-
O Ile a Fumana se Laba-labeloang ke Pelo ea HaeMolula-Qhooa—1994 | March 15
-
-
Molimo o kentse moea oa hae o halalelang ho Simeone ’me o mo putsitse ka tšenolo. Simeone a ke ke a shoa pele a bona Ea tla fetoha Messia. Empa ho ntse ho feta matsatsi le likhoeli. Simeone oa tsofala ’me ha a sa lebeletse ho phela halelele haholo. Na tšepiso ea Molimo ho eena e tla phethahatsoa?
-
-
O Ile a Fumana se Laba-labeloang ke Pelo ea HaeMolula-Qhooa—1994 | March 15
-
-
Simeone o sika ngoana Jesu ka thabo e kaakang! Enoa ke Eena eo e tla ba Messia ea tšepisitsoeng—“Kreste oa Jehova.” Lilemong tseo tsa botsofali, Simeone ha a na tšepo ea ho bona Jesu a phethahatsa thomo ea Hae ea lefatšeng. Leha ho le joalo, hoa babatseha ho mo bona e le lesea. Boprofeta ba Messia bo qala ho phethahatsoa. Simeone o thabile hakaakang! Joale o tla khotsofalla ho robala lefung ho fihlela tsoho.—Luka 2:25-28.
-