Masada—Na e ne e le Bopaki ba Hore Messia o Tlile?
TŠOLLO ea mali e etsoang ka lebitso la bolumeli e ’nile ea e-ba bothata bo hlahang khafetsa historing. Masada e ne e se mokhelo, hobane basireletsi ba eona ba ne ba susumetsoa ka matla ke bolumeli. Haeba u etela moo ho epollotsoeng teng Masada, u ka bona lithako tsa synagoge eo banna ba babolai ba neng ba kopana ho eona bakeng sa borapeli le libate tsa tšebeletso tse neng li sebelisetsoa tlhoekiso ea bolumeli.
Mesaletsa ea Bibele le eona e ile ea fumanoa Masada. U ka ’na ua ipotsa, molaetsa oa Bibele oo banna ba babolai ba neng ba o fumana o joang ha o bapisoa le seo re se balang ka Bibeleng kajeno? Bukeng ea hae Masada, Ngaka Yigael Yadin o ngotse ka tšibollo ea pele e joalo:
“Ho hlahloba sebaka sena ka potlako ho ile ha re bontša kapele-pele hore ho ne ho e-na le mosaletsa oa Buka ea Lipesaleme, ’me re ile ra ba ra khona ho khetholla likhaolo: karolo ena e ne e le e tlohang ho Pesaleme ea 81 ho ea ho Pesaleme ea 85. . . . U ne u ka khona ho bolela nako ea ho ngoloa ha eona ka ntle ho pelaelo leha e le efe. E ne e ke ke ea e-ba ea ka morao ho selemo sa 73 AD, selemo seo Masada e ileng ea oa ka sona. . . . Karolo ena ea Buka ea Lipesaleme, ho tšoana le meqolo e meng ea Bibele eo re ileng ra e fumana hamorao, e batla e tšoana hantle . . . le taba e ngotsoeng libukeng tsa Bibele tseo re li sebelisang kajeno.”
Ka ho hlakileng, banna ba babolai ba ne ba lumela hore Molimo Moqapi oa Mangolo a Seheberu o ne a tla hlohonolofatsa phetohelo ea bona khahlanong le Roma. Joalokaha The Universal Jewish Encyclopedia e hlalosa: “Cheseho e fetelletseng ea Bajode Ntoeng e Khōlō khahlanong le Roma (66-73 C.E.) e ile ea matlafatsoa ke tumelo ea bona ea hore mehla ea Messia e ne e le haufi. Tšenyeho ea Tempele e ile ea eketsa menahano ea ho tla ha Messia.”
Ho Tla ha Messia
The Encyclopedia of Religion ea bolela: “Hangata batho ba neng ba chesehela Messia haholo ba ne ba thea likhakanyo tsa bona Bukeng ea Daniele.” Ke ’nete hore moprofeta oa Moheberu Daniele o ile a bolela esale pele ka ho tla ha “Moeta-pele Messia.” (Daniele 9:25, NW) Litlalehong tse ling tse peli, Daniele o ile a bolela hore Messia e ne e tla ba ’Musi oa lefatše le hore ’Muso oa Hae o ne o tla felisa mebuso eohle ea batho e o hanyetsang.—Daniele 2:44; 7:13, 14.
Bafetoheli ba Bajode ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba ikutloa hore nako e ne e fihlile bakeng sa phethahatso ea lipono tsena tsa boprofeta. Josephus o bolela hore: “Ntho e ileng ea ba susumelletsa ntoeng ka ho fetisisa, e ne e le [tumelo] ea hore nakong eo e mong ea tsoang naheng ea habo bona e ne e tla ba ’musi oa lefatše.” Empa Daniele o ile bolela esale pele hore Moeta-pele Messia o tlameha ho “bolaoa” pele le hore ka mor’a lefu la hae Jerusalema le tempele ea eona li ne li tla senngoa ke ‘batho ba moeta-pele e mong ea tlang.’—Daniele 9:25, 26, NW.
Lipono tsa Bajode ka Puso ea Balichaba
Judea ea lekholong la pele la lilemo e ne e arotsoe ka barui ba ’maloa le bafutsana ba bangata. Bajode ba bang ba ruileng, haholo-holo har’a Basadduci le Bafarisi, ba ne ba ananela matla a bolaoli ao Roma e neng e ba lumelletse ho ba le ’ona ka har’a naha, ’me ba ne ba khesa batho ba boemo bo tlaase. Kahoo, ba ne ba hanyetsa khopolo leha e le efe ea phetohelo, ho e-na le hoo ba ne ba sebeletsa ho ba le likamano tsa khotso le Roma.—Luka 16:14; 19:45, 46; Johanne 2:14; 7:47-49; 11:47, 48.
Ka lehlakoreng le leng, baahi ba Judea ba boemong bo tlaase ba ile ba mamella boima ba lekhetho la Roma le baahi ba naha ea habo bona ba hatellang. Ha baa ka ba tšelisoa ke ho ba ka tlas’a se bitsoang Pax Romana (Khotso ea Roma) empa ba ne ba batla phetoho. Khohlano ena ea lithahasello e ile ea fella ka ntoa e tšabehang ea lehae. Josephus o ile a ngola: “Sehlopha se seng se ne se sekametse pusong e hatellang, se seng se sekametse pefong le ho utsoetseng barui.”
Ka mohlala, banna ba babolai ba ne ba senyetsa Bajode ba habo bona le ho ba bolaea ’me ba lokafatsa liketso tsena tse tšosang ka ho re ke kotlo ea Bajode bao ho neng ho nahanoa hore ba sebelisana le Roma. Rabbi oa lekholong la bobeli la lilemo, Johanan ben Torta, o ile a fana ka lebaka lena bakeng sa tlokotsi e ileng ea tlela Bajode ba lekholong la pele la lilemo: “Ba ne ba tsoetse chelete pelo ba bile ba hloeane.”
Ha ho makatse hore Bajode ba neng ba tšaba Molimo ka tieo ba ne ba laba-labela ho hlaha ha Messia, eo ba neng ba tšepile hore o tla phethola puso ea Roma ’me a hlome ’Muso o lokileng oa Molimo. Empa batho ba sa utloeng molao ba ile ba nka monyetla ka litebello tsena.
Bo-Messia ba Bohata
Hoo e ka bang ka selemo sa 33 C.E., moeta-pele oa Bajode ea bitsoang Gamaliele o ile a hopotsa babusi ba habo ba Jerusalema: “Khajana ho ile ha hlaha . . . Judase oa Galilea, mehleng eo batho ba neng ba ngoloa ka eona, a ba a ikhulela batho ba bangata; empa le eena a timela ’me bohle ba neng ba mo utloa ba fatakanngoa.”—Liketso 5:36, 37.
‘Ho ngolisoa’ ho ileng ha fella ka phetohelo ea Judase ho ile ha hlophisoa ka 6 C.E. ka morero oa ho nyolla makhetho a Roma. Josephus o re bolella hore Judase o ile a bolela hore Bajode “e tla be e le makoala haeba ba ikokobelletsa ho lefa makhetho ho Baroma.” Lebitso Judase le tsoa ho lebitso Juda, le bontšang hore e ne e le oa moloko oo Messia a neng a lebelletsoe ho oona. (Genese 49:10) Cyclopædia ea McClintock le Strong e re: “Bokheleke ba hae bo susumetsang le ho ratoa ha lithuto tsa hae li ile tsa hulela batho ba bangata molao-motheong oa hae, ’me ba bangata ba ile ba mo talima e le Messia.”
Hlokomela hore Liketso 5:37 e tlaleha hore balateli ba Judase enoa ha baa ka ba timela le eena. Ho ea ka setsebi sa Mojode Gaalya Cornfeld, mokha oa hae o ile oa “ipiletsa maikutlong a tebileng le litebellong tsa Messia.” Ha e le hantle, baeta-pele ba babeli ba banna ba babolai, Menaheme le Eleazare, e ne e le litloholo tsa Judase eo oa Galilea. Qalehong ea phetohelo ea Bajode ka 66 C.E., Menaheme o ile a hlomella balateli ba hae ka libetsa tse neng li bolokiloe Masada. Eaba “o khutlela Jerusalema joaloka morena” ’me “ea e-ba moeta-pele oa phetohelo.” Encyclopaedia Judaica ea phaella: “Ho batla ho se pelaelo hore Menaheme [mora oa] Juda o ne a talingoa e le Messia.”
Leha ho le joalo, selemong sona seo, Menaheme o ile a bolaoa ke litho tsa mokha oa Bajode oa bofetoheli o hlōlisanang le oa hae. Balateli ba hae ba ile ba balehela morao Masada, moo Eleazare a ileng a qala ho laola banna ba babolai ho fihlela ka 73 C.E. Puo ea Eleazare e khothalletsang ho ipolaea e pheta lithuto tse fosahetseng tsa ntat’ae moholo Judase: “Metsoalle ea ka e sebete, e se e le nako e telele re ikemiselitse ho se sebeletse Baroma le ha e le mang kapa mang e mong haese Molimo feela.”
Ho se Nke Lehlakore ha Bakreste ba Judea
Pele ho phetohelo ea Bajode ka 66 C.E., ho ne ho se ho hlonngoe liphutheho tsa Bokreste Judea, ho kopanyelletsa le phutheho ea Jerusalema. (Liketso 9:31) Liphutheho tsena li ne li entsoe ka Bajode ba neng ba lumela hore Jesu oa Nazaretha e ne e le Messia eo lefu le tsoho tsa hae li ileng tsa boleloa esale pele. (Liketso 2:22-36) Bakreste ba Bajode ba ile ba hasa litumelo tsa bona ka cheseho, ha ka khotso ba emetse ho tla ha Messia lekhetlo la bobeli, e le ’musi oa lefatše. Jesu o ile a bontša hore o ne a tla khutla “ka mor’a nako e telele.”—Mattheu 25:19, 31, NW; 28:19, 20; Liketso 1:8-11.
Empa hang hoba phetohelo ea Bajode e qhome ka 66 C.E., ke’ng se ileng sa sireletsa Bakreste bao ba Judea hore ba se ke ba hoholoa ke ho atleha ha eona qalong? Ka ntle ho pelaelo ba ile ba hopola temoso ea Monghali oa bona: “Bohle ba tšoereng sabole, ba tla bolaoa ka sabole.” (Mattheu 26:52) Jesu o ne a boetse a ba file pono e leka-lekaneng mabapi le matla a puso ea Balichaba. O ile a re: “Ntšetsang Cesare tseo e leng tsa Cesare, ’me le ntšetse Molimo tseo e leng tsa Molimo.” (Mareka 12:17) Ho feta moo, Jesu o ile a bolela esale pele hore ba iketsang bo-Messia ba ne ba tla hlaha, ba re, “Ke ’na Kreste,” le “Nako e atametse,” empa a lemosa: “Le se ke la ba latela.”—Luka 21:8.
Jesu o ile a ba a bolela esale pele phello ea phetohelo ea Bajode, a re: “Ha le bona Jerusalema o teetsoe hare ke makhotla a lira, le tsebe hoba tšenyeho ea oona e se e atametse. Mohlang oo, ba leng Judea ba balehele lithabeng; ba har’a Jerusalema ba tsoe; ba naheng ba se ke ba kena teng . . . hobane tsietsi e tla ba kholo lefatšeng, ’me bohale bo tla oela sechaba sena. Ba tla oa ka bohale ba sabole, ba isoe kholehong lichabeng tsohle; ’me Jerusalema o tla hatakeloa ke lichaba, ho be ho phethoe mehla ea lichaba.”—Luka 21:20-24.
Moroallo o tšabehang oa timetso o ileng oa latela phetohelo ea Bajode, e ile ea ba phethahatso e hlakileng ea boprofeta ba Jesu! Leha ho le joalo, Bakreste ba Judea ba ile ba pholoha ka hore ka kutlo ba ‘balehele lithabeng.’ Encyclopaedia Judaica e re: “Pele Jerusalema e thibelloa ke Tite [ka 70 C.E.], sechaba sa eona sa Bakreste se ile sa fallela Pella.” Ka ho thahasellisang, Pella e ne e le ka leboea, mosikong oa lithaba tse entseng mokoloko tse ka mose ho Nōka ea Jordane kahoo Phula ea Jordane e ne e e arohantse le Judea ka ho felletseng. Kenyelletsong ea hae ho Josephus—The Jewish War, G. A. Williamson o re: “Ho thata ho hlalosa lebaka la ho pholoha hona haeba boprofeta [ba Jesu] bo ngotsoe ka mor’a ketsahalo ena.”
Ka sebele, hore e be Bakreste ba Judea ba ile ba atleha ho pholoha ke bopaki bo matla ba hore e ne e le balateli ba Messia oa ’nete. Sena se phahamisa lipotso tsa bohlokoa. Morero oa ho tla ha Messia lekhetlo la pele e ne e le ofe? ’Me phetohelo ea Bajode e ileng ea lebisa tlokotsing e fana ka temoso efe ho rōna kajeno, haholo-holo mokha oa batho o bitsoang “Bakreste”? Ho tla buisanoa ka lipotso tsena ka ho eketsehileng makasineng ona.