-
‘Tholoana ea Moea’ e Tlotlisa MolimoMolula-Qhooa—2011 | April 15
-
-
3. (a) Ha re sebeletsa ho ba le ‘tholoana ea moea,’ seo se tlotlisa Molimo joang? (b) Re tla tšohla lipotso life?
3 Litšobotsi tseo moea o halalelang o li hlahisang ke setšoantšo sa botho ba Jehova Molimo, eo moea oo o tsoang ho eena. (Bakol. 3:9, 10) Jesu o bontšitse lebaka le ka sehloohong leo Bakreste ba lokelang ho loanela ho etsisa Molimo ka lona ha a ne a re ho baapostola ba hae: “Ntate o tlotlisoa ka sena, hore le ’ne le behe litholoana tse ngata.”a (Joh. 15:8) Ha re ntse re sebeletsa ho ba le ‘tholoana ea moea,’ liphello tsa seo li bonahala ka ho hlaka tseleng eo re buang ka eona le eo re etsang lintho ka eona; ka lehlakoreng le leng, sena se tlotlisa Molimo oa rōna. (Mat. 5:16) Tholoana ea moea e fapane ka litsela life le litšobotsi tse mpe tsa lefatše la Satane? Re ka sebeletsa ho ba le tholoana ea moea joang? Ke hobane’ng ha re ka ’na ra thatafalloa ho etsa joalo? Re tla tšohla lipotso tsena ha re ntse re hlahloba litšobotsi tse tharo tse qalang tsa tholoana ea moea—e leng lerato, thabo le khotso.
-
-
‘Tholoana ea Moea’ e Tlotlisa MolimoMolula-Qhooa—2011 | April 15
-
-
a Litholoana tseo Jesu a neng a bua ka tsona li akarelletsa ‘tholoana ea moea’ le “litholoana tsa melomo” tseo Bakreste ba li nyehelang ho Molimo ha ba etsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso.—Baheb. 13:15.
-