Tsoalo e Khōlōhali ea Ngoana Lefatšeng e Etella Pele Tšireletseho ea Lefatše Lohle
“Re tsoaletsoe ngoana, re neiloe mora; borena ba beiloe lehetleng la hae, ’me o tla bitsoa Moeletsi ea makatsang, Molimo o matla, Ra-bo-sa-feleng, Morena oa khotso.”—ESAIA 9:6.
1. Tšireletseho lefatšeng lohle e tla hle e be ntho ea sebele tlas’a mang, hona re tseba see joang?
TŠIRELETSEHO lefatšeng lohle! Tlas’a “morena oa lefatše lena,” Satane Diabolose, ke toro e ke keng ea etsahala. (Johanne 12:31) Empa tšireletseho lefatšeng lohle tlas’a “Morena oa khotso,” Jesu Kreste, ke ntho e tla hle e etsahale. Jehova o re tiisetsa sena boprofeteng bo buang ka ho tsoaloa le mosebetsi tsa “Morena oa khotso.” Ho Esaia 9:6, 7, rea bala: “Re tsoaletsoe ngoana, re neiloe mora; borena bo beiloe lehetleng la hae, ’me o tla bitsoa Moeletsi ea makatsang, Molimo o matla, Ra-bo-sa-feleng, Morena oa khotso; hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng teroneng ea Davida le ’musong oa hae; o tla o tiisa, a o tšehetse ka toka, le ka ho loka, joale le ka ho sa feleng. Cheseho ea Jehova oa makhotla e tla etsa hoo.”
2. (a) Boprofeta ba Esaia 9:6, 7 bo fanoe tlas’a maemo afe? (b) Re tseba joang hore Jehova o tla tšoarella a sa hlolehe selekaneng seo a se entseng le Davida bakeng sa ’muso o sa feleng lesikeng la hae?
2 Ke boprofeta bo babatsehang hakaakang! E tla ba ho thabisang ho hlahloba boprofeta bona bo buang ka tsoalo e khōlōhali ea ngoana lefatšeng. Empa pele re ka bo ananela ka botlalo, ho hlokahala re lebise tlhokomelo maemong ao bo ileng ba fanoa tlas’a oona. E ne e le nakong ea ha ho reroa bolotsana ba machaba mehleng ea ’muso oa Juda tlas’a Morena Akaze. Le hoja a ne a sa tšepahale ho Jehova, morena eo o ile a lumelloa ho lula teroneng ea Jehova. O bontšitsoe mamello ena ka lebaka la selekane seo Jehova a neng a se entse le Davida bakeng sa ’muso oa ka ho sa feleng lesikeng la hae. Le hoja Davida a ile a tingoa monyetla oa ho hahela Jehova tempele, Molimo o ile oa mo hlohonolofatsa ka tsela e ’ngoe. Ena e ile ea beoa ka mantsoe a moprofeta Nathane: “Hape Jehova oa u bolella hore Jehova o tla u etsetsa ntlo. Ntlo ea hao le ’muso oa hao li tla ’ne li tiee pel’a hao ka ho sa feleng, le terone ea hao e tla tiisoa ka mehla.” (2 Samuele 7:11, 16) Tšepiso eo ea bomolimo e ipakile e le e khotsofatsang ho Morena Davida hoo a neng a lebelletse ho phethahala ha eona ho khanyang.
3. (a) Selekane seo le Davida se phethahala ho bo-mang, ’me selekane seo se ne se ikhetha joang? (b) Diabolose o ile a etsa eng pakane ea hae mabapi le selekane sa ’Muso?
3 Selekane seo se entsoeng le Davida se phethahatsoa ho Mora e moholo oa Davida, Jesu Kreste, “Morena oa khotso.” Ha ho lelapa le leng la borena lefatšeng lena le kileng la thabela selekane se joalo sa ’muso, seo khotso ea sona ea puso ea borena e ke keng ea fela le khotso e ke keng ea fela. Empa selekane seo sa ’Muso se ne se tšoere phephetso ho mebuso eohle ea lefatše leo Satane e leng morena oa lona kapa ’musi oa lona. Ka hona Diabolose le bademona ba hae ba ho etsa pakane ea bona ho leka ho senya ntlo ea Davida ’me ka hona ba felise litebello tsa hore e ka ba le mojalefa oa ka ho sa feleng. Satane a fumana likofuto tse ntle ho Morena Retsine oa Syria, Morena Peka oa meloko e leshome ea Iseraele, le ho morena oa Assyria.
Bolotsana Khahlanong le Selekane sa ’Muso
4. Diabolose o ile a tsoela pele joang boitekong ba hae ba ho emisa tšebetso ea selekane sa ’Muso sa Jehova se ileng sa etsoa le Davida?
4 Leano la Diabolose e ne e le lefe? Sepheo sa hae e ne e le ho qobella Morena Akaze oa Juda hore ka lebaka la tšabo, a kene selekaneng se sa lokelang le morena oa Assyria. Diabolose o ne a ka etsa hoo joang? Ha e le hantle, a etsa hore Morena Peka oa Iseraele le Morena Retsine oa Syria ba rerele ntlo ea Davida bolotsana. Ba rera bolotsana ba ho tlosa Morena Akaze teroneng ea Juda e le hore ba ka bea motho oa bona, mor’a Tabeele e le morena eo ba mo laolang. Mora eo oa Tabeele e ne e le mang? Ke habohlokoa hore e ne e se setloholo sa ntlo ea Davida. Kahoo e ne e se motho eo selekane sa Molimo bakeng sa ’Muso se neng se ka fetisoa ka eena ho fihlela se fumana Mojalefa oa sona oa kamehla ho “Morena oa khotso.” E ne e tla ba motho oa bona, e seng motho oa Molimo, teroneng ea Juda. Ka hona Bibele e senola boiteko ba Satane ba ho felisa tšebetso ea selekane sa ’Muso oa Jehova se neng se entsoe le Davida.
5, 6. Morena Akaze o ile a itšoara joang ka bolotsana bo neng bo reretsoe ntlo ea Davida, hona ke molaetsa ofe o khothatsang oo Jehova a ileng a mo fa oona?
5 Morena Akaze o ile a arabela joang tšosong ee? Eena le batho ba hae ba thothomela ke tšabo. Ka hona Jehova a mo fa boitsebiso bo khothatsang bo mo thibelang hore a ka thea selekane sa tšireletso le morena oa ’muso oa lefatše o hōlang, oa Assyria. Jehova a romela moprofeta oa hae Esaia ho ea kopana le Akaze le ho mo nea molaetsa ona o fumanoang ho Esaia 7:4-9:
6 “Se tšabe . . . Leha Syria le Efraime [setho se ka sehloohong sa ’muso oa Iseraele] le mor’a Remalia [Peka] ba rerile ho u etsa hampe, ba re: A re futuheleng Juda, re thibelle, re ikhapele motse, re bee mor’a Tabeele morena oa teng; Morena Jehova o re: Taba eo e ke ke ea etsahala, e ke ke ea hlaha. . . . Ha le sa lumele, ruri le ke ke la tiea.”
Pontšo ea Ho Hlōleha ha Bolotsana
7. (a) Ke eng e isitseng boprofeteng bo tsotehang ba Esaia 7:14? (b) Tsoalo ea Emmanuele e ne e le pontšo e tšepahalang ea eng, hona bara ba Esaia ba ne ba tla sebeletsa e le eng?
7 Kahoo, Jehova a profeta hore ba rerang bolotsana ba tla lihuoa. Ka motsotso oo ha tla nako ea boprofeta ba bomolimo ba bohlokoa haholo lefatšeng, hobane bo ile ba supa ho Mojalefa oa borena oa selekane sa ’Muso le Davida. Empa ke eng e entseng hore ho etsoe boprofeta boo bo tsotehang? Ha e le hantle, Jehova o ne a bua le Morena Akaze. A bolella Akaze hore a kōpe pontšo leha e le efe ea mohlolo eo a ka nahanang ka eona, ’me Jehova o ne a tla e etsa e le tiiso e tiileng ea hore Molimo o tla qhala bolotsana bo rereloang ntlo ea Davida. Empa Akaze a hana ho kōpa pontšo e joalo. Joale ha etsahala’ng? Esaia 7:14 ea re bolella: “Ka baka leo, Morena o tla le fa pontšo, e le eena: Bonang, moroetsana o tla emola, a tsoale mora, ’me o tla mo rea lebitso la Emmanuele.” Lebitso leo le bolela “Molimo o na le rōna.” Kaha Emmanuele le bara ba bang ba babeli ba Esaia ba ne ba tla sebeletsa e le lipontšo, moprofeta a re ho Esaia 8:18: “Bonang, ke ’na enoa le bana bao Jehova a ’neileng bona, hore re be lipontšo le litšoantšo Iseraeleng, ka taelo ea Jehova oa makhotla.” Ka hona ho tsoaloa ha Emmanuele e ne e le pontšo e tiileng ea hore bohle ba rerang bolotsana le bolotsana ba bona boo ba bo rerelang selekane sa ’Muso oa Molimo le Mojalefa oa oona e ne e tla ba lefeela!
8. (a) Boprofeta bo ho Esaia 7:15, 16 bo boletse eng ka moshanyana Emmanuele, hona phello e bile efe? (b) Ke hobane’ng ha ho tsebahala ha Emmanuele mehleng ea Esaia ho lutse ho sa tsejoe hantle?
8 Tlaleho ea Bibele ha e bolele hore na ke mang ea ileng a beleha mora ea ileng a bitsoa Emmanuele. Mohlomong e ka ’na eaba ke moroetsana oa Mojode ea ileng a fetoha mosali oa bobeli oa moprofeta Esaia. Ho sa tsotellehe hore na ’nete e bile efe, boprofeta ba tsoela pele ho bolela hore pele moshemane a hōla ka ho lekaneng hore a ka khetha pakeng tsa botle le bobe, marena a mabeli a neng a rerela ntlo ea Davida bolotsana a ne a tla fela habohloko. (Esaia 7:15, 16) Hona ha ipaka hore ke ’nete. ’Nete ea hore ha re tsebe hantle hore na Emmanuele e ne e le mang mehleng ea Esaia ke e loketseng e le hore meloko e neng e tla tla hamorao e se ke ea hlokomoloha Emmanuele e Moholoanyane mohla a neng a tla hlaha e le pontšo ea mohlolo e tsoang leholimong.
9. (a) Ho phethahala ha pontšo le ho hlōleha ha bolotsana khahlanong le selekane sa ’Muso ho ne ho tiisa eng? (b) Bolotsana bo boholohali ba lefatše ke bofe?
9 Ha e le hantle, mehleng ea Akaze, pontšo le ho qhaloa ha bolotsana bo reroang ke lefatše khahlanong le selekane sa ’Muso oa Molimo, li ile tsa phethahatsoa hanyenyane feela. Empa phethahatso eo ea pele ea tiisa hore pontšo le ho qhaloa ha bolotsana bo reroang ke lefatše li tla phethahatsoa ka kutloisiso e khōloanyane mehleng ea rōna e thata. Kajeno re talimane le bolotsana bo boholohali ho feta bo kileng ba reroa lefatšeng. Ka kutloisiso efe? Ka hore lichaba ka ho feletseng li hlokomoloha tokisetso ea Jehova ea ho tlisa khotso ea kamehla, li bile li hanyetsa le baemeli ba “Morena oa khotso.” Bolotsana bo hlile bo khahlanong le Mojalefa oa selekane sa ’Muso, “Morena oa khotso.” Joale, ho thoe’ng ka phethahatso e feletseng ea boprofeta boo? Haeba re lemoha pontšo eo, joale re tla ananela hore qetello ea bolotsana bona ba lefatše ke qeto ea khale.
Tsoalo ea “Morena oa Khotso”
10. (a) Phethahatsong e feletseng ea Esaia 7:14, ke mang ea belehileng ngoana e le pontšo le Mojalefa oa selekane sa ’Muso? (b) Rahistori Mattheu o amahanya pontšo ea Emmanuele le ntlo ea Davida joang?
10 Phethahatsong e feletseng ea boprofeta, moroetsana ea belehileng ngoana e le pontšo le Mojalefa oa selekane sa ’Muso e ne e le Maria, moroetsana oa Mojode ea tsoileng lesikeng la Morena Davida. Lengeloi Gabriele la mo bolella hore o ne a tla beleha mora ea neng a tla bitsoa Jesu, eo Jehova Molimo a neng a tla “mo nea terone ea Davida ntat’ae,” le hore “borena [’Muso] ba hae ha bo ka ke ba e-ba le bofelo.” (Luka 1:26-33) Rahistori ea bululetsoeng Mattheu o amahanya pontšo ea Emmanuele le ntlo ea Davida. Rea bala ho Mattheu 1:20-23: “Lengeloi la Morena la mo [Josefa] hlahela ka toro, la re: Josefa, mor’a Davida, u se ke ua tšaba ho inkela Maria, mosali oa hao, hobane se emotsoeng ke eena, ke sa Moea o Halalelang. O tla tsoala mora, ’me u tla mo rea lebitso la Jesu; hobane ke eena ea tla pholosa sechaba sa hae libeng tsa sona. Hoo hohle ho hlahile, hore ho etsahale ho boletsoeng ke Morena, ka moprofeta ea itseng: Bonang, moroetsana o tla emola, a tsoale mora, ’me lebitso la hae o tla bitsoa Emmanuele, ke ho re, ha ho fetoloa, Molimo o na le rōna.”
11. Tsoalo e profetiloeng ea Emmanuele e etsahetse neng hona hokae?
11 Tsoalo ee e profetiloeng ea Emmanuele e etsahetse neng hona hokae? Mahlo oohle a Bajode a ne a talimile ka lehlakoreng le nepahetseng ka mantsoe a Mikea 5:2 a qotsitsoeng ho Mattheu 2:6: “Uena Bethlehema, fatše la Juda, ha u monyenyane har’a metse e meholo ea Juda, hobane ho tla tsoa ho uena motsamaisi ea tla lisa sechaba sa ka sa Iseraele.” E ne e le ka selemo sa 2 B.C.E., motseng oa Bethlehema moo “Morena oa khotso” a ileng a tsoaloa, ’me boprofeta bo hlollang ba Esaia 9:6, 7 ba qala ho phethahala.
12, 13. Tsoalo ea “Morena oa khotso” e tliselitse mang tlhompho e khōlō, ’me ke litšobotsi life tse khanyang le tse phatsimang tse bileng teng tsoalong ee?
12 Ke mang har’a rōna ea neng a ke ke a ho nka e le hlompho le thabo ho ba motsoali oa ea neng a tla ba le tlotla ea “Morena oa khotso”? Ka lebaka leo Ntate oa morena oa khosana ena o ile a tleloa ke khanya e khōlō. Ha e le hantle, le ka mohla, ha ho mohla tsoalo ea motho e kileng ea felehetsoa ke khanya le litšobotsi tse phatsimang joalo.
13 Lengeloi le khanyang la Jehova la hlaha ho balisa ba neng ba alositse mehlape ea bona masimong bosiu kantle ho Bethlehema ’me “khanya ea Morena [Jehova] ea ba teela hare.” Joale lengeloi la tsebahatsa tsoalo phethahatsong ea boprofeta ba bomolimo, le re: “Kajeno, le tsoaletsoe ’Moloki, motseng oa Davida; ke Kreste, Morena.” Joalokaha eka hoo e ne e se khanya e lekaneng, maholimong a holimo ha hlaha letšoele la mangeloi a rorisang Ntate oa ngoana ea sa tsoa tsoaloa ’me joalokaha eka ke ka lentsoe le le leng, a re: “Khanya e be ho Molimo maholimong a holimo, khotso e be lefatšeng ho batho bao o khahloang ke bona.” E bile ho loketseng hakaakang hore tsoalong ea ea neng a reretsoe hore e be “Morena oa khotso” mangeloi a tsebahatse hore ho ne ho tla ba le khotso ea bomolimo bakeng sa batho bohle bao Molimo o khahloang ke bona!—Luka 2:8-14.
14, 15. (a) Bara ba leholimong ba Molimo ba ile ba rorisa Jehova ka liketsahalo life? (b) Ke hobane’ng ha ho ne ho ke ke ha e-ba le tsoalo e ’ngoe ea ngoana paleng eohle ea batho e ka bapisoang le ee?
14 Khale pele ho tsoaloa eo e neng e tla ba “Morena oa khotso,” mangeloi a ne a ile a rorisa Molimo ka lekhetlo le leng le khethehileng. Hoo ho etsahetse nakong ea pōpo, ha Molimo o thea lefatše. (Jobo 38:4) Na u bone litšoantšo tsa lefatše la rōna tse nkiloeng ke ba fofang sebakeng ha ba le sepaka-pakeng se kantle? Joale u bone seo ho fihlela morao tjena se neng se bonoe ke mangeloi feela. ’Me mangeloi a ile a arabela joang ka nako eo? Jobo 38:7 ea re bolella: ‘Linaleli tsa meso tsa ntša mehoo ea thabo, le bara bohle ba Molimo ba bina ka nyakallo.’
15 Tsoalo e khōlōhali e kileng ea tlotla lefatše e ne e tla ba ketsahalo e khōlōhali joalo eo ka eona bara ba Molimo ba neng ba tla kopanya mantsoe a bona a monatehali pineng ea thoriso. Joalokaha ntate oa lefatše a leboheloa tsoalo ea mora oa hae oa letsibolo, ka hona Ntate oa leholimo ea ikarabellang bakeng sa tsoalo ena e khōlōhali e kileng ea etsahala lefatšeng, o lokeloa ke hore a hōlisoe ka pina ke litho tsa lelapa la hae la leholimo. Boleng bo halalelang bo tlameha e be bo ile ba thabela pina eo e monate haholo hakaakang e entsoeng ha bo fetoha ntate ka lekhetlo la pele maemong a macha ho hang. Historing eohle ea bokahohle ha ho mohla ho kileng ha e-ba le tsoalo ea ngoana e ka bapisoang le ea ea neng a reretsoe ho ba “Morena oa khotso.”
“Leseli le Leholo” lea Khanya
16. Phethahatso e tsoelang pele ea Esaia khaolo 9 e bile neng hona joang?
16 Esaia khaolo ea 9 e phethahalitsoe ka ho tsoetseng pele ha Jesu a qala tšebeletso ea hae ea pontšeng. Ena e ne e amana le litemana tsa eona tse peli tsa pele, tse neng li profetile hore “leseli le leholo” le ne le tla khanyetsa batho ba ‘tsamaeang lefifing.’ Re hlalosetsoa phethahatso ea litemana tseo ke rahistori ea bululetsoeng Mattheu khaolong ea 4 litemana 13 ho ea ho 17 : “[Jesu] a falla Nazaretha, a ea aha Kapernauma, motse o pel’a leoatle, naheng ea Zabulone le Nefthali; hore ho etsahale ho boletsoeng ke moprofeta Esaia, ha a re: Lefatše la Zabulone le lefatše la Nefthali, tseleng ea leoatle, mose oa Jordane, Galilea oa lichaba, sechaba se neng se lutse lefifing, se bone leseli le leholo; ’me leseli le chabetse ba neng ba lutse naheng ea lefu le moriting oa lona. Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho ruta, a re: Bakang, hobane ’muso oa maholimo o atametse.”
17. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a ka etsa hore leseli le khanyetse batho ba Zabulone le Nefthali, hona leseli lee le ne le tla bolela eng ho ba lutseng lefifing?
17 Zabulone le Nefthali li ne li le ka leboea ho elella qetellong ea Iseraele ’me li ne li akarelletsa setereke sa Galilea. Nefthali e ne e le moeli oa lebōpo lohle le ka bophirimela la Leoatle la Galilea. Ka hona e bile ka ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo libakeng tseo, Jesu le barutuoa ba hae ba ileng ba etsa hore leseli le chabele batho ba moo ba neng ba lutse lefifing ka nako e telele. Jesu o itse ho Johanne 8:12: “Ke ’na leseli la lefatše; ea ntatelang a ke ke a tsamaea lefifing, empa o tla ba le leseli la bophelo.” Kahoo, ka Jesu ‘ba lutseng khohlong ea moriti oa lefu’ ba nolofaletsoa ho ba le “leseli la bophelo” hobane a tetse bophelo ba hae “ho ba topollo ea ba bangata.” Ke eo Jehova a mo sebelisitseng ho khantša mokhoa oo ka oona batho ba neng ba ka fumana bophelo.—Mattheu 4:23; 20:28.
18. (a) Ke hobane’ng ha “leseli le leholo” lee le ne le sa lebisoa feela ho batho ba Galilea? (b) Ho tla nahanoa eng sehloohong se hlahlamang?
18 ‘Leseli lena le leholo’ le tšepisang topollo lefung le khatellong ha lea ka la fellisetsoa ho batho ba Galilea feela. Na Esaia o ne a sa profeta hore puso e ne e tla ba e se nang bofelo? Hona na Esaia o ne a sa profeta hore karolo ea “Morena oa khotso” e ne e tla ba e khōlō? E, hobane Esaia 9:6, 7 e re: “O tla bitsoa Moeletsi ea makatsang, Molimo o matla, Ra-bo-sa-feleng, Morena oa khotso; hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng.” Sehloohong se latelang, re tla nahana ka mosebetsi oa Jesu Kreste e le “Moeletsi ea makatsang, Molimo o matla, Ra-bo-sa-feleng,” hape e le “Morena oa khotso.”
Na u a Hopola—
◻ Ke bolotsana bofe bo ileng ba hlaha mehleng ea Morena Akaze?
◻ Phethahatso e nyenyane ea pontšo ea Esaia 7:14 e ne e le efe?
◻ Phethahatso e feletseng ea pontšo eo e ne e le efe?
◻ Ke hobane’ng ha tšoalo ea “Morena oa khotso” e ne e le tsoalo ea ngoana e khōlōhali ea lefatše?