Ho Ba le Tumelo Boprofeteng ba Bibele ho Boloka Bophelo
JESU o ne a tloha tempeleng Jerusalema ka lekhetlo la ho qetela ha e mong oa barutuoa ba hae a khotsa: “Mosuoe, bona! hore na ke majoe a mofuta ofe le mehaho ea mofuta ofe!” Sechaba sa Bajuda se ne se le motlotlo ka tempele ebile se e nka e le letlotlo. Leha ho le joalo, Jesu o ile a araba a re: “Na u bona mehaho ee e meholo? Ho hang ha ho lejoe le tla tloheloa holim’a lejoe le leng mona ’me le se ke la heletsoa.”—Mareka 13:1, 2.
Ka sebele taba eo e ne e makatsa! Majoe a mang a tempele a ne a le maholo haholo. Ho feta moo, seo Jesu a neng a se bua ka tempele se fana ka maikutlo a ho timetsoa ha Jerusalema ’me mohlomong le sechaba sa Bajuda, seo tempele e neng e le setsi sa sona sa borapeli. Kahoo barutuoa ba Jesu ba ile ba mo phehella: “Re bolelle, Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ea ha lintho tsee tsohle li reretsoe ho phetheha?”—Mareka 13:3, 4.
Jesu o ile a lemosa: “Ha e e-s’o be bofelo.” Tabeng ea pele, barutuoa ba ne ba tla utloa ka lintoa, litšisinyeho tsa lefatše, litlala le mafu a seoa sebakeng se seng ka mor’a se seng. Joale, liketsahalo tse tšosang li ne li tla etsa hore sechaba sa Bajuda se be tlokotsing e khōlō, ha e le hantle, se be ‘matšoenyehong a maholo.’ Leha ho le joalo, Molimo o ne a tla kenella e le hore a boloke “bakhethoa,” e leng, Bakreste ba tšepahalang. Joang?—Mareka 13:7; Matheu 24:7, 21, 22; Luka 21:10, 11.
Ho Fetohela ’Muso oa Roma
Lilemo tse 28 ka mor’a hore ho fanoe ka boprofeta boo, Bakreste ba leng Jerusalema ba ne ba ntse ba letetse bofelo. ’Muso oa Roma o ile oa apareloa ke lintoa, litšisinyeho tsa lefatše, litlala le mafu a seoa. (Bona lebokose le leqepheng la 9.) Judea e ne e le selao sa ntoa ea baahi le ea morabe. Leha ho le joalo, ka har’a marako a Jerusalema, ho ne ho batla ho rena khotso. Batho ba ne ba ja, ba sebetsa, ba nyala le ho nyaloa ba bile ba ba le bana, joaloka kamehla. Boteng ba tempele e khōlō bo ne bo fa batho boikutlo ba hore motse ona o tsitsitse le hore o tla lula o le teng ka nako e telele.
Hoo e ka bang ka 61 C.E., Bakreste ba Jerusalema ba ile ba fumana lengolo le tsoang ho moapostola Pauluse. O ne a ba babatsa ka mamello ea bona empa o ne a tšoenyehile ka hore ba bang ka phuthehong ba ne ba bonahala ba sa elelloe hore maemo a ne a hloka hore ho nkoe khato ka potlako. Bakreste ba bang ba ne ba kheloha moeeng kapa ba sa hōla tsebong ea Bokreste. (Baheberu 2:1; 5:11, 12) Pauluse o ile a ba phehella a re: “Ka hona, le se ke la lahla ho bua ha lōna ka bolokolohi . . . Etsoe e sa tla ba ‘ka nakoana e seng kae,’ ’me ‘ea tlang o tla fihla ’me a ke ke a lieha.’ ‘Empa ea lokileng oa ka o tla phela ka lebaka la tumelo,’ ’me, ‘haeba a ikhula, moea oa ka ha o khahloe ke eena.’” (Baheberu 10:35-38) Ka sebele eo e ne e le keletso e nakong! Empa na Bakreste ba ne ba tla bontša tumelo le ho lula ba falimehetse ho phethahala ha boprofeta ba Jesu? Hona na Jerusalema e ne e hlile e le haufi le ho felisoa?
Lilemong tse latelang tse hlano, maemo Jerusalema a ile a mpefala butle-butle. Qetellong, ka 66 C.E., ’Musisi Florus ea bolileng oa Roma, o ile a nka letlōleng le halalelang la tempele, litalenta tse 17 “tsa chelete e saletseng morao ea lekhetho eo batho ba neng ba e kolota ’muso oa Roma.” Bajuda ba ile ba halefa eaba ba tsohela ’muso matla. Marabele a Bajuda kapa Mazealot a ile a itšohlometsa ka har’a Jerusalema eaba a rinya mabotho a Baroma a neng a le moo. Eaba a phatlalatsa ka sebete hore Judea e lokolohile pusong ea Roma! Joale, Judea le Roma li ile tsa loantšana!
Pele ho feta likhoeli tse tharo, ’musisi oa Roma oa Syria, e leng Cestius Gallus, o ile a macha ho kena ka boroa ka mabotho a 30 000 bakeng sa ho felisa bofetoheli ba Bajuda. Lebotho la hae le ile la fihla Jerusalema nakong ea Mokete oa Maphephe eaba kapele-pele le kenella le libakeng tse ka thōko ho motse oo o moholo. Mazealot, a neng a fokola ka palo a ile a batla setšabelo qhobosheaneng ea tempele. Kapele masole a Baroma a ile a qala ho senya tempele, ’me Bajuda ba ne ba tšohile. Mohlolo oa mehlolo! masole a bahetene e ne e le ao a silafatsa sebaka se halalelang ka ho fetisisa sa Bajuda! Leha ho le joalo, Bakreste ba neng ba le ka har’a motse, ba ile ba hopola mantsoe a Jesu: ‘Ha le re heli! ’me le bona ntho e nyonyehang e eme sebakeng se halalelang, joale ba leng Judea ba qale ho balehela lithabeng.’ (Matheu 24:15, 16) Na ba ne ba tla bontša tumelo mantsoeng a Jesu a boprofeta le ho susumelletseha ho nka khato e loketseng? Se ileng sa etsahala se ile sa bontša hore bophelo ba bona bo ne bo itšetlehile ka ho etsa joalo. Empa ba ne ba tla baleha joang?
Ka tšohanyetso, ebile e le ka lebaka le sa tsejoeng, Cestius Gallus o ile a ntša mabotho a hae eaba o balehela ho elella lebōpong la leoatle, ’me Mazealot a ile a mo beha merebele.Ho makatsang ke hore, matšoenyeho a motse ona a ile a khutsufatsoa! Bakreste ba ile ba bontša tumelo temosong ea Jesu ea boprofeta, eaba ba tloha Jerusalema ’me ba balehela Pella, e leng motse o neng o sa ameha tlhaselong eo o neng o le ka lithabeng ka mose ho Nōka ea Jordane. Ba ne ba balehile ka nako. Kapele Mazealot a ile a khutlela Jerusalema eaba a qobella baahi ba setseng hore ba kopanele le ’ona phetohelong ena.a Ha Bakreste ba ntse ba le Pella ba sireletsehile, ba ile ba letela lintho tse ling hape tse neng li tla etsahala.
Hoa Lubeha
Likhoeling tse seng kae, lebotho le lecha la Baroma le ile la kena Jerusalema. Ka 67 C.E., Vespasian e leng Molaoli oa Mabotho hammoho le mora oa hae Titus o ile a hlophisa lebotho le leholo la masole a 60 000. Lilemong tse peli tse latelang, lebotho lena le matla haholo la sesole le ile la kena Jerusalema, la felisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e le tseleng ea lona. Khabareng, ka har’a Jerusalema, lihlopha tse loantšanang tsa Bajuda li ne li loana ea khumamela! Ho ile ha senngoa meliko ea motse ea lijo-thollo, ha batalatsoa sebaka se potolohileng tempele, ’me ha bolaoa Bajuda ba ka holimo ho 20 000. Vespasian o ile a lieha ho kena Jerusalema, a re: ‘Molimo oa Baroma o laola mabotho hamolemo ho mpheta; lira tsa rōna li bolaeana ka botsona.’
Ha Moemphera Nero oa Roma a e-shoa, Vespasian o ile a leba Roma ho ea nka puso, eaba o siea Titus hore a qetelle ho futuhela Judea. Titus o ile a fihla Jerusalema hoo e ka bang ka Paseka ea 70 C.E., eaba o qabella baahi le bahahlauli ka har’a motse. Mabotho a hae a ile a rema lifate tsa Judea bakeng sa ho haha lerako le bolelele ba lik’hilomithara tse 7 le nang le lithupa tse nchocho ho potoloha motse-moholo oo o neng o thibeletsoe. Ho ile ha e-ba feela joalokaha Jesu a ile a profeta: “Lira tsa hao li tla haha thibello e nang le lithupa tse nchocho ho u likoloha ’me li tla u pota-pota li u bakele mahlomola ka mahlakoreng ’ohle.”—Luka 19:43.
Kapele motse o ile oa apareloa ke tlala. Mahoohoo a hlometseng a ile a phahla matlo a batho ba shoeleng le a ba neng ba le makhatheng a lefu. Mosali e mong ea neng a tsielehile o ile a bolaea lesea la hae eaba oa le ja, a phethahatsa boprofeta bo reng: “U tla lokela ho ja litholoana tsa mpa ea hao, nama ea bara ba hao le barali ba hao . . . ka lebaka la bothata le khatello eo sera sa hao se tla u pota-pota.”—Deuteronoma 28:53-57.
Qetellong, Jerusalema e ile ea oa ka mor’a ho thibelloa ka likhoeli tse hlano. Motse ona hammoho le tempele ea oona e khōlō o ile oa tlatlapuoa, oa chesoa eaba o senngoa hore ho se be le lejoe le salang holim’a le leng. (Daniele 9:26) Ho ile ha shoa batho ba 1 100 000; ba bang ba 97 000 ba ile ba rekisoa bokhobeng.b (Deuteronoma 28:68) Judea e ile ea batla e hloka baahi. Ka sebele ena e bile koluoa ea sechaba eo ho seng e tšoanang le eona, phetoho e khōlō litabeng tsa Bajuda tsa bopolotiki, tsa bolumeli le tsa mokhoa oa bona oa bophelo.c
Ho sa le joalo, Bakreste ba leng Pella ba ile ba leboha Molimo oa bona ho tloha pelong ha a ile a ba lopolla. Ho lumela ha bona boprofeta ba Bibele ho ile ha ba pholosa!
Ha re nahana ka liketsahalo tsena, e mong le e mong oa rōna kajeno o lokela ho ipotsa: ‘Na ke na le tumelo e tla mpholosa matšoenyehong a maholo a atamelang? Na ke “mofuta [oa motho ea] nang le tumelo hore moea o bolokoe o phela”?’—Baheberu 10:39; Tšenolo 7:14.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Rahistori oa Mojuda e leng Josephus o tlaleha hore Mazealot a ile a lelekisa Baroma ka matsatsi a supileng pele a khutlela Jerusalema.
b Ho latela khakanyo e ’ngoe, ho ile ha bolaoa Mojuda a le mong ho ba supileng ’Musong oa Roma.
c Setsebi sa Bibele sa Mojuda e leng Alfred Edersheim se ile sa ngola: “Matšoenyeho [ana] a Iseraele ha ho a kileng a tšoana le ’ona historing ea eona ea liketsahalo tse tšabehang, ebile ha ho a tla ke a tšoane le ’ona liketsahalong tsa eona tse sehlōhō tsa nako e tlang.”
[Chate e leqepheng la 9]
Likarolo Tsa Pontšo Tse Phethahetseng Lekholong la Pele la Lilemo
LINTOA:
Gaul (39-40 C.E.)
Afrika Leboea (41 C.E.)
Brithani (43, 60 C.E.)
Armenia (58-62 C.E.)
Lintoa tsa sechaba le tsa morabe Judea (50-66 C.E.)
LITŠISINYEHO TSA LEFATŠE:
Roma (54 C.E.)
Pompeii (62 C.E.)
Asia Minor (53, 62 C.E.)
Kreta (62 C.E.)
LITLALA:
Roma, Greece, Egepeta (hoo e ka bang ka 42 C.E.)
Judea (hoo e ka bang ka 46 C.E.)
MAFU A SEOA:
Babylonia (40 C.E.)
Roma (60, 65 C.E.)
BAPROFETA BA BOHATA:
Judea (hoo e ka bang ka 56 C.E.)
[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 10]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Phutuho ea Baroma Palestina, 67-70 C.E.
Ptolemaise
Leoatle la Galilea
Pella
PEREA
SAMARIA
Jerusalema
Leoatle la Letsoai
JUDEA
Cesarea
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Map only: Based on maps copyrighted by Pictorial Archive (Near Eastern History) Est. and Survey of Israel
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
‘Lira tsa rōna li timetsana ka botsona.’—Vespasian
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Mabotho a Baroma a ile a timetsa Jerusalema ka 70 C.E.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 11]
Relief: Soprintendenza Archeologica di Roma; Vespasian: Bildarchiv Preussischer Kulturbesitz/Art Resource, NY