Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Luka
HOA tsebahala hore kosepele ea Matheu e ne e ngoletsoe haholo-holo babali ba Bajuda, athe Kosepele ea Mareka eona e ne e ngoletsoe batho bao e seng Bajuda. Leha ho le joalo, Kosepele ea Luka e ne e ngoletsoe batho ba lichaba tsohle. Buka ea Luka e ngotsoeng hoo e ka bang ka 56-58 C.E., e fana ka tlaleho e feletseng ea bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae.
A e-na le boikutlo ba ngaka e nang le kutloelo-bohloko le e elang lintho hloko, Luka o sala “lintho tsohle morao ho tloha qalong ka ho nepahala” ’me o akaretsa nako ea lilemo tse 35—ho tloha ka 3 B.C.E. ho ea ho 33 C.E. (Luka 1:3) Hoo e ka bang karolo ea 60 lekholong ea boitsebiso bo Kosepeleng ea Luka ha bo fumanehe Likosepeleng tse ling.
TŠEBELETSO EA HAE EA QALONG
Ka mor’a ho fana ka makolopetso a tsoalo ea Johanne Mokolobetsi le ea Jesu, Luka o re bolella hore Johanne o ile a qala tšebeletso ea hae selemong sa bo15 sa ho busa ha Tiberiuse Cesare, ke hore, nakong ea selemo ka 29 C.E. (Luka 3:1, 2) Jesu o kolobetsoa ke Johanne nakong ea hoetla selemong sona seo. (Luka 3:21, 22) Ka 30 C.E., ‘Jesu o khutlela Galilea ’me o qala ho ruta ka lisynagogeng tsa bona.’—Luka 4:14, 15.
Jesu o qalisa leeto la hae la pele la boboleli Galilea. O re ho bongata: “Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo le metseng e meng.” (Luka 4:43) O nka Simone eo e leng motšoasi oa litlhapi le ba bang. O re: “Ho tloha joale ho ea pele u tla tšoasa batho ba phela.” (Luka 5:1-11; Mat. 4:18, 19) Baapostola ba 12 ba na le Jesu leetong la hae la bobeli la boboleli Galilea. (Luka 8:1) Leetong la boraro o romela ba 12 ho ea “bolela ’muso oa Molimo le ho folisa.”—Luka 9:1, 2.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
1:35—Na sele ea lehe la Maria, e ile ea phetha karolo leha e le efe boimaneng ba hae? E le hore ngoana oa Maria e be setloholo sa ’nete sa baholo-holo ba hae Abrahama, Juda le Davida, joalokaha Molimo a ne a tšepisitse, sele ea lehe la hae e ne e lokela ho phetha karolo e itseng boimaneng ba hae. (Gen. 22:15, 18; 49:10; 2 Sam. 7:8, 16) Leha ho le joalo, moea o halalelang oa Jehova o ile oa sebelisoa ho fetisetsa bophelo bo phethahetseng ba Mora oa Molimo pōpelong ea Maria le ho etsa hore a ime. (Mat. 1:18) Kamoo ho bonahalang kateng, sena se ile sa tlosa ho se phethahale leha e le hofe ho neng ho le leheng la Maria, ’me ho tloha qalong feela se ile sa sireletsa lesea le ntseng le hōla ka pōpelong nthong leha e le efe e neng e ka le ntša kotsi.
1:62—Na Zakaria e ile ea e-ba semumu le tsebe-tutu? Che. Ke ho bua feela ho ileng ha ameha. Ba bang ba ile ba mo botsa “ka lipontšo” hore na o ne a batla hore ngoana a rehoe mang empa eseng hobane Zakaria a ne a sa utloe. Ho ka etsahala hore ebe o ile a utloa seo mosali oa hae a neng a se buile ka ho rehoa ha mora oa bona lebitso. Mohlomong ba bang ba ile ba bua ka matsoho ha ba botsa Zakaria ka sena. Taba ea hore o ne a lokela ho thusoa feela hore a tsebe ho bua hape e bontša hore o ne a ntse a utloa litsebeng.—Luka 1:13, 18-20, 60-64.
2:1, 2—“Ngoliso ena ea pele” eo ho buuoang ka eona e re thusa ho tseba nako ea ho tsoaloa ha Jesu joang? Pusong ea Cesare Augustase, ngoliso ha ea etsoa ka lekhetlo le le leng—ea pele e entsoe ka 2 B.C.E. phethahatsong ea Daniele 11:20 ’me ea bobeli ea etsoa ka 6 kapa 7 C.E. (Lik. 5:37) Kuirinease e ne e le ’musisi oa Syria nakong ea lingoliso tseo ka bobeli, kamoo ho bonahalang kateng ebile ’musisi ka makhetlo a mabeli. Ha Luka a bua ka ngoliso ea pele seo se bolela hore Jesu o tsoetsoe ka 2 B.C.E.
2:35—“Sabole e telele” e ne e tla phunyeletsa moeeng oa Maria joang? Sena se bolela ho nyahama hoo Maria a neng a tla ho utloa ha a bona batho ba bangata ba sa amohele Jesu e le Mesia le bohloko boo a neng a tla bo utloa ka lebaka la lefu la Jesu le bohloko.—Johanne 19:25.
9:27, 28—Ke hobane’ng ha Luka a re ho fetoha sebōpeho ho etsahetse “matsatsi a robeli” ka mor’a hore Jesu a tšepise barutuoa ba hae hore ba bang ba bona ‘ho hang ba ne ba ke ke ba latsoa lefu’ ho fihlela ba mo bona a e-tla a le ’Musong oa hae, athe Matheu le Mareka bona ba bolela hore e ne e le “matsatsi a tšeletseng hamorao”? (Mat. 17:1; Mar. 9:2) Kamoo ho bonahalang kateng, Luka o akarelletsa matsatsi a mang a mabeli—letsatsi leo tšepiso e entsoeng ka lona le letsatsi leo e phethahetseng ka lona.
9:49, 50—Ke hobane’ng ha Jesu a sa ka a thibela monna e mong ho leleka bademona, le hoja monna eo e ne e se molateli oa hae? Jesu ha aa ka a thibela monna eo hobane ka nako eo phutheho ea Bokreste e ne e e-s’o thehoe. Kahoo, ho ne ho sa hlokahale hore monna eo a latele Jesu e le hore a bontše tumelo lebitsong la Jesu le ho leleka bademona.—Mar. 9:38-40.
Seo re Ithutang Sona:
1:32, 33; 2:19, 51. Maria o ile a boloka ka pelong ea hae liketsahalo le lipolelo tse ileng tsa phethahatsa boprofeta. Na ka lipelong tsa rōna re boloka seo Jesu a se boletseng esale pele mabapi le “qetello ea tsamaiso ea lintho,” ka ho bapisa seo a se buileng le se etsahalang kajeno?—Mat. 24:3.
2:37. Mohlala oa Anna o re ruta hore re lokela ho rapela Jehova ka tiisetso, re ‘phehelle thapelong,’ ’me re se ke ra tlohela “ho bokana ha rōna” libokeng tsa Bokreste.—Bar. 12:12; Baheb. 10:24, 25.
2:41-50. Borapeli ba Molimo bo ne bo tla pele bophelong ba Josefa ebile o ne a hlokomela lelapa la hae ka lintho tse bonahalang le ka lintho tsa moea. O behetse lihlooho tsa malapa mohlala o motle lintlheng tsena.
4:4. Letsatsi ha lea lokela ho feta re sa ka ra nahana ka lintho tsa moea.
6:40. Mosuoe oa Lentsoe la Molimo o lokela ho behela liithuti tsa hae mohlala o motle. O lokela ho phetha seo a se rutang.
8:15. E le hore re ‘boloke lentsoe le ho beha litholoana ka mamello,’ re lokela ho utloisisa, ho ananela le ho amohela Lentsoe la Molimo. Re lokela ho thuisa re bile re ntse re rapela ha re bala Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng.
TŠEBELETSO EA JESU EA MORAO
Jesu o romela ba bang ba 70 ka pele ho eena metseng le metsaneng ea Judea. (Luka 10:1) O “tloha motseng o mong ho ea ho o mong le ho tloha motsaneng o mong ho ea ho o mong, a ruta.”—Luka 13:22.
Matsatsi a mahlano pele ho Paseka ea 33 C.E., Jesu o kena Jerusalema a palame petsana ea esele. E se e le nako ea hore ho phethahale mantsoe ao a a boleletseng barutuoa ba hae: “Mor’a motho o tla feta litlhokofatsong tse ngata le ho lahloa ke banna ba baholo le baprista ba ka sehloohong le bangoli, le ho bolaoa, ’me a tsosoe ka letsatsi la boraro.”—Luka 9:22, 44.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
10:18—Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a re ho barutuoa ba hae ba 70: “Ke ile ka qala ho bona Satane a se a oele joaloka lehalima leholimong”? Jesu o ne a sa bolele hore Satane o ne a se a lelekiloe leholimong. Seo se ile sa etsahala kapele ka mor’a hore Kreste a hlomamisoe ho ba Morena oa leholimo ka 1914. (Tšen. 12:1-10) Le hoja re ke ke ra tiisa hore ho joalo, ha Jesu a ne a bua ka ketsahalo ea nako e tlang joalokaha eka e se e etsahetse, ho bonahala eka o ne a hatisa hore joang kapa joang e ne e tla etsahala.
14:26—Ke ka kutloisiso efe balateli ba Kreste ba lokelang ho ‘hloea’ beng ka bona? Ka Bibeleng, ho ‘hloea’ ho ka bolela ho rata motho kapa ntho e itseng hanyenyane ho feta e ’ngoe. (Gen. 29:30, 31) Bakreste ba lokela ho ‘hloea’ beng ka bona ka kutloisiso ea hore ba ba rata hanyenyane ho feta kamoo ba ratang Jesu kateng.—Mat. 10:37.
17:34-37—“Lintsu” ke bo-mang ’me “setopo” seo li bokanang ho sona ke eng? Ba ‘nkoang,’ kapa ba pholosoang, ba bapisoa le lintsu tse bonelang hōle. “Setopo” seo ba bokanang ho sona ke Kreste oa ’nete ho beng teng ha hae ho sa bonahaleng le lijo tsa moea tseo Jehova a ba fang tsona.—Mat. 24:28.
22:44—Ke hobane’ng ha Jesu a ile a utloa bohloko bo otlang pelo hakaale? Sena se etsahetse ka mabaka a ’maloa. Jesu o ne a amehile ka hore na ho shoa ha hae joaloka senokoane ho ne ho tla ama Jehova Molimo le lebitso la Hae joang. Ho feta moo, Jesu o ne a tseba hantle hore bophelo ba hae ba ka ho sa feleng le bokamoso ba moloko oohle oa batho bo ne bo itšetlehile ka hore a lule a tšepahala.
23:44—Na ho sira ha khoeli letsatsi ke hona ho ileng ha etsa hore ho be le lefifi le nkileng lihora tse tharo? Che. Khoeli e sira letsatsi feela nakong ea ha khoeli e thoasitse, eseng ha khoeli e tolokile, joaloka nakong ea Paseka. Lefifi le ileng la e-ba teng letsatsing leo Jesu a shoeleng ka lona e ne e le mohlolo o tsoang ho Molimo.
Seo re Ithutang Sona:
11:1-4. Ho bapisa litaelo tsena le mantsoe a fapaneng hanyenyane a thapelo ea mohlala e fanoeng Thutong ea Thabeng likhoeli tse 18 pejana, ho bontša ka ho hlaka hore lithapelo tsa rōna ha ea lokela ho ba taba feela ea ho pheta-pheta mantsoe a itseng.—Mat. 6:9-13.
11:5, 13. Le hoja Jehova a ikemiselitse ho araba lithapelo tsa rōna, re lokela ho phehella ha re rapela.—1 Joh. 5:14.
11:27, 28. Thabo ea sebele e tlisoa ke ho etsa thato ea Molimo ka botšepehi, eseng likamano tsa rōna tsa lelapa kapa ho bokella lintho tse bonahalang.
11:41. Limpho tsa rōna tsa mohau li lokela ho tsoa pelong e nang le lerato le boikemisetso.
12:47, 48. Motho ea filoeng boikarabelo bo boholo empa a sa bo phethe o molato ho feta motho ea sa tsebeng mesebetsi ea hae kapa ea sa e utloisiseng ka botlalo.
14:28, 29. Re bohlale haeba re phela ka seo re nang le sona.
22:36-38. Jesu ha aa ka a bolella barutuoa ba hae hore ba nke sebetsa bakeng sa ho itšireletsa. Ho e-na le hoo, lisabole tseo ba neng ba li nkile bosiung boo a ileng a ekoa ka bona li ile tsa etsa hore Jesu a tsebe ho ba ruta thuto ea bohlokoa: “Bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.”—Mat. 26:52.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Josefa o ile a beha mohlala o motle joaloka hlooho ea lelapa
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
Luka ke eena ea ngotseng tlaleho e feletseng ea bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae