Jehova o Batla Eng ho Rōna Kajeno?
“Lentsoe le tsoang lerung, [la] re: ‘Enoa ke Mora oa ka, moratuoa, eo ke mo amohetseng; mo mameleng.’”—MATHEU 17:5.
1. Molao o phethahalitse morero oa oona neng?
JEHOVA o ile a fa sechaba sa Iseraele Molao o neng o e-na le litšobotsi tse ngata. Moapostola Pauluse o ile a ngola ka tsona, a re: “E ne e le litlhokahalo tsa molao tse amanang le nama ’me li ile tsa behoa ho fihlela nakong e behiloeng ea ho otlolla lintho.” (Baheberu 9:10) Molao o ile oa phetha morero oa oona ha o tataisa masala a Baiseraele hore a amohele Jesu e le Mesia, kapa Kreste. Kahoo, Pauluse o ile a re: “Kreste ke pheletso ea Molao.”—Baroma 10:4; Bagalata 3:19-25; 4:4, 5.
2. Ke bo-mang ba neng ba le tlas’a Molao, hona ba ile ba lokolloa neng ho oona?
2 Na see se bolela hore kajeno Molao ha o re tlame? Ha e le hantle, karolo e khōlō ea moloko oa batho ha ho mohla e kileng ea e-ba tlas’a Molao, joalokaha mopesaleme a hlalositse, a re: “[Jehova] o senoletse Jakobo lentsoe la hae, o neile Iseraele melao ea hae le likahlolo tsa hae. Ha a ka a etsa joalo bakeng sa lichaba tse ling kaofela, ’me ha li tsebe likahlolo tsa hae.” (Pesaleme ea 147:19, 20) Ha Molimo a hlomamisa selekane se secha motheong oa sehlabelo sa Jesu, le sona sechaba sa Iseraele se ile sa khaotsa ho ba tlas’a tlamo ea ho mamela Molao. (Bagalata 3:13; Baefese 2:15; Bakolose 2:13, 14, 16) Haeba joale Molao ha o sa tlama, Jehova o batla’ng ho ba lakatsang ho mo sebeletsa kajeno?
Seo Jehova a se Batlang
3, 4. (a) Ha e le hantle ke eng seo Jehova a se batlang ho rōna kajeno? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho latela mehato ea Jesu haufi-ufi?
3 Selemong sa ho qetela sa tšebeletso ea Jesu, baapostola ba hae Petrose, Jakobo le Johanne ba ile ba tsamaea le eena ho ea thabeng e telele, mohlomong tlhōrōng ea Thaba ea Hermone. Ha ba le moo ba ile ba bona pono ea boprofeta ea Jesu a le khanyeng e babatsehang ’me ba utloa lentsoe la Molimo le re: “Enoa ke Mora oa ka, moratuoa, eo ke mo amohetseng; mo mameleng.” (Matheu 17:1-5) Ha e le hantle, ke sona seo Jehova a se batlang ho rōna—ho mamela Mora oa hae le ho latela mohlala oa hae le lithuto tsa hae. (Matheu 16:24) Kahoo, moapostola Petrose o ile a ngola: “Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lōna, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.”—1 Petrose 2:21.
4 Ke hobane’ng ha re lokela ho latela mehato ea Jesu haufi-ufi? Hobane ka ho mo etsisa, re etsisa Jehova Molimo. Jesu o ne a tseba Ntate ka ho feletseng, kaha o ne a bile le eena ka lilemo-lemo tse se nang palo leholimong pele a tla lefatšeng. (Liproverbia 8:22-31; Johanne 8:23; 17:5; Bakolose 1:15-17) Ha Jesu a ntse a le lefatšeng, o ile a emela Ntate oa hae ka botšepehi. O ile a hlalosa: “Feela joalokaha Ntate a nthutile ke bua lintho tsena.” Ha e le hantle, Jesu o ile a etsisa Jehova hantle hoo a neng a ka re: “Ea mponeng o bone Ntate.”—Johanne 8:28; 14:9.
5. Bakreste ba tlas’a molao ofe, ’me molao oo o qalile ho sebetsa neng?
5 Ho ameha eng tabeng ea ho mamela Jesu le ho mo etsisa? Na ho bolela ho ba tlas’a molao o itseng? Pauluse o ile a ngola: ‘Ha ke tlas’a molao.’ Mona o ne a bua ka “selekane sa khale,” e leng selekane sa Molao se neng se entsoe le Baiseraele. Pauluse o ile a lumela hore o ne a le “tlas’a molao mabapi le Kreste.” (1 Bakorinthe 9:20, 21; 2 Bakorinthe 3:14) Ha ho fela selekane sa khale sa Molao, ho ile ha qala ho sebetsa “selekane se secha” se thehiloeng ‘molaong oa Kreste’ oo kajeno bahlanka bohle ba Jehova ba tlamehang ho o mamela.—Luka 22:20; Bagalata 6:2; Baheberu 8:7-13.
6. “Molao oa Kreste” o ka hlalosoa joang, ’me re o mamela joang?
6 Jehova ha aa ka a etsa hore “molao oa Kreste” e be sehlopha sa melao e hlophisitsoeng, e hlophisitsoeng ka likarolo tse sa tšoaneng, joalokaha ho ne ho le joalo ka selekane sa khale sa Molao. Molao ona o mocha oa balateli ba Kreste ha o akarelletse letoto le lelelele la lintho tse lokelang ho etsoa le tse sa lokelang ho etsoa. Leha ho le joalo, Jehova o ile a boloka ka Lentsoeng la hae litlaleho tse ’nè tse pharaletseng tsa bophelo le lithuto tsa Mora oa hae. Ho feta moo, Molimo o ile a bululela balateli ba bang ba pele ba Jesu hore ba fane ka litaelo tse ngotsoeng mabapi le boitšoaro ba motho ka mong, litaba tse amanang le phutheho, boitšoaro ka lapeng le litaba tse ling. (1 Bakorinthe 6:18; 14:26-35; Baefese 5:21-33; Baheberu 10:24, 25) Ha re etsa hore bophelo ba rōna bo lumellane le mohlala le lithuto tsa Jesu Kreste ’me re ela hloko keletso ea bangoli ba Bibele ba bululetsoeng ba lekholong la pele la lilemo, re mamela “molao oa Kreste.” Ke sona seo Jehova a se batlang kajeno ho bahlanka ba hae.
Bohlokoa ba Lerato
7. Jesu o ile a hatisa joang moko-taba oa molao oa hae nakong ea Paseka ea ho qetela a e-na le baapostola ba hae?
7 Le hoja lerato e ne e le la bohlokoa tlas’a Molao, ke motheo kapa mokokotlo oa molao oa Kreste. Jesu o ile a hatisa ’nete ena ha a ne a kopane le baapostola ba hae ho keteka Paseka ea 33 C.E. Ho ea ka tlaleho ea moapostola Johanne e akaretsang se ileng sa etsahala bosiung boo, Jesu o ile a bua ka lerato ka mantsoe a tsoang botebong ba pelo ka makhetlo a 28. Sena se ile sa hatisa ho baapostola ba hae moko-taba kapa moelelo oa molao oa hae. Ho khahlisang ke hore Johanne o ile a kenyelletsa tlaleho ea hae ea liketsahalo tsa mantsiboea ao a bohlokoa ka ho re: “Kahobane a ne a tseba pele ho mokete oa paseka hore hora ea hae e ne e tlile ea hore a tlohe lefatšeng lena ho ea ho Ntate, Jesu, a ratile ba hae ba neng ba le lefatšeng, a ba rata ho isa bofelong.”—Johanne 13:1.
8. (a) Ke eng e bontšang hore ho phehisana khang ha baapostola e ne e le ho tsoelang pele? (b) Jesu o ile a ruta baapostola ba hae boikokobetso joang?
8 Jesu o ne a rata baapostola ba hae, le hoja a ne a lekile empa ho sa bonahale katleho boitekong ba hae ba ho leka ho ba thusa hore ba hlōle takatso ea bona e feteletseng ea matla le bophahamo. Likhoeli pele ba fihla Jerusalema, ‘ba ne ba ile ba phehisana khang ka hore na e moholo ke mang.’ ’Me ha ba le haufi le ho fihla motseng bakeng sa Paseka, khang ea bophahamo e ile ea tsoha hape. (Mareka 9:33-37; 10:35-45) Ho bontšang hore bothata bona e ne e le bo tsoelang pele, ho hlakisoa ke se ileng sa etsahala hang hoba baapostola ba kene ka kamoreng e ka holimo ho ea ja hammoho seo e neng e tla ba Paseka ea bona ea ho qetela ba le kaofela. Ka nako eo ha ho le ea mong ea ileng a sebelisa monyetla oo ho etsa tšebeletso e tloaelehileng le ea kamohelo e mofuthu ea baeti ea ho hlatsoa ba bang maoto. Jesu ka boeena o ile a ba hlatsoa maoto e le hore a ba rute boikokobetso.—Johanne 13:2-15; 1 Timothea 5:9, 10.
9. Jesu o ile a sebetsa boemo bo ileng ba etsahala ka mor’a Paseka ea ho qetela joang?
9 Ho sa tsotellehe thuto eo, ka mor’a ho keteka Paseka le hore Jesu a thehe Sehopotso sa lefu la hae le neng le atamela, hlokomela hore na ke eng e ileng ea boela ea etsahala. Tlaleho ea Kosepele ea Luka e re: “Ha boela ha tsoha phehisano e chesang har’a bona ka hore na ke ofe oa bona ea neng a bonahala eka ke e moholo ka ho fetisisa.” Ho e-na le hore Jesu a halefele baapostola le ho ba rorothela, o ile a ba eletsa ka mosa hore ho hlokahala hore ba se ke ba tšoana le babusi ba lefatše ba labalabelang bophahamo. (Luka 22:24-27) Ka mor’a moo o ile a fana ka se ka ’nang sa bitsoa hore ke motheo oa molao oa Kreste, a re: “Ke le fa taelo e ncha, hore le ratane; feela joalokaha ke le ratile, hore le lōna le ratane.”—Johanne 13:34.
10. Jesu o ile a fa barutuoa ba hae taelo efe, hona e ne e akarelletsa eng?
10 Hamorao hona mantsiboeeng ao, Jesu o ile a bontša hore na lerato le kang la Kreste e lokela ho ba la mofuta ofe. O ile a re: “Ena ke taelo ea ka, hore le ratane feela joalokaha ke le ratile. Ha ho le ea mong ea nang le lerato le leholo ho feta lena, hore motho a nehelane ka soule ea hae molemong oa metsoalle ea hae.” (Johanne 15:12, 13) Na Jesu o ne a bolela hore balateli ba hae ba lokela ho ikemisetsa ho shoela balumeli-’moho le bona haeba boemo bo hloka joalo? Ke tsela eo ka eona Johanne, ea neng a le teng ketsahalong ena, a ileng a utloisisa ka eona, hobane hamorao o ile a ngola: “Ka sena re tseba lerato, hobane eo [ke hore, Jesu Kreste] o ile a nehelana ka soule ea hae bakeng sa rōna; ’me re tlas’a tlamo ea ho nehelana ka lisoule tsa rōna bakeng sa barab’abo rōna.”—1 Johanne 3:16.
11. (a) Re phethahatsa molao oa Kreste joang? (b) Jesu o ile a fana ka mohlala ofe?
11 Kahoo, he, ho ruta ba bang ka eena, hase hona feela hoo re phethahatsang molao oa Kreste ka hona. Hape re lokela ho phela le ho itšoara joalokaha Jesu a ile a itšoara. Ke ’nete hore Jesu lipuong tsa hae o ne a sebelisa mantsoe a monate le a khethiloeng ka hloko. Leha ho le joalo, o ile a boela a ruta ka mohlala. Esita le hoja Jesu e ne e bile sebōpuoa se matla sa moea leholimong, o ile a sebelisa monyetla oa ho sebeletsa lithahasello tsa Ntat’ae lefatšeng le ho bontša hore na re lokela ho phela joang. O ne a ikokobelitse, a le mosa a bile a nahanela, a thusa ba imetsoeng le ba hateletsoeng. (Matheu 11:28-30; 20:28; Bafilippi 2:5-8; 1 Johanne 3:8) ’Me Jesu o ile a phehella balateli ba hae hore ba ratane, feela joalokaha a ba ratile.
12. Ke hobane’ng ha ho ka thoe molao oa Kreste ha o nyenyefatse tlhokahalo ea ho rata Jehova?
12 Ho rata Jehova—e leng taelo e khōlō ka ho fetisisa Molaong—ho nka sebaka sefe molaong oa Kreste? (Matheu 22:37, 38; Bagalata 6:2) Sa bobeli? Le hanyenyane! Ho rata Jehova le ho rata Bakreste-’moho le rōna ho momahane hoo ho ke keng ha arohanngoa. Motho a ke ke a rata Jehova kannete ntle le hore a rate le mor’abo, kahobane moapostola Johanne o ile a hlokomela hore: “Haeba leha e le mang a re: ‘Ke rata Molimo,’ ’me leha ho le joalo a hloile mor’abo, ke ea leshano. Etsoe ea sa rateng mor’abo, eo a mo boneng, e ke ke ea e-ba ea ratang Molimo, eo a e-s’o mo bone.”—1 Johanne 4:20; bapisa le 1 Johanne 3:17, 18.
13. Ho mamela ha barutuoa taelo ea Jesu e ncha ho ile ha fella ka eng?
13 Ha Jesu a ne a fa barutuoa ba hae taelo ena e ncha ea hore ba ratane feela joalokaha a ne a ba ratile, o ile a hlalosa phello eo sena se neng se tla ba le eona. O ile a re: “Ka sena bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Ho latela Tertullian, ea phetseng lilemo tse fetang lekholo ka mor’a lefu la Jesu, lerato la bara ba motho la Bakreste ba pele le bile le phello eona eo. Tertullian o ile a qotsa mantsoe a bao e seng Bakreste a reng ka balateli ba Kreste: ‘Bonang kamoo ba ratanang kateng le kamoo ba ikemiselitseng ho shoelana kateng.’ Re ka ’na ra ipotsa, ‘Na ke bontša lerato le joalo ho Bakreste-’moho le ’na hoo le pakang hore ke e mong oa balateli ba Jesu?’
Kamoo re Pakahatsang Lerato la Rōna Kateng
14, 15. Ke eng e ka re thatafaletsang ho mamela molao oa Kreste, empa ke eng e ka re thusang ho o mamela?
14 Ke habohlokoa hore bahlanka ba Jehova ba bonahatse lerato le kang la Kreste. Empa na u thatafalloa ho rata Bakreste-’moho le uena ba bontšang botho ba boithati? Ha e le hantle, joalokaha re bone, esita le baapostola ba ne ba phehisana khang ba bile ba eteletsa pele lithahasello tsa bona. (Matheu 20:20-24) Bagalata le bona ba ile ba e-ba le likomang har’a bona. Ka mor’a hore Pauluse a bontše hore lerato la moahisani le phethahatsa Molao, o ile a ba lemosa: “Haeba, leha ho le joalo, le ntse le tsoela pele le lomana le ho harolana, le hlokomele hore le se felisane ka ho feletseng.” Ka mor’a ho bontša phapang pakeng tsa mesebetsi ea nama le tholoana ea moea oa Molimo, Pauluse o eketsa ka khothatso ena: “A re se keng ra fetoha ba ipolelisang, ba hlohlelletsang tlhōlisano, ba honohelanang.” Kahoo, moapostola enoa o ile a phehella: “Tsoelang pele ho jarelana meroalo, ’me kahoo le phethahatse molao oa Kreste.”—Bagalata 5:14–6:2.
15 Ka hore Jehova a batle hore ho mameloe molao oa Kreste, na o batla ntho e boima haholo ho rōna? Le hoja ho ka ba thata ho ba mosa ho bao, ha e le hantle, ba re kharumetseng le ho re utloisa bohloko, re tlameha hore re “be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang, ’me [re] tsoele pele ho tsamaea leratong.” (Baefese 5:1, 2) Ho hlokahala hore re tsoele pele ho sheba mohlala oa Molimo, ea “buella[ng] lerato la hae ho rōna ka hore, ha re ne re sa le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.” (Baroma 5:8) Ka ho nka bohato ba pele ba ho thusa ba bang, ho akarelletsa le ba ileng ba re tšoara hampe, re ka khotsofalla ho tseba hore re etsisa Molimo le hore re mamela molao oa Kreste.
16. Re pakahatsa lerato la rōna ho Molimo le Kreste joang?
16 Re lokela ho hopola hore re pakahatsa lerato la rōna ka seo re se etsang, eseng feela ka seo re se buang. Esita le Jesu ka nako e ’ngoe o ile a fumana ho le thata ho amohela tšobotsi e ’ngoe ea thato ea Molimo ka lebaka la sohle se neng se ameha. Jesu o ile a rapela, a re: “Ntate, haeba u lakatsa, tlosa senoelo sena ho ’na.” Empa ka potlako a eketsa: “Leha ho le joalo, a ho etsahale, eseng thato ea ka, empa ea hao.” (Luka 22:42) Ho sa tsotellehe sohle se ileng sa utloisa Jesu bohloko, o ile a etsa thato ea Molimo. (Baheberu 5:7, 8) Ho mamela ke bopaki ba lerato la rōna ’me ho bontša hore rea hlokomela hore tsela ea Molimo ke eona e molemohali. Bibele e re: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae.” (1 Johanne 5:3) ’Me Jesu o ile a bolella baapostola ba hae hore “haeba lea nthata, le tla boloka litaelo tsa ka.”—Johanne 14:15.
17. Jesu o file balateli ba hae taelo efe e khethehileng, ’me re tseba joang hore ea sebetsa ho rōna kajeno?
17 Ntle ho ho laela balateli ba hae hore ba ratane, Kreste o ile a ba fa taelo efe e khethehileng? O ile a ba laela hore ba etse mosebetsi oa ho bolela oo a neng a ba koetliselitse oona. Petrose o ile a re: “[O ile] a re laela hore re bolelle batho le ho fana ka bopaki bo phethahetseng.” (Liketso 10:42) Jesu o ile a laela ka ho khetheha, a re: “E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetsa ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba ruta ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20; Liketso 1:8) Jesu o ile a senola hore litaelo tse joalo li ne li tla sebetsa hape le ho balateli ba hae hona joale “nakong ea bofelo,” hobane o ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Daniele 12:4; Matheu 24:14) Ho hlakile hore ke thato ea Molimo hore re bolele. Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba nahana hore ha Molimo a batla hore re etse mosebetsi ona, o batla ntho e boima haholo ho rōna. Empa na ho hlile ho joalo?
Lebaka Leo ho ka ’Nang ha Bonahala ho le Boima ka Lona
18. Re lokela ho hopola eng ha re utloa bohloko ke seo Jehova a se batlang?
18 Joalokaha re se re bone, ho theosa le histori eohle Jehova o ’nile a batla hore batho ba latele litaelo tse sa tšoaneng. Joalokaha seo ho ’nileng ha batloa hore ba se etse se ne se sa tšoane, le liteko tseo ba fetileng ho tsona li ’nile tsa fapa-fapana. Mora ea ratoang oa Molimo o ile a feta litekong tse thata ka ho fetisisa, qetellong a bolaoa ka tsela e sehlōhō ka ho fetisisa ka lebaka la ho etsa seo Molimo a neng a se batla. Empa ha re utloa bohloko ka lebaka la ho etsa seo Jehova a se batlang ho rōna, re lokela ho hopola hore ha a ikarabelle ka liteko tsa rōna. (Johanne 15:18-20; Jakobo 1:13-15) Bofetoheli ba Satane bo ile ba tlisa sebe, bohloko le lefu, ’me ke eena ea qalileng maemo ao hangata a ’nileng a etsa hore ho be thata haholo ho etsa seo Jehova a se batlang ho bahlanka ba hae.—Jobo 1:6-19; 2:1-8.
19. Ke hobane’ng ha e le tokelo ho etsa seo Molimo a se batlang ho rōna ka Mora oa hae?
19 Jehova o laetse ka Mora oa hae hore nakong ena ea bofelo, bahlanka ba Hae ba phatlalatse lefatšeng ka bophara hore pheko feela bakeng sa bohloko bohle boo batho ba bo utloang ke puso ea ’Muso. ’Muso ona oa Molimo o tla felisa mathata ’ohle lefatšeng—ntoa, tlōlo ea molao, bofuma, botsofali, ho kula le lefu. Ntho e ’ngoe eo ’Muso o tla e etsa ke ho tlisa lefatše le khanyang la paradeise, leo ho lona le bona bafu ba tla tsosoa. (Matheu 6:9, 10; Luka 23:43; Liketso 24:15; Tšenolo 21:3, 4) Ke tokelo e kaakang ho bolela litaba tse molemo tsa lintho tse joalo! Kahoo, ho hlakile hore seo Jehova a se batlang ho rōna ha se thata. Re thulana le khanyetso, empa Satane Diabolose le lefatše la hae ke bona ba ikarabellang ka sena.
20. Re ka thulana ka katleho joang le phephetso leha e le efe e tlisoang ke Diabolose?
20 Re ka thulana ka katleho joang le phephetso leha e le efe e tlisoang ke Satane? Ka ho hopola mantsoe ana: “Hlalefa, mora oa ka, ’me u thabise pelo ea ka, e le hore nka araba ea ’nyelisang.” (Liproverbia 27:11, NW) Jesu o file Jehova karabo ea ho araba nyeliso ea Satane ka hore a siee tšireletseho ea bophelo ba leholimo e le hore a tl’o etsa thato ea Ntat’ae lefatšeng. (Esaia 53:12; Baheberu 10:7) Ha e le motho oa nama, Jesu o ile a mamella teko e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e tlisetsoa, esita le lefu thupeng ea tlhokofatso. Ha re mo latela e le ’Mehi-mohlala oa rōna, le rōna re ka mamella ho utloa bohloko eaba re etsa seo Jehova a se batlang ho rōna.—Baheberu 12:1-3.
21. U ikutloa joang ka lerato le bontšitsoeng ke Jehova le Mora oa hae?
21 Molimo le Mora oa hae ba re bontšitse lerato le lekaakang! Ka lebaka la sehlabelo sa Jesu, moloko oa batho ba mamelang o lebelletse ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng. Kahoo, a re se keng ra lumella letho hore le pupetse tšepo ena ea rōna. Ho e-na le hoo, a re nkeng ka botebo seo Jesu a entseng hore se fumanehe, joalokaha ho entse Pauluse, ea ileng a re: ‘Mora oa Molimo o nthatile ’me a nehelana ka eena ka boeena bakeng sa ka.’ (Bagalata 2:20) E se eka re ka bontša teboho e tlohang pelong ho Molimo oa rōna, Jehova, eo ho seng mohla a batlang ntho e boima haholo ho rōna.
U ka Araba Joang?
◻ Jehova o batla eng ho rōna kajeno?
◻ Mantsiboeeng a ho qetela Kreste a e-na le baapostola ba hae, o ile a hatisa bohlokoa ba lerato joang?
◻ Re ka pakahatsa joang hore re rata Molimo?
◻ Ke hobane’ng ha e le tokelo ho etsa seo Jehova a se batlang ho rōna?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Jesu o ile a ruta thuto efe ka ho hlatsoa maoto a baapostola ba hae?
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ho sa tsotellehe khanyetso, ho arolela ba bang litaba tse molemo ke tokelo e thabisang