Ho Lokoloha Bokhobeng—Nakong e Fetileng le Hona Joale
Palesaa o ile a ea Europe kaha o ne a tšepisitsoe mosebetsi oa ho lokisa moriri. Empa ha a fihla o ile a hlokomela hore o ne a bitselitsoe ho tla rekisa ’mele. E le ho mo qobella ho etsa sena, o ile a otloa, a ba a tšosoa ka hore ba lelapa labo ba ne ba tla ntšoa kotsi.
Ho ne ho lebeletsoe hore Palesa a etse li-euro tse 200 ho isa ho tse 300 bosiu ka bong e le hore a khone ho patala chelete e ka holimo ho li-euro tse 40 000b, eo mong’a hae oa mosali a neng a e batla ho eena. Palesa o re: “Ke ne ke batla ho baleha empa ke ne ke tšaba hore ba tla ntša ba lelapa leso kotsi. Ke ne ke sa tsebe hore na ke etse’ng.” Palesa ke e mong oa batho ba ka bang limilione tse ’nè lefatšeng ba etsoang makhoba a thobalano.
Lilemong tse ka bang 4 000 tse fetileng, Josefa o ile a rekisoa bokhobeng ke bana babo. O ile a qetella e le lekhoba lelapeng le hlaheletseng la Baegepeta. Ho fapana le Palesa, qalong Josefa ha aa ka a tšoaroa hampe ke monghali oa hae. Empa ha a hana ho etsa boitšoaro bo bobe le mosali oa mong’a hae, o ile a qosoa ka bohata ka hore o ne a leka ho mo beta. O ile a koalloa teronkong.—Genese 39:1-20; Pesaleme ea 105:17, 18.
Josefa e ne e le lekhoba mehleng ea boholo-holo ha Palesa e le lekhoba mehleng ena. Empa ka bobeli e ile ea e-ba liphofu tsa khoebo e sehloho ea ho rekisa batho e le makhoba, e qalileng lilemo tse likete tse fetileng.
NTOA E HOLISA BOKHOBA
Ntoa e ne e le tsela e bonolo ea hore lichaba li iphumanele makhoba. Buka e ’ngoe e re Morena e mong oa Egepeta o ile a hapa batšoaruoa ba 90 000 ka mor’a ho hlola Bakanana. Baegepeta ba ne ba ba sebelisa e le makhoba limmaeneng, ho haha litempele le ho etsa likotopo tsa metsi.
Tlas’a ’Muso oa Roma, ka mor’a ntoa ho ne ho e-ba le makhoba a mangata. Ka linako tse ling ntoa e ne e qaloa e le hore feela ba fumane makhoba. Ho hakanngoa hore lilemong tse lekholo tse qalang, ho ne ho e-na le makhoba a mangata Roma, hoo a neng a ka etsa halofo ea baahi. Makhoba a mangata a Baegepeta le Baroma a ne a sebelisoa ka thata. Makhoba a neng a sebetsa limmaeneng a ne a phela lilemo tse ka bang 30 feela.
Ha nako e ntse e ea, lintho li ile tsa mpefala. Ho tloha lilemong tsa bo-1500 ho ea ho bo-1800, Maafrika a mangata a ile a rekisetsoa bokhobeng linaheng tsa America. Mokhatlo o mong o re ‘banna, basali le bana ba ka etsang limilione tse 25 ho ea ho tse 30 ba ile ba koeteloa ’me ba rekisoa.’ Ba bangata ba ile ba shoa ha ba ntse ba le bokhobeng. Monna e mong ea ileng a khona ho baleha bokhobeng ea bitsoang Olaudah Equiano o re: “Boemo bo ne bo tšosa hoo ke sitoang le ho bo hlalosa, basali ba ne ba lla habohloko le batho ba shoa. Ruri ho ne ho tšosa.”
Ka bomalimabe, batho ba bang e ntse e le makhoba. Ho latela Mokhatlo oa Machaba oa Basebetsi, batho ba ka etsang limilione tse 21 ba akarelletsang banna, basali, le bana e ntse e le makhoba. Mehleng ena, makhoba a se a sebelisoa limmaeneng, malapeng, lifemeng tsa liaparo kapa tsa litene, ’me ba bang bona ke makhoba a thobalano. Le hoja bokhoba e le tlolo ea molao, palo ea batho ba etsoang makhoba e ntse e eketseha.
HO BATLA TOKOLOHO
Makhoba a mangata a ile a loanela tokoloho ka lebaka la ho tšoaroa ka sehloho. Lilemong tse qalang tse lekholo, monna e mong ea bitsoang Spartacus ’moho le makhoba a ka bang 100 000 ba ile ba loantša ’muso oa Roma hore ba fumane tokoloho, le hoja ba sa ka ba atleha. Ka bo-1700, makhoba a sehlekehlekeng sa Hispaniola a ile a tsohela beng ba ’ona matla. Sena se ile sa tsosa ntoa ea morabe e ileng ea nka lilemo tse 13, e neng e bakiloe ke hore makhoba a neng a sebetsa masimong a tsoekere a ne a tšoaroa hampe. Ntoa ena e ile ea fella ka hore Haiti e fumane tokoloho ka 1804.
Leha ho le joalo, taba ea hore Baiseraele ba ile ba lokolloa Egepeta e tsebahala haholo historing. Baiseraele ba ka bang limilione tse tharo ba ile ba lokoloha bokhobeng. Ka sebele ba ne ba hloka ho lokolloa. Bibele e re Baiseraele e ne “e le makhoba tlas’a khatello” ha ba le Egepeta. (Exoda 1:11-14) Faro o ile a ba a leka ho bolaea masea a Baiseraele, a batla ho thibela sechaba seo ho hola.—Exoda 1:8-22.
Ho lokolloa ha Baiseraele bokhobeng Egepeta ho ne ho ikhetha hobane Molimo ke eena ea ileng a ba loanela. Ha Molimo a bua ka sechaba sa Iseraele, o ile a re ho Moshe: “Ke tseba hantle bohloko boo se bo utloang. Kea theoha ho ea se lopolla.” (Exoda 3:7, 8) Ho tla fihlela lena le holimo, Bajuda ba ntse ba keteka Paseka ho ikhopotsa ketsahalo eo.—Exoda 12:14.
BOKHOBA BO TLA FELA
Bibele e re: “Ho Jehova Molimo oa rona ha ho na ho se loke.” E boetse e re kholisa hore ha a so fetohe. (2 Likronike 19:7; Malakia 3:6) Molimo o rometse Jesu hore a tl’o ‘bolella baholehuoa tokollo. . . , ho etsa hore ba hateletsoeng ba tsamaee ba lokolohile.’ (Luka 4:18) Na see se ne se bolela hore ba tla lokolloa bokhobeng ba sebele? Che! Jesu o ne a rometsoe hore a tl’o lokolla batho sebeng le lefung. O ile a re: “’Nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) ’Nete eo Jesu a ileng a e ruta batho e ntse e ba thusa le mehleng ena.—Sheba lebokose le reng “Ho Lokolloa Bokhobeng ba Lithethefatsi.”
Molimo o ile a thusa Josefa le Palesa hore ba lokolohe bokhobeng. Ha u bala lengolo la Genese 39 ho ea ho 41 u tla fumana tlaleho e monate ea Josefa. Palesa le eena o ile a lokoloha.
Ka mor’a hore Palesa a lelekoe naheng e ’ngoe ea Europe o ile a ea Spain. Ha a fihla moo, o ile a kopana le Lipaki Tsa Jehova ’me a qala ho ithuta Bibele le tsona. O ne a batla ho fetola tsela eo a neng a phela ka eona, kahoo o ile a fumana mosebetsi ’me a kopa hore mosali eo a neng a mo sebeletsa a hafole chelete eo a neng a lokela ho e patala. Ka letsatsi le leng, mosali eo o ile a founela Palesa. O ne a batla ho kopa tšoarelo le ho mo bolella hore a se ke a hlola a mo patala. Ebe ke hobane’ng? Mosali eo le eena o ne a se a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova! Palesa o re: “Ka sebele ’nete e tla u lokolla.”
Jehova Molimo o ile a utloa bohloko haholo ha Baiseraele ba ne ba tšoeroe hampe Egepeta ’me o ikutloa ka tsela e tšoanang le mehleng ena. E le hore bokhoba bo fele ka ho feletseng ho tla hlokahala hore batho le bona ba fetohe. Molimo o re tšepisa hore nako eo e tla fihla. Bibele e re: “Ho na le maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea hae, ’me ho loka ho tla aha ho tsona.”—2 Petrose 3:13
a Lebitso le fetotsoe.
b Sena se bolela hore Palesa o ne a lokela ho fumana chelete e ka etsang R3 000 ho ea ho R4 500 bosiu ka bong, e le hore a patale sekoloto se neng se etsa R610 000