-
Re U Lome Tsebe?Molula-Qhooa—2010 | March 1
-
-
Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re “ha ho ea tšelang veine e ncha ka makukeng a veine a khale”?
▪ Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele ho ne ho tloaelehile ho boloka veine ka libotlolong tsa letlalo la phoofolo. (Joshua 9:13) Libotlolo tsena li ne li etsoa ka matlalo a liphoofolo tse ruuoang tse kang lipotsanyane kapa lipōli. Ha ho etsoa botlolo ea letlalo, phoofolo e shoeleng e ne e pongoa hlooho le litlhakoana ebe setopo se monyoloa ka hloko letlalong e le hore mpa e se ke ea buuoa. Joale letlalo le ne le suhuoa ebe masoba ’ohle aa rōkoa ntle le la molala kapa la leoto le le leng leo e tla ba molongoana oa botlolo. Molongoana ona o ne o ka koaloa ka sepako kapa oa fasoa ka khoele.
Ka mor’a nako, letlalo leo le ne le fetoha lekoko le thata ebe ha le sa saroloha. Ka hona, ho ne ho se bohlale ho boloka veine e ntseng e lomoha ka makukeng a khale a veine. Lekoko le seng le thatafetse la lekuka la veine le ne le ka phatloha habonolo ha e ntse e lomoha. Ka lehlakoreng le leng, matlalo a macha a ne a saroloha habonolo, ’me a ne a ke ke a phatloloa ke sefutho sa moea o bang teng ha veine e ntse e lomoha. Ka hona, seo Jesu a se buileng, e ne e le ntho e tsejoang mehleng eo. O ile a bua ka se ka ’nang sa etsahala haeba motho a tšela veine e ncha ka makukeng a khale, a re: “Veine e ncha e tla phatlola makuka ao a veine, ’me e tla qhalana ’me makuka ao a veine a tla senyeha. Empa veine e ncha e tšeloa ka makukeng a veine a macha.”—Luka 5:37, 38.
-
-
Re U Lome Tsebe?Molula-Qhooa—2010 | March 1
-
-
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Lekuka la khale la veine
-