Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • O Ile a “Nahanisisa ka Pelong ea Hae”
    Etsisa Tumelo ea Bona
    • 10 Maria le Josefa ba ile ba fumana e se ka motho e le tloo u tl’o bona motseng oo. Ho na le ba neng ba fihlile pele ho bona ho tla ingolisa, kahoo ho ne ho se na sebaka tlung ea baeti.b Ba ile ba lokela ho ea robala setaleng. Re ka inahanela hore Josefa o ile a tšoenyeha hakae ha a bona mosali oa hae a meneka ka lebaka la lehlaba leo ho seng mohla a kileng a le utloa ’me le bile le ipha matla. Har’a libaka tsohle, mahlaba a hae a pelehi a ile a qala mona setaleng, e leng sebaka se seng maemong a matle.

      11. (a) Ke hobane’ng ha basali bohle ba ka utloisisa kamoo Maria a neng a ikutloa kateng? (b) Jesu e ne e le “letsibolo” ka litsela life?

      11 Basali bohle ba ka utloisisa kamoo Maria a neng a ikutloa kateng. Lilemong tse ka bang 4 000 pele ho moo, Jehova o ile a bolela hore ka lebaka la ho futsa sebe, basali ba ne ba tla utloa bohloko ha ba beleha. (Gen. 3:16) Ha ho na bopaki bo bontšang hore Maria ha aa ka a bo utloa. Luka ha aa ka a bua ka bohloko boo Maria a ileng a bo utloa, empa o ile a re: “A tsoala mora oa hae, letsibolo.” (Luka 2:7) O ile a ba le “letsibolo”—ngoana oa pele baneng ba hae ba bangata, bao e ka ’nang eaba e ne e le ba supileng. (Mar. 6:3) Leha ho le joalo, ngoana enoa e ne e tla ba ea sa tšoaneng le ba bang. E ne e se feela letsibolo la Maria, empa e ne e boetse e le “letsibolo la pōpo eohle” ea Jehova, mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo!—Bakol. 1:15.

      12. Maria o ile a beha ngoana hokae, hona litšoantšiso le litšoantšo tse takiloeng li hlalosa karolo ena ea tsoalo ea Jesu ka tsela e fapaneng joang le se ileng sa etsahala e le kannete?

      12 Joale Luka o hlahisa ntlha e tsebahalang, o re: “Eaba o mo thatela ka masela ’me o mo beha ka sejelong.” (Luka 2:7) Lefatšeng ka bophara, litšoantšiso le litšoantšo tse takiloeng li hlalosa karolo ena ea tsoalo ea Jesu ka tsela eo e seng eona. Leha ho le joalo, ak’u nahane ka se ileng sa etsahala e le kannete. Sejelo ke moo liphoofolo li fepeloang teng. U hopole hore lelapa lena le ne le robetse setaleng, e leng sebaka se neng se se na moea o hloekileng se bile se le litšila—le kajeno e ntse e le sebaka se joalo. Ka sebele, ha ho na batsoali ba ka khethang hore ngoana oa bona a tsoalloe sebakeng se joalo haeba ho e-na le se seng se molemo. Batsoali ba bangata ba batlela bana ba bona lintho tse molemohali. Ruri, e tlameha ebe Maria le Josefa ba ne ba batla ho fa Mora oa Molimo se molemo le ho feta!

      13. (a) Maria le Josefa ba ile ba bontša joang hore ba khotsofalla seo ba neng ba e-na le sona? (b) Kajeno batsoali ba bohlale ba ka etsisa Josefa le Maria joang?

      13 Leha ho le joalo, ha baa ka ba ameha ka maemo a bona a sa thabiseng; ba ile ba mpa ba khotsofalla sohle seo ba neng ba e-na le sona. Ka mohlala, ela hloko hore Maria ke eena ea ileng a hlokomela lesea, a le thatela ka masela eaba o le beha ka hloko ka sejelong hore le robale, a etsa bonnete ba hore le futhumetse ebile le sireletsehile. Ho hang Maria ha aa ka a lumella hore ho tšoenyeha ka lebaka la boemo boo a leng ho bona, ho mo sitise hore a hlokomele ngoana oa hae ka hohle kamoo a ka khonang. Hape, eena le Josefa ba ne ba tseba hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo ba neng ba lokela ho e etsa, ke hore ba rute ngoana eo ho rata Jehova. (Bala Deuteronoma 6:6-8.) Kajeno batsoali ba bohlale ba etsa se tšoanang ha ba hōlisa bana ba bona lefatšeng lena le sa nkeng ho sebeletsa Molimo e le ntho ea bohlokoa.

  • O Ile a “Nahanisisa ka Pelong ea Hae”
    Etsisa Tumelo ea Bona
    • b Mehleng eo, ho ne ho tloaelehile hore motseng ho be le ntlo eo baeti kapa batho ba fetelang metseng e meng ba ka phomolang ho eona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela