-
Buka ea Bibele ea 42—Luka“Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
-
-
1. Luka o ngotse Kosepele ea mofuta ofe?
KOSEPELE ea Luka e ngotsoe ke monna ea neng a e-na le kelello e thahasellang lintho le pelo e mosa, ’me ho tsoakana hona ho hotle ha litšoaneleho, le tataiso ea moea oa Molimo, ho felletse ka tlaleho e nepahetseng le e tletseng ka mofuthu le boikutlo. Litemaneng tse qalang, o re, “Le ’na ke entse qeto, hobane ke setse lintho tsohle morao ho tloha qalong ka ho nepahala, hore ke u ngolle tsona ka lenaneo la tsona.” Nehelano ea hae e qaqileng, e hlokolosi e tšehetsa ka botlalo phatlalatso ena.—Luka 1:3, NW.
-
-
Buka ea Bibele ea 42—Luka“Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
-
-
4. Luka e ka ’na eaba e ngotsoe neng, ’me ke maemo afe a tšehetsang pono ee?
4 Luka o ngotse Kosepele ea hae neng? Liketso 1:1 e bontša hore mongoli oa Liketso (eo e neng e ntse e le Luka) pejana o ne a bokelletse “tlaleho ea pele,” Kosepele eo. Liketso mohlomong e phethiloe hoo e ka bang ka 61 C.E. ha Luka a ne a le Roma le Pauluse, ea neng a emetse boipiletso ba hae ho Cesare. Kahoo tlaleho ea Kosepele ena mohlomong e ne e ngotsoe ke Luka Cesarea hoo e ka bang ka 56-58 C.E., hoba a khutle le Pauluse Filippi qetellong ea leeto la boraro la boromuoa la Pauluse le ha Pauluse a ntse a letile lilemo tse peli chankaneng Cesarea pele a isoa Roma ka boipiletso ba hae. Kaha Luka o ne a le moo Palestina, nakong ena o ne a le sebakeng se setle hore a ka ‘sala lintho tsohle morao ho tloha qalong ka ho nepahala’ mabapi le bophelo le tšebeletso tsa Jesu. Kahoo, tlaleho ea Luka e bonahala e ngotsoe pele ho Kosepele ea Mareka.
5. Ke ho tloha mehloling efe moo e ka ’nang eaba Luka o ‘setse morao ka ho nepahala’ liketsahalo tsa bophelo ba Jesu?
5 Ha e le hantle, Luka e ne e se paki e boneng ea liketsahalo tsohle tse tlalehiloeng Kosepeleng ea hae, kaha e ne e se e mong oa ba 12 ’me mohlomong e ne e bile e se molumeli ho fihlela ka mor’a lefu la Jesu. Leha ho le joalo, o ne a tloaelane haufi-ufi le Pauluse karolong ea boromuoa. (2 Tim. 4:11; Filemone 24) Kahoo, joalokaha ho ka lebelloa, seo a se ngotseng se bontša tšusumetso ea Pauluse, joalokaha ho ka bonoa ha ho bapisoa litlaleho tsa bona tse peli tsa Sejo sa Morena sa Mantsiboea, ho Luka 22:19, 20 le 1 Ba-Kor. 11:23-25. E le mohloli o tsoelang pele oa taba, Luka o ne a ka ’na a nka taba Kosepeleng ea Mattheu. Ha a ‘sala lintho tsohle morao ka ho nepahala,’ ka boeena o ne a tla khona ho batla litaba ho lipaki tse ngata tse boneng liketsahalo tsa bophelo ba Jesu, joaloka barutuoa ba ntseng ba phela ’me mohlomong ’mè oa Jesu, Maria. Re ka kholiseha hore o ile a phenya-phenya ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho bokella lintlha tse tšepahalang.
-