Khaolo ea 10
“Ho Ngoliloe”
1-3. Jesu o batla hore batho ba Nazaretha ba etse qeto efe ea bohlokoa, hona o fana ka bopaki bofe?
KE QALONG ea tšebeletso ea Jesu. Kreste o khutletse motseng oa habo oa Nazaretha. O ikemiselitse ho thusa batho ba moo hore ba etse qeto ea bohlokoa: Ke eena Mesia ea boletsoeng esale khale! O paka seo joang?
2 Ha ho pelaelo hore ba bangata ba lebeletse hore a etse mohlolo o itseng. Ba utloetse litlaleho tsa mesebetsi e hlollang eo Jesu a e entseng. Empa bona ha a ba etsetse eona. Ho e-na le hoo, o ikela synagogeng joaloka mehleng. Oa ema e le hore a bale, ’me o fuoa moqolo oa Esaia. Ke moqolo o molelele, mohlomong o haretsoe lithupeng tse peli, ’me Jesu o o harolla ka hloko ho fihlela a fihla temaneng eo a e batlang. Ka mor’a moo o balla holimo mantsoe ao hona joale a hlahang ho Esaia 61:1-3.—Luka 4:16-19.
3 Ha ho pelaelo hore bamameli ba hae ba tseba mantsoe ao. Ke a boprofeta bo buang ka Mesia. Bohle ba ka synagogeng ba shebile Jesu. Ba thōtse tu! Joale Jesu o qala ho hlalosa, mohlomong o bile o qaqisa taba: “Kajeno lengolo lena leo le sa tsoa le utloa le phethahetse.” Bamameli ba hlolloa ke mantsoe a hae a khahlisang, empa kamoo ho bonahalang kateng ba bangata ba ntse ba batla ho bona pontšo e ’ngoe ea mohlolo. Empa ho e-na le hoo, ka sebete Jesu o fana ka mehlala ea Mangolo ho pepesa ho hloka tumelo ha bona. Nakoana ka mor’a moo, batho ba Nazaretha ba leka ho mo bolaea!—Luka 4:20-30.
4. Jesu o ile a beha mohlala ofe tšebeletsong ea hae, hona re tla tšohla eng khaolong ee?
4 Tabeng ena Jesu o ile a beha mohlala oo a ileng a tšoarella ho oona nakong eohle ea tšebeletso ea hae. O ne a itšetlehile ka matla Lentsoeng la Molimo le bululetsoeng. Ke ’nete hore mehlolo eo a neng a e etsa e ne e le ea bohlokoa haholo ntlheng ea ho bontša hore moea oa Molimo o ho eena. Empa ha ho letho le leng leo Jesu a neng a le nka e le la bohlokoa ho feta Mangolo a Halalelang. A re hlahlobeng mohlala oo a o behileng tabeng ena. Re tla tšohla kamoo Mong’a rōna a neng a qotsa Lentsoe la Molimo kateng, kamoo a neng a le sireletsa le kamoo a neng a le hlalosa kateng.
O ne a Qotsa Lentsoeng la Molimo
5. Jesu o ne a ikemiselitse hore bamameli ba hae ba tsebe eng, hona o ile a bontša joang hore seo a se buang ke ’nete?
5 Jesu o ne a batla hore batho ba tsebe moo molaetsa oa hae o tsoang teng. O ile a re: “Seo ke se rutang hase sa ka, empa ke sa ea nthomileng.” (Johanne 7:16) Ketsahalong e ’ngoe, o ile a re: “Ha ke etse letho le itsoelang ho ’na; empa feela joalokaha Ntate a nthutile ke bua lintho tsena.” (Johanne 8:28) Ho feta moo o ile a re: “Lintho tseo ke le bolellang tsona ha ke li bue ka ho iqalla; empa Ntate ea lutseng bonngoeng le ’na o etsa mesebetsi ea hae.” (Johanne 14:10) Tsela e ’ngoe eo Jesu a neng a netefatsa seo a neng a se bua e bile ka ho qotsa khafetsa Lentsoeng la Molimo le ngotsoeng.
6, 7. (a) Jesu o ile a qotsa Mangolo a Seheberu hangata hakae, hona ke hobane’ng ha seo se ikhetha? (b) Seo Jesu a neng a se ruta se ne se fapana joang le se neng se rutoa ke bangoli?
6 Ha ho hlahlobisisoa tlaleho ea seo Jesu a se buileng ho fumaneha hore o qotsitse ka ho toba kapa ka tsela e sa tobang libukeng tse fetang halofo ea Mangolo a Seheberu a halalelang. Qalong ho ka ’na ha utloahala ho se letho le ikhethang ka seo. U ka ’na ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha ka lilemo tseo tse tharo le halofo tseo a li qetileng a ruta a bile a bolela, a sa ka a qotsa libukeng tsohle tse bululetsoeng tse neng li fumaneha ka nako eo. Ha e le hantle, e ka ’na eaba o li qotsitse kaofela ha tsona. U hopole hore ho tlalehiloe feela karolo e itseng ea seo Jesu a se buileng le seo a se entseng. (Johanne 21:25) Ha e le hantle, u ka ’na ua nka lihora tse seng kae feela haeba u balla holimo seo Jesu a se buileng. Joale ak’u nahane u se u nka lihora tse seng kae feela u bua ka Molimo le ka ’Muso oa hae ’me u qotsa litemana libukeng tse fetang halofo ea Mangolo a Seheberu! Ho feta moo, maemong a mangata Jesu o ne a bile a sa tšoara meqolo e ngotsoeng. Ha a fana ka Thuto ea hae e tsebahalang ea Thabeng, o ile a qotsa Mangolo a Seheberu ka ho toba kapa ka tsela e sa tobang—nako le nako a a qotsa ka hlooho!
7 Lintlha tseo Jesu a neng a li qotsa li ne li bontša hore o hlompha Lentsoe la Molimo ka ho teba. Bamameli ba hae ba ile “ba hlolloa ke tsela ea hae ea ho ruta, etsoe bonang! o ne a ba ruta joaloka ea nang le bolaoli, eseng joaloka bangoli.” (Mareka 1:22) Bangoli ba ne ba rata ho qotsa seo ho neng ho thoe ke molao oa molomo ha ba ruta, ba qotsa bo-rabi ba lirutehi ba nakong e fetileng. Ha ho mohla Jesu a kileng a qotsa molao oa molomo kapa rabi ea itseng ho tšehetsa taba eo a buang ka eona. Ho e-na le hoo, o ne a nka Lentsoe la Molimo e le oona feela mohloli o matla. O ne a atisa ho re: “Ho ngoliloe.” ’Me o ne a atisa ho bua mantsoe ao kapa a batlang a tšoana le ’ona ha a ruta balateli ba hae le ha a lokisa monahano o itseng o fosahetseng.
8, 9. (a) Jesu o ile a bontša joang hore o tšehetsa matla a Lentsoe la Molimo ha a hloekisa tempele? (b) Baeta-pele ba bolumeli ba ile ba bontša hore ba tella Lentsoe la Molimo ka ho feletseng joang?
8 Ha Jesu a ne a hloekisa tempele e Jerusalema, o ile a re: “Ho ngoliloe, ‘Ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo,’ empa le e etsa lehaha la masholu.” (Matheu 21:12, 13; Esaia 56:7; Jeremia 7:11) Ka mor’a ketso eo e sebete, o ile a etsa mehlolo e mengata moo. Bashanyana ba bang ba neng ba anngoe ke seo ka ho teba, ba ile ba qala ho mo rorisa. Empa baeta-pele ba bolumeli ba ile ba botsa Jesu ka ho teneha hore na o ntse a utloa hore na bana bao ba ntse ba re’ng. Eaba o ba araba ka ho re: “E. Na ha le e-s’o ka le bala see, ‘Ho tsoa melomong ea bana le ba anyang u fane ka thoriso’?” (Matheu 21:16; Pesaleme ea 8:2) Jesu o ne a batla hore banna bao ba tsebe hore se etsahalang moo se lumellana le Lentsoe la Molimo.
9 Hamorao baeta-pele bao ba bolumeli ba ile ba khobokana hammoho, ba kharumela Jesu, ba re: “Lintho tsee u li etsa ka matla afe?” (Matheu 21:23) Jesu o ne a totobalitse Mohloli oa matla a hae. O ne a sa iqapela seo a se rutang kapa hona ho iqalla sona. O ne a mpa a sebelisa seo Lentsoe la Ntate oa hae le bululetsoeng le se buang. Ka hona, ha e le hantle baprista le bangoli bao ba ne ba bontša hore ba tella Jehova le Lentsoe la hae ka ho feletseng. Ho ne ho hlile ho loketse hore Jesu a pepese merero ea bona e khopo.—Matheu 21:23-46.
10. Re ka etsisa Jesu joang ka tsela eo re sebelisang Lentsoe la Molimo ka eona, hona ke lintho life tse ka re thusang tseo Jesu a neng a se na tsona?
10 Ho tšoana le Jesu, Bakreste ba ’nete kajeno ba itšetleha ka Lentsoe la Molimo ha ba le tšebeletsong. Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara li tsebahala ka hore li chesehela ho buisana le ba bang ka molaetsa oa Bibele. Lingoliloeng tsa rōna li qotsa Bibeleng hangata. Ha re le tšebeletsong, re etsa se tšoanang, nako le nako re leka ho bontša batho seo Mangolo a se buang ha re buisana le bona. (2 Timothea 3:16) Ruri rea thaba ha motho a re lumella ho bala Bibele le ho tšohla bohlokoa ba Lentsoe la Molimo le seo le se bolelang! Ha re na kelello e phethahetseng e khonang ho hopola lintho joaloka Jesu, empa re na le lintho tse ngata tse ka re thusang tseo Jesu a neng a se na tsona. Ntle le hore Bibele e feletseng e hatisoa ka lipuo tse ntseng li eketseha, re na le lingoliloeng tse ngata tse thehiloeng Bibeleng tse re thusang ho fumana temana leha e le efe eo re e batlang. A re ikemisetseng ho tsoela pele re qotsa Bibele le ho lebisa batho ho eona neng le neng ha monyetla o hlaha!
O ne a Sireletsa Lentsoe la Molimo
11. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a tlameha ho sireletsa Lentsoe la Molimo khafetsa?
11 Jesu o ile a fumana hore Lentsoe la Molimo le ne le atisa ho hlaseloa, empa ka sebele seo ha sea ka sa mo makatsa. Jesu o ile a re ho Ntate oa hae thapelong: “Lentsoe la hao ke ’nete.” (Johanne 17:17) Jesu o ne a tseba hantle hore Satane, e leng “’musi oa lefatše” lena, ke ea “leshano ’me ke ntate oa leshano.” (Johanne 8:44; 14:30) Jesu o ile a qotsa Mangolo ka makhetlo a mararo ha a hanyetsa liteko tsa Satane. Satane o ile a qotsa temana e ’ngoe ho Lipesaleme, a e sotha ka boomo, ’me Jesu a sireletsa Lentsoe la Molimo hore le se ke la sebelisoa hampe ka tsela eo.—Matheu 4:6, 7.
12-14. (a) Baeta-pele ba bolumeli ba ile ba bontša joang hore ha ba hlomphe Molao oa Moshe? (b) Jesu o ile a sireletsa Lentsoe la Molimo joang?
12 Jesu o ne a atisa ho sireletsa Mangolo a Halalelang ha a sebelisoa hampe, a hlalosoa hampe le ha a sothoa. Baruti ba mehleng ea hae ba ne ba khopamisa Lentsoe la Molimo. Ba ne ba hatella hore ho etsoe lintho tse nyenyane tseo Molao oa Moshe o neng o re li etsoe empa ba sa tsotelle bohlokoa ba ho latela melao-motheo eo melao eo e neng e thehiloe ho eona. Kahoo ba ne ba khothalletsa borapeli ba mponeng, ba batho ba amehileng ka ponahalo ea ka ntle feela ho e-na le ho ameha ka litaba tse tōma haholoanyane—tse kang toka, mohau le botšepehi. (Matheu 23:23) Jesu o ile a sireletsa Molao oa Molimo joang?
13 Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a pheta-pheta mantsoe a reng “le utloile hore ho itsoe” ha a kenyelletsa lintlha tse itseng tse Molaong oa Moshe. ’Me a tsoela pele ka ho re “empa ke re ho lōna” a ntan’o qaqisa molao-motheo o amehang, a sa felle feela tabeng ea hore ho bolokoe Molao. Na o ne a loantša Molao? Che, o ne a o sireletsa. Ka mohlala, batho ba ne ba tseba hantle molao o reng “U se ke ua bolaea.” Empa Jesu o ile a ba bolella hore ho hloea motho e mong ho hanana le sepheo seo molao oo o fanoeng ka sona. Ka ho tšoanang, ho hōlisa takatso e fosahetseng mabapi le motho eo e seng molekane oa hao ho hanana le molao-motheo o molaong oa Molimo o hanelang bofebe.—Matheu 5:17, 18, 21, 22, 27-39.
14 Qetellong, Jesu o ile a re: “Le utloile hore ho itsoe, ‘U rate moahelani oa hao ’me u hloee sera sa hao.’ Leha ho le joalo, ke re ho lōna: Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang.” (Matheu 5:43, 44) Na taelo ea hore “u hloee sera sa hao” e ne e tsoa Lentsoeng la Molimo? Che, seo se ne se rutoa ke baeta-pele ba bolumeli ba neng ba iqapetse khopolo eo. Ba ne ba hlapolotse Molao oa Molimo o phethahetseng ka monahano oa batho. Jesu o ile a sireletsa Lentsoe la Molimo ka sebete hore le se ke la senngoa ke lineano tsa batho.—Mareka 7:9-13.
15. Jesu o ile a sireletsa Molao oa Molimo joang ho batho ba neng ba leka ho etsa hore o bonahale eka o thatafatsa lintho ho sa hlokahale, kapa hona hore o bonahale eka ha o na kutloelo-bohloko?
15 Baeta-pele ba bolumeli ba ile ba boela ba hlasela Lentsoe la Molimo ka ho etsa hore eke le thatafatsa lintho ho sa hlokahale, kapa eke ha le na kutloelo-bohloko. Ha barutuoa ba Jesu ba ne ba feta tšimong ’me ba kha lihloohoana tse seng kae tsa lijo-thollo, Bafarisi ba bang ba ile ba re ba roba Sabatha. Jesu o ile a sebelisa mohlala oa Mangolo ho sireletsa Lentsoe la Molimo hore le se ke la khopamisoa ka tsela eo. O ile a qotsa mohlala o le mong feela oa Mangolo o buang ka bohobe ba pontšo bo ileng ba sebelisoa ka ntle ho sehalalelo—ha bo jeoa ke Davida le banna ba hae ba lapileng. Jesu o ile a bontša Bafarisi bao hore ha ba utloisise mohau le kutloelo-bohloko ea Jehova.—Mareka 2:23-27.
16. Baeta-pele ba bolumeli ba ile ba fetola taelo eo Moshe a neng a fane ka eona joang tabeng ea tlhalo, hona Jesu o ile a arabela joang?
16 Baeta-pele ba bolumeli ba ile ba boela ba batla maqheka a ho tsoa Molao oa Molimo tlaase. Ka mohlala, Molao o ne o lumella monna ho hlala mosali oa hae haeba a fumana “ntho e sa hlompheheng” ho eena, mohlomong bothata bo itseng bo tebileng bo hlabisang lelapa lihlong. (Deuteronoma 24:1) Empa mehleng ea Jesu, baeta-pele ba bolumeli ba ne ba sebelisa tumello eo e le lebaka la ho lumella monna hore a hlale mosali ka lebaka la ntho leha e le efe—esita le ha a chesitse lijo feela!a Jesu o ile a bontša hore ba sothile mantsoe a bululetsoeng a builoeng ke Moshe. O ile a boela a tsosolosa molao oa lenyalo oo Jehova a neng a o behile qalong, oa hore monna a be le mosali a le mong feela, a siea taba ea boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate e le oona feela motheo o loketseng oa tlhalo.—Matheu 19:3-12.
17. Kajeno Bakreste ba ka etsisa Jesu joang tabeng ea ho sireletsa Lentsoe la Molimo?
17 Balateli ba Kreste kajeno le bona ba ikutloa ba tlameha ho sireletsa Mangolo a Halalelang ha a hlaseloa. Ha e le hantle baeta-pele ba bolumeli ba hlasela Bibele ka tsela e poteletseng ha ba fana ka maikutlo a hore melao ea boitšoaro e Lentsoeng la Molimo e siiloe ke nako. Bibele e boetse ea hlaseloa ha malumeli a ruta lithuto tsa bohata ’me a re li tsoa ka Bibeleng. Re ho nka e le tokelo ho sireletsa ’nete ea Lentsoe la Molimo le hloekileng—ka mohlala re bontša hore Molimo hase karolo ea Boraro-bo-bong. (Deuteronoma 4:39) Ka nako e tšoanang, re bontša mekhoa e metle, bonolo le tlhompho e tebileng ha re ntse re le sireletsa.—1 Petrose 3:15.
O ne a Hlalosa Lentsoe la Molimo
18, 19. Ke mehlala efe e bontšang hore Jesu o ne a khona ho hlalosa Lentsoe la Molimo ka tsela e babatsehang?
18 Jesu o ne a phela leholimong nakong eo Mangolo a Seheberu a neng a ngoloa ka eona. E tlameha ebe o ile a thaba hakaakang ha a fumana monyetla oa ho tla lefatšeng e le hore le eena a tsebe ho hlalosa Lentsoe la Molimo! Ka mohlala, nahana ka ketsahalo e ’ngoe e sa lebaleheng e etsahetseng letsatsi ka mor’a hore a tsosoe bafung ha a ne a kopana le barutuoa ba hae ba babeli tseleng e eang Emmause. Pele ba lemoha hore ke eena, ba ile ba mo bolella kamoo ba utloileng bohloko ba bileng ba ferekaneng kateng ka lebaka la lefu la Monghali oa bona eo ba mo ratang. O ile a etsa’ng? “Ha a qala ka Moshe le Baprofeta kaofela a ba hlalosetsa lintho tse amanang le eena ka Mangolong ’ohle.” Ba ile ba ikutloa joang? Hamorao ba ile ba buisana ba re: “Na lipelo tsa rōna li ne li sa chese ha a ntse a bua le rōna tseleng, ha a ntse a re bulela Mangolo ka botlalo?”—Luka 24:15-32.
19 Hamorao hona letsatsing leo, Jesu o ile a kopana le baapostola ba hae le ba bang. Hlokomela seo a ileng a ba etsetsa sona: “[O ile] a bula likelello tsa bona ka botlalo hore li utloisise se boleloang ke Mangolo.” (Luka 24:45) Ha ho pelaelo hore ketsahalo eo e thabisang e ile ea ba hopotsa makhetlo a mang a mangata ao ka ’ona Jesu a ileng a ba etsetsa ho batlang ho tšoana le hoo—bona le batho ba neng ba mo mamela. O ne a atisa ho qotsa mangolo ao ba a tloaetseng ebe o ba hlalosetsa ’ona ka tsela e etsang hore a thopothele likelellong tsa bamameli ba hae—ebe ba qala ho hlakeloa ke lintlha tse itseng tsa Lentsoe la Molimo le ho li utloisisa ka ho hlaka.
20, 21. Jesu o ile a hlalosa mantsoe ao Jehova a a buileng ho Moshe sehlahleng se tukang joang?
20 Ka lekhetlo le leng, Jesu o ile a bua le sehlopha sa Basaduse. E ne e le lequloana la bolumeli ba Sejuda le neng le sebelisana le baprista ba Bajuda, le neng le sa lumele hore ho tla ba le tsoho ea bafu. Jesu o ile a re ho bona: “Ha e le mabapi le tsoho ea bafu, na ha lea ka la bala seo Molimo a ileng a le bolella sona, ha a re, ‘Ke ’na Molimo oa Abrahama le Molimo oa Isaka le Molimo oa Jakobo’? Eena ke Molimo oa ba phelang, eseng oa bafu.” (Matheu 22:31, 32) Lena e ne e le lengolo leo ba le tsebang hantle, le ngotsoeng ke motho eo Basaduse ba mo nkelang holimo—e leng Moshe. Na u hlokomela tlhaloso e matla eo Jesu a fanang ka eona?
21 Moshe o ile a buisana le Jehova sehlahleng se tukang hoo e ka bang ka selemo sa 1514 B.C.E. (Exoda 3:2, 6) Ka nako eo ho ne ho se ho fetile lilemo tse 329 Abrahama a shoele, tse 224 Isaka a shoele le tse 197 Jakobo a shoele. Empa Jehova o ile a ’na a re: “Ke ’na” Molimo oa bona. Basaduse bao ba ne ba tseba hore Jehova ha a tšoane le melimo e meng ea bohetene ea bafu, ea litšōmong e busang meea e shoeleng. Ho e-na le hoo ke Molimo “oa ba phelang,” joalokaha Jesu a boletse. Seo se ne se bolela’ng? Jesu o phethela taba ea hae ka mantsoe ana a matla: “Kaofela baa phela ho eena.” (Luka 20:38) Bahlanka ba Jehova ba shoeleng bao a ba ratang ba bolokehile mohopolong oa Molimo o se nang moeli, o ke keng oa lebala. Morero oa Jehova oa ho ba tsosa bafung o tiile hoo ho ka buuoang ka bona e le ba phelang. (Baroma 4:16, 17) Na eo hase tsela e babatsehang ea ho hlalosa Lentsoe la Molimo? Ha ho makatse hore ebe ‘bongata bo ile ba hlolloa’!—Matheu 22:33.
22, 23. (a) Re ka etsisa Jesu joang tabeng ea ho hlalosa Lentsoe la Molimo? (b) Re tlil’o tšohla eng khaolong e latelang?
22 Kajeno Bakreste ba na le monyetla oa ho etsisa tsela eo Jesu a neng a hlalosa Lentsoe la Molimo ka eona. Ke ’nete hore ha re na kelello e phethahetseng. Empa hangata re khona ho buisana le ba bang ka lengolo le itseng leo ba le tsebang le ho ba hlalosetsa lintlha tse itseng tseo e ka ’nang eaba ba ne ba e-s’o li elelloe. Ka mohlala, e ka ’na eaba ke khale ba pheta mantsoe a reng “Lebitso la hao le halaletsoe” le “’Muso oa hao o tle” empa ba sa tsebe lebitso la Molimo kapa hona hore na ’Muso oa hae ke eng. (Matheu 6:9, 10, Bibele—Phetolelo e Ncha) Re fumana monyetla o babatsehang hakaakang ha motho a re lumella hore re mo hlalosetse linnete tseo tsa Bibele ka tsela e hlakileng le e bonolo!
23 Tsela e ka sehloohong ea ho etsisa tsela eo Jesu a neng a bolella ba bang ’nete ka eona ke ka ho qotsa Lentsoe la Molimo, ho le sireletsa le ho le hlalosa. A re hlahlobeng mekhoa e meng e atlehang eo Jesu a ileng a e sebelisa ho finyella lipelo tsa bamameli ba hae ka linnete tsa Bibele.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Rahistori oa lekholong la pele la lilemo Josephus, eo e neng e le Mofarisi ea hlalileng, hamorao o ile a fana ka maikutlo a hore tlhalo e ne e lumeletsoe “ka lebaka leha e le lefe (’me banna ba ne ba lula ba e-na le mabaka a joalo).”
U ka Latela Jesu Joang?
● Ke hobane’ng ha re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra etelletsa maikutlo kapa neano ea batho ka pele ho Lentsoe la Molimo?—Matheu 15:2-11.
● Ha re araba lipotso, ke hobane’ng ha e le bohlale hore re sebelise Bibele?—Luka 10:25-28.
● Re ka etsisa Jesu joang tabeng ea ho ikemisetsa ha hae hore Lentsoe la Molimo la boprofeta le mo tataise bophelong le liqetong tseo a li etsang?—Luka 18:31-34; 22:37.
● Ha ho hlaseloa seo re se lumelang, ke hobane’ng ha re lokela ho theha karabo ea rōna Lentsoeng la Molimo?—Johanne 10:31-39.
[Setšoantšo se leqepheng la 99]
“Kajeno lengolo lena . . . le phethahetse”