Khaolo ea Leshome le Metso e Meraro
Poloko le Thabo Tlas’a Puso ea Mesia
1. Hlalosa boemo ba moea ba batho ba Molimo ba selekane mehleng ea Esaia.
MEHLENG ea Esaia, boemo ba moea ba batho ba Molimo ba selekane bo ne bo le bobe. Esita le tlas’a puso ea marena a tšepahalang, a kang Uzia le Jothame, batho ba bangata ba ne ba rapela libakeng tse phahameng. (2 Marena 15:1-4, 34, 35; 2 Likronike 26:1, 4) Ha Ezekiase e e-ba morena, o ile a lokela ho tlosa mesaletsa ea borapeli ba Baale naheng. (2 Likronike 31:1) Ha ho makatse hore ebe Jehova o ile a phehella batho ba hae hore ba khutlele ho eena le ho ba lemosa ka taeo e tlang!
2, 3. Jehova o fana ka khothatso efe ho ba lakatsang ho mo sebeletsa ho sa tsotellehe ho se tšepahale ho atileng?
2 Leha ho le joalo, hase bohle bao e neng e le marabele ka ho feletseng. Jehova o ne a e-na le baprofeta ba tšepahalang, ’me mohlomong ho ne ho e-na le Bajuda ba bang ba neng ba ba mamela. Jehova o ne a e-na le mantsoe a tšelisang bakeng sa bana. Ka mor’a ho hlalosa maqakabetsi a tšabehang ao Juda e neng e tla feta ho ’ona nakong ea tlhaselo ea Assyria, moprofeta Esaia o ile a bululeloa ho ngola tse ling tsa litemana tse monate ka ho fetisisa ka Bibeleng, e leng tse hlalosang litlhohonolofatso tse neng li tla ba teng tlas’a puso ea Mesia.a Likarolo tse ling tsa litlhohonolofatso tsena li ile tsa phethahala ka tekanyo e nyenyane ha Bajuda ba khutla botlamuoeng Babylona. Empa boprofeta boo ka kakaretso bo phethahala ka tsela e khōlō kajeno. Ke ’nete hore Esaia le Bajuda ba bang ba tšepahalang ba mehleng ea hae ha baa ka ba phela ho fihlela ba bona litlhohonolofatso tsena. Empa ba ile ba li lebella ka tumelo ’me ba tla bona ho phethahala ha mantsoe a Esaia ka mor’a tsoho.—Baheberu 11:35.
3 Batho ba Jehova ba kajeno le bona ba hloka khothatso. Ho hlepha ho sekhahla ha litekanyetso tsa boitšoaro lefatšeng, ho hanyetsoa ha molaetsa oa ’Muso ka mabifi le mefokolo ea botho ke phephetso ho bona kaofela. Mantsoe a babatsehang a Esaia a buang ka Mesia le ka puso ea hae a ka matlafatsa batho ba Molimo le ho ba thusa ho sebetsana ka katleho le liphephetso tsena.
Mesia—Moeta-pele ea Nang le Bokhoni
4, 5. Esaia o ile a profeta eng mabapi le ho tla ha Mesia, hona ho bonahala Matheu a ile a sebelisa mantsoe a Esaia joang?
4 Makholo a lilemo pele ho mehla ea Esaia, bangoli ba bang ba Bibele ba Baheberu ba ile ba supa ho tla ha Mesia, e leng Moeta-pele oa sebele, eo Jehova a neng a tla mo romela Iseraele. (Genese 49:10; Deuteronoma 18:18; Pesaleme ea 118:22, 26) Joale Jehova o fana ka boitsebiso bo bong bo eketsehileng a sebelisa Esaia. Esaia oa ngola: “Ho tla hlaha lekala kutung ea Jese; ’me lehlōmela le tla ata metsong ea hae.” (Esaia 11:1; bapisa le Pesaleme ea 132:11.) “Lekala” hammoho le “lehlōmela” li bontša hore Mesia e tla ba setloholo sa Jese ka mora oa hae Davida, ea ileng a tlotsoa ka oli hore e be morena oa Iseraele. (1 Samuele 16:13; Jeremia 23:5; Tšenolo 22:16) Ha Mesia oa sebele a fihla, “lehlōmela” lena, le tsoang tlung ea Davida, le tla hlahisa litholoana tse ntle.
5 Mesia ea tšepisitsoeng ke Jesu. Mongoli oa kosepele Matheu o ile a bua ka mantsoe a Esaia 11:1 ka mokhoa o sa tobang ha a bolela hore ho bitsoa ha Jesu “Monazaretha” ho ne ho phethahatsa mantsoe a baprofeta. Kaha o ile a hōlela motseng oa Nazaretha, Jesu o ile a bitsoa Monazaretha, e leng lebitso leo ho bonahalang eka le amana le lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng ho Esaia 11:1 bakeng sa “lehlōmela.”b—Matheu 2:23, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe; Luka 2:39, 40.
6. Ho profetiloe hore Mesia e tla ba ’musi oa mofuta ofe?
6 Mesia e tla ba ’musi oa mofuta ofe? Na o tla tšoana le Moassyria ea sehlōhō oa sengangele ea timetsang ’muso oa Iseraele oa meloko e leshome o ka leboea? Le hanyenyane. Mabapi le Mesia, Esaia o re: “Moea oa Jehova o tla lula holim’a hae, moea oa bohlale le oa kutloisiso, moea oa keletso le oa matla, moea oa tsebo le oa ho tšaba Jehova; ’me o tla thabela ho tšaba Jehova.” (Esaia 11:2, 3a) Mesia ha a tlotsoe ka oli, empa o tlotsoa ka moea o halalelang oa Molimo. Sena se etsahala ha Jesu a kolobetsoa, ha Johanne Mokolobetsi a bona moea o halalelang oa Molimo o theohela ho Jesu ka sebōpeho sa leeba. (Luka 3:22) Moea oa Jehova o “lula holim’a” Jesu, ’me o paka sena ha a itšoara ka bohlale, kutloisiso, keletso, matla le tsebo. Ke litšobotsi tse babatsehang hakaakang bakeng sa ’musi!
7. Jesu o ile a tšepisa balateli ba hae ba tšepahalang eng?
7 Balateli ba Jesu le bona ba ka amohela moea o halalelang. Puong e ’ngoe ea hae, Jesu o ile a phatlalatsa: “Haeba lōna, le hoja le le khopo, le tseba ho fa bana ba lōna limpho tse ntle, Ntate ea leholimong o tla fana ka moea o halalelang hakaakang ho ba mo kōpang!” (Luka 11:13) Ka hona, le ka mohla ha rea lokela ho tsilatsila ho kōpa moea o halalelang oa Molimo, kapa ho khaotsa ho hlaolela litholoana tsa oona tse molemo—“lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro.” (Bagalata 5:22, 23) Jehova o tšepisa ho araba kōpo ea balateli ba Jesu ea hore ba fumane “bohlale bo tsoang holimo” bakeng sa ho ba thusa ho sebetsana ka katleho le liphephetso tsa bophelo.—Jakobo 1:5; 3:17.
8. Jesu o fumana thabo joang tšabong ea Jehova?
8 Tšabo ea Jehova eo Mesia a e bontšang ke eng? Ka sebele Jesu ha a tšosoe ke Molimo, ha a tšohe hore o tla mo ahlola hampe. Ho e-na le hoo, Mesia o na le tšabo e nang le tlhompho ho Molimo, o na le tlhompho e tletseng lerato bakeng sa hae. Motho ea tšabang Molimo o lakatsa ho “etsa lintho tse mo khahlisang” kamehla, joalokaha Jesu a etsa. (Johanne 8:29) Ka mantsoe le liketso, Jesu o ruta hore ha ho na thabo e khōloanyane ho feta ea ho tsamaea tšabong e hahang ea Jehova letsatsi le leng le le leng.
Moahloli ea Lokileng le ea Mohau
9. Jesu o fana ka mohlala ofe ho ba khetheloang ho ahlola linyeoe ka phuthehong ea Bokreste?
9 Esaia o bolela esale pele litšobotsi tse ling tse eketsehileng tsa Mesia: “A ke ke a ahlola ka se bonahalang mahlong a hae, kapa a khalemela feela ho ea ka ntho e utloiloeng ke litsebe tsa hae.” (Esaia 11:3b) Haeba u ne u lokela ho hlaha ka pel’a lekhotla la molao, na u ne u ke ke ua thabela ho ba le moahloli ea joalo? Boemong ba hae e le Moahloli oa moloko oohle oa batho, Mesia ha a laoloe ke likhang tsa bohata, maqiti a sebelisoang ka makhotleng, litaba tsa bo-ba-re, kapa lintlha tse kang ponahalo ea ka ntle feela, tse kang borui. O bona thetso ’me o talima ka nģ’ane ho ponahalo ea ka ntle e sa ipiletseng, o hlokomela “motho ea ka sephiring oa pelo,” “motho ea patehileng.” (1 Petrose 3:4, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Mohlala o tsotehang oa Jesu o sebeletsa e le mohlala ho bohle ba khetheloang ho ahlola linyeoe ka phuthehong ea Bokreste.—1 Bakorinthe 6:1-4.
10, 11. (a) Jesu o khalemela balateli ba hae ka tsela efe? (b) Jesu o fana ka kahlolo efe ho ba khopo?
10 Litšobotsi tse tsotehang tsa Mesia li tla susumetsa likahlolo tsa hae joang? Esaia oa hlalosa: “O tla ahlola ba tlaase ka ho loka, ’me o tla fana ka khalemelo ka ho loka molemong oa ba bonolo ba lefatše. O tla otla lefatše ka thupa ea molomo oa hae; ’me a bolaee ea khopo ka moea oa molomo oa hae. Ho loka e tla ba lebanta la letheka la hae, ’me botšepehi e be lebanta la letheka la hae.”—Esaia 11:4, 5.
11 Ha balateli ba hae ba hloka khalemelo, Jesu o fana ka eona ka tsela e ba tsoelang molemo ka ho fetisisa—e leng mohlala o babatsehang ho baholo ba Bakreste. Ka lehlakoreng le leng, ba tloaetseng ho etsa bokhopo ba ka lebella kahlolo e boima. Ha Molimo a bitsetsa tsamaiso ena ea lintho ho tla ikarabella, Mesia o tla “otla lefatše” ka lentsoe la hae la bolaoli, a fane ka kahlolo ea timetso ho bohle ba khopo. (Pesaleme ea 2:9; bapisa le Tšenolo 19:15.) Qetellong, ha ho sa tla ba le batho ba khopo ba tla ferekanya khotso ea moloko oa batho. (Pesaleme ea 37:10, 11) Jesu, ea itlammeng ka ho loka le botšepehi thekeng, o na le matla a ho finyella sena.—Pesaleme ea 45:3-7.
Maemo a Fetohileng a Lefatše
12. Mojuda ea nahanang ka ho tloha Babylona a khutlela Naheng e Tšepisitsoeng a ka ’na a tšoenyeha ka eng?
12 Nahana ka Moiseraele ea sa tsoa utloa hore Cyruse o laetse hore Bajuda ba khutlele Jerusalema le hore ba tsosolose tempele. Na o tla tloha Babylona e sireletsehileng a nke leeto le lelelele ho khutlela hae? Nakong ea lilemo tse 70 tsa bosieo ba Iseraele, masimo a letseng a koahetsoe ke lehola. Joale liphiri, mangau, litau le libere lia lalasa masimong ao. Bo-masumu le bona ba teng moo. Bajuda ba khutlang ba tla tlameha ho phela ka liphoofolo tse ruuoang lapeng—mehlape ea liphoofolo tse khōlō le ea likhutšoane e tla ba fa lebese, boea le nama le lipholo tse tla hula mohoma. Na ba tla hlaseloa ke libatana? Na bana ba banyenyane ba tla longoa ke linoha? Ho thoe’ng ka kotsi ea ho lalloa tseleng?
13. (a) Esaia o fana ka setšoantšo sefe se thabisang? (b) Re tseba joang hore khotso eo Esaia a e hlalosang ha e akarelletse ho sireletseha libataneng feela?
13 Joale Esaia o fana ka setšoantšo se thabisang sa maemo ao Molimo a tlang ho a tlisa naheng eo. O re: “Phiri e tla lula ka nakoana le konyana e tona, lengau le bothe le potsanyane, ’me namane le taoana e moetse le phoofolo e fepehileng hantle li be hammoho; moshanyana o tla li etella pele. Khomo e tla fula le bere; manamane a tsona a tla botha hammoho. Le tau e tla ja joang joaloka poho. Ka sebele ngoana ea anyang o tla bapalla mokoting oa masumu; ngoana ea khoesitsoeng o tla kenya letsoho mokoting o kenyang leseli oa noha e chefo. Li ke ke tsa ntša kotsi leha e le efe kapa tsa baka tšenyo leha e le efe thabeng eohle ea ka e halalelang; hobane ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.” (Esaia 11:6-9) Na mantsoe aa ha a ame maikutlo? Hlokomela hore khotso e hlalositsoeng mona e tlisoa ke tsebo ea Jehova. Kahoo, ho ameha ho hongata ho feta feela ho sireletseha libataneng. Tsebo ea Jehova ha e na ho fetola liphoofolo, empa e tla ama batho. Baiseraele ha ba na ho ba le lebaka la ho tšoha libatana leha e le batho ba bobatana ha ba le tseleng e khutlelang hae esita le ha ba se ba le naheng ea habo bona e tsosolositsoeng.—Esdrase 8:21, 22; Esaia 35:8-10; 65:25.
14. Phethahatso e khōloanyane ea Esaia 11:6-9 ke efe?
14 Leha ho le joalo, boprofeta bona bo na le phethahatso e khōloanyane. Ka 1914, Jesu, eo e leng Mesia, o ile a behoa teroneng Thabeng ea Sione ea leholimo. Ka 1919 masala a “Iseraele ea Molimo” a ile a lokolloa botlamuoeng ba Babylona ’me a kopanela tsosolosong ea borapeli ba ’nete. (Bagalata 6:16) Ka hona, ho ile ha buloa tsela bakeng sa phethahatso ea kajeno ea boprofeta ba Esaia ba Paradeise. “Tsebo e nepahetseng,” tsebo ea Jehova, e fetotse batho. (Bakolose 3:9, 10) Batho bao pele ba neng ba le mabifi ba se ba fetohile ba phelang ka khotso. (Baroma 12:2; Baefese 4:17-24) Joale liphetoho tsena li se li amme ba limilione kahobane boprofeta ba Esaia bo se bo akarelletsa palo e eketsehang ka sekhahla ea Bakreste ba nang le tšepo ea lefatšeng. (Pesaleme ea 37:29; Esaia 60:22) Bana ba ithutile ho letela nako eo ka eona lefatše lohle le tlang ho tsosolosetsoa ho ba paradeise e sireletsehileng, e nang le khotso, tumellanong le morero oa Molimo oa qalong.—Matheu 6:9, 10; 2 Petrose 3:13.
15. Na ke ho utloahalang hore re ka lebella hore mantsoe a Esaia a phethahale ka tsela ea sebele lefatšeng le lecha? Hlalosa.
15 Na boprofeta ba Esaia bo tla phethahala ka ho eketsehileng Paradeiseng eo e tsosolositsoeng, mohlomong ka tsela eo e leng ea sebele haholoanyane? Ho bonahala e le ho utloahalang ho nahana joalo. Boprofeta bona bo fa bohle ba tlang ho phela tlas’a puso ea Mesia tiisetso e tšoanang le eo bo ileng ba e fa Baiseraele ba khutlang; bona le bana ba bona ha ba na ho sokeloa ke kotsi e tsoang mohloling leha e le ofe—ebang ke batho kapa liphoofolo. Tlas’a puso ea ’Muso oa Mesia, baahi bohle ba lefatše ba tla thabela maemo a khotso a kang ao Adama le Eva ba neng ba a thabela Edene. Ke ’nete hore Mangolo ha a senole makolopetso a feletseng a hore na bophelo bo ne bo le joang Edene—kapa hore na bo tla ba joang Paradeiseng. Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore tlas’a puso e bohlale le e lerato ea Morena Jesu Kreste, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla fela e be kamoo e lokelang ho ba kateng.
Ho Sebelisoa Mesia ho Tsosolosa Borapeli ba ’Nete
16. Ke eng e ileng ea ema e le pontšo ho batho ba Molimo ka 537 B.C.E.?
16 Borapeli ba ’nete bo ile ba qala ho hlaseloa Edene ha Satane a atleha ho susumelletsa Adama le Eva hore ba se ke ba mamela Jehova. Ho tla fihlela kajeno, Satane o ntse a e-s’o tele pakaneng ea hae ea ho etsa hore ba bangata kamoo a ka khonang ba furalle Molimo. Empa le ka mohla Jehova a ke ke a lumella hore borapeli bo hloekileng bo fele lefatšeng. Lebitso la hae lea ameha, ’me o tsotella ba mo sebeletsang. Kahoo, a sebelisa Esaia o etsa tšepiso ena e hlollang: “Letsatsing leo ho tla ba le motso oa Jese o tla ema e le pontšo bakeng sa lichaba. Lichaba li tla retelehela ho oona ka morero oa ho botsa, ’me sebaka sa oona sa phomolo e tla ba se khanyang.” (Esaia 11:10) Morao koana ka 537 B.C.E., Jerusalema, e leng motse oo Davida a neng a o entse motse-moholo oa sechaba, o ile oa sebeletsa e le pontšo, oa susumelletsa masala a tšepahalang a Bajuda a qhalakaneng ho khutla le ho tsosolosa tempele.
17. Jesu o ile a ‘ema ho busa lichaba’ joang lekholong la pele la lilemo le mehleng ea rōna?
17 Leha ho le joalo, boprofeta ha bo supe seo feela. Joalokaha re se re bone, bo supa pusong ea Mesia, eo e leng eena feela Moeta-pele oa sebele oa batho ba lichaba tsohle. Moapostola Pauluse o ile a qotsa Esaia 11:10 ho bontša hore mehleng ea hae batho ba lichaba ba ne ba tla ba le sebaka ka phuthehong ea Bokreste. Ha re qotsa phetolelo ea temana ena ho Septuagint, o ile a ngola: “Esaia o re: ‘Ho tla ba le motso oa Jese, ’me ho tla ba le ea emang ho busa lichaba; lichaba li tla beha tšepo ea tsona ho eena.’” (Baroma 15:12) Ho feta moo, boprofeta bona bo fetela pele le ho feta—ho tla fihla mehleng ea rōna ha batho ba lichaba ba bontša lerato la bona ho Jehova ka ho tšehetsa barab’abo Mesia ba batlotsuoa.—Esaia 61:5-9; Matheu 25:31-40.
18. Mehleng ea rōna, Jesu e ’nile ea e-ba sebaka seo ho phutheheloang ho sona joang?
18 Phethahatsong ea kajeno, ‘letsatsi leo’ Esaia a buang ka lona le ile la qala ha Mesia a behoa teroneng e le Morena oa ’Muso oa Molimo oa leholimo ka 1914. (Luka 21:10; 2 Timothea 3:1-5; Tšenolo 12:10) Ho tloha ka nako eo, Jesu Kreste e ’nile ea e-ba pontšo e hlakileng, sebaka seo ho phutheheloang ho sona, ho Iseraele ea moea le ho batho ba lichaba tsohle ba labalabelang puso e lokileng. Tlas’a tataiso ea Mesia, litaba tse molemo tsa ’Muso li ’nile tsa boleloa lichabeng tsohle, joalokaha Jesu a ile a bolela esale pele. (Matheu 24:14; Mareka 13:10) Litaba tsena tse molemo li na le phello e matla. ‘Bongata bo boholo, boo ho seng motho ea khonang ho bo bala, bo tsoang lichabeng tsohle’ bo ikokobelletsa Mesia ka ho kopanela le masala a tlotsitsoeng borapeling bo hloekileng. (Tšenolo 7:9) Ha ba bang ba bangata ba bacha ba ntse ba tsoela pele ho kopanela le masala ‘ntlong ea [Jehova ea moea ea] thapelo,’ ba eketsa khanya ‘sebakeng sa Mesia sa phomolo,’ e leng tempele e khōlō ea moea ea Molimo.—Esaia 56:7; Hagai 2:7.
Batho ba Momahaneng ba Sebeletsa Jehova
19. Ke liketsahalo life tse peli tseo ho tsona Jehova a tsosolosang masala a batho ba hae a hasantsoeng le lefatše lohle?
19 Joale Esaia o hopotsa Baiseraele hore Jehova o kile a ba pholosa ha sechaba se ne se tjamelane le khatello ea sera se matla. Karolo eo ea histori ea Iseraele—ea ha Jehova a lokolla sechaba botlamuoeng Egepeta—ke ea bohlokoahali ho Bajuda bohle ba tšepahalang. Esaia oa ngola: “Letsatsing leo Jehova o tla boela a fane ka letsoho la hae, ka lekhetlo la bobeli, bakeng sa ho fumana masala a batho ba hae ba setseng Assyria le Egepeta le Pathrose le Kushe le Elame le Shinare le Hamathe le lihlekehlekeng tsa leoatle. Ka sebele o tla hlahisetsa lichaba pontšo ’me a bokelle ba qhalakantsoeng ba Iseraele; ba hasantsoeng ba Juda o tla ba bokella ho tsoa lipheletsong tse ’nè tsa lefatše.” (Esaia 11:11, 12) Joalokaha eka o a tšoara ka letsoho, Jehova o tla tataisa masala a tšepahalang a Iseraele hammoho le a Juda ho a ntša lichabeng tseo a hasanyelitsoeng ho tsona ’me o tla a fihlisa hae a sireletsehile. Ka tekanyo e nyenyane, sena se etsahala ka 537 B.C.E. Joale, phethahatso e khōlō ke e khanyang haholoanyane hakaakang! Ka 1914, Jehova o ile a hlahisa Jesu Kreste ea behiloeng teroneng e le “pontšo bakeng sa lichaba.” Ho qala ka 1919 masala a “Iseraele ea Molimo” a ile a qala ho phuthehela pontšong ena, a labalabela ho kopanela borapeling bo hloekileng tlas’a ’Muso oa Molimo. Sechaba sena se ikhethang sa moea se tsoa “molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng le bathong ba bang le ba bang le sechabeng se seng le se seng.”—Tšenolo 5:9.
20. Batho ba Molimo ba tla thabela bonngoe bofe ha ba khutla Babylona?
20 Joale Esaia o hlalosa bonngoe ba sechaba se tsosolositsoeng. Ha a bua ka ’muso o ka leboea e le Efraime le ’muso o ka boroa e le Juda, o re: “Poulelo ea Efraime e tla tloha, esita le ba bontšang bora ho Juda ba tla felisoa. Efraime e ke ke ea boulella Juda, kapa Juda e bontše bora ho Efraime. Ba tla hlasela Bafilista nģ’a bophirimela; ba le hammoho ba tla tlatlapa bara ba Bochabela. Ba tla otlollela matsoho ho Edomo le Moabe, ’me bara ba Ammone e tla ba bafo ba bona.” (Esaia 11:13, 14) Ha Bajuda ba khutla Babylona, ba ke ke ba hlola ba arohana ho ba lichaba tse peli. Litho tsa meloko eohle ea Iseraele li tla khutlela naheng ea habo tsona li momahane. (Esdrase 6:17) Ha li sa tla hlola li bontšana lehloeo le bora. E le batho ba momahaneng, li tla hlōla lira tsa tsona tse lichabeng tse li potolohileng.
21. Bonngoe ba batho ba Molimo bo totobala joang kajeno?
21 Ho khahlang le ho feta ke bonngoe ba “Iseraele ea Molimo.” Meloko e 12 ea tšoantšetso ea Iseraele ea moea e se e thabetse bonngoe bo thehiloeng ho rateng Molimo le bara le barali babo eona ba moea ka lilemo tse ka bang 2 000. (Bakolose 3:14; Tšenolo 7:4-8) Kajeno, batho ba Jehova—Baiseraele ba moea hammoho le ba nang le tšepo ea lefatšeng—ba thabela khotso le bonngoe ba lefatšeng ka bophara tlas’a puso ea Mesia, e leng maemo a sa tsejoeng likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana. Lipaki tsa Jehova li ikentse khokanyana-phiri ka tsela ea moea ha li loantša boiteko ba Satane ba ho kena-kenana le borapeli ba tsona. E le batho ba momahaneng, li phetha thōmo ea Jesu ea ho bolela le ho ruta litaba tse molemo tsa ’Muso oa Mesia lichabeng tsohle.—Matheu 28:19, 20.
Litšitiso li Tla Hlōloa
22. Jehova o tla “khaola leleme la leoatle la Egepeta” le ho ‘tsokela letsoho la hae Nōkeng’ joang?
22 Ho na le litšitiso tse ngata, tsa sebele le tsa tšoantšetso, tse ka sitisang Baiseraele ho khutla botlamuoeng. Li tla hlōloa joang? Esaia o re: “Ka sebele Jehova o tla khaola leleme la leoatle la Egepeta, ’me a tsokele letsoho la hae Nōkeng ka cheseho ea moea oa hae. O tla e otla melapong ea eona e supileng e phoroselang, ’me o tla etsa hore batho ba tsamaee ba roetse meqathatso ea bona.” (Esaia 11:15) Ke Jehova ea tla tlosa litšitiso tsohle tse sitisang batho ba hae ho khutla. Esita le tšitiso e tšosang joaloka leleme la Leoatle le Lefubelu (le kang Kou ea Suez) kapa e sa tšeleheng joaloka Nōka ea Eufrate e khōlō e tla psha, e le hore ka puo ea tšoantšetso motho a ka e tšela a sa tlamehe ho rola meqathatso!
23. Ke ka tsela efe “ho tla ba le tsela e khōlō Assyria”?
23 Mehleng ea Moshe, Jehova o ile a lokisetsa Iseraele tsela ea ho phonyoha Egepeta le ho ea Naheng e Tšepisitsoeng. O tla etsa ho tšoanang hona joale: “Ho tla ba le tsela e khōlō Assyria bakeng sa masala a batho ba hae a tla sala, feela joalokaha e ile ea e-ba teng bakeng sa Iseraele letsatsing la ha e tsoa naheng ea Egepeta.” (Esaia 11:16) Jehova o tla etella pele batlamuoa ba khutlang joalokaha eka ba tsamaea tseleng e khōlō ho tsoa botlamuoeng ba bona ho ea naheng ea habo bona. Bahanyetsi ba tla leka ho ba emisa, empa Molimo oa bona, Jehova, o tla ba le bona. Le kajeno Bakreste ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona ba tlas’a tlhaselo e mabifi, empa ba tsoela pele ka sebete! Ba tsoile Assyria ea kajeno, e leng lefatše la Satane, ’me ba thusa ba bang hore le bona ba tsoe. Baa tseba hore borapeli bo hloekileng bo tla atleha ’me bo ate. Hase mosebetsi oa batho, empa ke oa Molimo.
Thabo e sa Feleng ea Bafo ba Mesia!
24, 25. Ke lipolelo life tsa thoriso le teboho tseo batho ba Jehova ba tlang ho li hooa?
24 Ka nyakallo joale Esaia o hlalosa thabo e khaphatsehang ea batho ba Jehova ha lentsoe la Hae le phethahala: “Letsatsing leo ka sebele u tla re: ‘Ke tla u leboha, Jehova, etsoe le hoja u ile ua ntukela ka bohale, qetellong bohale ba hao bo ile ba tloha, ’me ua ntšelisa.’” (Esaia 12:1) Jehova o fa batho ba hae ba tsoileng tseleng taeo e matla. Empa e finyella morero oa eona oa ho lokisa kamano ea sechaba le eena le ho tsosolosa borapeli bo hloekileng. Jehova o tiisetsa barapeli ba hae ba tšepahalang hore qetellong o tla ba sireletsa. Ha ho makatse hore ebe ba bontša kananelo!
25 Baiseraele ba tsosolositsoeng ba na le tšepo e tiileng ka ho feletseng ho Jehova, ’me baa hooa: “‘Bonang! Molimo ke poloko ea ka. Ke tla tšepa ’me ke se ke ka tšoha; etsoe Jah Jehova ke matla a ka le bonatla ba ka, ’me e bile poloko ea ka.’ Ka sebele le tla kha metsi lilibeng tsa poloko ka thabo e khaphatsehang.” (Esaia 12:2, 3) Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “bonatla” temaneng ea 2 le hlaha e le “thoriso” phetolelong ea Septuagint. Barapeli bana ba bina ka mantsoe a phahameng a thoriso hore poloko e tsoa ho “Jah Jehova.” E le khutsufatso ea lebitso Jehova, “Jah” e sebelisoa ka Bibeleng ho fetisa maikutlo a tebileng a thoriso le teboho. Ho sebelisa polelo “Jah Jehova”—e leng ho pheta lebitso la Molimo habeli—ho phahamisetsa ho teba ha thoriso e eang ho Molimo boemong bo phahameng le ho feta.
26. Ke bo-mang kajeno ba tsebahatsang mesebetsi ea Molimo lichabeng?
26 Barapeli ba ’nete ba Jehova ba sitoa ho ipolokela thabo eo ba nang le eona. Esaia o bolela esale pele: “Letsatsing leo ka sebele le tla re: ‘Lebohang Jehova! Ipiletseng lebitsong la hae. Tsebahatsang mesebetsi ea hae lichabeng. Bolelang hore lebitso la hae le behiloe phahameng. Binelang Jehova lipina tsa thoriso, etsoe o entse ka mokhoa o fetisisang. Sena se tsebahatsoa lefatšeng lohle.’” (Esaia 12:4, 5) Ho tloha ka 1919, Bakreste ba tlotsitsoeng—hamorao ba thusoa ke metsoalle ea bona ea “linku tse ling”—ba ’nile ba ‘bolela hohle makhabane a hlomphehang a ea ba bitsitseng ho ba ntša lefifing ho ba kenya leseling la hae le hlollang.’ Ke “morabe o khethiloeng, . . . sechaba se halalelang” se khethetsoeng morero ona. (Johanne 10:16; 1 Petrose 2:9) Batlotsuoa ba phatlalatsa hore lebitso la Jehova le halalelang le behiloe phahameng ’me ba kopanela ho le tsebahatseng lefatšeng lohle. Ba etella pele barapeli bohle ba Jehova ho thabeleng tokisetso ea hae bakeng sa poloko ea bona. Ho joalo feela kaha Esaia a hooa: “Tlerola litlatse ’me u hooe ka thabo, Uena mosali ea lulang Sione, etsoe ho uena Mohalaleli oa Iseraele o moholo”! (Esaia 12:6) Mohalaleli oa Iseraele ke Jehova Molimo ka boeena.
Lebella Bokamoso ka Kholiseho!
27. Ha ba ntse ba letetse ho phethahala ha tšepo ea bona, Bakreste ba kholisehile ka eng?
27 Kajeno ba limilione ba phalletse ho “pontšo bakeng sa lichaba”—e leng Jesu Kreste ea behiloeng teroneng ’Musong oa Molimo. Ba thabela ho ba bafo ba ’Muso oo ’me ba nyakallela ho tseba Jehova Molimo le Mora oa hae. (Johanne 17:3) Ba fumana thabo e khōlō botsoalleng ba bona bo momahaneng ba Bokreste ’me ba ikitlaelletsa ho boloka khotso eo e leng letšoao la bahlanka ba ’nete ba Jehova. (Esaia 54:13) Kaha ba kholisehile hore Jah Jehova ke Molimo ea phethahatsang litšepiso tsa hae, ba kholisehile ka tšepo ea bona ’me ba fumana thabo e khōlō ha ba e abela ba bang. E se eka morapeli e mong le e mong oa Jehova a ka tsoela pele ho sebelisa matla ’ohle a hae ho sebeletseng Molimo le ho thuseng ba bang ho etsa se tšoanang. A re nkeng mantsoe a Esaia ka ho teba ’me re thabele poloko e tlang ka Mesia oa Jehova!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Mesia” e tsoa lentsoeng la Seheberu ma·shiʹach, le bolelang “Motlotsuoa.” Lentsoe la Segerike le tšoanang le lona ke Khri·stosʹ, kapa “Kreste.”—Matheu 2:4, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe.
b Lentsoe la Seheberu bakeng sa “lehlōmela” ke neʹtser, ’me bakeng sa “Monazaretha” ke Nots·riʹ.
[Litšoantšo tse leqepheng la 158]
Mesia ke “lekala” le tsoang ho Jese, ka Morena Davida
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 162]
[Setšoantšo se leqepheng la 170]
Esaia 12:4, 5, kamoo e hlahang kateng Meqolong ea Leoatle le Shoeleng (Libaka tseo lebitso la Molimo le hlahang ho tsona li tšoauoe)