-
Morui le LazaroMolula-Qhooa—1989 | March 15
-
-
Jesu oa hlalosa: “Morui e mong o na a le teng ea apereng purepera le lene e ntle, ea iketlileng menateng ka matsatsi ’ohle. Mofutsana e mong le eena o na a le teng ea bitsoang Lasaro, ea neng a beoa pel’a monyako oa eo, a tletse libebe; o na a lakatsa a ka khora makumane a oang tafoleng ea morui; hape le tsona lintja li ne li tla, li nyeka libebe tsa hae.”
-
-
Morui le LazaroMolula-Qhooa—1989 | March 15
-
-
Sehlopha sena sa morui se ikakasang se talima mafutsana, batho feela, ka nyeliso e feletseng, ba ba bitsa ‛am ha·’aʹrets, kapa batho ba lefatše. Mokopi Lazaro kahoo o tšoantšetsa batho bana bao baeta-pele ba bolumeli ba ba hanelang ka phepo e loketseng ea moea le ka litokelo tse loketseng tsa moea. Kahoo, joaloka Lazaro ea neng a tletse libebe, batho feela ba khesoa joaloka ba kulang moeeng le ba lokeloang ke hore ba be feela har’a lintja. Leha ho le joalo, sehlopha sa Lazaro se lapetse le ho nyoreloa phepo ea moea ’me ka hona se lutse monyako se batla makumane leha e le afe a lijo tsa moea a ka ’nang a oa tafoleng ea morui.
-