‘E-bang le Lerato Har’a Lōna’
“Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”—JOHANNE 13:35.
1. Jesu o ile a bua haholo ka tšoaneleho efe pejana ho lefu la hae?
“BANA ba banyenyane.” (Johanne 13:33) Jesu o ile a bua le baapostola ba hae ka mantsoe ana a mofuthu bosiung ba pele ho lefu la hae. Litlalehong tsa Kosepele ha ho na tlaleho ea hore Jesu o ne a kile a sebelisa polelo ena e bonolo ha a bua le bona. Leha ho le joalo, bosiung bona bo khethehileng o ile a susumelletseha ho sebelisa polelo ena e bontšang lerato ho bontša balateli ba hae hore o ba rata ka lerato le tebileng. Ha e le hantle, Jesu o buile ka lerato ka makhetlo a ka bang 30 bosiung boo. Ke hobane’ng ha a ile a bua ka tšoaneleho ee hakaalo?
2. Ke hobane’ng ha ho bontša lerato e le habohlokoa hakaale ho Bakreste?
2 Jesu o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha lerato e le la bohlokoa. O ile a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35; 15:12, 17) Ho ba molateli oa Kreste ho tsamaisana le ho bontša lerato la bara ba motho. Bakreste ba ’nete ha ba khetholloe ka seaparo se khethehileng kapa ka moetlo o sa tloaelehang, empa ba khetholloa ka lerato la bona le mofuthu le le bonolo leo ba le bontšanang. Ho ba le lerato lena le ikhethang ke ntho ea bobeli ho tse tharo tse ka sehloohong tse hlokahalang hore motho e be morutuoa oa Kreste, tse boletsoeng qalong ea sehlooho se fetileng. Ke’ng se tla re thusa ho tsoela pele re bontša ntho ee e hlokahalang?
‘Le ho Etse ka Tekanyo e Tletseng Haholo’
3. Moapostola Pauluse o ile a fana ka keletso efe mabapi le lerato?
3 Joalokaha ho bile joalo ho balateli ba Kreste ba lekholong la pele la lilemo, lerato lena le ikhethang le bonahala kajeno har’a barutuoa ba ’nete ba Kreste. Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba lekholong la pele la lilemo a re: “Mabapi le lerato la bara ba motho, ha le hloke hore re le ngolle, kaha le rutoa ke Molimo ho ratana; ha e le hantle, le ho etsa ho barab’abo rōna bohle.” Leha ho le joalo, Pauluse o ile a eketsa a re: “Le tsoele pele ho ho etsa ka tekanyo e tletseng haholo.” (1 Bathesalonika 3:12; 4:9, 10) Le rōna re lokela ho nka keletso ea Pauluse ka botebo ’me re leke ho bontšana lerato “ka tekanyo e tletseng haholo.”
4. Ho ea ka Pauluse le Jesu, ke bo-mang bao re lokelang ho ba nahanela ka ho khetheha?
4 Hona lengolong lena le bululetsoeng, Pauluse o ile a khothalletsa balumeli-’moho le eena hore ba “bue ka mokhoa o tšelisang le meea e tepeletseng maikutlo” ’me ba “tšehetse ba fokolang.” (1 Bathesalonika 5:14) Ketsahalong e ’ngoe, o ile a hopotsa Bakreste hore ‘ba matla ba tšoanela ho jara mefokolo ea ba seng matla.’ (Baroma 15:1) Jesu le eena o ile a fana ka litaelo mabapi le ho thusa ba fokolang. Ka mor’a ho bolela esale pele hore bosiung boo a neng a tla tšoaroa ka bona Petrose o ne a tla mo latola, Jesu o ile a re ho Petrose: “Hang feela ha u khutlile, u matlafatse barab’eno.” Hobane’ng? Hobane le bona ba ne ba tla be ba ile ba furalla Jesu ’me kahoo ba hloka thuso. (Luka 22:32; Johanne 21:15-17) Kahoo, Lentsoe la Molimo le re laela hore lerato la rōna le akarelletse ba fokolang moeeng le bao e ka ’nang eaba ha ba sa kopanela le phutheho ea Bokreste. (Baheberu 12:12) Ke hobane’ng ha re lokela ho etsa joalo? Lipapiso tse peli tse hlakileng tsa Jesu li fana ka karabo.
Nku e Lahlehileng le Chelete ea Tšepe e Lahlehileng
5, 6. (a) Ke lipapiso life tse peli tse khutšoanyane tseo Jesu a ileng a li etsa? (b) Ke’ng seo lipapiso tsee li se senolang ka Jehova?
5 E le hore Jesu a rute bamameli ba hae hore na Jehova o nka ba khelohileng joang, o ile a etsa lipapiso tse peli tse khutšoanyane. E ’ngoe e ne e le ea molisa. Jesu o ile a re: “Ke motho ofe ho lōna ea nang le linku tse lekholo, eo ha a lahleheloa ke e ’ngoe ea tsona, a ke keng a siea tse mashome a robong a metso e robong lefeelleng ’me a e’o batla e lahlehileng ho fihlela a e fumana? Ha a e fumane o e jara mahetleng ’me oa thaba. Ha a fihla lapeng o bokella metsoalle ea hae le baahelani ba hae, o re ho bona, ‘Thabang le ’na, hobane ke fumane nku ea ka e neng e lahlehile.’ Kea le bolella hore ho tla ba le thabo e eketsehileng leholimong ka lebaka la moetsalibe a le mong ea bakang ho feta ka e bang teng ka lebaka la ba mashome a robong a metso e robong ba lokileng ba sa hlokeng pako.”—Luka 15:4-7.
6 Papiso ea bobeli e ne e bua ka mosali. Jesu o ile a re: “Ke mosali ofe ea nang le lichelete tsa tšepe tsa drakema tse leshome, eo haeba a lahleheloa ke chelete ea tšepe ea drakema e le ’ngoe, a sa boneseng lebone le ho fiela ntlo ea hae ’me a e batle ka hloko ho fihlela a e fumana? Ha a e fumane o bokella basali bao e leng metsoalle le baahelani ba hae, o re, ‘Thabang le ’na, hobane ke fumane chelete ea tšepe ea drakema e neng e ntahlehetse.’ Ka tsela eo, kea le bolella, thabo ea hlaha har’a mangeloi a Molimo ka lebaka la moetsalibe a le mong ea bakang.”—Luka 15:8-10.
7. Papiso ea nku e lahlehileng le ea chelete ea tšepe e lahlehileng e re ruta lintho life tse peli?
7 Ke’ng seo re ka ithutang sona lipapisong tsee tse khutšoanyane? Li re bontša (1) kamoo re lokelang ho ikutloa kateng ka ba seng ba fokola le (2) seo re lokelang ho se etsa ho ba thusa. A re hlahlobeng lintlha tsena.
E Lahlehile Empa ke ea Bohlokoa
8. (a) Molisa le mosali ba ile ba etsa’ng ha ba lahlehetsoe? (b) Seo ba ileng ba se etsa se re bolella’ng ka hore na ba ne ba nka matlotlo a lahlehileng joang?
8 Lipapisong tsena ka bobeli, ho na le ntho e neng e lahlehile, empa hlokomela se ileng sa etsoa ke mong’a eona. Molisa ha aa ka a re: ‘Nku e le ’ngoe e ne e boetse e le eng ha ke ntse ke e-na le tse 99? Nka ’na ka phela leha e le sieo.’ Mosali ha aa ka a re: ‘Ke ikhathaletsa’ng ka chelete e le ’ngoe ea tšepe? Ke khotsofetse ke tse robong tseo ke ntseng ke e-na le tsona.’ Ho e-na le hoo, molisa o ile a batla nku ea hae e lahlehileng joalokaha eka e ne e le eona feela nku ea hae. ’Me mosali o ile a khathatseha ka chelete ea hae ea tšepe e lahlehileng joalokaha eka o ne a se na chelete e ’ngoe ea tšepe. Liketsahalong tsena ka bobeli, ntho e lahlehileng e ile ea lula e le ea bohlokoa kelellong ea mong’a eona. See se bontša’ng?
9. Kameho e bontšitsoeng ke molisa le mosali e bontša’ng?
9 Hlokomela mantsoe ao Jesu a qetellang ka ’ona maemong ana ka bobeli, o re: “[Ka tsela eo] kea le bolella hore ho tla ba le thabo e eketsehileng leholimong ka lebaka la moetsalibe a le mong ea bakang” hape o re, “ka tsela eo, kea le bolella, thabo ea hlaha har’a mangeloi a Molimo ka lebaka la moetsalibe a le mong ea bakang.” Kahoo, kameho ea molisa le mosali e bontša hanyenyane kamoo Jehova le mangeloi a hae a leholimo ba ikutloang kateng. Joalokaha se neng se lahlehile se ile sa lula e le sa bohlokoa mahlong a molisa le mosali, le ba hlahlathetseng ’me ba se ba sa kopane le batho ba Molimo, e ntse e le ba bohlokoa mahlong a Jehova. (Jeremia 31:3) Batho ba joalo e ka ’na eaba baa fokola moeeng empa hase hore ke marabele. Ho sa tsotellehe bofokoli ba bona, mohlomong ba ntse ba boloka litaelo tsa Jehova ka tsela e itseng. (Pesaleme ea 119:176; Liketso 15:29) Ka hona, joaloka nakong e fetileng, Jehova ha a potlakele ho “ba lahlela hōle le sefahleho sa hae.”—2 Marena 13:23.
10, 11. (a) Re lokela ho nka ba hlahlatheletseng thōko le phutheho joang? (b) Ho latela lipapiso tse peli tsa Jesu, re ka bontša joang hore re amehile ka bona?
10 Joaloka Jehova le Jesu, le rōna re amehile ka botebo ka ba fokolang le bao re seng re sa ba bone phuthehong ea Bokreste. (Ezekiele 34:16; Luka 19:10) Re nka motho ea fokolang moeeng e le nku e lahlehileng, ha re mo nke e le ba-e-hlōtse. Re ke ke ra re: ‘U itšoenyetsa’ng ka motho ea fokolang? Leha a le sieo phutheho e ntse e tsoela pele hantle.’ Ho e-na le hoo, ba hlahlathetseng empa ba batla ho khutla, re ba nka ka tsela eo Jehova a ba nkang ka eona—e le ba bohlokoa.
11 Leha ho le joalo, re ka bontša joang hore re amehile ka bona? Lipapiso tse peli tsa Jesu li bontša hore re ka etsa joalo (1) ka ho ba thahasella, (2) ka ho ba mosa le (3) ka botšepehi. A re hlahlobeng lintlha tsena ka bonngoe.
Ba Thahaselle
12. Poleloana e reng “batla e lahlehileng” e re bolella’ng ka boikutlo ba molisa?
12 Papisong ea pele ho tse peli, Jesu o re molisa o tla “batla e lahlehileng.” Molisa o bontša thahasello ’me o ikitlaelletsa ho fumana nku e lahlehileng. Ha a sitisoe ke mathata, likotsi le bohōle. Ho fapana le hoo, molisa o phehella “ho fihlela a e fumana.”—Luka 15:4.
13. Banna ba tšepahalang ba boholo-holo ba ile ba etsa joang ho thusa ba fokolang, ’me mehlala e joalo ea Bibele re ka e etsisa joang?
13 Ka ho tšoanang, ho thusa motho ea hlokang khothatso hangata ho hloka hore ea matla a be le thahasello. Banna ba tšepahalang ba boholo-holo ba ne ba utloisisa sena. Ka mohlala, ha Jonathane, mora oa Morena Saule a hlokomela hore motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo Davida o ne a hloka khothatso, o ile “a ema ’me a ea ho Davida Horeshe, e le hore a ka matlafatsa letsoho la hae mabapi le Molimo.” (1 Samuele 23:15, 16) Makholo a lilemo hamorao, ha ’Musisi Nehemia a bona hore bara ba bang babo ba Bajuda baa fokola, le eena o ile a “ema kapele-pele” ’me a ba khothatsa hore ba ‘lule ba hopotse Jehova.’ (Nehemia 4:14) Kajeno le rōna re lokela ho ‘ema’—ho bontša thahasello—ea ho matlafatsa ba fokolang. Empa ka phuthehong ke bo-mang ba lokelang ho etsa joalo?
14. Ka phuthehong ea Bokreste, ke bo-mang ba lokelang ho thusa ba fokolang?
14 Baholo ba Bakreste ka ho khetheha ba ikarabella tabeng ea ho ‘matlafatsa matsoho a fokolang le ho tiisa mangole a tetemang’ le ho re “ho ba lipelo li tšoenyehileng: ‘E-bang matla. Le se ke la tšoha.’” (Esaia 35:3, 4; 1 Petrose 5:1, 2) Leha ho le joalo, hlokomela hore keletso ea Pauluse ea hore ho ‘buuoe ka mokhoa o tšelisang le meea e tepeletseng maikutlo’ ’me ho ‘tšehetsoe ba fokolang,’ e ne e sa fuoe baholo feela. Ho e-na le hoo, mantsoe a Pauluse a ne a tobisitsoe ho “phutheho ea Bathesalonika” kaofela. (1 Bathesalonika 1:1; 5:14) Kahoo, ho thusa ba fokolang ke mosebetsi oa Bakreste kaofela. Joaloka molisa ea papisong, Mokreste ka mong o lokela ho susumelletsoa ho “batla e lahlehileng.” Ha e le hantle, sena se etsoa ka katleho haholo ha ho sebelisanoa le baholo. Na u ka etsa ho hong ho thusa ea fokolang phuthehong ea heno?
