Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ngoana eo Esale a Lebelloa
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
    • Ho se ho fetile nako e fetang khoeli ’me Jesu o se a e-na le matsatsi a 40. Ho ea ka molao, ’mè oa moshanyana o lokela ho itlhoekisa ka hore a ise sehlabelo tempeleng ha mora oa hae a se a e-na le matsatsi a 40. (Levitike 12:​4-8) Kahoo batsoali ba Jesu ba mo isa tempeleng Jerusalema. Tempele ha e hole haholo le moo ba lulang.

      Ho ea ka Molao, sehlabelo seo motsoali a lokelang ho fana ka sona ke leebana le pheleu e-s’o qete selemo. Leha ho le joalo, ha a kolla ntsi hanong a ka fana ka maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli. Kaha Maria le Josefa ba futsanehile, ba fana ka maebana a mabeli.

      “MATSATSI A HO BA HLOEKISA”

      Maria le Josefa ba ea le Jesu tempeleng ha ba il’o fana ka sehlabelo sa ho itlhoekisa

      Ka mor’a hore basali ba Baiseraele ba belehe, ba ne ba nkuoa ba sa hloeka ho ea ka Molao ka nako e itseng. Ha nako eo e feta, ba ne ba lokela ho etsa sehlabelo e le ho itlhoekisa. Taba ena e ne hopotsa batho bohle hore ho hlahile ngoana ea sa phethahalang. Jesu eena o ne a phethahetse a bile a halalela. (Luka 1:​35) Leha ho le joalo, Maria le Josefa “ba mo isa” tempeleng “ho ba hloekisa” joalokaha Molao o ne o laela.​—Luka 2:​22.

  • Ngoana eo Esale a Lebelloa
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela