Matšeliso a ’Nete a ka Fumanoa Hokae?
‘Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste . . . o re tšelisa matšoenyehong ’ohle a rōna.’—2 BAKORINTHE 1:3, 4.
1. Ke maemo afe a ka etsang hore batho ba hloke matšeliso e le kannete?
BOQHOALA bo ka etsa hore motho a nahane hore ke phetho ka eena. Litšisinyeho tsa lefatše, lifefo le tlala ea boja-likata li siea batho ba le bohloking. Ntoa e ka bolaea litho tsa lelapa, ea senya mahae, kapa ea qobella batho hore ba siee mahae a bona. Leeme le ka etsa hore batho ba nahane hore ha ho moo ba ka balehelang teng. Ba hlahetsoeng ke lintho tsena tse bohloko ba hloka matšeliso e le kannete. A ka fumanoa hokae?
2. Ke hobane’ng ha matšeliso ao Jehova a fanang ka ’ona a ikhetha?
2 Batho ba bang le mekhatlo e meng ba leka ho fana ka matšeliso. Mantsoe a mosa aa ananeloa. Liphallelo li thusa ka nakoana. Empa Jehova Molimo oa ’nete ke eena feela ea ka etsollang tšenyo eohle le ho fana ka thuso e hlokahalang e le hore tlokotsi e joalo e se hlole e e-ba teng. Bibele e re ka eena: “Ho bokoe Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste, Ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle, ea re tšelisang matšoenyehong ’ohle a rōna, e le hore re ka khona ho tšelisa ba matšoenyehong a mofuta leha e le ofe ka matšeliso ao re ntseng re tšelisoa ka ’ona ke Molimo.” (2 Bakorinthe 1:3, 4) Jehova o re tšelisa joang?
Ho Leba Motsong oa Mathata
3. Matšeliso ao Molimo a fanang ka ’ona a leba motsong oa mathata a batho joang?
3 Batho bohle ba futsitse ho se phethahale ka lebaka la sebe sa Adama ’me sena se baka mathata a mangata a qetellang ka lefu. (Baroma 5:12) Boemo bo feteletsoa ke hore Satane Diabolose ke “’musi oa lefatše lena.” (Johanne 12:31; 1 Johanne 5:19) Jehova o entse ho fetang feela ho bontša kutloelo-bohloko ka boemo bo sa thabiseng ba batho. O ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši e le thekollo, ’me A re bolella hore re ka lopoloha liphellong tsa sebe sa Adama haeba re bontša tumelo ho Mora oa Hae. (Johanne 3:16; 1 Johanne 4:10) Hape Molimo o ile a bolela esale pele hore Jesu Kreste, ea filoeng matla ’ohle leholimong le lefatšeng, o tla timetsa Satane le tsamaiso eohle ea hae ea lintho e khopo.—Matheu 28:18; 1 Johanne 3:8; Tšenolo 6:2; 20:10.
4. (a) Jehova o fane ka eng ho etsa hore re be le tšepo e tiileng litšepisong tsa hae tsa ho re lopolla? (b) Jehova o re thusa joang ho tseba hore na topollo e tla tla neng?
4 Molimo o tlalehile bopaki bo bongata ba hore sohle seo a se bolelang esale pele sea phethahala, ’me sena se etsa hore re be le tšepo e tiileng litšepisong tsa hae. (Joshua 23:14) Ka Bibeleng o ile a kenyelletsa tlaleho ea seo a se entseng ho lopolla bahlanka ba hae maemong ao ba neng ba nahana hore ba ke ke ba tsoa ho ’ona. (Exoda 14:4-31; 2 Marena 18:13–19:37) Ka Jesu Kreste, Jehova o bontšitse hore morero oa hae o akarelletsa ho folisa batho “mefokolo ea mofuta o mong le o mong,” esita le ho tsosa bafu. (Matheu 9:35; 11:3-6) Lintho tsee li tla etsahala neng? Ha Bibele e fana ka karabo, e hlalosa matsatsi a ho qetela a tsamaiso ena ea khale, a tlang pele ho maholimo a macha le lefatše lecha tsa Molimo. Tlhaloso ea Jesu e lumellana le nako eo re phelang ho eona.—Matheu 24:3-14; 2 Timothea 3:1-5.
Ho Tšelisa Batho ba Matšoenyehong
5. Ha Jehova a tšelisa Baiseraele ba boholo-holo, ke eng eo a ileng a ba hlokomelisa eona?
5 Tsela eo Jehova a ileng a sebelisana le Baiseraele ba boholo-holo ka eona e re ruta kamoo a ileng a ba tšelisa kateng ha ba le matšoenyehong. O ile a ba hopotsa hore na ke Molimo oa mofuta ofe. Sena se ile sa tiisa tšepo ea bona litšepisong tsa hae. Jehova o ile a etsa hore baprofeta ba hae ba etse lipapiso tse hlakileng tse bontšang phapang pakeng tsa hae e le Molimo oa ’nete le ea phelang, le melimo ea litšoantšo e sitoang ho iketsetsa letho le e sitoang ho thusa barapeli ba eona. (Esaia 41:10; 46:1; Jeremia 10:2-15) Ha Jehova a ne a re ka Esaia, “Tšelisang, tšelisang batho ba ka,” o ile a susumetsa moprofeta enoa oa hae hore ha a bua ka lintho tseo A li bōpileng, a sebelise lipapiso le litlhaloso ho totobatsa boholo ba Jehova e le Molimo a le mong feela oa ’nete.—Esaia 40:1-31.
6. Ka linako tse ling Jehova o ne a bontša joang hore na topollo e tla ba neng?
6 Ka linako tse ling, Jehova o ne a tšelisa batho ba hae ka ho bolela nako e tobileng ebang e ne e le haufi kapa e sa le hōle hore na ba tla lokolloa neng. Ha Baiseraele ba hateletsoeng ba le haufi le ho lokolloa Egepeta, o ile a re ho bona: “Ke tla tlisa kotlo e ’ngoe hape ho Faro le Egepeta. Ka mor’a moo o tla le tlohela hore le tlohe mona.” (Exoda 11:1) Ha lichaba tse tharo tse entseng selekane li hlasela Juda mehleng ea Morena Josafate, Jehova o ile a ba bolella hore O tla ba loanela “hosasane.” (2 Likronike 20:1-4, 14-17) Ka lehlakoreng le leng, lilemo tse ka bang 200 esale pele, Esaia o ile a tlaleha hore ba tla lokolloa Babylona ’me Jeremia a fana ka boitsebiso bo eketsehileng lilemo tse ka bang lekholo pele ba lokolloa. Boprofeta boo e ne e le bo khothatsang bahlanka ba Molimo hakaakang ha nako ea ho lokolloa e ntse e atamela!—Esaia 44:26–45:3; Jeremia 25:11-14.
7. Ke eng seo hangata se neng se akarelletsoa litšepisong tsa topollo, ’me se ne se ama batho ba tšepahalang ba Iseraele joang?
7 Hoa hlokomeleha hore litšepiso tse neng li tšelisa batho ba Molimo hangata li ne li bua ka Mesia. (Esaia 53:1-12) Melokong eohle, li ne li etsa hore batho ba tšepahalang ba be le tšepo ha ba le har’a liteko tse ngata. Luka 2:25 e baleha tjena: “Bonang! Ho ne ho e-na le monna e mong Jerusalema ea bitsoang Simeone, monna enoa o ne a lokile ’me a e-na le tlhompho ea borapeli, a letetse matšeliso a Iseraele [ha e le hantle, ho tla ha Mesia], ’me moea o halalelang o ne o le holim’a hae.” Simeone o ne a tseba ka tšepo ea hore Mesia o tla tsoaloa joalokaha ho tlalehiloe ka Mangolong, ’me ho lebella ho phethahala ha eona ho ile ha susumetsa bophelo ba hae. O ne a sa utloisise hore na e tla phethahala joang, ’me poloko e boletsoeng esale pele ha ea ka ea fihla a sa phela, empa o ile a thaba ha a bona Eo e neng e tla ba “mokhoa oa [Molimo] oa ho pholosa.”—Luka 2:30.
Matšeliso a Fanoang ka Kreste
8. Thuso eo Jesu a neng a fana ka eona e ne e fapane kae le eo batho ba neng ba nahana hore baa e hloka?
8 Ha Jesu Kreste a phetha tšebeletso ea hae lefatšeng, hase kamehla a neng a thusa batho kamoo ba neng ba lebeletse kateng. Ba bang ba ne ba labalabela Mesia ea neng a tla ba lokolla pusong e thata ea Roma. Empa Jesu o ne a sa buelle phetohelo ea puso; o ile a re ba “lefe Cesare lintho tsa Cesare.” (Matheu 22:21) Morero oa Molimo o ne o akarelletsa ho fetang ho lokolla batho khatellong ea ’muso oa lipolotiki. Batho ba ne ba batla ho etsa Jesu morena, empa o ile a re o ne a tla “fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Matheu 20:28; Johanne 6:15) E ne e e-s’o be nako ea hore e be morena, ebile Jehova ke eena ea neng a tla mo fa matla a ho busa ho e-na le ho a fuoa ke mahoohoo.
9. (a) Jesu o ile a bolela molaetsa ofe oa matšeliso? (b) Jesu o ile a bontša joang hore molaetsa oo o sebetsa maemong ao batho ba tobaneng le ’ona? (c) Tšebeletso ea Jesu e ile ea rala motheo oa eng?
9 Matšeliso ao Jesu a ileng a fana ka ’ona a ne a akarelletsa “litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo.” Ke oona molaetsa oo Jesu a neng a o bolela hohle. (Luka 4:43) O ile a hatisa hore molaetsa ona o sebetsa mathateng a batho a letsatsi le letsatsi ka ho bontša hore na eena joaloka ’Musi oa Bomesia o tla etsetsa batho eng. O ile a etsa hore batho ba mahlomoleng ba boele ba thabele bophelo ka ho etsa hore ba bone hape le ho bua (Matheu 12:22; Mareka 10:51, 52), ka ho phekola ba holofetseng litho (Mareka 2:3-12), ka ho folisa Baiseraele ba habo ba tšoeroeng ke maloetse a tšabehang (Luka 5:12, 13) le ho ba phekola maloetse a mang a bohloko. (Mareka 5:25-29) O ne a khatholla malapa a shoetsoeng ka ho tsosa bana. (Luka 7:11-15; 8:49-56) O ile a bontša hore o na le matla a ho laola lifefo tse kotsi le ho fepa matšoele. (Mareka 4:37-41; 8:2-9) Ho feta moo, Jesu o ile a ba ruta melao-motheo ea ho phela e neng e ka ba thusa ho tobana ka katleho le mathata le ho ba fa tšepo ea hore puso e lokileng ea Mesia e tla tla. Kahoo ha Jesu a etsa tšebeletso ea hae, ha aa ka a tšelisa ba mametseng ka tumelo feela empa hape o ile a rala motheo oa ho khothatsa batho ka lilemo tse tlang tse likete.
10. Sehlabelo sa Jesu se finyella eng?
10 Lilemo tse fetang 60 Jesu a shoele lefu la sehlabelo ’me a tsoselitsoe leholimong, moapostola Johanne o ile a bululeloa hore a ngole a re: “Bana ba ka ba banyenyane, ke le ngolla lintho tsena hore le se ke la etsa sebe. Leha ho le joalo, haeba mang kapa mang a etsa sebe, re na le mothusi ho Ntate, e leng Jesu Kreste, ea lokileng. Ke sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna, empa leha ho le joalo eseng bakeng sa tsa rōna feela empa le bakeng sa tsa lefatše lohle.” (1 Johanne 2:1, 2) Re tšelisoa haholo ke melemo ea sehlabelo se phethahetseng sa Jesu. Rea tseba hore re ka tšoareloa libe, ra ba le letsoalo le hloekileng, ra ba le kamano e ntle le Molimo hape ra ba le tšepo ea bophelo bo sa feleng.—Johanne 14:6; Baroma 6:23; Baheberu 9:24-28; 1 Petrose 3:21.
Moea o Halalelang ke Motšelisi
11. Ke tokisetso efe e ’ngoe ea matšeliso eo Jesu a ileng a e tšepisa pele ho lefu la hae?
11 Ha Jesu a ntse a e-na le baapostola ba hae bosiung ba ho qetela pele a e-shoa lefu la sehlabelo, o ile a bua ka tokisetso e ’ngoe ea Ntat’ae oa leholimo ea ho ba tšelisa. O ile a re: “Ke tla kōpa Ntate ’me o tla le fa mothusi [motšelisi; pa·raʹkle·tos, ka Segerike] e mong hore a be le lōna ka ho sa feleng, moea oa ’nete.” Jesu o ile a ba kholisa a re: “Mothusi, moea o halalelang, . . . o tla le ruta lintho tsohle ’me a le hopotse lintho tsohle tseo ke le boleletseng tsona.” (Johanne 14:16, 17, 26) Moea o halalelang o ile oa ba tšelisa joang?
12. Ke joang ba bangata ba tšelisitsoeng ke hore ebe moea o halalelang o ile oa thusa barutuoa ba Jesu ho hopola?
12 Jesu o ne a rutile baapostola haholo. Ke ’nete hore ba ne ba ke ke ba lebala hore ba rutiloe, empa na ba ne ba tla hopola seo a se buileng? Na ba ne ba tla lebala lithuto tsa bohlokoa ka lebaka la likelello tsa bona tse sa phethahalang? Jesu o ile a ba kholisa hore moea o halalelang o ne o tla ‘ba hopotsa lintho tsohle tseo a neng a ba boleletse tsona.’ Kahoo, lilemo tse ka bang robeli ka mor’a lefu la Jesu, Matheu o ile a ngola Kosepele ea pele, eo ho eona a tlalehileng Thuto ea Jesu ea Thabeng e thobang pelo, lipapiso tsa hae tse ngata tse buang ka ’Muso le makolopetso a pontšo ea ho ba teng ha hae. Lilemo tse fetang 50 hamorao, moapostola Johanne o ile a ngola tlaleho e tšepahalang e fanang ka makolopetso a mangata a se etsahetseng matsatsing a seng makae a ho qetela Jesu a ntse a le lefatšeng. Litlaleho tsee tse bululetsoeng li khothatsa hakaakang le mehleng ee ea rōna!
13. Ke joang moea o halalelang e ileng ea e-ba mosuoe ho Bakreste ba pele?
13 Ntle le ho thusa barutuoa ho hopola mantsoe a Jesu, moea o halalelang o ile oa ba ruta ’me oa ba tataisa hore ba utloisise morero oa Molimo ka ho eketsehileng. Ha Jesu a ntse a e-na le barutuoa ba hae, o ile a ba bolella lintho tseo ka nako eo ba neng ba sa li utloisise ka ho hlaka. Leha ho le joalo, hamorao moea o halalelang o ile oa susumetsa Johanne, Petrose, Jakobo, Juda le Pauluse hore ba ngole lintho tse hlalosang lintho tse ling tse ileng tsa etsahala morerong oa Molimo. Ka hona, moea o halalelang e ile ea e-ba mosuoe, oa ba kholisa kannete hore ba tataisoa ke Molimo.
14. Moea o halalelang o ile oa thusa batho ba Jehova ka litsela life?
14 Limpho tsa moea tsa ho etsa mehlolo li ile tsa boela tsa hlakisa hore Molimo ha a sa amohela Iseraele ea nama, empa o se a amohela phutheho ea Bokreste. (Baheberu 2:4) Hape ho bontša litholoana tsa moea ona ho ne ho le bohlokoa bakeng sa ho khetholla barutuoa ba ’nete ba Jesu. (Johanne 13:35; Bagalata 5:22-24) ’Me moea o ile oa matlafatsa litho tsa phutheho eo hore e be lipaki tse sebete le tse hlokang tšabo.—Liketso 4:31.
Ho Fumana Thuso Tlas’a Khatello e Khōlō
15. (a) Bakreste ba ’nile ba tobana le mathata afe nakong e fetileng le hona joale? (b) Ke hobane’ng ha ka linako tse ling e ka ’na eaba ba fanang ka khothatso le bona baa e hloka?
15 Bohle ba inehetseng ho Jehova ’me ba tšepahala ho eena, ba hlorisoa ka litsela tse sa tšoaneng. (2 Timothea 3:12) Leha ho le joalo, Bakreste ba bangata ba ile ba mamella tlas’a khatello e khōlō. Mehleng ena ea rōna, ba bang ba ile ba hobosoa ke mahoohoo ’me ba kenngoa likampong tsa mahloriso, lichankaneng le likampong tsa mosebetsi o boima tlas’a maemo a sehlōhō. Mebuso e iphetotse bahlorisi ba bona ba mabifi, kapa e lumeletse batho ba litlokotsebe hore ba iketsetse borata ka bona. Ho feta moo, Bakreste ba ’nile ba kula ka ho tebileng kapa ba hlaheloa ke mathata ka malapeng. Mokreste ea hōlileng tsebong ea thusang Bakreste ba bang ba bangata mathateng a bona, a ka ’na a ba tlas’a khatello. Maemong a joalo, e ka ’na eaba ea fanang ka khothatso le eena oa e hloka.
16. Ha Davida a le khatellong e khōlō, o ile a thusoa joang?
16 Ha Morena Saule a ne a lelekisa Davida hore a tle a mo bolaee, Davida o ile a batla thuso ho Molimo, Mothusi oa hae. O ile a kōpa ka tieo a re: “Molimo, u utloe thapelo ea ka. . . . Ke tšabela moriting oa mapheo a hao.” (Pesaleme ea 54:2, 4; 57:1) Na Davida o ile a thusoa? E, o ile a thusoa. Nakong eo, Jehova o ile a sebelisa moprofeta Gade le moprista Abiathare hore ba tataise Davida, ’me A sebelisa Jonathane mor’a Saule hore a matlafatse Davida. (1 Samuele 22:1, 5; 23:9-13, 16-18) Jehova o ile a boela a sitisa Saule phutuhong ea hae ka ho etsa hore Bafilista ba futuhele naha.—1 Samuele 23:27, 28.
17. Ha Jesu a imetsoe haholo, o ile a batla thuso hokae?
17 Jesu Kreste le eena o ne a imetsoe haholo ha lefu la hae le atamela. O ne a tseba hantle hore na boitšoaro ba hae bo tla ama lebitso la Ntat’ae oa leholimo joang le hore na bo tla ba le phello efe bokamosong ba batho bohle. O ile a rapela ka tieo, esita le ho ba “bohlokong bo otlang pelo.” Molimo o ile a etsa bonnete ba hore Jesu o fumana tšehetso eo a neng a e hloka nakong eo e thata.—Luka 22:41-44.
18. Molimo o ile a tšelisa Bakreste ba neng ba hlorisoa ka mabifi joang?
18 Ka mor’a ho thehoa ha phutheho ea lekholo la pele la lilemo, Bakreste ba ile ba hlorisoa ka mabifi hoo kaofela ba ileng ba qhalanela ka ntle ho Jerusalema, ntle ho baapostola. Banna le basali ba ne ba hlile ba ntšoa ka likhoka ka malapeng a bona. Molimo o ile a ba tšelisa joang? O ile a ba tšelisa ka ho ba tiisetsa ka Lentsoe la hae hore ba na le “letlotlo le molemo le le lulang le le teng,” e leng lefa le sa feleng maholimong ba e-na le Kreste. (Baheberu 10:34; Baefese 1:18-20) Ha ba ntse ba tsoela pele ba bolela, ba ile ba bona bopaki ba hore moea oa Molimo o na le bona, ’me liphihlelo tseo ba bileng le tsona tsa etsa hore ba thabe haholoanyane.—Matheu 5:11, 12; Liketso 8:1-40.
19. Le hoja Pauluse a ile a hlorisoa ka mabifi, o ile a ikutloa joang ka matšeliso ao Molimo a fanang ka ’ona?
19 Qetellong, Saule (Pauluse), eo e neng e le mohlorisi ea mabifi, o ile a hlorisoa kahobane o ile a fetoha Mokreste. Sehlekehlekeng sa Cyprase, ho ne ho e-na le moloi ea neng a leka ho sitisa mosebetsi oa Pauluse ka bolotsana le ka ho khopamisa litsela tse nepahetseng. Ha Pauluse a le Galatia, ba ile ba mo tlepetsa ka majoe ’me ba mo siea ba nahana hore o shoele. (Liketso 13:8-10; 14:19) Ba ile ba mo otla ka melamu Macedonia. (Liketso 16:22, 23) Ka mor’a ho hlaseloa ka mabifi ke mahoohoo Efese, o ile a ngola a re: “Re ne re le tlas’a khatello e fetisisang e ka nģ’ane ho matla a rōna, hoo re neng re sa tiiseha esita le ka bophelo ba rōna. Ha e le hantle, re ile ra ikutloa ka hare ho rōna hore re ne re amohetse kahlolo ea lefu.” (2 Bakorinthe 1:8, 9) Empa hona lengolong leo, Pauluse o ile a ngola mantsoe a tšelisang a qotsitsoeng serapeng sa 2 sehloohong sena.—2 Bakorinthe 1:3, 4.
20. Re tla tšohla eng sehloohong se latelang?
20 U ka fana ka matšeliso a joalo joang? Kajeno ho na le ba bangata ba a hlokang ha ba le mesarelong, ebang ke ka lebaka la tlokotsi e amang batho ba bangata kapa ka lebaka la mahlomola a ba amang ka ho toba. Sehloohong se latelang, re tla tšohla kamoo re ka fanang ka matšeliso kateng maemong ana ka bobeli.
Na U sa Hopola?
• Ke hobane’ng ha matšeliso a tsoang ho Molimo e le a bohlokoa ka ho fetisisa?
• Ke matšeliso afe a fanoang ka Kreste?
• Moea o halalelang e bile motšelisi joang?
• Fana ka mehlala ea ha Molimo a tšelisa bahlanka ba hae ha ba le tlas’a khatello e khōlō.
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Bibele e re bontša hore Jehova o ile a tšelisa batho ba hae ka ho ba lopolla
[Litšoantšo tse leqepheng la 16]
Jesu o ile a tšelisa batho ka ho ba ruta, ho ba folisa le ka ho tsosa bafu
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Jesu o ile a fumana thuso e tsoang holimo