-
Jesu o Eletsa Batho Mabapi le ho Rata MaruoJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
Ke bo-mang ba tla batla ’Muso oa Molimo? Jesu o senola hore ke batho ba seng bakae, e leng “mohlatsoana” oa batho ba tšepahalang. Hamorao ho tla senoloa hore palo ea bona ke 144 000. Ba letetsoe ke’ng? Jesu o ba tiiselitse ka ho re: “Ntat’a lona o amohetse ho le fa ’Muso.” Batho bana ba ke ke ba phathahana ka ho bokella maruo lefatšeng, kaha maruo ana a ka utsuoa ke masholu. Leha ho le joalo, ba tla phathahana ka ho ipokellela “letlotlo le sa feleng le ka mohla maholimong,” moo ba tla beng ba busa le Kreste.—Luka 12:32-34.
-
-
Lula U Itokisitse, Uena Mohlanka ea Tšepahalang!Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
Jesu o hlalositse hore ke “mohlatsoana” feela o tla fumana sebaka ’Musong oa leholimo. (Luka 12:32) Leha ho le joalo, ho fumana moputso ona ha se ntho eo ba lokelang ho e nka habobebe. Ha e le hantle, Jesu o tsoela pele ho hatisa bohlokoa ba hore motho a be le boikutlo bo nepahetseng e le hore e tle e be karolo ea ’Muso ona.
-