E-ba Mosa
15. Ebe ke hobane’ng ha molisa a ile a etsa seo a se entseng?
15 Ha qetellong molisa a fumana nku e lahlehileng, o etsa joang? “O e jara mahetleng.” (Luka 15:5) Ke ntlha e amang maikutlo le ea bohlokoa hakaakang! Mohlomong nku ena e lelerile moo e sa tsebeng ka matsatsi a mangata le masiu, mohlomong e bile e le kotsing ea ho haroloa ke litau. (Jobo 38:39, 40) Ha ho pelaelo hore nku ena e ne e fokolisitsoe ke tlala. E fokola haholo hore ka matla a eona e ka hlōla mathata ao e tla thulana le ’ona ha e khutlela mohlapeng. Ka lebaka leo, molisa oa khumama, o e phahamisa hantle ’me o e jara hore e fete litšitiso tsohle ha e khutlela mohlapeng. Re ka bontša tlhokomelo e bontšitsoeng ke molisa eo joang?
16. Ke hobane’ng ha re lokela ho bontša bonolo boo molisa a ileng a bo bontša nku e lahlehileng?
16 Motho ea seng a sa kopanele le phutheho e ka ’na eaba o khathetse moeeng. Joaloka nku e tlohileng mohlapeng, e ka ’na eaba motho ea joalo o lelerile lefatšeng lena le hlokang botsoalle. Ntle ho tšireletso ea lesaka, e leng phutheho ea Bokreste, o kotsing ho feta neng kapa neng ea litlhaselo tsa Diabolose ea ‘tsamaeang joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.’ (1 Petrose 5:8) Ho feta moo, o fokolisoa ke ho hloka lijo tsa moea. Kahoo, ha a le mong ho ka etsahala hore ebe o fokola hoo a ke keng a hlōla litšitiso tseo a tla thulana le tsona leetong la ho khutlela ka phuthehong. Ka lebaka leo, ho hlokahala hore re khumame ka tsela ea tšoantšetso, ka bonolo re phahamise ea fokolang ’me re mo jare mahetleng re khutle le eena. (Bagalata 6:2) See re ka se etsa joang?
17. Re ka etsisa moapostola Pauluse joang ha re etetse motho ea fokolang?
17 Moapostola Pauluse o ile a re: “Ke mang ea fokolang, ’me ’na ke sa fokole?” (2 Bakorinthe 11:29; 1 Bakorinthe 9:22) Pauluse o ne a ipeha boemong ba batho ba bang, ho akarelletsa le ba fokolang. Re lokela ho bontša boikutlo bo joalo ho ba fokolang. Ha u etetse Mokreste ea fokolang moeeng, mo kholise hore ke oa bohlokoa mahlong a Jehova le hore Lipaki tse ling li mo hloloheloa haholo. (1 Bathesalonika 2:17) Mo tsebise hore li emetse ho mo thusa, ’me ho eena, li ikemiselitse ho ba “mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” (Liproverbia 17:17; Pesaleme ea 34:18) Mantsoe a rōna a tlohang botebong ba pelo a ka ’na a mo khothatsa ka bonolo le ka mokhoa o tsoelang pele ho fihlela a khutlela mohlapeng. Ntho e latelang eo re ka e etsang ke’ng? Papiso ea mosali le chelete ea tšepe e lahlehileng lia re tataisa.
Bontša Botšepehi
18. (a) Ke hobane’ng ha mosali ea papisong ena a sa ka a felloa ke tšepo? (b) Mosali eo o ile a ikitlaetsa joang, ’me e le ka phello efe?
18 Mosali ea lahlehetsoeng ke chelete ea tšepe oa tseba hore le hoja ho le thata, empa tšepo e teng. Hoja chelete ea tšepe e ne e oetse hlatheng kapa letšeng le tebileng le nang le seretse, mohlomong a ka be a ile a tela a re e lahlehile. Leha ho le joalo, ka lebaka la ho tseba hore chelete ea tšepe e tlameha ebe e kae-kae ka tlung moo a ka e fumanang, o qala ho e batla ka tieo. (Luka 15:8) O qala ka ho bonesa ntlo ea hae e lefifi. Ka mor’a moo oa fiela, a tšepile hore o tla utloa molumo oa eona. Qetellong, o phenyekolla hohle ho fihlela a bona ho phatsima ha chelete ea tšepe ea silevera ka khanya ea lebone. Boikitlaetso ba mosali enoa boa putsoa!
19. Liketsong tsa mosali ea lahlehetsoeng ke chelete ea tšepe papisong, re ka ithuta’ng bakeng sa ho thusa ba fokolang?
19 Joalokaha ntlha ea papiso ena e re hopotsa, boikarabelo ba Mangolo ba ho thusa Mokreste ea fokolang bo ke ke ba re imela. Ka nako e tšoanang, rea hlokomela hore ho hlokahala boiteko. Ka sebele, moapostola Pauluse o ile a re ho baholo ba Efese: “Ka ho sebetsa ka tsela ena le thuse ba fokolang.” (Liketso 20:35a) Hopola hore mosali enoa ha a fumane chelete ea tšepe ka mor’a ho qamaka feela, ho thalatsa mahlo kapa ho habanya feela. Che, o atleha hobane o sebelisa mokhoa o motle oa ho batla “ho fihlela a e fumana.” Ka ho tšoanang, ha re leka ho khutlisa motho ea fokolang moeeng, ho hlokahala hore re ho etse ka botšepehi le ka sepheo. Ebe re ka etsa’ng?
20. Ke’ng se ka etsoang ho thusa ba fokolang?
20 Re ka thusa ea fokolang hore a tsosolose tumelo ea hae le kananelo joang? Ho ka etsahala hore ebe se hlokahalang ke thuto ea botho ea Bibele ho sebelisoa buka e ka mo thusang ea Bokreste. Ha ho pelaelo hore ho khannela motho ea fokolang thuto ea Bibele ho re fa monyetla oa ho mo thusa ka tsela e tsoelang pele le e phethahetseng. Mohlomong molebeli oa tšebeletso ke eena ea ka khethang hantle motho ea ka fanang ka thuso e hlokahalang. A ka khothalletsa hore na ho ka ithutoa eng le hore na ke sengoliloeng sefe se ka fanang ka thuso e molemohali. Joalokaha mosali ea papisong a sebelisa likofuto tse mo thusang hore a phethe mosebetsi, le kajeno re na le likofuto tse re thusang ho phetha boikarabelo boo re bo filoeng ke Molimo ba ho thusa ba fokolang. Likofuto tse peli tsa rōna tse ncha, kapa lingoliloeng, li tla re thusa ka ho khethehileng mosebetsing ona. Ke buka ea Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete le ea Atamela ho Jehova.a
21. Ho thusa ba fokolang ho tlisetsa bohle molemo joang?
21 Ho thusa ba fokolang ho tlisetsa bohle molemo. Ea thusoang o thabela ho boelana le metsoalle ea hae ea ’nete. Re fumana thabo e tlohang pelong e tlisoang feela ke ho fana. (Luka 15:6, 9; Liketso 20:35b) Phutheho kaofela e ba mofuthu haholo ha litho tsa eona li thahasellana ka lerato. Ka holim’a tsohle, tlotla e lebisoa ho Balisa ba rōna ba re tsotellang e leng Jehova le Jesu, kaha takatso ea bona ea ho tšehetsa ba fokolang e bonahatsoa ke bahlanka ba bona ba lefatšeng. (Pesaleme ea 72:12-14; Matheu 11:28-30; 1 Bakorinthe 11:1; Baefese 5:1) Kahoo, re na le mabaka a matle hakaakang a ho tsoela pele ‘re ratana’!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Li hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
Na U ka Hlalosa?
• Ke hobane’ng ha ho bontša lerato e le habohlokoa ho e mong le e mong oa rōna?
• Ke hobane’ng ha lerato la rōna le lokela ho akarelletsa ba fokolang?
• Papiso ea nku e lahlehileng le ea chelete ea tšepe e lahlehileng li re ruta’ng?
• Ke mehato efe e sebetsang eo re ka e nkang ho thusa motho ea fokolang?
[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]
Ha re thusa ba fokolang, re bontša thahasello, mosa le botšepehi
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Ho thusa ba fokolang ho tlisetsa bohle molemo