Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jehova o Fana ka ‘Moea o Halalelang ho ba mo Kōpang’
    Molula-Qhooa—2006 | December 15
    • 5. Papiso ee ea monna ea leqoophe e re ruta eng mabapi le boikutlo ba rōna ha re rapela?

      5 Papiso ena e hlakileng ea monna ea leqoophe e bontša hore na re lokela ho ba le boikutlo bofe ha re rapela. Hlokomela hore Jesu o re monna eo o atleha ho fumana seo a se hlokang “ka lebaka la ho qophella ha hae ho sebete.” (Luka 11:8) Poleloana e reng ‘ho qophella ho sebete’ e hlaha hang feela ka Bibeleng. E fetoletsoe ho tsoa lentsoeng la Segerike leo ka ho toba le bolelang “ho se hlajoe ke lihlong.” Hangata poleloana e reng ho se hlajoe ke lihlong e bolela mokhoa o mobe. Leha ho le joalo, ha motho a bontša ho se hlajoe ke lihlong kapa ho qophella ka mabaka a utloahalang, e ka ba tšobotsi e babatsehang. Motho ea neng a amohetse moeti papisong ena o ne a le joalo. Ho hang ha a hlajoe ke lihlong ka ho qophella ho kōpa seo a se hlokang. Kaha Jesu o bua ka motho enoa ea amohetseng moeti e le mohlala oa rōna, le rōna re lokela ho qophella thapelong. Jehova o batla hore ‘re ’ne re kōpe, re ’ne re batle, re ’ne re kokote.’ Tumellanong le seo o tla “fana ka moea o halalelang . . . ho ba mo kōpang.”

  • Jehova o Fana ka ‘Moea o Halalelang ho ba mo Kōpang’
    Molula-Qhooa—2006 | December 15
    • 9, 10. (a) Etsa papiso ea hore na ke hobane’ng ha re lokela ho qophella ha re kōpa Molimo hore a re fe moea oa hae. (b) Ke potso efe eo re lokelang ho ipotsa eona, hona hobane’ng?

      9 Hore u utloisise thuto ea papiso ena ho latela maemo a mehleng ea kajeno a bophelo, ak’u nahane ha e mong oa litho tsa lelapa a ka kula har’a mp’a bosiu. Na u ne u tla tsosa ngaka hore e tl’o u thusa? U ke ke ua e tsosa haeba mokuli a lla ka boloetsenyana bo ka iphollang. Empa, haeba a tšoaroe ke lefu la pelo, u ke ke ua hlajoa ke lihlong ho bitsa ngaka. Hobane’ng? Hobane bona ke boemo ba tšohanyetso. Ua hlokomela hore ruri ho hlokahala thuso ea motho ea nang le boiphihlelo. Mokuli eo a ka shoa haeba u sa kōpe thuso. Ka ho tšoanang, ho joalokaha eka Bakreste ba ’nete ba tobana le maemo a joalo a tšohanyetso ka linako tsohle. Ha e le hantle, Satane o solla joaloka “tau e purumang,” e lekang ho re harola. (1 Petrose 5:8) E le hore re lule re phetse moeeng, ka sebele ho hlokahala thuso ea moea oa Molimo. Ho se kōpe Molimo hore a re thuse ho ka re bolaea. Kahoo re qophella ka sebete ho kōpa Molimo hore a re fe moea oa hae o halalelang. (Baefese 3:14-16) Ke ka ho etsa joalo feela re ka lulang re e-na le matla a hlokahalang a ho ‘mamella ho fihlela bofelong.’—Matheu 10:22; 24:13.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela