Buka ea Bibele ea 32—Jonase
Mongoli: Jonase
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 844 B.C.E.
1. Ke lipotso life tse arajoang bukeng ea Jonase, hona e bontša eng ka mohau oa Jehova?
JONASE—moromuoa naheng esele lekholong la borobong la lilemo B.C.E.! O ile a talima thōmo ea hae e tsoang ho Jehova joang? E ile ea ’mulela liphihlelo life tse ncha? Na o ile a fumana hore batho tšimong ea hae ba arabela hantle? Boboleli ba hae bo bile le katleho e kae? Tlaleho e hapang mohopolo bukeng ea Jonase e arabela lipotso tsena. E ngotsoe nakong eo sechaba se khethiloeng sa Jehova se neng se robile selekane le eena ’me se oetse tšebeletsong ea litšoantšo, tlaleho ea boprofeta e bontša hore mosa oa Molimo o ne o sa lekanyetsoa feela sechabeng leha e le sefe se le seng, che, esita le Iseraele. Ho feta moo, e phahamisa mohau o moholo oa Jehova le mosa, ho fapana le ho haella ha mosa, mamello, le tumelo tseo ka mehla li bonoang ho batho ba sa phethahalang.
2. Ke taba efe e tsejoang ka Jonase, ’me o profetile hoo e ka bang selemong sefe?
2 Lebitso Jonase (Seheberu, Yoh·nahʹ) le bolela “Leeba.” E ne e le mor’a moprofeta Amitthai oa Gittha-Hefere e Galilea sebakeng sa Zabulone. Ho 2 Marena 14:23-25 re bala hore Jeroboame morena oa Iseraele o ile a atolosa moeli oa sechaba ho latela lentsoe la Jehova ka Jonase. Hona ho beha nako ea boprofeta ba Jonase ho hoo e ka bang ka 844 B.C.E., selemo seo Jeroboame II ebileng morena oa Iseraele ka sona le lilemo tse ngata pele Assyria, eo motse-moholo oa eona e leng Ninive, e ileng ea qala ho hatella Iseraele pusong ea eona.
3. Ke eng se pakang bonnete ba Jonase?
3 Ha ho na pelaelo hore tlaleho eohle ea Jonase ke ’nete. ‘Jesu, mophethi oa tumelo ea rōna,’ o ile a qotsa Jonase e le motho oa sebele le ho fana ka tlhaloso e bululetsoeng ea liketsahalo tse peli tsa boprofeta ba Jonase, ka hona a bontša hore buka ena e na le boprofeta ba ’nete. (Ba-Heb. 12:2; Matt. 12:39-41; 16:4; Luka 11:29-32) Buka ea Jonase ka mehla e ile ea kenyelletsoa ke Bajode har’a libuka tsa bona tse amoheloang li halalela le tse neng li talingoa e le tsa histori. Ho tšepahala ha Jonase ha a hlalosa liphoso tsa hae le mefokolo ea hae, a sa leke ho li koahela, le hona ho bontša hore ena ke tlaleho ea ’nete.
4. Ho ka etsahala hore Jonase ebe o koentsoe ke tlhapi ea mofuta ofe? Leha ho le joalo, ke boitsebiso bofe bo lekaneng hore re bo tsebe?
4 Ho thoe’ng ka “hlapi e kholo” e ileng ea koenya Jonase? Ho bile le litlhaloso tse ngata tse hakanyang mofuta oa tlhapi o ka beng o entse hoo. Leruarua la sperm le ka khona ho metsa motho ea felletseng. Ho joalo le ka shark e tšoeu. Leha ho le joalo, ka tsela e bonolo Bibele e re: “Eaba Jehova o romela hlapi e kholo ho metsa Jonase.” (Jonase 1:17) Mofuta oa tlhapi ha oa khetholloa. Ho ke ke ha boleloa ka tieo hore na e be e ne e le leruarua la sperm, shark e tšoeu e khōlō, kapa sebopuoa se seng sa leoatleng se sa khetholloang.a Tlaleho ea Bibele ea hore e ne e le “hlapi e kholo” ke boitsebiso bo re lekaneng.
LITABA TSE KA HARE TSA JONASE
5. Jonase o arabela joang thōmong ea hae, hona phello ebile efe?
5 Jonase o rongoa Ninive empa oa baleha (1:1-16). “Lentsoe la Jehova le ne le tlele Jonase, mor’a Amitthai, la re: Tloha, u ee Ninive, motseng o moholo, u o hlabele mokhosi, etsoe bokhopo ba oona bo nyolohetse ho ’na.” (1:1, 2) Na Jonase o khahlehela thōmo ee? Le hanyenyane! O balehela hosele, a nka sekepe se eang Tarshishe, eo mohlomong e khetholloang e le Spain. Sekepe seo Jonase a leng ho sona sa thulana le sefefo se seholo. Ka baka la ho tšoha basesisi ba sona ba kōpa thuso, “ba rapela e mong le e mong molimo oa hae,” ha Jonase a ithobaletse karolong e ka hare ea sekepe. (1:5) Ka mor’a ho tsosa Jonase, ba laola ka lotho ho leka ho batlisisa hore na ebe ke ofe ea ikarabellang ka tlokotsi ena ea bona. Lotho e ntša Jonase. E bile hona nakong eo a ba tsebisang hore ke Moheberu, morapeli oa Jehova, le hore o baleha mosebetsi oo a o nehiloeng ke Molimo. O ba kōpa hore ba mo akhele leoatleng. Ka mor’a hore ba leke ka ho eketsehileng ho pholosa sekepe, qetellong ba akhela Jonase ka ntle. Leoatle la khaotsa khalefo ea lona.
6. Phihlelo ea Jonase ebile efe ka “hlapi e kholo”?
6 A metsoa ke “hlapi e kholo” (1:17–2:10). “Eaba Jehova o romela hlapi e kholo ho metsa Jonase, Jonase a ba a lula mpeng ea hlapi matsatsi a mararo le masiu a mararo.” (1:17) A rapela Jehova ka tieo a le ka hare ho tlhapi. A hoeletsa thuso a le “mpeng ea nģalo ea bafu [“Sheol,” NW]” ’me a bolela hore o tla lefa seo a hlapantseng hore o tla se etsa, kahobane “poloko ke ea Jehova.” (2:2, 9) Ka taelo ea Jehova, tlhapi e hlatsetsa Jonase mobung o omileng.
7. Molaetsa oa Jonase Ninive o atleha hakae?
7 Ho bolela Ninive (3:1–4:11). Jehova o tsosolosa taelo ea hae ho Jonase. Joale Jonase ha a sa baleha kabelo ea hae, empa o ea Ninive. Moo o tsamaea literateng tsa motse le ho hoeletsa: “Ka mor’a matsatsi a mashome a mane, Ninive o tla timetsoa.” (3:4) Boboleli ba hae bo atleha ka sebele. Boikutlo ba pako bo aparela Ninive, ’me batho ba teng ba qala ho beha tumelo ho Molimo. Morena o ntša phatlalatso ea hore motho le phoofolo ba itime lijo le ho apara masela a mahoashe. Ka mohau Jehova ha a timetse motse.
8. Jonase o itšoara joang ha Jehova a bontša motse mohau, ’me Jehova o etsa joang ho bontša Jonase hore ha aa tsitsa?
8 Jonase o hlōleha ho mamella hoo. O bolella Jehova hore o tsebile hore O ne a tla bontša mohau ’me ke lona lebaka le entseng hore a balehele Tarshishe. O lakatsa eka a ka shoa. Ka ho korotla ho felletseng, Jonase o hloma tente ho elella ka bochabela ho motse le ho letela se tla etsahala. Jehova o melisa monyaku hore o etsetse moprofeta oa hae ea liqebo moriti. Jonase o thabela sena ka nako e khutšoaane feela. Hoseng ho hlahlamang Jehova o hlahisa sebōkō ho ja semela, e le hore tšireletso ea sona e khathollang e nkeloe sebaka ke ho pepesehela moeeng o chesang oa bochabela le lebatameng la letsatsi le bohale. Jonase o lakatsa eka a ka shoa. Ka ho iketsa ea lokileng o lokafatsa bohale ba hae. Jehova o totobatsa ho se tsitse ha hae: Jonase o ile a utloela semela sa monyaku bohloko empa o halefile hobane Jehova a utloela motse o moholo oa Ninive bohloko.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
9. Ke boikutlo bofe ba Jonase le tsela ea hae tse lokelang ho lula e le temoso ho rōna?
9 Tsela ea Jonase le phello ea eona e lokela ho lula e le temoso ho rōna. O ile a balehela mosebetsi oo a neng a o nehiloe ke Molimo; o ne a lokela ho kenya letsoho mosebetsing le ho tšepa Molimo ho mo tšehetsa. (Jonase 1:3; Luka 9:62; Liprov. 14:26; Esa. 6:8) Ha a ne a e-ea ka tsela esele, o ile a bontša boikutlo bo sa nepahalang ka hore a hlōlehe ho ikhetholla ka bolokolohi ho basesisi e le morapeli oa “Jehova, Molimo oa maholimo.” O ne a feletsoe ke sebete. (Jonase 1:7-9; Ba-Ef. 6:19, 20) Boikutlo ba boikhabi ba Jonase nakong eo Jehova a bontšang mohau ho Ninive bo ile ba mo etsa hore a nke hoo e le ho etsoa sephoqo; a leka ho itokafatsa ka ho bolella Jehova hore o tsebile esale pele hore litaba li ne li tla tsamaea joalo—ka hona ke hobane’ng ha a ne a mo roma e le moprofeta? O ile a khalemelloa boikutlo bona ba ho hloka tlhompho ho joalo, le ba ho korotla, ka hona re lokela ho rua molemo phihlelong ea hae ’me re qobe ho qosa mohau oo Jehova a o bontšang kapa tsela eo a etsang lintho ka eona.—Jonase 4:1-4, 7-9; Ba-Fil. 2:13, 14; 1 Ba-Kor. 10:10.
10. Ke joang mosa le mohau tsa Jehova li bonahatsoang bukeng ea Jonase?
10 Ntho ea bohlokoa haholo bukeng ea Jonase ke kamoo e bontšang litšoaneleho tse ntle tsa mosa le mohau tsa Jehova. Jehova o ile a bontša lerato le mosa Ninive ka ho romela moprofeta oa hae ho lemosa ka timetso e haufi, ’me o ne a ikemiselitse ho bontša mohau ha motse o baka—mohau o ileng oa lumella Ninive ho lula e le teng ka lilemo tse fetang 200 ho fihlela e timetsoa ke Bamede le Bababylona hoo e ka bang ka 632 B.C.E. O ile a bontša mohau ho Jonase ka ho mo pholosa leoatleng le tsukutloang ke sefefo le ho mo neha monyaku o sireletsang ‘ho tlosa bohloko bo ho eena.’ Ha Jehova a fana ka monyaku le ho o nka, o ne a tsebisa Jonase hore O tla bontša mohau le mosa ho itšetlehile kamoo A ratang kateng.—Jonase 1:2; 3:2-4, 10; 2:10; 4:6, 10, 11.
11. “Pontšo ea Jonase” ke eng?
11 Ho Mattheu 12:38-41, Jesu o ile a bolella baeta-pele ba bolumeli hore pontšo e le ’ngoe feela eo ba neng ba tla e neoa e ne e tla ba “mohlolo [“pontšo,” NW] oa Jonase.” Ka mor’a matsatsi a mararo le masiu a mararo “mpeng ea nģalo ea bafu [“Sheol,” NW],” Jonase a ea ’me a bolela Ninive, ka hona a fetoha “pontšo” ho batho ba Ninive. (Jonase 1:17; 2:2; 3:1-4) Ka ho tšoanang, Jesu o ile a qeta likarolo tsa matsatsi a mararo lebitleng ’me a tsosoa. Ha barutuoa ba Jesu ba bolela bopaki ba ketsahalo eo, Jesu o ile a fetoha pontšo molokong oo. Ho latela mokhoa oa Bajode oa ho lekanya nako le linnete phethahatsong ea taba ea Jesu, nako ena ea “matsatsi a mararo le masiu a mararo” e lumella nako e ka tlaase ho matsatsi a mararo a tletseng.b
12. (a) Jesu o bua eng e ’ngoe ka batho ba Ninive le moloko oa habo oa Bajode? (b) “E mong ea moholo ho Jonase” o bonahetse joang, a amana ka eng le ’Muso oa Jehova le poloko?
12 Puisanong eona ena, Jesu o bontša phapang tabeng ea ho baka ha batho ba Ninive le ho thatafala lipelo ha Bajode le ho hana ho totobetseng ha bona nakong ea tšebeletso ea hae, ha a re: “Banna ba Ninive ba tla ema kahlolong le moloko ona, ba o tsoe, hobane ba kile ba baka ka mokhosi oa Jonase; kanthe e moholo ho Jonase o teng mona.” (Bona hape le Mattheu 16:4 le Luka 11:30, 32.) “E moholo ho Jonase”—Jesu o ne a bolela eng ka mantsoe ao? O ne a tobisitse ho eena e le moprofeta e moholo ho bohle, Ea romiloeng ke Jehova ho bolela: “Bakang, hobane ’muso oa maholimo o atametse.” (Matt. 4:17) Leha ho le joalo, Bajode ba bangata ba moloko oo ba ile ba hana “pontšo ea Jonase.” Kajeno teng? Le hoja ba bangata ba sa natse molaetsa oa temoso oa Jehova, batho ba likete tse ngata lefatšeng ka bophara ba na le monyetla o hlollang oa ho utloa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo tse ileng tsa boleloa pele ke Jesu, “Mor’a motho.” Joaloka Baninive ba ileng ba baka, ba ileng ba hlohonolofatsoa ka boboleli ba Jonase, bana le bona ba ka kopanela tokisetsong e khōlō ea Jehova le mohaung oa hae bakeng sa bophelo bo ekelitsoeng, kahobane ka sebele “poloko ke ea Jehova.”—Jonase 2:9.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Insight on the Scriptures, Moq. 2, maqephe 99-100.
b Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 593.