-
Jesu o Hlahetse Hokae Hona Neng?Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
Moemphera oa Roma ea bitsoang Cesare Augustase o laela hore motho e mong le e mong a ingolise. Maria le Josefa ba ea Bethlehemaa e leng moo Josefa a hlahetseng teng.
Batho ba bangata ba tlile Bethlehema ho tl’o ingolisa. Kahoo, ha ho moo Maria le Josefa ba ka fihlelang teng ntle le setaleng moo ho lulang litonki le liphoofolo tse ling. Jesu o hlahela hona moo ’me Maria o mo thatela ka masela, o mo beha ka sejelong.
E tlameha ebe ke Molimo ea susumelitseng Cesare Augustase hore a laele batho hore ba ingolise. Taelo ena e entse hore Jesu a hlahele Bethlehema motseng oa moholo-holo oa hae Davida. Mangolo a ne a ile a profeta hore Morena ea tšepisitsoeng o tla tsoalloa Bethlehema.—Mikea 5:2.
-
-
Jesu o Hlahetse Hokae Hona Neng?Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
Batho ba bangata ba lumela hore Jesu o hlahile ka la 25 December. Leha ho le joalo, eo ke nako ea lipula le serame Bethlehema, ’me ka linako tse ling lehloa lea khetheha. Ka nako eo ea selemo, ho ne ho ke ke ha etsahala hore ebe balisana ba alositse mehlape ea bona naheng bosiu. Hape batho ba ne ba se ba ntse ba batla ho fetohela ’muso oa Roma, kahoo Moemphera oa Roma o ne a ke ke a laela batho hore ba nke maeto a malelele nakong ea mariha hore ba il’o ingolisa. Kahoo, ho bonahala Jesu a hlahile nakong eo ho neng ho futhumetse, mohlomong ka October.
-