Lichelete tsa Tšepe tsa Bohōlō-hōlō Li Pakela ’Nete ea Boprofeta
E KA ’na eaba lichelete tsa tšepe tse llang ka pokothong ea hao kapa ka mokotlaneng oa hao oa chelete li jere molaetsa o monyenyane ho feta feela hore li ka u nolofaletsa ho reka ntho e ’ngoe e nyenyane. Empa ho na le lichelete tsa tšepe tse itseng tse jereng molaetsa o matlanyana.
Nakoana pele ho lefu la hae, Jesu o ile a profeta hore Jerusalema, motse-moholo oa sechaba sa Iseraele se sa tšepahaleng, e ne e tleloa ke timetso e tšabehang. (Mattheu 23:37–24:2) Jesu o ile a re: “Etlare ha le bona Jerusalema o teetsoe hare ke makhotla a lira, le tsebe hoba tšenyeho ea oona e se e atametse. Mohlang oo, ba leng Judea ba balehele lithabeng; . . . Hobane matsatsi ao ke a tefetso, hore tsohle tse ngoliloeng li phethahale.”—Luka 21:20-22.
Ka nako eo, Bajode ba ne ba le tlas’a tsamaiso e thata ea Roma e matla. Joale, ke joang boprofeta ba Jesu bo neng bo ka phethahala? Koana, Bajode ba ile ba fetohela ’muso ka 66 C.E. Cestius Gallus o ile a etella pele mabotho a matla a Roma khahlanong le bona ’me ba ba ba teela Jerusalema hare, joalokaha Jesu a ne a hlile a bolela esale pele. Joale, ntle ho lebaka le bonahalang, ka potlako Baroma ba ikhula. Marabele a nyakalla ka tlhōlo eo ho neng ho bonahala e tlisitse tokoloho qetellong. A bile a etsa lichelete tsa tšepe, tse kang ena e bonoang mona. (Linomoro 1, 2)
Empa barutuoa ba Kreste ha baa ka ba thetsoa. Ba ile ba siea mahae a bona Judea, ka ho utloa temoso ea hae ea ho ‘balehela lithabeng.’ Ba ile ba baleha ba ikhohlile ka Nōka ea Jordane ’me ba ba ba e tšela, eaba joale ba leba leboea ho ea lula Pella. Empa na hoo ho ne ho hlokahala, kaha ho ile ha feta lilemo tse seng kae ’me Bajode ba Jerusalema ba ile ba lula ba lokolohile? Le hoja Bajode bao ba ne ba e-na le lichelete tsa tšepe tseo e leng tsa bona, haufinyane ba ne ba sa tl’o fumana lijo tseo ba ka li rekang ka tsona. Hobane’ng?
Talima chelete ea tšepe e tšoantšelitsoeng ka nomoro ea 3, 4. U bona hlooho ea molaoli oa lebotho la Baroma Vespasian, ea ileng a khetheloa ho nka sebaka sa Cestius Gallus. Ho latela Encyclopædia Britannica, Vespasian o ne a “lokela ho etella pele ntoa ea Judaea, e neng e sokela hore e ne e ka ’na ea tsosa mefere-fere ho pholletsa le Bochabela kaofela, ka baka la boikutlo bo neng bo atile haholo likarolong tseo ba hore babusi ba kamoso ba lefatše ba ne ba tla hlaha Judaea. Vespasian, ea neng a e-na le khopolo e matla ea tumela-khoela, o ile a etsoa hore a kholoe hore ke eena ea neng a tla phethahatsa tebello ena.” Rahistori Josephus o pheta ka hloko tlaleho ea lintoa tse ileng tsa latela. Kamor’a hore Vespasian e be ’Musisi ka 69 C.E., mor’a hae Tite o ile a tsoela pele ka ntoa, a ba a lika-liketsa Jerusalema. Batho ba tšoasitsoeng kahare ba ile ba hlaseloa ke tlala le tšabo. Ha motse o e-oa, marako a oona a ile a heletsoa ’me tempele ea oona ea senngoa.
Tahlehelo ea bophelo ho ba ileng ba iphapanyetsa temoso ea Jesu e ile ea e-ba e kae? “Banna ba neng ba se ba tšerema ke tlala ba ile ba loanela qhobosheane ea bona ka qophello e makatsang, ha ba etsa joalo ba lahleheloa ke litho tsa bona tse fetang likete tse lekholo. Ba batlang ba le bangata hakaalo hape, ba qobelletsoe ho bona ka mahlo pono e bohloko ea ho chesoa, khapo ea lintho tsa bohlokoa, le tšenyo e feletseng ea tempele ea bona e halalelang, ba ile ba nkoa ho ea bokhobeng, ba bangata ho bona ba qobelloa . . . ho sebelisoa e le batho ba ahlōletsoeng ho ea loanela bophelo ba bona ho batšoaruoa ba bang kapa ho ea akheloa ba se na boitšireletso kahar’a liphoofolo tse hlaha ‘lipapaling’ tse shebelloang tseo Titus ea hlōtseng a neng a li bontša.”—Coins of Bible Days.
Buka ena e hlalosa hore ka 71 C.E. Vespasian le Titus ba ile tsamaea ka tlhōlo ho pholletsa le Roma kaofela ho keteka tlhōlo ena. Empa “ho tšoarellang ho feta mekoloko leha e le efe kapa mekete e ne e le lichelete tsa tšepe tse ’maloa tsa ‘tlhōlo.’” E ’ngoe e ne e le chelete ena ea gauda (Nomoro 5) e ileng ea etsoa ke Vespasian e le ho ikhopotsa ho hlōla ha Baroma Judea.
Le hoja e ka ’na eaba Bajode ba bangata ba ile ba soma polelo ea Jesu ea boprofeta ka qetello ea tsamaiso ea Sejode, mantsoe a hae a ile a phethahala, joalokaha lichelete tsena tsa tšepe li ho paka. Boprofeta ba Jesu bo boetse bo na le phethahatso e khōlō kajeno, bo supa tlokotsing e atamelang bakeng sa tsamaiso ea lintho e teng lefatšeng ka bophara. Ho molemong oa hao hore u ithute hore na molaetsa ona oa kajeno ke eng le hore na ke joang u ka qobang ho hlaseloa ke tlokotsi ena e atamelang.
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
1. Kaholimo: Chelete ea bronze e bitsoang prutah (kapa perutah) e ileng ea etsoa kamor’a Ho Fetohela ’Muso ka Lekhetlo la Pele (66-70 C.E.), e bontšang nkho ea letsopa e mehoele e ’meli. Mongolo oa Seheberu o na le mantsoe a reng “Selemo 2,” a bolelang 67 C.E., selemo sa bobeli sa boipuso ba Bajode
2. Kamorao: Lehlaku la morara le pota-potiloeng ke mantsoe “Tokoloho ea Sione” kapa “Topollo ea Sione”
3. Kaholimo: Chelete ea Seroma e entsoeng ka bronze e ileng ea etsoa ke ’Musisi Vespasian e le ho ikhopotsa ho hlōloa ha Judea. Likhutsufatso tsa Selatine tse pota-potileng setšoantšo sa hae ke IMP[erator] (’Musisi) CAES[ar] VESPASIAN[us] AVG[ustus] P[ontifex] M[aximus] (moprista e moholo) TR[ibunicia] P[otestate] (ea tšoereng matla a letona), P[ater] P[atriae] (ntat’a lefatše la bo-ntat’a rōna), CO[n]S[ul] III (selemong sa hae sa boraro sa bonģosa), ’me hoo ho bontša chelete eo ea tšepe e le ea 71 C.E.
4. Kamorao: Ka ho le letšehali ke ’Musisi Vespasian (kapa Molaoli Tite) ea hlōtseng a apere seaparo sa hae sa sesole, o tšoere lerumo le sabole, o hatile holim’a heleme. Ka ho le letona ke mosali oa Mojode ea lutseng holim’a seitšireletso sa sefuba tlas’a sefate sa lipalema; o siame o bile oa lla. Mantsoe IVDAEA CAPTA a bolela “Judea e Tlamiloeng.” Chelete ena ea tšepe e ne e ngoapiloe S[enatus] C[onsulto], e bolelang “ka tumello ea Senate”
5. Kamorao: Chelete ea Roma (ea gauda) e entsoeng ke Vespasian e bontšang Judea e le tšiamong
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Sebaka sa Polokelo (Near Eastern History) Est.