Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Thusa Ngoana ho Hōlela Bohlaleng ba Bomolimo
    Molula-Qhooa—1987 | February 15
    • “Baholo ba hae ba ne ba e-ea [“ba tloaetse ho ea,” NW] Jerusalema ka lilemo tsohle, moketeng oa Paseka.” (Luka 2:41) Ho latela Molao oa Molimo, motho e mong le e mong e motona o ne a tlameha ho ea Jerusalema bakeng sa mekete ena. (Deuteronoma 16:16) Empa tlaleho e re “batsoali ba hae ba ne ba tloaetse ho ea.” Josefa o ne a e-ea le Maria, ’me ho bonahala hore o ne a e-ea le lelapa lohle, tseleng e bolelele ba lik’hilomithara tse fetang 100 ho ea Jerusalema bakeng sa ketsahalo ena e thabisang. (Deuteronoma 16:6, 11) E ne e le tloaelo ea bona—karolo ea ka mehla ea bophelo ba bona. Hape, ba ne ba sa itlhahise feela tjee hore e be ba teng; ba ne ba hlola matsatsi ’ohle a mokete.—Luka 2:42, 43.

  • Ho Thusa Ngoana ho Hōlela Bohlaleng ba Bomolimo
    Molula-Qhooa—1987 | February 15
    • Phoso

      Ha Jesu a le monyenyane, ha ho pelaelo hore o ne a le haufi-ufi le batsoali ba hae maetong ana a selemo le selemo ho ea motseng o moholo Jerusalema. Leha ho le joalo, ha a ntse a hōla mohlomong o ile a fuoa bolokolohi bo boholoanyane. Ha a le lilemo li 12, o ne a le lilemong tseo ho tsona Bajode ba li talimang e le bohato ba bohlokoa tseleng e isang bonneng. Mohlomong ka lebaka la phetoho ena e tloaelehileng le ea tlhaho, phoso e ile ea etsahala ha ho fihla nako ea hore lelapa la Josefa le tlohe Jerusalema ’me le khutlele hae. Tlaleho e re: “Ha ba se ba boela ha habo, ngoana Jesu a sala Jerusalema, Josefa le ’m’ae ba sa tsebe. Empa, ka ho re, ekaba o letšoeleng, ba tsamaea letsatsi le le leng, ba ntoo ’matla har’a metsoalle ea bona le bao ba tsebanang le bona.”—Luka 2:43, 44.

      Ho na le litšobotsi tsa ketsahalo ena tseo batsoali le bacha ba tla li hlokomela. Leha ho le joalo, ho na le phapang e le ’ngoe: Jesu o ne a phethahetse. Kaha ka boikokobetso o ne a utloa Josefa le Maria, re ke ke ra nahana hore o ile a sitoa ho ikokobeletsa tokisetso e ’ngoe e itseng eo ba mo etselitseng eona. (Luka 2:52) Ho bonolo haholo hore e be mohlomong ho bile le ho se buisane. Batsoali ba nka hore Jesu o har’a beng ka bona le bao ba tsebanang le bona. (Luka 2:44) Ho bonolo ho nahana hore, mofere-fereng oa ho tloha Jerusalema, ho ne ho ka ’na ha etsahala hore ba qale ka ho hlokomela bana ba bona ba banyenyane ’me ba nke hore mora oa bona e moholo, Jesu, le eena o ntse a e-tla.

      Leha ho le joalo, ho hlakile hore Jesu o ne a nahana hore batsoali ba hae ba ne ba tla tseba hore na o hokae. Ho fanang ka maikutlo ana ke karabelo ea hae hamorao: “Le ne le mpatlela’ng? Na le ne le sa tsebe hoba ke tšoanetse ho ba teng litabeng tsa Ntate na?” O ne a sa etsoe ke ho hloka tlhompho. Mantsoe a hae a mpa a senola ho makala ha hae ke ’nete ea hore batsoali ba hae ba ne ba sa tsebe hore na ba ka mo fumana hokae. E ne e le mohlala oa sebele oa ho se utloisise oo batsoali ba bangata ba bana ba hōlang ba ka o ananelang.—Luka 2:49.

      Nahana ka kameho ea Josefa le Maria qetellong ea letsatsi leo la pele, ha ba fumana hore Jesu ha a eo. Hape nahana ka ho tšoenyeha ha bona ho ntseng ho eketseha ka matsatsi a mabeli ao ba ileng ba mo batla ka oona Jerusalema. Leha ho le joalo, ho ile ha etsahala hore thuto ea bona ho Jesu e ile ea ba tsoela molemo tlokotsing ena. Jesu o ne a sa ea le batho ba babe. O ne a sa tlontlolle batsoali ba hae. Ha ba fumana Jesu, o ne a le “tempeleng, a lutse har’a baruti, a ba mamela, a ba botsa. Bohle ba mo utloang ba ne ba tsota hlalefo ea hae le likarabo tsa hae.”—Luka 2:46, 47.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela