‘Mafu a Tšoaetsanoang Sebakeng se Seng ho Isa ho se Seng’
MAFU a tšoaetsanoang a neng a tla ba teng ka tekanyo eo ho seng e lekanang le eona e bile tšobotsi ea “pontšo ea ho ba teng ha [Jesu Kreste] ho boletsoeng esale pele le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho.” (Mattheu 24:3, NW) Mongoli oa Kosepele Luka o eketsa ntlha ena e sa boleloang litlalehong tsa Mattheu le Mareka. (Mattheu, likhaolo 24 le 25; Mareka, khaolo 13) Ho ata ka potlako ha mafu a seoa le a bolaeang ho ne ho tla etsahala “sebakeng se seng ho isa ho se seng” mehleng ea bofelo. (Luka 1:3; 21:11, NW) Mafu a joalo e ka ’na eaba a hlaha hokae?
Makasine oa Science News oa tlaleha: “Litsebi tsa saense li tseba likokoana-hloko tse ’maloa tse ipatileng libakeng tse chesang haholo tseo—ka thuso e nyenyane e tsoang matleng a tlhaho—li neng li ka felisa bophelo bo bongata haholo ho feta kamoo seoa sa AIDS se neng se ka etsa ka teng. Bafuputsi ba bolela hore, esita le haeba lethathamo la likokoana-hloko la lefatše le ka lula le sa fetohe, libaka tse chesang haholo li se li ntse li e-na le ‘matla a maholo’ a likokoana-hloko a lekaneng ho felisa karolo e khōlō ea baahi ba Lefatše.”
Ho etsang hore mehla ea rōna e be eona e ka hlaseloang habonolo ke sepenya sa baahi ba lefatše le litlhoko tse khōloanyane tsa batho ba phelang libakeng tse petetsaneng tsa lefatše. Science News e re: “Histori e bontša hore ho ata ka potlako ha likokoana-hloko tse sokelang bophelo hangata ho ’nile ha etsahala ha batho ba fallela libakeng tse sa hlahlojoang kapa ha boemo ba bophelo metseng ea litoropo bo mpefala ka litsela tse memang likokoana-hloko tse ngata-ngata tse ncha.” Ha batho ba kena libakeng tse tšoaelitsoeng ke likokoana-hloko tseo pele li neng li sa luloe ke batho, hangata ho ’nile ha hlaha mafu a mangata a seoa a likokoana-hloko. Ntho e tšoanang e etsahala ha likokoanyana li atolosa libaka tsa tsona ha boemo ba lefatše ba leholimo bo fetoha. Makasine o re: “Ho phaella moo, litheknoloji tsa mehla ea kajeno tsa meriana tse kang tšelo ea mali le ho tlosoa ha litho tsa ’mele sebakeng se seng ho li isa ho se seng e file likokoana-hloko mokhoa o mocha oa ho tsamaea li lula bathong. Kahoo li ba le mefuta e sa tšoaneng ea liphetoho tsa botho le boitšoaro, ho qala ka batho ba etang haholo har’a batho ba ruileng le ba tsebahalang ho isa ho batho ba sebelisang nale e le ’ngoe ho entela lithethefatsi ’meleng ea bona har’a makhoba a lithethefatsi.”
Sehlooho sea eketsa: “Histori ea morao-rao e fana ka mehlala e hlakileng ea ho hlasela ha likokoana-hloko libakeng tse ka thōko ho ka ’nang ha hlahisa ho ata ka potlako ho pharalletseng haholoanyane nakong e tlang.” Mehlala ke: kokoana-hloko eo pele e neng e sa tsejoe ea Marburg, kokoana-hloko e kotsi ea libaka tse chesang haholo e ileng ea hlokofatsa litsebi tse ngata tsa saense Jeremane Bophirimela bofelong ba bo-1960; kokoana-hloko e neng e baka feberu ea Rift Valley e ileng ea tšoaetsa ba limillione ’me ea bolaea ba likete-kete Egepeta ka 1977; kokoana-hloko Ebola ea libaka tse chesang haholo e ileng ea tšoaetsa batho ba fetang sekete Zaire le Sudan ka 1976 ’me ea bolaea ba ka bang 500, bao bongata ba bona e neng e le lingaka le baoki ba neng ba phekola ba hlasetsoeng ke lefu lena.
Ke ka seoelo litlhaselo tse bolaeang tsa likokoana-hloko li boneloang pele esale nako. Science Week e re: “Ka mohlala, ka 1918, phetoho e kotsi ka ho khethehileng ea khatello ea mokakallane o neng o tšoere batho e ile ea hasana lefatšeng lohle, ea bolaea batho ba hakanngoang ho ba limillione tse 20. Morao tjena, ho hlahella ha kokoana-hloko bathong eo pele mohlomong e neng e fumaneha feela ho litšoene tsa Afrika ho ile ha hlaha lefatše lesumatha. Ho latela kamoo Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle o hakanyang ka teng, hona joale, kokoana-hloko ea AIDS e tšoaelitse batho ba limillione tse 5 ho ea ho tse 10 linaheng tse 149. Empa ho sa tsotellehe tlhokomelo e bakiloeng ke seoa sena sa morao-rao litsebi tse ngata tsa likokoana-hloko li sa ntsane li tšaba hore lintho tse ngata tse tšosang li sa ntsane li re emetse.”
Joalokaha mafu a tšoaetsanoang a utloisa bohloko, ke karolo ea pontšo e entsoeng ka likarolo tse ngata ea ho ba teng ha Jesu khanyeng ea ’Muso, hammoho le litšobotsi tse kang lintoa, litlala, le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše. (Mareka 13:8; Luka 21:10, 11, NW) Hape litšobotsi tsena lia thabisa, hobane Luka o eketsa mantsoe a Jesu: “Etlare ha tseo li qala ho hlaha, emisang lihloho, ’me le lelale holimo, hobane topollo ea lōna e tla be e atametse.”—Luka 21:28.