Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Ke hobane’ng ha Jesu a ne a ka bolella mosali ea neng a tsebahala ka hore ke moetsalibe hore o ne a tšoaretsoe libe?—Luka 7:37, 48.
Ha Jesu a ntse a otlile ka lehlakore lijong ntlong ea Mofarisi ea bitsoang Simone, mosali e mong o ile ‘a ema ka mor’a Jesu maotong a hae.’ O ile a kolobisa maoto a hae ka meokho, eaba o a hlakola ka moriri oa hlooho ea hae. Ka mor’a moo, o ile a aka maoto a hae ka lerato eaba o a tlotsa ka oli e nkhang hamonate. Tlaleho ea Kosepele e re mosali eo o ne “a tsebahala motseng oo e le moetsalibe.” Ke ’nete hore motho e mong le e mong ea sa phethahalang ke moetsalibe, empa Mangolo a atisa ho sebelisa lentsoe lena ha a hlalosa motho ea etsang libe tse mpe haholo kapa ea tummeng ka ho etsa libe. Ho ka etsahala hore ebe mosali eo e ne e le letekatse. Ke motho oa mofuta oo eo Jesu a ileng a re ho eena: “U tšoaretsoe libe.” (Luka 7:36-38, 48) Jesu o ne a bolela’ng ka seo? Kaha sehlabelo sa thekollo se ne se e-s’o nyeheloe, tšoarelo ee ea libe e ne e ka khoneha joang?
Ka mor’a hore mosali eo a hlatsoe maoto a Jesu a be a a tlotse, empa e le pele Jesu a mo tšoarela, Jesu o ile a sebelisa papiso ho hlalosetsa Simone ea neng a mo amohetse ha hae ntlha ea bohlokoa. Jesu o ile a tšoantša sebe le molato o neng o le moholo haholo hore motho a ka o lefa ’me a re ho Simone: “Banna ba babeli ba ne ba e-na le molato ho motho ea itseng ea alimanang; e mong o ne a e-na le molato oa lidenari tse makholo a mahlano, empa e mong oa tse mashome a mahlano. Ha ba se na letho leo ba ka lefang ka lona, a ba tšoarela ka bobeli ka bolokolohi. Ka hona, ke ofe oa bona ea tla mo rata haholo?” Simone o ile a araba ka ho re: “Ke nahana hore ke eo a ileng a mo tšoarela ka bolokolohi haholo.” Jesu o ile a araba a re: “U ahlotse ka nepo.” (Luka 7:41-43) Kaofela ha rōna re lokela ho mamela Molimo, kahoo haeba re sa mo mamele ’me re etsa sebe, re tla be re hlōleha ho fa Molimo se mo lokelang. Kahoo, molato oa rōna oa eketseha. Leha ho le joalo, Jehova o tšoana le motho ea alimanang ka chelete ea ikemiselitseng ho tšoarela melato. Ke ka lebaka leo Jesu a ileng a khothalletsa balateli ba hae hore ba rapele Molimo ’me ba mo kōpe ba re: “U re tšoarele melato ea rōna, joalokaha le rōna re tšoaretse ba nang le melato ho rōna.” (Mat. 6:12) Luka 11:4 e hlalosa hore melato ena ke libe.
Nakong e fetileng, Molimo o ne a ile a tšoarela batho libe tlas’a maemo afe? Toka ea hae e phethahetseng e hloka hore batho ba fuoe kotlo ea lefu ka lebaka la sebe. Kahoo, Adama o ile a lefella sebe sa hae ka bophelo ba hae. Leha ho le joalo, tlas’a Molao oo Molimo a ileng a o fa sechaba sa Iseraele, moetsalibe o ne a ka tšoareloa libe ka hore a etsetse Jehova sehlabelo sa phoofolo. Moapostola Pauluse o ile a re: “Hoo e batlang e le lintho tsohle li hloekisoa ka mali ho ea ka Molao, ’me ntle le hore mali a tšolohe ha ho tšoarelo e bang teng.” (Baheb. 9:22) Bajuda ba ne ba sa tsebe tsela e ’ngoe eo ka eona ba neng ba ka fumana tšoarelo ho Molimo. Kahoo, ha ho makatse hore ebe batho ba mehleng ea Jesu ba neng ba shebeletse ba ile ba e-ba khahlanong le seo a ileng a se bolella mosali eo. Batho ba neng ba otlile ka lehlakore le Jesu tafoleng ba ile ba re ka pelong: “Monna enoa ea bileng a tšoarelang libe ke mang?” (Luka 7:49) Kahoo, litšito tsa mosali eo oa moetsalibe li ne li ka tšoareloa motheong ofe?
Boprofeta ba pele bo ileng ba boleloa ka mor’a hore banyalani ba pele ba fetohele Molimo, bo ile ba bua ka morero oa Jehova oa ho hlahisa “peō” e neng e tla longoa serethe ke Satane le “peō” ea hae. (Gen. 3:15) Ho longoa hona ho ile ha etsahala ha lira tsa Molimo li ne li bolaea Jesu. (Bagal. 3:13, 16) Mali a Kreste a tšolotsoeng ke thekollo e lokollang batho sebeng le lefung. Kaha ha ho na letho le ka thibelang Jehova ho finyella seo a rerileng ho se etsa, hang ha mantsoe a tlalehiloeng ho Genese 3:15 a ne a buuoa, mahlong a Molimo ho ne ho tšoana le ha thekollo e se e ntse e lefiloe. Joale o ne a ka tšoarela batho ba neng ba bontša tumelo litšepisong tsa hae.
Mehleng ea pele ho Bokreste, ho na le batho ba ’maloa bao Jehova a ileng a bolela hore ba lokile. Har’a bona ho ne ho akha Enoke, Noe, Abrahama, Rahaba le Jobo. Ka tumelo, ba ne ba lebeletse ho phethahala ha litšepiso tsa Molimo. Morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Abrahama o ile a beha tumelo ho Jehova, ’me a balloa hoo e le ho loka.” Mabapi le Rahaba, Jakobo o ile a re: “Ka mokhoa o tšoanang na le eena Rahaba oa seotsoa ha hoa ka ha boleloa hore o lokile ka mesebetsi?”—Jak. 2:21-25.
Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ile a etsa libe tse ngata tse khōlō, empa o ne a e-na le tumelo e matla ho Molimo oa ’nete ’me lekhetlo le leng le le leng o ile a bontša hore o ne a bakile e le kannete. Ho feta moo, Mangolo a re: ‘Molimo o ile a beha Jesu hore e be nyehelo bakeng sa poelano ka tumelo maling a hae. Hona e ne e le hore a bonahatse ho loka ha hae, hobane a ne a tšoarela libe tse etsahetseng nakong e fetileng ha Molimo a ne a bontša mamello; e le hore a bonahatse ho loka ha hae nakong ena ea hona joale, e le hore e ka ba ea lokileng esita le ha a bolela hore motho ea nang le tumelo ho Jesu o lokile.’ (Bar. 3:25, 26) Ka lebaka la sehlabelo sa Jesu sa thekollo se neng se tla fanoa nakong e tlang, Jehova o ne a ka tšoarela Davida libe empa a sa tlōle melao ea Hae ea toka.
Kamoo ho bonahalang kateng, mosali ea ileng a tlotsa maoto a Jesu o ne a le boemong bo tšoanang. O ne a ile a phela ka boitšoaro bo bobe empa o ne a bakile. O ile a hlokomela hore o ne a hloka ho lopolloa sebeng ’me o ile a bontša ka liketso hore ruri o ne a ananela motho eo Jehova a faneng ka topollo eo ka eena. Le hoja e ne e le hona sehlabelo seo se tla etsoa, ho ne ho se potang hore se ne se tla etsoa hoo molemo oa sona o neng o se o ka sebelisoa ho batho ba kang eena. Kahoo, Jesu o ile a re ho eena: “U tšoaretsoe libe.”
Joalokaha tlaleho ena e bontša ka ho hlaka, Jesu o ne a sa koekoetle baetsalibe. O ne a ba etsetsa lintho tse molemo. Ho feta moo, Jehova o ikemiselitse ho tšoarela baetsalibe ba bakileng. Ruri ena ke tiisetso e tsotehang le e re khothatsang kaha re batho ba sa phethahalang!
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ba ile ba balloa hoo e le ho loka