Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lijong ha Mofarisi ea Tsebisahalang
    Molula-Qhooa—1988 | December 15
    • Ke mabaka a boitatolo a fokolang hakaakang! Tšimo kapa liphoofolo ka tloaelo li hlahlobjoa pele li rekoa, ka hona ha ho letho le potlakileng ka sebele ho ea li hlahloba ka morao ho moo. Ka ho tšoanang, ho nyala ha motho ha hoa lokela ho mo thibela ho amohela memo ea bohlokoa hakaalo. Ka hona ha a utloa mabaka ana, morena oa halefa ’me o laela mohlanka oa hae:

      “Phakisa u tsoele mapatlelong le literateng tsa motse, ’me u tlise koano, mafutsana, le lihole, le lihlotsa, le lifofu. Mohlanka a re: Morena, ho se ho entsoe kamoo u laetseng kateng, empa sebaka se sa le teng. Morena a re ho mohlanka: Tsoela litseleng le pel’a metero, ’me u khanne batho, ba kene, ntlo ea ka e be e tlale. . . . Ha ho le a mong oa banna bale ke ba bitsitseng, ea tla latsoa selallo sa ka.”

  • Lijong ha Mofarisi ea Tsebisahalang
    Molula-Qhooa—1988 | December 15
    • Ba pele ho amohela memo ea ho ba mocheng oa ho fumana ’Muso e ne e le baeta-pele ba bolumeli ba Bajode ba mehleng ea Jesu. Leha ho le joalo, ba ile ba hana memo. Ka hona, ho tloha ka ho khethehileng ka Pentekonta ea 33 C.E., memo ea bobeli e ile ea fetisetsoa ho ba eisehang le ba khesehang ba sechaba sa Bajode. Empa ha hoa ka ha arabela ba lekaneng ho tlatsa libaka tse 144 000 ’Musong oa Molimo oa leholimo. Ka hona ka 36 C.E., lilemo tse tharo le halofo hamorao, memo ea boraro le ea ho qetela e ile ea fetisetsoa ho maqai ao e seng Bajode, ’me ho bokelloa ha ba joalo ho tsoetse pele ho kenella lekholong la bo20 la lilemo. Luka 14:1-24.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela