Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mosamaria o Ipaka e le Moahelani ea Molemo
    Molula-Qhooa—1998 | July 1
    • Ha ho talingoa boemo bona, mantsoe a Jesu ho monna ea neng a tseba molao oa Sejuda hantle a ruta haholo. Monna enoa o ile a atamela Jesu ’me a botsa: “Mosuoe, ke ka ho etsa eng ke tlang ho rua bophelo bo sa feleng?” Ha Jesu a araba o ile a lebisa tlhokomelo ea hae Molaong oa Moshe, o laelang ho ‘rata Jehova ka pelo ea hao eohle le ka soule ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle le ka kelello ea hao eohle,’ le ho ‘rata moahelani oa hao joalokaha u ithata.’ Eaba ’muelli oa molao o botsa Jesu: “Ha e le hantle moahelani oa ka ke mang?” (Luka 10:25-29; Levitike 19:18; Deuteronoma 6:5) Ho latela Bafarisi, lentsoe “moahelani” le ne le sebetsa feela ho ba neng ba boloka litloaelo tsa Sejuda—ka sebele eseng ho Balichaba kapa Basamaria. Haeba ’muelli enoa oa molao ea ratang litaba a ne a nahana hore Jesu o ne a tla tšehetsa pono eo, o ne a tla tloha a makala.

  • Mosamaria o Ipaka e le Moahelani ea Molemo
    Molula-Qhooa—1998 | July 1
    • Thuto ho Rōna

      Monna enoa ea ileng a botsa Jesu o ile a etsa joalo ka boiteko ba “ho ipaka a lokile.” (Luka 10:29) Mohlomong o ne a nahana hore Jesu o ne a tla rorisa ho khomarela ha hae Molao oa Moshe ka hloko. Empa ho ne ho hlokahala hore motho enoa ea ikakasang a ithute ’nete ea maele ana a Bibele: “Tsela tsa motho kaofela li lokile mahlong a hae, empa Jehova ke eena ea lekanyang lipelo.”—Liproverbia 21:2.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela