Basali ba Bakreste ba Tšoaneloa ke Tlhompho le Tlōtlo
“Lōna banna, le phelisane le bona ka hlokomelo, ka ho re, mosali ke pitsa e fetisang ka ho fokola, ’me le ba hlomphe.”—1 PETROSE 3:7.
1, 2. (a) Puisano ea Jesu le mosali oa Mosamaria selibeng e ile ea susumetsa kameho efe, hona hobane’ng? (Bona le mongolo o botlaaseng ba leqephe.) (b) Ka ho bolela mosaling oa Mosamaria, Jesu o ile a bontša eng?
KA TSATSI le leng e le motšehare o moholo ho elella bofelong ba 30 C.E., selibeng sa boholo-holo se pel’a motse oa Sikare, Jesu o ile a senola boikutlo ba hae mabapi le tsela eo basali ba lokelang ho tšoaroa ka eona. O ne a qetile karolo ea hoseng a tsamaea motseng o maralla oa Samaria ’me a fihla selibeng a khathetse, a lapile, a bile a nyoriloe. Ha a lula pel’a seliba, mosali oa Mosamaria o ile a tla ho tla kha metsi. Jesu o ile a re ho eena: “Mphe, ke noe.” E tlameha ebe mosali o ile a mo hobolela mahlo a maketse. O ile a botsa: “Ere u le mo-Juda, u qela joang metsi ho ’na, ke le mosali oa Samaria?” Hamorao, ha barutuoa ba hae ba khutla ho tsoa reka lijo, ba ile ba makala, ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha Jesu a ne a “bua le mosali.”—Johanne 4:4-9, 27.
2 Ke eng e ileng ea susumetsa potso ea mosali eo le kameho ea barutuoa ba hae? E ne e le Mosamaria, ’me Bajode ba ne ba sa sebelisane le Basamaria. (Johanne 8:48) Empa ho totobetse hore ho ne ho boetse ho e-na le lebaka le leng la ho ameha. Ka nako eo, neano ea bo-rabbi e ne e sa khothalletse banna ho buisana le basali phatlalatsa.a Leha ho le joalo, Jesu o ile a bolela pepenene ho mosali enoa ea nang le thahasello ea sebele, esita le ho mo senolela hore ke Messia. (Johanne 4:25, 26) Ka hona Jesu o ile a bontša hore o ne a ke ke a thibeloa ke lineano tseo eseng tsa mangolo, ho kopanyelletsa le tse theolang basali seriti. (Mareka 7:9-13) Ho fapana le moo, ka seo a se entseng le ka seo a se rutileng, Jesu o ile a bontša hore basali ba lokela ho tšoaroa ka tlhompho le ka tlōtlo.
Kamoo Jesu a Ileng a Tšoara Basali Kateng
3, 4. (a) Jesu o ile a arabela joang ho mosali ea ileng a ama seaparo sa hae? (b) Jesu o ile a beha mohlala o motle joang bakeng sa banna ba Bakreste, haholo-holo balebeli?
3 Kutloelo-bohloko e mofuthu ea Jesu ho batho e ile ea bonahala ka tsela eo a neng a tšoara basali ka eona. Ka lekhetlo le leng mosali ea neng a e-na le phallo ea mali ka lilemo tse 12 o ile a batla Jesu har’a letšoele. Boemo ba hae bo ne bo mo etsa ea sa hloekang ho ea ka neano, kahoo o ne a sa lokela ho ba moo. (Levitike 15:25-27) Empa o ne a tsielehile hoo a ileng a nyenyelepa ho ea fihla ka mor’a Jesu. Ha a ama seaparo sa hae, o ile a fola hang-hang! Le hoja Jesu a ne a le tseleng a ea lapeng la Jairuse, eo morali oa hae a neng a kula haholo, o ile a ema. Kaha o ile a utloa matla a tsoa ho eena, o ile a qamaka ho mo potoloha ho bona hore na o anngoe ke mang. Qetellong, mosali enoa o ile a tla ’me a itihela pel’a hae a thothomela. Na Jesu o ne a tla mo khobola ka lebaka la ho ba har’a letšoele kapa hobane a amme seaparo sa hae a sa kōpa tumello ea hae? Ho e-na le hoo, mosali enoa o ile a fumana hore o mofuthu ebile o mosa. O ile a re: “Morali oa ka; tumelo ea hao e u pholositse.” Lena ke lona feela lekhetlo leo Jesu ka ho toba a ileng a bitsa mosali “morali oa ka.” E tlameha ebe lentsoe leo le ile la mo thoba pelo hakaakang!—Mattheu 9:18-22; Mareka 5:21-34.
4 Jesu o ile a hlokomela se fetang feela se boleloang ke Molao. O ile a bona morero oa oona o akaretsang le tlhokahalo ea mohau le kutloelo-bohloko. (Bapisa le Mattheu 23:23.) Jesu o ile a hlokomela boemo ba ho tsieleha ba mosali ea kulang ’me a nahanela hore o ne a susumetsoa ke tumelo. Ka hona o ile a beha mohlala o motle bakeng sa banna ba Bakreste, haholo-holo balebeli. Haeba khaitseli oa Mokreste a tobane le mathata a botho kapa boemo bo thata ka mokhoa o khethehileng kapa teko, baholo ba lokela ho leka ho sheba ka nģane ho mantsoe kapa liketso tsa nakong eo empa ba nahanele maemo le mabaka. Temohisiso e joalo e ka bontša hore ho hlokahala mamello, kutloisiso, le kutloelo-bohloko ho e-na le keletso le khalemelo.—Liproverbia 10:19; 16:23; 19:11.
5. (a) Basali ba ne ba thibetsoe ka tsela efe ke lineano tsa bo-rabbi? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.) (b) Ke bo-mang ba pele ba ileng ba bona le ho paka Jesu ea tsositsoeng?
5 Kaha ba ne ba tantelletsoe ke lineano tsa bo-rabbi, basali ba neng ba phela ha Jesu a le lefatšeng ba ne ba thibetsoe ho sebeletsa e le lipaki tsa molao.b Nahana se ileng sa etsahala nakoana ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung hoseng ha la 16 Nisane, 33 C.E. Ke bo-mang bao e neng e tla ba ba pele ba ho bona Jesu ea tsositsoeng le ho pakela barutuoa ba bang hore Morena oa bona o tsositsoe? E bile basali ba neng ba lutse moo ba neng ba ka bona moo a khokhothetsoeng teng ho fihlela a e-shoa.—Mattheu 27:55, 56, 61.
6, 7. (a) Jesu o ile a re’ng ho basali ba tlileng lebitleng? (b) Qalong barutuoa ba Jesu ba batona ba ile ba arabela joang bopaking ba basali, ’me ho ka ithutoa eng ka see?
6 Hoseng ha letsatsi la pele la beke, Maria Magdalena le basali ba bang ba ile ba ea lebitleng ba nkile linōko bakeng sa ho tlotsa setopo sa Jesu. Ha ba fumana hore lebitla le feela, Maria o ile a matha ho ea bolella Petrose le Johanne. Basali ba bang ba ile ba sala. Kapele, lengeloi le ile la hlaha ho bona ’me la ba bolella hore Jesu o tsositsoe. Lengeloi le ile la ba laela: “Le mpe le phakise le ee ho bolella barutuoa ba hae.” Ha basali bana ba potlakela ho ea bolela litaba, Jesu ka boeena o ile a hlaha ho bona. O ile a ba bolella hore: “E-eang, le bolelle banab’eso.” (Mattheu 28:1-10; Mareka 16:1, 2; Johanne 20:1, 2) Maria Magdalena a sa tsebe hore lengeloi le ile la ba teng ’me a aparetsoe ke mesarelo, o ile a khutlela lebitleng le se nang letho. Jesu o ile a hlaha ho eena moo, ’me ka mor’a hore qetellong a mo tsebe, o ile a re: “U mpe u ee ho banab’eso, u re ho bona: Ke nyolohela ho Ntate, e leng le Ntat’a lōna, ho Molimo oa ka, e leng le Molimo oa lōna.”—Johanne 20:11-18; bapisa le Mattheu 28:9, 10.
7 Jesu a ka be a hlahile pele ho Petrose, Johanne, kapa e mong oa barutuoa ba hae ba batona. Ho e-na le hoo, o ile a khetha ho etsetsa basali bana molemo ka ho ba etsa lipaki tsa pele tse boneng tsoho ea hae ka mahlo le ka ho ba roma hore ba pake sena ho barutuoa ba hae ba batona. Qalong banna ba ile ba arabela joang? Tlaleho e re: “Taba tsa basali bao tsa e-ba joalo ka tšōmo ho bona, ’me ha ba ka ba lumela.” (Luka 24:11) Na ho ka etsahala hore ba fumane ho le thata ho kholoa bopaki boo hobane bo ne bo e-tsoa ho basali? Haeba ho joalo, hamorao ba ile ba fumana bopaki bo bongata ba hore Jesu o tsohile bafung. (Luka 24:13-46; 1 Ba-Korinthe 15:3-8) Kajeno, banna ba Bakreste ba etsa ka bohlale ha ba nahanela maikutlo a bo-khaitseli ba bona ba moea.—Bapisa le Genese 21:12.
8. Ka tsela eo a neng a sebetsana le basali ka eona, Jesu o ile a senola eng?
8 Ruri hoa thabisa ho hlokomela tsela eo Jesu a ileng a tšoara basali ka eona. Kamehla o ne a bontša kutloelo-bohloko le ho leka-lekana ka ho feletseng ha a sebelisana le basali, ho se mohla a ba nyelisang kapa a ba nyenyefatsang. (Johanne 2:3-5) O ile a hana lineano tsa bo-rabbi tse neng li ba tlosa seriti ’me li etsa Lentsoe la Molimo lefeela. (Bapisa le Mattheu 15:3-9.) Ka ho tšoara basali ka tlhompho le ka tlōtlo, Jesu ka boeena o ile a senola kamoo Jehova Molimo a ikutloang kateng mabapi le tsela eo ba lokelang ho tšoaroa ka eona. (Johanne 5:19) Jesu o ile a boela a beha mohlala o motle haholo oo banna ba Bakreste ba lokelang ho o latela.—1 Petrose 2:21.
Lithuto Tsa Jesu Mabapi le Basali
9, 10. Jesu o ile a latola lineano tsa bo-rabbi mabapi le basali joang, hona o ile a re’ng ka mor’a hore Bafarisi ba phahamise potso ka tlhalo?
9 Jesu o ile a latola lineano tsa bo-rabbi ’me a fa basali seriti eseng feela ka liketso tsa hae empa le ka lithuto tsa hae. Ka mohlala, nahana seo a ileng a se ruta mabapi le tlhalo le bofebe.
10 Tabeng ea tlhalo, Jesu o ile a botsoa potso ena: “Hleka motho o lumeletsoe ho hlala mosali oa hae ka baka la eng le eng na?” Ho latela tlaleho ea Mareka, Jesu o ile a re: “E mong le e mong ea hlalang mosali oa hae [ha e se ka baka la bofebe], ’me a nyala e mong, [o etsa bofebe khahlanong le eena, NW]. Le mosali ha a hlala monna oa hae, a nyaloa ke e mong, oa feba.” (Mareka 10:10-12; Mattheu 19:3, 9) Mantsoe ana a boletsoeng ka mokhoa o bonolo a ile a bontša ho hlompha seriti sa basali. Joang?
11. Mantsoe a Jesu a reng “ha e se ka baka la bofebe” a bontša eng ka tlamo ea lenyalo?
11 Tabeng ea pele, ka mantsoe a reng “ha e se ka baka la bofebe” (a fumanoang tlalehong ea Kosepele ea Mattheu), Jesu o ne a bontša hore tlamo ea lenyalo ha e-ea lokela ho nkoa habobebe kapa e khaoloe habobebe. Thuto e atileng ea bo-rabbi e ne e lumella tlhalo ka mabaka a fokolang joaloka ha mosali a phehile hlama kapa a buisane le monna ea sa tsejoeng. E, tlhalo e ne e bile e lumelloa haeba monna a ile a fumana mosali e mong ea neng a khahleha haholoanyane mahlong a hae! Setsebi se seng sa Bibele se itse: “Ha Jesu a ne a bua tjena o ne a . . . tšehetsa basali ka ho batla ho busetsa lenyalo boemong boo le tlamehang ho ba ho bona.” Ka sebele, lenyalo e tlameha ho ba kopano e sa khaotseng eo ho eona mosali a ikutloang a sireletsehile.—Mareka 10:6-9.
12. Ka mantsoe a reng “o etsa bofebe khahlanong le eena,” ke pono efe eo Jesu a neng a e kenyelletsa?
12 Tabeng ea bobeli, ka polelo e reng “o etsa bofebe khahlanong le eena,” Jesu o ile a kenyelletsa pono e neng e sa hlokomeloe makhotleng a bo-rabbi—pono ea hore monna o etsa bofebe khahlanong le mosali oa hae. The Expositor’s Bible Commentary e-ea hlalosa: “Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejode ea bo-rabbi mosali ka ho se tšepahale o ne a etsa bofebe khahlanong le monna oa hae; ’me monna, ka ho ba le likamano tsa botona le botšehali le mosali oa monna e mong, o ne a etsa bofebe khahlanong le monna eo. Empa ho ne ho se mohla monna a ka etsang bofebe khahlanong le mosali oa hae, ho sa tsotellehe hore na o entse eng. Jesu, ka ho beha monna tlas’a tlamo e tšoanang ea boitšoaro le mosali, o ile a phahamisa boemo le seriti sa basali.”
13. Mabapi le tlhalo, Jesu o ile a bontša joang hore tlas’a tsamaiso ea Bokreste, ho ne ho tla ba le tekanyetso e le ’ngoe bakeng sa banna le basali ka bobeli?
13 Tabeng ea boraro, ka polelo e reng “ha a hlala monna oa hae,” Jesu o ile a hlokomela tokelo ea mosali ea ho hlala monna ea sa tšepahaleng—mokhoa oo ka ho totobetseng o neng o tsejoa empa o sa tloaeleha tlas’a molao oa Sejode mehleng eo.c Ho ne ho boleloa hore “mosali a ka hlaloa a rata kapa a sa rate, empa monna ke feela ha a rata.” Leha ho le joalo, ho latela Jesu, tlas’a tsamaiso ea Bokreste, tekanyo e tšoanang e ne e tla sebetsa ho banna le basali.
14. Ka lithuto tsa hae, Jesu o ile a bontša eng?
14 Lithuto tsa Jesu li senola ka ho hlakileng hore o ne a e-na le kameho e tebileng ka boiketlo ba basali. Ka hona ha ho thata ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha basali ba bang ba ne ba rata Jesu haholo hoo ba ileng ba hlokomela litlhoko tsa hae ka seo ba neng ba e-na le sona. (Luka 8:1-3) Jesu o itse: “Thuto ea ka hase ea ka, empa e le ea ea nthomileng.” (Johanne 7:16) Ka seo a se rutileng, Jesu o ile a bonahatsa ho nahanela ha Jehova ho bonolo bakeng sa basali.
“Le ba Abele Tlhompho”
15. Moapostola Petrose o ile a ngola eng mabapi le tsela eo banna ba lokelang ho tšoara basali ba bona ka eona?
15 Moapostola Petrose ka boeena o ile a hlokomela tsela eo Jesu a ileng a tšoara basali ka eona. Lilemo tse ka bang 30 hamorao, Petrose o ile a fa basali keletso e lerato eaba oa ngola: “Lōna banna‚ tsoelang pele ho phela le bona ka mokhoa o tšoanang ho latela tsebo‚ le ba abele tlhompho joaloka sejana se fokolang‚ se setšehali‚ kaha le boetse le le majalefa hammoho le bona mohaung o sa tšoanelang oa bophelo‚ e le hore lithapelo tsa lōna li tle li se ke tsa sitisoa.” (1 Petrose 3:7, NW) Petrose o ne a bolela’ng ka mantsoe a reng “le ba abele tlhompho”?
16. (a) Moelelo oa lereho la Segerike le fetoletsoeng e le “tlhompho” ke ofe? (b) Jehova o ile a hlompha Jesu joang nakong ea ha a fetohela boemong bo phahameng bo khanyang, hona re ithuta eng ho see?
16 Ho latela mongoli e mong oa buka e hlalosang mantsoe, lereho la Segerike le fetoletsoeng e le “tlhompho” (ti·meʹ) le bolela “theko, bohlokoa, tlotla, tlōtlo.” Mefuta ea lentsoe lena la Segerike e fetoleloa e le “limpho” le “bohlokoa.” (Liketso 28:10, NW; 1 Petrose 2:7) Re fumana temohisiso mabapi le seo ho hlompha motho e mong ho se bolelang haeba re hlahloba tšebeliso ea Petrose ea sebōpeho sa lentsoe le tšoanang ho 2 Petrose 1:17. Mona o ne a bua ka ho fetohela ha Jesu boemong bo phahameng bo khanyang a re: “A fuoa hlompho le tlotliso ke Molimo, Ntat’ae, mohla lentsoe le mo tlelang, le e-tsoa khanyeng e phahameng le re: Enoa ke Mora oa ka ea ratoang, eo ke khahlisoang ke eena.” Nakong ea ho fetohela ha Jesu boemong bo phahameng bo khanyang, Jehova o ile a hlompha Mora oa hae ka ho bontša hore o amohela Jesu, ’me Molimo o ile a etsa sena ba bang ba ntse ba utloa. (Mattheu 17:1-5) Monna ea hlomphang mosali oa hae, ha a mo tlotlolle kapa ho mo nyelisa. Ho e-na le hoo, o bontša ka mantsoe le liketso—sephiring le phatlalatsa—hore o mo nka e le oa bohlokoa.—Liproverbia 31:28-30.
17. (a) Ke hobane’ng ha basali ba Bakreste ba tšoaneloa ke tlhompho? (b) Ke hobane’ng ha monna a sa lokela ho ikutloa eka ke oa bohlokoa haholoanyane ho feta mosali mahlong a Molimo?
17 Tlhompho ena, Petrose o re, banna ba Bakreste ba lokela ho e ‘abela’ basali ba bona. E tlameha ho fanoa, eseng e le ketso ea mosa, empa e le tokelo e ba tšoanetseng. Ke hobane’ng ha basali ba tšoaneloa ke tlhompho e joalo? Hobane Petrose o hlalosa tjena: ‘Ke majalefa hammoho le lōna a mohau oa bophelo.’ Lekholong la pele la lilemo C.E., banna le basali ba ileng ba amohela lengolo la Petrose kaofela ba ne ba bitselitsoe ho ba majalefa hammoho le Kreste. (Ba-Roma 8:16, 17; Ba-Galata 3:28) Ba ne ba se na boikarabelo bo tšoanang ka phuthehong, empa qetellong ba ne ba tla kopanela ho buseng le Kreste leholimong. (Tšenolo 20:6) Le kajeno, nakong ea ha boholo ba batho ba Molimo bo e-na le tšepo ea lefatšeng, e ne e ka ba phoso e tebileng hore monna leha e le ofe oa Mokreste a nahane hore ka lebaka la litokelo tseo e ka ’nang eaba o na le tsona ka phuthehong, ke oa bohlokoa haholoanyane mahlong a Molimo ho feta basali. (Bapisa le Luka 17:10.) Banna le basali ba na le boemo bo lekanang ba moea ho Molimo, hobane lefu la Jesu la sehlabelo le buletse banna le basali ka bobeli monyetla o tšoanang—oa ho lokoloha tsuong ea sebe le lefu, ba lebelletse bophelo bo sa feleng.—Ba-Roma 6:23.
18. Ke lebaka lefe le tlamang leo Petrose a fanang ka lona bakeng sa hore monna a hlomphe mosali oa hae?
18 Petrose o fana ka lebaka le leng le tlamang leo ka lona monna a lokelang ho hlompha mosali oa hae, “lithapelo tsa [hae] li tle li se ke tsa sitisoa.” Poleloana “li tle li se ke tsa sitisoa” e tsoa leetsing la Segerike (en·koʹpto) leo ha e le hantle le bolelang “ho thibeloa.” Ho latela Expository Dictionary of New Testament Words ea Vine, le “ile la sebelisoa ho batho ba sokelang ho senya tsela, kapa ho beha tšitiso hantle feela ka hare ho tsela.” Kahoo, monna ea hlōlehang ho hlompha mosali oa hae a ka ’na a fumana hore ho na le thibelo tabeng ea hore Molimo a utloe lithapelo tsa hae. Monna a ka ’na a ikutloa a sa tšoanelehe ho atamela Molimo, kapa Jehova a ka ’na a se ke a ikemisetsa ho mamela. Ka ho hlakileng, Jehova o ameha haholo ka tsela eo banna ba tšoarang basali ka eona.—Bapisa le Lillo Tsa Jeremia 3:44.
