Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa—2010 | January 1
    • Letlapa leo ho ngolloang ho lona leo ho buuoang ka lona ho Luka 1:63 ke la mofuta ofe?

      ▪ Kosepele ea Luka e tlaleha hore metsoalle ea Zakaria e ile ea mo botsa hore na mora oa hae ea qetang ho hlaha a rehoe mang. Zakaria o ile a “kōpa letlapa ’me a ngola: ‘Lebitso la hae ke Johanne.’” (Luka 1:63) Ho latela buka ea setsebi se seng, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng mona e le “letlapa” ha e le hantle ke “letlapa le lenyenyane leo ho ngolloang ho lona, leo ka tloaelo le entsoeng ka lehong eaba le tlotsoa ka boka ka holimo.” E le ho koahela masoba a manyenyane a matlapeng ana a entsoeng ka lehong le kopantsoeng ’moho, ho ne ho tlotsoa boka bo boreletsana ba linotši. Joale mongoli o ne a ka sebelisa ntho e motsu ho ngola letlapeng leo. Ka mor’a moo, se ngotsoeng se ne se ka hlakoloa ka hore ho batalatsoe boka boo e le hore ho ka ngoloa litaba tse ling hape.

      Buka e reng Reading and Writing in the Time of Jesus e re: “Litšoantšo tse ngata tse takiloeng tsa Pompeii, liemahale tse tsoang libakeng tse sa tšoaneng ’Musong oa Roma le lintho tse fumanoeng ha ho epolloa libaka tse ngata tse jalaneng ho tloha Egepeta ho ea Hadrian’s Wall [Brithani Leboea], kaofela li bontša hore ho ne ho tloaelehile ho sebelisa matlapa.” E ka ’na eaba batho ba fapa-fapaneng ba ne ba e-na le matlapa ana—bahoebi, basebeletsi ba ’muso mohlomong le Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo.

  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa—2010 | January 1
    • [Setšoantšo se leqepheng la 11]

      Letlapa le koahetsoeng ka boka la ngoana oa sekolo, lekholong la bo-2 la lilemo C.E.

      [Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

      By permission of the British Library

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela