Ha U Tsebe Moo e Tlang ho Atleha Teng!
“Jala peō ea hao hoseng ’me u se ke ua lumella letsoho la hao hore le phomole ho fihlela ka shoalane; etsoe ha u tsebe moo sena se tlang ho ba le katleho.”—MOEK. 11:6.
1. Ke hobane’ng ha ho shebella ho hōla ha lintho ho hlolla ebile ho etsa hore motho a ikokobetse?
SEHOAI ha sea lokela ho fela pelo. (Jak. 5:7) Ka mor’a hore se jale peō, se lokela ho emela hore e mele ’me e hōle. Butle-butle, ha maemo a le matle, letlōbō le qala ho hlaha, le hlahella ka holimo ho mobu. Hamorao lea hōla e ba limela tse qalang ho hlahisa lithollo. Qetellong tšimo ea sehoai e boemong ba hore se ka kotula. Ho hlolla hakaakang ho shebella mohlolo oa ho hōla ha lintho! Ho hlokomela hore na ke mang Ea Etsang hore lintho tsena li hōle ho boetse ho etsa hore re ikokobetse. Re ka hlokomela peō. Re ka thusa ka hore re nosetse. Empa ke Molimo feela ea ka hōlisang.—Bapisa le 1 Bakorinthe 3:6.
2. Jesu o rutile lintlha life mabapi le khōlo ea moea lipapisong tse tšohliloeng sehloohong se etellang see pele?
2 Joalokaha ho boletsoe sehloohong se etellang sena pele, Jesu o ile a tšoantša mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le mosebetsi oa sehoai oa ho jala peō. Setšoantšong sa mobu oa mefuta e sa tšoaneng, Jesu o ile a hatisa taba ea hore le hoja sehoai se jala peō e ntle, hore na peō eo e tla hōla ho fihlela e butsoa kapa che ho itšetlehile ka boemo ba motho ba pelo. (Mar. 4:3-9) Setšoantšong sa mojali ea robalang, Jesu o ile a totobatsa taba ea hore sehoai ha se utloisise ka botlalo hore na lintho li hōla joang. Sena se etsahala hobane matla a Molimo e le ’ona a hōlisang lintho, eseng boiteko boo motho a bo etsang. (Mar. 4:26-29) Joale, a re ke re hlahlobeng lipapiso tse ling tse tharo tsa Jesu—ea thollo ea mosetareta, ea tomoso le ea letlooa le huloang.a
Papiso ea Thollo ea Mosetareta
3, 4. Papiso ea thollo ea mosetareta e totobatsa lintlha life mabapi le molaetsa oa ’Muso?
3 Papiso ea thollo ea mosetareta eo ho boetseng ho tlalehiloeng ka eona ho Mareka khaolo ea 4, e totobatsa lintho tse peli: ea pele, khōlo e hlollang ea molaetsa oa ’Muso; ea bobeli, tšireletso eo batho ba amohelang molaetsa ba e fuoang. Jesu o ile a re: “Re tla tšoantša ’muso oa Molimo le eng, kapa re tla o hlalosa ka papiso efe? O joaloka thollo ea mosetareta, eo nakong ea ha e ne e jaloa mobung e neng e le nyenyane ka ho fetisisa ho lipeō tsohle tse lefatšeng—empa ha e jetsoe, ea nyoloha ’me e ba khōlō ho feta meroho e meng kaofela ’me e hlahisa makala a maholo, hoo linonyana tsa leholimo li khonang ho fumana bolulo tlas’a moriti oa eona.”—Mar. 4:30-32.
4 Mona ho tšoantšelitsoe khōlo ea “’muso oa Molimo” e bonahalang ka ho phatlalatsoa ha molaetsa oa ’Muso le ho hōla ha phutheho ea Bokreste ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E. ho ea pele. Thollo ea mosetareta ke peō e nyenyane e ka emelang ntho e nyenyane haholo. (Bapisa le Luka 17:6.) Leha ho le joalo, qetellong, semela sa mosetareta se ka hōla ho fihlela se e-ba bolelele ba limithara tse tharo ho ea ho tse hlano ’me sa e-ba le makala a maholo, ka tsela eo se fetoha ntho e kang sefate.—Mat. 13:31, 32.
5. Phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo e ile ea e-ba le keketseho efe?
5 Phutheho ea Bokreste e ile ea qala e le nyenyane ka 33 C.E. ha barutuoa ba ka bang 120 ba ne ba tlotsoa ka moea o halalelang. Ka mor’a nako e khutšoanyane feela, phutheho ena e nyenyane ea barutuoa e ile ea e-ba le balumeli ba likete-kete. (Bala Liketso 2:41; 4:4; 5:28; 6:7; 12:24; 19:20.) Ka lilemo tse mashome a mararo feela, palo ea bakotuli e ne e eketsehile hoo moapostola Pauluse a neng a ka bolella phutheho ea Kolose hore litaba tse molemo li ne li se li ‘boletsoe pōpong eohle e tlas’a leholimo.’ (Bakol. 1:23) E ne e le keketseho e hlollang hakaakang!
6, 7. (a) Ke keketseho efe e etsahetseng ho tloha ka 1914? (b) Ke khōlo efe e sa ntsaneng e tla etsahala?
6 Haesale ’Muso oa Molimo o thehoa leholimong ka 1914, makala a “sefate” sa mosetareta a hōlile ho feta kamoo ho neng ho lebeletsoe kateng. Batho ba Molimo ba bone ha boprofeta bo tlalehiloeng ke Esaia bo phethahala ka tsela ea sebele: “E monyenyane o tla fetoha ba sekete, ’me ea fokolang e be sechaba se matla.” (Esa. 60:22) Ha ho kamoo sehlopha se senyenyane sa batlotsuoa ba neng ba etsa mosebetsi oa ’Muso mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo se neng se ka tseba hore ka selemo sa 2008, Lipaki tse ka bang limilione tse supileng li ne li tla be li etsa mosebetsi ona linaheng tse fetang 230. Ka sebele ke khōlo e hlollang, e tšoanang le ea thollo ea mosetareta eo Jesu a buileng ka eona papisong ea hae!
7 Empa na khōlo eo e fella hona moo? Che. Qetellong bafo ba ’Muso oa Molimo ba tla tlala lefatše lohle. Bahanyetsi bohle ba tla be ba tlositsoe. Sena se ke ke sa etsahala ka lebaka la boiteko ba batho empa se tla etsahala ka lebaka la ho kenella ha ’Musi Morena Jehova litabeng tsa lefatše. (Bala Daniele 2:34, 35.) Ka nako eo re tla bona phethahatso ea ho qetela ea boprofeta bo bong bo tlalehiloeng ke Esaia: “Ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.”—Esa. 11:9.
8. (a) Linonyana tseo Jesu a buileng ka tsona papisong ea hae li tšoantšetsa bo-mang? (b) Esita le hona joale re sirelelitsoe ho eng?
8 Jesu o bolela hore linonyana tsa leholimo li khona ho fumana bolulo tlas’a moriti oa ’Muso ona. Linonyana tsena ha li tšoantšetse lira tsa ’Muso tse lekang ho ja peō e ntle, joalokaha ho ne ho le joalo ka linonyana tseo ho boletsoeng ka tsona papisong ea motho ea neng a hasa peō mobung oa mefuta e sa tšoaneng. (Mar. 4:4) Ho e-na le hoo, papisong ena linonyana li tšoantšetsa batho ba lipelo li ntle ba batlang tšireletso ka phutheho ea Bokreste. Esita le hona joale batho bana ba sirelelitsoe mekhoeng e silafatsang moeeng le mekhoeng e sa hloekang ea lefatše lena le khopo. (Bapisa le Esaia 32:1, 2.) Ka ho tšoanang, Jehova o ile a tšoantša ’Muso oa Bomesia le sefate eaba ka boprofeta o re: ‘Ke tla se tlosa ke se ise thabeng e phahameng ea Iseraele, ’me ka sebele se tla beha makala se hlahise litholoana ’me se fetohe kedare e khōlō. Ka sebele linonyana tsa mapheo a mefuta eohle li tla lula ka tlas’a sona; li tla lula moriting oa makhasi a sona.’—Ezek. 17:23.
Papiso ea Tomoso
9, 10. (a) Jesu o ile a hatisa ntlha efe papisong ea tomoso? (b) Ka Bibeleng, hangata tomoso e tšoantšetsa eng, ’me re tla tšohla eng mabapi le seo Jesu a se buileng ka tomoso?
9 Hase kamehla batho ba bonang ha lintho li hōla. Jesu o hatisa ntlha ena papisong ea hae e latelang. O re: “’Muso oa maholimo o joaloka tomoso, eo mosali a ileng a e nka ’me a e pata litekanyong tse tharo tse khōlō tsa phofo, ho fihlela hlama eo kaofela e betse.” (Mat. 13:33) Tomoso ee e tšoantšetsa eng, hona e amana joang le khōlo ea ’Muso?
10 Ka Bibeleng, hangata tomoso e sebelisetsoa ho tšoantšetsa sebe. Moapostola Pauluse o ile a bua ka tomoso ka tsela ena ha a ne a bua ka tšusumetso e silafatsang ea moetsalibe ea neng a le phuthehong ea Korinthe ea boholo-holo. (1 Bakor. 5:6-8) Na joale Jesu o ne a sebelisa tomoso ho tšoantšetsa ho hōla ha ntho e ’ngoe e mpe?
11. Tomoso e ne e sebelisoa joang Iseraele ea boholo-holo?
11 Pele re araba potso eo, re lokela ho ela hloko lintlha tse tharo tsa bohlokoa. Ea pele, le hoja Jehova a sa ka a lumella hore ho sebelisoe tomoso moketeng oa Paseka, ka linako tse ling o ne a amohela mahlabelo a neng a e-na le tomoso. Ho ne ho sebelisoa tomoso ha ho etsoa linyehelo tse kopanetsoeng tsa liteboho, tseo ho tsona motho ea etsang nyehelo a neng a ithaopela ho etsa nyehelo ea hae ho bontša hore o leboha Jehova ka litlhohonolofatso tsa Hae tse ngata. Lijo tsena li ne li tla thabisa ba li jang.—Lev. 7:11-15.
12. Re ka ithuta’ng ka tsela eo Bibele e sebelisang lipapiso ka eona?
12 Ea bobeli, le hoja ka Mangolong ntho e itseng e tšoantšetsang e ka ’na ea fana ka moelelo o seng motle ketsahalong e itseng, ketsahalong e ’ngoe, eona ntho eo e ka ’na ea sebelisetsoa ho tšoantšetsa ntho e ntle. Ka mohlala, ho 1 Petrose 5:8, Satane o tšoantšoa le tau, e leng ho tšoantšetsang hore o kotsi ebile o bohale. Empa ho Tšenolo 5:5, Jesu o tšoantšoa le tau—e leng “Tau ea moloko oa Juda.” Tšebelisong ena ea bobeli, tau e sebelisetsoa ho tšoantšetsa toka e bontšoang ka sebete.
13. Papiso eo Jesu a ileng a e etsa ka tomoso e bontša eng ka khōlo ea moea?
13 Ea boraro, papisong eo Jesu a ileng a e etsa, ha aa ka a re tomoso e ile ea senya phofo kaofela, ea etsa hore e se ke ea sebelisoa. O ne a mpa a bua feela ka mokhoa o tloaelehileng oa ho etsa bohobe. ’Malelapa o ile a tšela tomoso ka morero, ’me e ile ea sebetsa. Tomoso e ne e patiloe ka har’a phofo. Kahoo, tsela eo tomoso e sebetsang ka eona e ne e patehile mahlong a ’Malelapa eo. Sena se re hopotsa motho ea jalang peō ebe oa robala bosiu. Jesu o itse “peō ea hlaha ’me ea hōla e ba telele, hore na joang [motho eo ] ha a tsebe.” (Mar. 4:27) Ke tsela e bonolo hakaakang ea ho bontša mokhoa o sa bonahaleng oo khōlo ea moea e etsahalang ka oona! Ho ka ’na ha etsahala hore qalong re se ke ra bona khōlo eo, empa qetellong litholoana tsa eona lia bonahala.
14. Ke ntlha efe ea mosebetsi oa boboleli e bontšoang ke taba ea hore tomoso e belisa hlama kaofela?
14 Khōlo ena ha e bonahale mahlong a batho, empa leha ho le joalo e etsahala lefatšeng lohle. Ena ke ntlha e ’ngoe e hatisoang ke papiso ea tomoso. Tomoso e belisa hlama eohle, e leng “litekanyo tse tharo tse khōlō tsa phofo” kaofela. (Luka 13:21) Joaloka tomoso, mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso, o entseng hore ho be le khōlo ena ea moea, o eketsehile hoo hona joale ’Muso o seng o boleloa “karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Lik. 1:8; Mat. 24:14) Ke tlotla e kaakang ho kopanela keketsehong ee e hlollang ea mosebetsi oa ’Muso!
Letlooa le Huloang
15, 16. (a) Akaretsa papiso ea letlooa le huloang. (b) Letlooa le huloang le tšoantšetsa’ng, ’me papiso ee e bua ka mokhoa o sa tobang ka karolo efe ea khōlo ea ’Muso?
15 Ntho ea bohlokoa ho feta palo ea batho ba ipolelang hore ke barutuoa ba Jesu Kreste ke hore na batho bao ke barutuoa ba mofuta ofe. Jesu o bua ka mokhoa o sa tobang ka ntlha ena ea khōlo ea ’Muso ha a etsa papiso e ’ngoe, e leng papiso ea letlooa le huloang. O itse: “Hape ’muso oa maholimo o joaloka letlooa le huloang le theoleloang leoatleng ’me le bokella litlhapi tsa mofuta o mong le o mong.”—Mat. 13:47.
16 Letlooa le huloang le tšoantšetsang mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso, le bokella litlhapi tsa mofuta o mong le o mong. Jesu o tsoela pele ka ho re: “Ha [letlooa le huloang] le tletse ba le hulela lebōpong ’me, ha ba lula fatše, ba bokellela tse ntle lijaneng, empa ba lahla tse sa lokang. Ke kamoo ho tla ba kateng qetellong ea tsamaiso ea lintho: mangeloi a tla tsoa ’me a arole ba khopo har’a ba lokileng ’me a tla ba lahlela sebōping sa mollo. Ke moo ho lla ha bona le ho tsikitlanya meno ho tla ba teng.”—Mat. 13:48-50.
17. Mosebetsi oa ho arola o boletsoeng papisong ea letlooa le huloang o etsahala nakong efe?
17 Na mosebetsi oo oa ho arola o bolela kahlolo ea ho qetela ea linku le lipōli eo Jesu a itseng e ne e tla etsahala ha a fihla ka khanya ea hae? (Mat. 25:31-33) Che. Kahlolo eo ea ho qetela e tla etsahala ha Jesu a tla nakong ea matšoenyeho a maholo. Ho fapana le moo, mosebetsi oa ho arola oo ho builoeng ka oona papisong ea letlooa le huloang o etsahala “qetellong ea tsamaiso ea lintho.”b Ena ke nako eo re phelang ho eona hona joale—e leng matsatsi a lebisang matšoenyehong a maholo. Kahoo mosebetsi oa ho arola o etsahala joang hona joale?
18, 19. (a) Mosebetsi oa ho arola o etsahala joang hona joale? (b) Batho ba lipelo li ntle ba lokela ho nka bohato bofe? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe la 21.)
18 Mehleng ea kajeno litlhapi tse limilione tsa tšoantšetso tse tsoang leoatleng la batho li ’nile tsa huleloa ka phuthehong ea Jehova. Tse ling li ba teng Sehopotsong, tse ling li tla libokeng tsa rōna, ’me tse ling hape li thabela ho ithuta Bibele. Empa na tsee kaofela ke Bakreste ba ’nete? Li ka ’na tsa ‘huleloa lebōpong,’ empa Jesu o re bolella hore ke feela “tse ntle” tse bokelleloang ka lijaneng, ’me lijana tsena li emela liphutheho tsa Bokreste. Tse sa lokang lia lahloa, e le hore qetellong li lahleloe ka sebōping sa mollo sa tšoantšetso, e leng se bolelang ho timetsoa nakong e tlang.
19 Joaloka litlhapi tse sa lokang, batho ba bangata ba kileng ba ithuta Bibele le batho ba Jehova, ba khaolitse ho ithuta. Ba bang bao batsoali ba bona e leng Bakreste ha ho mohla ba kileng ba batla ho ba balateli ba hatang mohlaleng oa Jesu. Ha baa ka ba ikemisetsa ho etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova kapa ka mor’a ho mo sebeletsa ka nakoana e itseng ba ile ba khaotsa ho mo sebeletsa.c (Ezek. 33:32, 33) Leha ho le joalo, ke habohlokoa hore batho bohle ba lipelo li ntle ba lumele hore ba bokelleloe ka liphuthehong tse kang lijana pele ho letsatsi la ho qetela la kahlolo le hore ba lule sebakeng sa tšireletso.
20, 21. (a) Re ithutile eng ka ho hlahloba lipapiso tsa Jesu mabapi le khōlo? (b) U ikemiselitse ho etsa’ng?
20 Kahoo, ke sefe seo re ithutileng sona tlhahlobong ea rōna e khutšoanyane ea lipapiso tsa Jesu mabapi le khōlo? Sa pele, joalokaha thollo ea mosetareta e ile ea hōla, ho bile le keketseho e khōlō ea batho ba mamelang molaetsa oa ’Muso mona lefatšeng. Ha ho letho le ka thibelang mosebetsi oa Molimo hore o ate! (Esa. 54:17) Ho phaella moo, ho lokiselitsoe tšireletso ea moea bakeng sa ba batlileng “bolulo tlas’a moriti oa [sefate].” Sa bobeli, Molimo ke eena ea hōlisang. Feela joalokaha tomoso e patiloeng e tlala hohle ka har’a hlama, hase kamehla khōlo ena e ileng ea bonahala habonolo kapa ea utloisisoa, empa e tlala hohle! Sa boraro, hase bohle ba ileng ba nka khato ba bontšitseng hore baa tšoaneleha. Ba bang ba ’nile ba e-ba joaloka litlhapi tse sa lokang tseo Jesu a buileng ka tsona papisong ea hae.
21 Leha ho le joalo, ho khothatsa hakaakang ho bona batho ba bangata hakana ba tšoanelehang ba huloang ke Jehova! (Joh. 6:44) Sena se feletse ka hore ho be le keketseho e hlollang linaheng ka ho fapana. Tlotla eohle e lokela ho isoa ho Jehova Molimo ka lebaka la khōlo ena. Kaha re bona ha khōlo ena e etsahala, re lokela ho mamela keletso ena e ngotsoeng lilemo tse makholo tse fetileng: “Jala peō ea hao hoseng . . . etsoe ha u tsebe moo sena se tlang ho ba le katleho, ebang ke mona kapa mane, kapa hore na ka bobeli li tla ba molemo ka ho tšoanang.”—Moek. 11:6.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Litlhalosong tse latelang ho lokisoa se neng se hlalositsoe pele tokollong ea Molula-Qhooa oa June 15, 1992, leqepheng la 17-22, le tokollong ea April 1, 1976, leqepheng la 149-54.
b Le hoja Matheu 13:39-43 e bua ka ntlha e fapaneng ea mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso, nako ea ho phethahala ha eona e tšoana le nako ea ho phethahala ha papiso ea letlooa le huloang, e leng, “qetellong ea tsamaiso ea lintho.” Nakong ena, mosebetsi oa ho aroloa ha litlhapi tsa tšoantšetso ha o khaotse, feela joalokaha mosebetsi oa ho jala le ho kotula le oona o sa khaotse.—Molula-Qhooa, October 15, 2000, leqepheng la 25-26; Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete, leqepheng la 178-180, serapeng sa 8-11.
c Na see se bolela hore motho e mong le e mong ea khaolitseng ho ithuta kapa ho kopanela le batho ba Jehova mangeloi a mo lahlile ka hore ke tlhapi e sa lokang? Che! Haeba motho a hlile a batla ho khutlela ho Jehova, Jehova o tla mo amohela.—Mal. 3:7.
U ka Araba Joang?
• Papiso ea Jesu ea thollo ea mosetareta e re ruta eng ka khōlo ea ’Muso le ka tšireletso ea moea?
• Tomoso eo Jesu a buileng ka eona papisong ea hae e tšoantšetsa eng, ’me Jesu o totobatsa ’nete efe ka khōlo ea ’Muso?
• Ke ntlha efe ea khōlo ea ’Muso eo ho buuoang ka eona papisong ea letlooa le huloang?
• Re ka tiisa joang hore re lula re le har’a ba ‘bokelletsoeng ka lijaneng’?
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Papiso ea thollo ea mosetareta e re ruta eng ka keketseho ea ’Muso?
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Re ithuta eng papisong ea tomoso?
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Ke eng e tšoantšetsoang ke ho aroloa ha litlhapi tse ntle ho litlhapi tse sa lokang?