19. Banna le basali ka phuthehong ba ka sebetsa joang hammoho ka ho hlomphana?
19 Tlamo ea ho bontša tlhompho ha e ho banna feela. Le hoja monna a lokela ho hlompha mosali oa hae ka ho mo tšoara ka lerato le ka seriti, mosali o lokela ho hlompha monna oa hae ka ho ikokobetsa le ho bontša tlhompho e tebileng. (1 Petrose 3:1-6) Ho feta moo, Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste ho ‘hlomphana.’ (Ba-Roma 12:10) Ena ke pitso e eang ho banna le basali ka phuthehong hore ba sebetse hammoho ka ho hlomphana. Ha ho rena moea o joalo, basali ba Bakreste ba ke ke ba bua ka mokhoa o nyatsang matla a ho laela a ba etellang pele. Ho e-na le hoo, ba tla tšehetsa baholo ’me ba sebelisane le bona. (1 Ba-Korinthe 14:34, 35; Ba-Heberu 13:17) Ka lehlakoreng la bona, balebeli ba Bakreste ba tla tšoara “basali ba hōlileng joalo ka hoja ke [bo-’mè], ba bacha joalo ka hoja ke [bo-khaitseli], ka hloeko eohle.” (1 Timothea 5:1, 2) Ka bohlale, baholo ba tla nahanela ka mosa maikutlo a bo-khaitseli ba bona ba Bakreste. Ka hona, ha khaitseli a bontša ho nahanela bohlooho ba puso ea bomolimo ’me ka tlhompho a botsa potso kapa esita le ho bolela ntho e itseng e hlokang tlhokomelo, ka thabo baholo ba tla nahanela potso ea hae kapa bothata ba hae.
20. Ho latela tlaleho ea Mangolo, basali ba lokela ho tšoaroa joang?
20 Haesale sebe se kena Edene, lichabeng tse ngata basali ba theoletsoe boemong ba ho se hlomphuoe. Empa ena hase tšoaro eo qalong Jehova a neng a ba reretse eona. Ho sa tsotellehe pono e atileng ka basali ho latela setso, tlaleho ea Mangolo a Seheberu le a Segerike a Bokreste e bontša ka ho hlaka hore basali ba tšabang Molimo ba lokela ho tšoaroa ka tlhompho le ka tlōtlo. Ke tokelo eo ba e fuoeng ke Molimo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a The International Standard Bible Encyclopedia ea hlalosa: “Basali ba ne ba sa je le baeti ba banna, ’me banna ba ne ba sa khothalletsoe ho buisana le basali. . . . Ho buisana le mosali phatlalatsa e ne e le mahlabisa-lihlong ka ho khethehileng.” Mishnah ea Bajode, e leng pokello ea lithuto tsa bo-rabbi, e ile ea eletsa: “U se bue haholo le basali. . . . Ea buang haholo le basali o itlisetsa tšenyeho ’me o hlokomoloha thuto ea Molao ’me qetellong o tla ja lefa la Gehenna.”—Aboth 1:5.
b Buka ea Palestine in the Time of Christ e re: “Maemong a mang, mosali o ne a behoa boemong bo lekanang le ba lekhoba. Ka mohlala, o ne a ke ke a fana ka bopaki lekhotleng la molao, ntle le haeba a pakela lefu la monna oa hae.” Ha e bua ka Levitike 5:1, The Mishnah ea hlalosa: “[Molao oa] ‘kano ea bopaki’ o sebetsa ho banna eseng ho basali.”—Shebuoth 4:I.
c Rahistori oa Mojode oa lekholong la pele la lilemo Josephus o tlaleha hore Salome khaitseli ea Morena Heroda o ile a romella monna oa hae “tokomane e neng e khaola lenyalo la bona, e leng ntho e neng e sa lumellane le molao oa Sejode. Hobane ke monna (feela) eo re mo lumellang ho etsa sena.”—Jewish Antiquities, XV, 259 [vii, 10].
Karabo ea Hao ke Efe?
◻ Ke mehlala efe e bontšang hore Jesu o ne a hlompha basali le ho ba tlōtla?
◻ Lithuto tsa Jesu li ile tsa bontša ho hlompha seriti sa basali joang?
◻ Ke hobane’ng ha monna a lokela ho hlompha mosali oa hae oa Mokreste?
◻ Ke tlamo efe ea ho bontša tlhompho eo Bakreste bohle ba nang le eona?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Basali ba tšabang Molimo ba ile ba thabisoa ke hore e be bona ba pele ba ho bona Jesu ea tsositsoeng, ea ileng a re ba pakele baena ba hae