea Mareka e re Josefa ke “setho sa Lekhotla se nang le botumo bo botle.” Tabeng ena Lekhotla le emela Sanhedrine, e leng lekhotla le phahameng la Bajuda. (Mar. 15:1, 43) Kaha Josefa e ne e le e mong oa baeta-pele ba Bajuda ebile e le morui, o ne a e-na le bolokolohi ba ho kopana le Pilato.—Mat. 27:57.

      Litho tsa Lekhotla la Sanhedrine li ne li hloile Jesu hoo li ileng tsa rera ho mo bolaea. Empa Josefa eena e ne e le “monna ea molemo le ea lokileng.” (Luka 23:50) O ne a sa tšoane le basebetsi-’moho le eena. O ne a tšepahala a bile a phela ka melao ea Jehova. Hamorao Josefa e ile ea e-ba morutuoa oa Jesu ’me le eena joaloka ba bang o ne a “letetse ’muso oa Molimo.” (Mar. 15:43; Mat. 27:57) O ne a rata ’nete le toka ke kahoo a ileng a amohela molaetsa oa Jesu.

  • Josefa oa Arimathea o ba Sebete
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | October
    • JOSEFA O ETSA QETO

      Ka mor’a lefu la Jesu, Josefa o ile a ba sebete ’me a ikemisetsa ho tšehetsa balateli ba Jesu. Qeto ena ea hae re e bona ha re bala Mareka 15:43 e reng: “A ba sebete ho ea ka pel’a Pilato ’me a kōpa setopo sa Jesu.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela