Buka ea Bibele ea 40—Mattheu
Mongoli: Mattheu
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Palestina
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 41 C.E.
Nako e Akarelitsoeng: 2 B.C.E.–33 C.E.
1. (a) Ke tšepiso efe eo Jehova a ileng a e beha ka pel’a batho ho tloha Edene ho ea pele? (b) Tšepo ho Messia e ile ea tiisoa joang har’a Bajode?
HO TLOHA nakong ea borabele Edeneng, Jehova esale a beile ka pele ho batho tšepiso e tšelisang ea hore o tla fana ka topollo bakeng sa barati bohle ba ho loka ka Peō ea “mosali” oa hae. Peō ena, kapa Messia, o ne a rerile ho e hlahisa sechabeng sa Iseraele. Ha makholo a lilemo a ntse a feta, o ile a etsa hore ho tlalehoe boprofeta bo bongata ka bangoli ba bululetsoeng ba Baheberu, ho bontša hore Peō e ne e tla ba ’Musi ’Musong oa Molimo le hore o ne a tla nka bohato bakeng sa ho halaletsa lebitso la Jehova, a le tlosa ka ho sa feleng thohako e ’nileng ea bokelloa holim’a lona. Makolopetso a mangata a fanoe ka baprofeta bana ka enoa eo e neng e tla ba motlotlisi oa Jehova le ea tla tlisa tokollo tšabong, khatellong, sebeng le lefung. Ka ho phethoa ha Mangolo a Seheberu, tšepo ho Messia e ile ea hlongoa ka ho tiea har’a Bajode.
2. Ha Messia a hlaha, maemo a ne a le matle joang bakeng sa ho hasa litaba tse molemo?
2 Ho sa le joalo pono ea lefatše e ne e ntse e fetoha. Molimo o ile oa tsamaisa lichaba ho lokisetsa ho hlaha ha Messia, ’me maemo e ne e le a loketseng bakeng sa ho hasa litaba tsa ketsahalo eo hōle le haufi. ’Muso oa lefatše oa bohlano, Greece, o ne o entse puo e tloaelehileng, mokhoa o akaretsang oa puisano har’a lichaba. Roma, ’muso oa botšelela oa lefatše, e ile ea kopanya lichaba tseo e neng e le bafo ba eona ’musong o le mong oa lefatše ’me o ne o entse litsela hore ho fihloe habobebe likarolong tsohle tsa ’muso oo. Bajode ba bangata ba ne ba qhalakane le ’muso ona, hoo ba bang ba ileng ba tseba ka tebello ea Bajode ea ho tla ha Messia. ’Me joale, lilemo tse fetang 4 000 ka mor’a tšepiso ea Edene, Messia o ne a hlahile! Peō e tšepisitsoeng eo e neng e le khale e letetsoe e ne e tlile! Liketsahalo tsa bohlokoahali ho tla fihlela hoo historing ea batho li ne li senolehile ha Messia ka botšepehi a phetha thato ea Ntate oa hae mona lefatšeng.
3. (a) Jehova o ile a etsa tokisetso efe bakeng sa ho tlaleha makolopetso a bophelo ba Jesu? (b) Ke eng e ikhethang ka e ’ngoe le e ’ngoe ea Likosepele tsee, hona ke hobane’ng ha li hlokahala ka bone ba tsona?
3 E ne e boetse e le nako ea hore ho etsoe mangolo a bululetsoeng ho tlaleha liketsahalo tsena tsa bohlokoa. Moea oa Jehova o ile oa bululela banna ba bane ba tšepahalang hore ba ngole litlaleho tse ikemetseng, kahoo ba fana ka bopaki bo hane ba hore Jesu e ne e le Messia, Peō e tšepisitsoeng le Morena, le ho fana ka makolopetso a bophelo ba hae, tšebeletso ea hae, lefu la hae, le tsoho ea hae. Litlaleho tsena li bitsoa “Gospels (likosepele),” lentsoe “likosepele” le bolela “litaba tse molemo.” Le hoja bone ba tsona li tšoana ’me hangata li akaretsa liketsahalo tse tšoanang, ho hang e ’ngoe hase kopi ea e ’ngoe. Likosepele tse tharo tsa pele hangata li bitsoa “pono e tšoanang,” kaha li ba boemong bo tšoanang ha li pheta bophelo ba Jesu lefatšeng. Empa e mong le e mong oa bangoli bana ba bane—Mattheu, Mareka, Luka, le Johanne—o pheta pale ea hae ka Kreste. E mong le e mong o na le sehlooho sa hae se ikhethang le sepheo, o bontša botho ba hae, ’me o hopola ka mofuta oa babali bao a ba ngollang. Ha re phenya-phenya mangolo a bona haholoanyane, re ananela haholoanyane litšobotsi tse ikhethang tsa e mong le e mong le hore libuka tsena tse ’ne tse bululetsoeng tsa Bibele li bōpa litlaleho tse ikemetseng, tse tlatsanang, le tse lumellanang tsa bophelo ba Jesu Kreste.
4. Ke eng se tsejoang ka mongoli oa Kosepele ea pele?
4 Oa pele oa ho ngola litaba tse molemo ka Kreste ke Mattheu. Mohlomong lebitso la hae ke khutsufatso ea “Mattithiah” ea Seheberu, e bolelang “Mpho ea Jehova.” E ne e le e mong oa baapostola ba 12 ba khethiloeng ke Jesu. Nakong eo Morena a neng a haola le naha ea Palestina a bolela le ho ruta ka ’Muso oa Molimo, Mattheu o ne a e-na le kamano e haufi le ea botsoalle le eena. Pele e e-ba morutuoa oa Jesu, Mattheu e ne e le ’mokelli oa lekhetho, mosebetsi oo Bajode ba neng ba o nyonya ka ho fetisisa, kaha e ne e le khopotso e sa khaotseng ho bona ea hore ha baa lokoloha tlas’a puso ea Roma ea bohatelli. Ntle ho moo Mattheu o ne a tsejoa e le Levi ’me e ne e le mora oa Alfea. O ile a amohela memo ea Jesu ea hore a mo latele habonolo.—Matt. 9:9; Mar. 2:14; Luka 5:27-32.
5. Ho tiisitsoe joang hore Mattheu ke mongoli oa Kosepele ea pele?
5 Leha Kosepele eo ho thoeng ke ea Mattheu e sa mo bolele e le mongoli oa eona, bopaki bo bongata ba bo-rahistori ba pele ba kereke bo tiisa hore ke eena. Mohlomong ha ho buka ea boholo-holo eo mongoli oa eona a tiisitsoeng ka ho hlakileng le ka tumellano haholoanyane ho feta buka ea Mattheu. Ho tloha morao-rao ho Papias oa Hierapolis (mathoasong a lekholo la bobeli la lilemo C.E.) ho ea pele, re na le letoto la lipaki tsa pele tabeng ea hore Mattheu o ngotse Kosepele ena le hore ke karolo ea ’nete ea Lentsoe la Molimo. Cyclopedia ea McClintock le Strong e re: “Lirapa tse tsoang ho Mattheu li qotsitsoe ke Justin Martyr, ke sengoli sa lengolo le eang ho Diognetus (bona ho Justin Martyr ea Otto, moq. ii), ke Hegesippus, Irenæus, Tatian, Athenagoras, Theophilus, Clement, Tertullian, le Origen. Hase feela ka lebaka la taba ena, empa ke ka lebaka la mokhoa oo e qotsoang ka oona, boipiletso bo sebete bo tšoanang leha ho qotsoa setsebi, bosieo ba tlhase leha e le efe ea pelaelo re nkang hore ho na le bopaki ba hore buka eo re e tšoereng ha ea ba feela taba ea phetoho e tlileng ka tšohanyetso.”a ’Nete ea hore Mattheu e ne e le moapostola ’me a le joalo, o ne a e-na le moea oa Molimo ho eena e tiisa hore seo a se ngotseng e ne e tla ba tlaleho e tšepahalang.
6, 7. (a) Pele Kosepele ea Mattheu e ngotsoe neng hona ka puo efe? (b) Ke eng e bontšang hore e ne e ngoletsoe Bajode pele? (c) New World Translation e na le lebitso Jehova ka makhetlo a makae Kosepeleng ee, hona hobane’ng?
6 Mattheu o ngoletse tlaleho ea hae Palestina. Selemo se nepahetseng hantle ha se tsejoe, empa mengolo e qetellong ea meqolo e meng (kaofela e le ea ka morao ho lekholo la leshome la lilemo C.E.) e bolela hore e ne e le 41 C.E. Ho na le bopaki bo bontšang hore Mattheu qalong o ngotse Kosepele ea hae ka Seheberu se tloaelehileng sa nako eo ’me hamorao a e fetolela Segerikeng. Bukeng ea hae De viris inlustribus (Mabapi le Banna ba Hlahelletseng), khaolo III, Jerome o re: “Mattheu, eo hape e leng Levi, le eo ho tsoa ho beng molekhetho e bileng moapostola, pele ho tsohle o ile a qala Kosepele ea Kreste Judea ka puo ea Seheberu le ka litlhaku tsa eona molemong oa ba lebollo ba lumetseng.”b Jerome o eketsa ka hore buka ea Seheberu ea Kosepele ena e ne e bolokiloe mehleng ea hae (lekholong la bone le la bohlano la lilemo C.E.) pokellong ea libuka eo Pamphilus a e bokelletseng Cesarea.
7 Mathoasong a lekholo la boraro la lilemo, Origen, ha a bua ka Likosepele, Eusebius o mo qotsa a bolela hore “tsa pele li ngotsoe . . . ho latela Mattheu, . . . ea ileng a phatlalletsa ba neng ba e-tsoa Bojodeng ’me ba lumela, joalokaha e ne e qaliloe ka puo ea Seheberu.”c Hore e ngotsoe ho hopotsoe ka Bajode pele ho bontšoa ke leloko la eona, le bontšang lesika la molao la Jesu ho qala ho Abrahama, le ka litšupiso tse ngata Mangolong a Seheberu, ho bontša hore li ne li supa ho tleng ha Messia. Hoa utloahala ho lumela hore Mattheu o ile a sebelisa lebitso la Molimo Jehova ka sebopeho sa Litlhaku tse ’ne tsa Seheberu ha a qotsa likarolong tsa Mangolo a Seheberu tse neng li e-na le lebitso leo. Ke ka lebaka leo buka ea Mattheu ho New World Translation e nang le lebitso Jehova ka makhetlo a 18, joalokaha ho etsa phetolelo ea Seheberu ea Mattheu eo qalong e hlahisitsoeng ke F. Delitzsch lekholong la bo19 la lilemo. Mattheu a ka be a bile le boikutlo bo tšoanang le ba Jesu ka lebitso la Molimo hape a ka be a sa ka a thibeloa ke tumela-khoela e atileng ea Sejode ka ho se sebelise lebitso leo.—Matt. 6:9; Joh. 17:6, 26.
8. ’Nete ea hore Mattheu e ne e le ’mokelli oa lekhetho e bontšoa joang litabeng tse ka hare tsa Kosepele ee?
8 Kaha Mattheu e ne e le ’mokelli oa lekhetho, ke ha tlhaho hore o ne a tla bolela ka mokhoa o hlakileng ha a bua ka chelete, lipalo, le litekanyo. (Matt. 17:27; 26:15; 27:3) O ile a ananela haholo mohau oa Molimo ka ho mo lumella, e le ’mokelli oa lekhetho ea nyatsehang, ho ba mosebeletsi oa litaba tse molemo le ho ba motsoalle ea haufi oa Jesu. Kahoo, re fumana e le Mattheu feela ho bangoli ba Likosepele ea re fang tlaleho e phetiloeng ea Jesu ea hore mohau oa hlokahala ka ntle ho mahlabelo. (9:9-13; 12:7; 18:21-35) Mattheu o ile a khothatsoa haholo ke mohau o sa tšoanelang oa Jehova ’me ka nepo o tlaleha a mang a mantsoe a tšelisang haholo ao Jesu a a buileng: “Tlong ho ’na, lōna bohle ba khathetseng, ba imeloang, ’me ke tla le imolla! Inkeleng joko ea ka, ’me le ithute ho ’na; hobane ke mosa le pelo e nolo, ’me le tla fumanela meea ea lōna phomolo. Hobane joko ea ka e chatsi, le phahlo ea ka ha e na boima.” (11:28-30) Mantsoe aa a bonolo e bile a khathollang hakaakang ho eo e kileng ea e-ba ’mokelli oa lekhetho, eo batho ba habo ho seng pelaelo hore ba ne ba ile ba mo rohaka!
9. Ke sehlooho sefe le mokhoa ofe oa ho beha taba o khethollang Mattheu?
9 Ka ho khetheha Mattheu o ile a hatisa hore sehlooho sa ho ruta ha Jesu e ne e le “’muso oa maholimo.” (4:17) Ho eena, Jesu e ne e le ’Moleli-Morena. O sebelisitse lentsoe “’muso” khafetsa (makhetlo a fetang a 50) hoo Kosepele ea hae e ka ’nang ea bitsoa Kosepele ea ’Muso. Mattheu o ne a amehile ka nehelano e utloahalang ea lipuo tsa phatlalatsa tsa Jesu le lithuto tsa hae ho feta ho latellana ho thata ha liketsahalo. Ka likhaolo tsa pele tse 18, ho totobatsa ha Mattheu sehlooho sa ’Muso ho entse hore a tlohe tokisetsong ea liketsahalo. Leha ho le joalo, likhaolo tsa ho qetela tse leshome (19 ho ea ho 28) ka kakaretso li latela tatelano ea liketsahalo hammoho le ho tsoela pele ho hatisa ’Muso.
10. Ke tse kae ho litaba tse ka hare tse ka fumanoang ho Mattheu feela, hona Kosepele ee e akaretsa nako e kae?
10 Karolo ea mashome a mane a metso e ’meli lekholong ea tlaleho ea Kosepele ea Mattheu ha e fumanoe leha e le ho efe ea Likosepele tse ling tse tharo.d Ena e akarelletsa bonyane lipapiso tse leshome, kapa litšoantšo: Mofoka tšimong (13:24-30), letlotlo le patiloeng (13:44), perela e theko e boima (13:45, 46), letlooa (13:47-50), mohlanka ea hlokang mohau (18:23-35), basebetsi le denare (20:1-16), ntate le bana ba babeli (21:28-32), lenyalo la mor’a morena (22:1-14), baroetsana ba leshome (25:1-13), le litalenta (25:14-30). Kaofela, buka ena e fana ka tlaleho ho tloha tsoalong ea Jesu, 2 B.C.E., ho fihlela a kopana le barutuoa ba hae pejana ho nyolohelo ea hae, 33 C.E.
LITABA TSE KA HARE TSA MATTHEU
11. (a) Ka ho utloahalang Kosepele e qala joang, hona ke liketsahalo life tsa pele tse phetoang? (b) Ke ho phethahala hofe ho hong ha boprofeta hoo Mattheu a re hlokomelisang ka hona?
11 Ho kenyelletsa Jesu le litaba tsa “’muso oa maholimo” (1:1–4:25). Ka ho utloahalang, Mattheu o qala ka leloko la Jesu, ho paka tokelo ea molao ea Jesu e le mojalefa oa Abrahama le Davida. Kahoo, ho haptjoa thahasello ea ’mali oa Mojode. Joale re bala ka tlaleho ea ho emoloa ha Jesu ha mohlolo, ho tsoaloa ha hae Bethlehema, ketelo ea balepi ba linaleli, ho bolaea ka bohale ha Heroda bashemane bohle Bethlehema ba ka tlaase ho lilemo tse peli, ho balehela Egepeta ha Josefa le Maria le ngoana e monyenyane, le ho khutla ha bona ho ea lula Nazaretha. Mattheu o hlokolosi ho lebisa tlhokomelo ho phethahatsoeng ha boprofeta ho tiisa hore Jesu ke Messia ea boletsoeng esale pele.—Matt. 1:23—Esa. 7:14; Matt. 2:1-6—Mik. 5:2; Matt. 2:13-18—Hos. 11:1 le Jer. 31:15; Matt. 2:23—Esa. 11:1, NW botlaaseng ba leqephe.
12. Ho etsahala’ng ha Jesu a kolobetsoa le kapele ka mor’a moo?
12 Tlaleho ea Mattheu joale e qhomela ka tlaase lilemo tse ka bang 30. Johanne Mokolobetsi o bolela lefeelleng la Judea: “Bakang, hobane ’muso oa maholimo o atametse.” (Matt. 3:2) O kolobetsa Bajode ba bakileng nōkeng ea Jordane le ho lemosa Bafarisi le Basadduci ka bohale bo tlang. Jesu o tsoa Galilea ’me oa kolobetsoa. Ka pele-pele moea oa Molimo o theohela ho eena, ’me lentsoe le tsoang leholimong le re: “Enoa ke Mora oa ka ea ratoang, eo ke khahlisoang ke eena.” (3:17) Joale Jesu o isoa feelleng, moo, ka mor’a ho itima lijo ka matsatsi a 40, a lekoang ke Satane Diabolose. Ka makhetlo a mararo o qhela Satane ka ho qotsa Lentsoeng la Molimo, qetellong a re: “Tloha, Satane, hobane ho ngoliloe, ho thoe: Khumamela Morena, Molimo oa hao, ’me u sebeletse eena feela.”—4:10.
13. Ke phutuho efe e hlasimollang e tsoelang pele Galilea?
13 “Bakang, hobane ’muso oa maholimo o atametse.” Mantsoe ana a hlasimollang joale a phatlalatsoa Galilea ke Jesu ea tlotsitsoeng. O bitsa banna ba bane ba tšoasang litlhapi matlooeng a bona hore ba mo latele ’me e be “ba tšoasang batho,” ’me o tsamaea le bona “Galilea eohle, a ntse a ruta masynagogeng a teng, a bolela Evangeli ea ’muso, a folisa maloetse ’ohle le mefokolo eohle e ho batho.”—4:17, 19, 23.
14. Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o bua ka thabo efe, hona o re’ng ka ho loka?
14 Thuto Thabeng (5:1–7:29). Ha matšoele a qala ho mo latela, Jesu o nyolohela thabeng, o lula fatše, ’me o qala ho ruta barutuoa ba hae. O qala puo ena e hlollang ka ‘thabo’ e harobong: Ho thaba ba amehang ka tlhoko ea bona ea moea, ba llang, ba bonolo, ba lapelang le ho nyoreloa ho loka, ba mohau, ba pelo li hloekileng, ba bōpang khotso, ba hlorisetsoang ho loka, le ba hlapaoloang le ba buuoang hampe. “Thabang, le hlasimolohe ka ho nyakalla; hobane moputso oa lōna o tla ba moholo leholimong.” O bitsa barutuoa ba hae “letsoai la lefatše” le “leseli la lefatše” ’me o hlalosa ho loka, ho fapaneng haholo le tlhomamiso ea bangoli le Bafarisi, ho hlokoang bakeng sa ho kena ’Musong oa maholimo. “Joale, phethehang, joale ka ha Ntat’a lōna ea maholimong a phethehile.”—5:12-14, 48.
15. Jesu o re’ng ka thapelo le ka ’Muso?
15 Jesu o lemosa ka limpho le lithapelo tsa boikaketsi. O ruta barutuoa ba hae ho rapella ho halaletsoa ha lebitso la Ntate, ’Muso oa Hae hore o tle, le bakeng sa lijo tsa letsatsi ka leng. Thutong eohle Jesu o phahamisetsa ’Muso ka pele. O lemosa ba mo latelang hore ba se ke ba tšoenyeha ka maruo a bonahalang kapa hona ho a sebeletsa, hobane Ntate o tseba seo ba hlileng ba se hlokang. O re: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.”—6:33.
16. (a) Keletso ea Jesu ke efe ka likamano le ba bang, hona o re’ng mabapi le ba utloang thato ea Molimo le ba sa e utloeng? (b) Thuto ea hae e na le phello efe?
16 Monghali o eletsa ka likamano le ba bang, a re: “’Me joale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna.” Ba fokolang ba fumanang tsela e isang bophelong e tla ba ba etsang thato ea Ntate oa hae. Basebetsi ba bokhopo ba tla tsejoa ka litholoana tsa bona ’me ba qheloe. Jesu o tšoantša ea mamelang lipolelo tsa hae le “monna ea bohlale, ea hahileng ntlo ea hae letlapeng.” Puo ee e na le phello efe ho matšoele a mametseng? Ba “tsota thuto ea hae,” hobane o ruta “joale ka motho ea nang le borena, e seng joale ka bangoli ba bona.”—7:12, 24-29.
17. Jesu o bontša matla a hae joang e le Messia, ’me ke kameho efe e lerato eo a e bontšang?
17 Ho bolela ka ’Muso hoa atolosoa (8:1–11:30). Jesu o etsa mehlolo e mengata—ho folisa balepera, ba holofetseng litho, le ba nang le bademona. O bile a bontša matla holim’a moea le maqhubu ka ho khutsisa sefefo, ’me o tsosa ngoanana e mong bafung. Jesu o utloela matšoele bohloko hakaakang ha a bona kamoo ba neng ba hlobotse ’me ba lahliloe, “joale ka linku tse se nang molisa”! Ha a re ho barutuoa ba hae, “Kotulo e kholo ruri, empa basebetsi ha ba bakae. Rapelang ke hona Morena oa kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ea hae.”—9:36-38.
18. (a) Ke taeo efe le keletso tseo Jesu a li fang baapostola ba hae? (b) Ke hobane’ng ha “moloko ona” o le malimabe?
18 Jesu o khetha le ho roma baapostola ba 12. O ba fa litaelo tse tobileng hore na ba etse mosebetsi oa bona joang ’me o hatisa thuto e ka sehloohong ea ho ruta ha bona: “Ha le ntse le tsamaea, le bolele, le re: ’Muso oa maholimo o atametse.” O ba fa keletso e bohlale le e lerato: “Le neiloe feela, neang feela.” “Le be masene joaloka linōha, ’me le hloke mano joaloka maeba.” (BPN) Ba tla hlouoa le ho hlorisoa, esita le ke beng ka bona ba haufi, empa Jesu oa ba hopotsa: “Ea bolokang bophelo ba hae, o tla timelloa ke bona; empa ea lahleheloang ke bophelo ba hae ka baka la ka, o tla be a bo bone.” (10:7, 8, 16, 39) Ba kena tseleng, ho ea ruta le ho bolela metseng eo ba e abetsoeng! Jesu o khetholla Johanne Mokolobetsi e le lenģosa le romiloeng pele ho eena, “Elia” ea tšepisitsoeng, empa “moloko ona” ha o amohele Johanne leha e le eena, Mor’a motho. (11:14, 16) Kahoo ho malimabe moloko ona le metse e sa bakang ha e bona mesebetsi ea hae e matla! Empa ba fetohang barutuoa ba hae ba tla fumanela liphefumolohi tsa bona khatholoho.
19. Ha Bafarisi ba mo botsa ka boitšoaro ba hae ka Sabbatha, Jesu o ba nyatsa joang?
19 Bafarisi ba tšoauoa phoso le ho nyatsoa (12:1-50). Bafarisi ba leka ho fumana phoso ho Jesu ka taba ea Sabbatha, empa o tšoaea liqoso tsa bona phoso ’me o ba nyatsa ka bohale ka lebaka la boikaketsi ba bona. Oa ba bolella: “Malinyane a marabe, le ka bolela taba tse molemo joang le e-na le lonya? Hobane molomo o buisoa ke seo pelo e tletseng sona.” (12:34) Ha ho pontšo eo ba tla e fuoa ntle ho ea moprofeta Jonase: Mor’a motho o tla ba mpeng ea lefatše matsatsi a mararo le masiu a mararo.
20. (a) Ke hobane’ng ha Jesu a bua ka lipapiso? (b) Joale o fana ka lipapiso life tsa ’Muso?
20 Lipapiso tse supileng tsa ’Muso (13:1-58). Ke hobane’ng ha Jesu a bua ka lipapiso? O hlalosetsa barutuoa ba hae: “Ke hobane lōna le neiloe ho tseba liphiri tsa ’muso oa maholimo, empa bona ha ba ka ba neoa.” O phatlalatsa barutuoa ba hae ba thabile hobane baa bona ’me baa utloa. Joale o ba fa taeo e khathollang hakaakang! Ka mor’a ho hlalosa papiso ea mojali, Jesu o fana ka lipapiso tsa mofoka tšimong, tlhaku ea mosetareda, tomoso, letlotlo le patiloeng, perela e theko e boima, le letlooa—kaofela li bontša ho hong ho amanang le “’muso oa maholimo.” Leha ho le joalo, batho baa khoptjoa ke eena, ’me Jesu oa ba bolella: “Moprofeta ha a hloke hlompho ha e se naheng ea habo le tlung ea hae.”—13:11, 57.
21. (a) Jesu o etsa mehlolo efe, hona e mo khetholla e le eng? (b) Ke pono efe e fanoang mabapi le ho tla ha Mor’a motho ’Musong oa hae?
21 Tšebeletso e tsoelang pele le mehlolo ea “Kreste” (14:1–17:27). Jesu o anngoe ka ho teba ke tlaleho ea ho khaoloa ha Johanne Mokolobetsi hlooho ka taelo ea Heroda Antipase ea se nang matla a ho ikemela. Ka mohlolo o fepa letšoele la ba 5 000 le ho feta; o tsamaea holim’a leoatle; o thiba khanyetso e tsoelang pele ea Bafarisi, bao, a reng, ‘ba tlōla molao oa Molimo ka mokhoa oa neano ea bona’; o folisa ea nang le modemona, “lihlotsa, le lifofu, le limumu, le lihole, le ba bang ba bangata”; ’me o boetse o fepa ba fetang 4 000, ka mahobe a supileng le litlhapi tse fokolang. (15:3, 30) Ha a arabela potso ea Jesu, Petrose o mo khetholla ka ho re: “U Kreste, Mor’a Molimo o phelang.” Jesu o babatsa Petrose ’me o re: “Holim’a lejoe leo, ke tla haha kereke ea ka.” (16:16, 18) Joale Jesu o qala ho bua ka lefu la hae le atamelang le tsoho ea hae ka letsatsi la boraro. Empa o boetse o tšepisa hore ba bang ba barutuoa ba hae ba ‘ke ke ba utloa ho shoa, ba e-so ho bone Mor’a motho a e-tla ’musong oa hae.’ (16:28) Matsatsi a tšeletseng hamorao, Jesu o nka Petrose, Jakobo, le Johanne ba ea thabeng e phahameng ho ea mo bona a fetoha ka khanya. Ponong, ba bona Moshe le Elia ba bua le eena, ’me ba utloa lentsoe le tsoang leholimong le re: “Enoa ke Mora oa ka ea ratoang, eo ke khahlisoang ke eena; mo utloeng.” Hoba ba theohe thabeng, Jesu o ba bolella hore “Elia” ea tšepisitsoeng o se a tlile, ’me ba lemoha hore o bua ka Johanne Mokolobetsi.—17:5, 12.
22. Jesu o eletsa ka eng mabapi le ho tšoarela?
22 Jesu o eletsa barutuoa ba hae (18:1-35). Ha a le Kapernauma Jesu o bua le barutuoa ba hae ka boikokobetso, thabo e khōlō ea ho boela u fumana nku e lahlehileng, le ho lokisa liqabang pakeng tsa bana ba motho. Petrose oa botsa: ‘Ke lokela ho tšoarela ngoan’eso ka makhetlo a makae?’ ’me Jesu oa arabela: “Ke re ho uena: E se ke ea e-ba hasupa, e mpe e be hamashome a supileng a baloang hasupa.” Ho matlafatsa sena, Jesu o fana ka papiso ea lekhoba leo monghali oa lona a ileng a le tšoarela molato oa lidenari tse limillione tse 60. Lekhoba lena hamorao la etsa hore lekhoba ’moho le lona le kene chankaneng ka lebaka la molato oa lidenari tse 100 feela, ’me hona ha etsa hore lekhoba le se nang mohau le lona le isoe litlamong.e Jesu o hatisa taba: “Le tla etsoa joalo ke Ntate ea maholimong, ha e mong le e mong oa lōna a sa tšoarele ngoan’abo litlōlo ka pelo ea hae eohle.”—18:21, 22, 35.
23. Jesu o hlalosa eng ka tlhalo le ka tsela e eang bophelong?
23 Matsatsi a ho qetela a tšebeletso ea Jesu (19:1–22:46). Liketsahalo li etsahala ka potlako le tsitsipano ea eketseha ha bangoli le Bafarisi ba halefa haholoanyane ka tšebeletso ea Jesu. Ba tla ho tla mo tšoasa ka taba ea tlhalo empa baa hlōleha; Jesu o bontša hore motheo feela oa Mangolo bakeng sa tlhalo ke bohlola. Mohlankana e mong ea ruileng o tla ho Jesu, a botsa tsela ea bophelo bo sa feleng, empa o tloha a soabile ha a fumana hore o tlameha ho rekisa tsohle tseo a nang le tsona ’me e be molateli oa Jesu. Hoba a fane ka papiso ea basebetsi le denari, Jesu o boetse o bua ka lefu le tsoho tsa hae, ’me o re: “Joale ka Mor’a motho, ea sa kang a tlela ho sebeletsoa, empa e le ho sebeletsa le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ea ba bangata.”—20:28.
24. Ha Jesu a kena bekeng ea ho qetela ea bophelo ba hae e le motho oa nama, o hohlana ka eng le bahanyetsi ba bolumeli, hona o sebetsana le lipotso tsa bona joang?
24 Joale Jesu o kena bekeng ea ho qetela ea bophelo ba hae e le motho oa nama. O kena Jerusalema ka tlhōlo e le ‘Morena, a kaletse petsana ea esele.’ (21:4, 5) O hloekisa tempele ba ananyang ka chelete le ba bang ba etsang phaello, ’me lehloeo la lira tsa hae lea hōla ha a ba bolella: “Ba-lekhetho le basali ba bafebi ba le raka ’musong oa Molimo.” (21:31) Lipapiso tsa hae tse tobileng tsa tšimo ea morara le tsa mokete oa lenyalo tsa otla botsekeng. Ka bohlale o arabela potso ea Bafarisi ka lekhetho ka ho ba bolella ho re: “Ntšetsang Cesare tseo e leng tsa Cesare, le ntšetse Molimo tseo e leng tsa Molimo.” (22:21) Ka ho tšoanang o qhela potso e reretsoeng ho mo tšoasa ea Basadduci ’me o phahamisa tšepo ea tsoho. Bafarisi ba boetse ba tla ho eena ka potso e amang Molao, ’me Jesu o ba bolella hore molao o moholohali ke ho rata Jehova ka ho felletseng, ’me oa bobeli ke ho rata moahelani oa motho joalokaha motho a ithata. Joale Jesu oa ba botsa, ‘Kreste e ka ba mora oa Davida eaba ea e-ba Morena oa hae joang?’ Ha ho ea ka arabelang, ’me ka morao ho moo ha ho ea kileng a beta pelo ho mo botsa.—22:45, 46.
25. Jesu o nyatsa bangoli le Bafarisi ka matla joang?
25 ‘Ho malimabe lōna, baikaketsi’ (23:1–24:2). Ha a bua le matšoele tempeleng, Jesu o boetse o nyatsa bangoli le Bafarisi ka bohale. Hase feela hore ba itlholisitse ho kena ’Musong empa ba sebelisitse maqiti ’ohle a bona ho thibela ba bang hore ba se ke ba kena. Feela joaloka mabitla a hlatsoitsoeng ka bosoeu, ka ntle ba bonahala ba le batle, empa ka hare ba tletse tšenyeho le ho bola. Jesu o qetella ka kahlolo ena khahlanong le Jerusalema: “Ntlo ea lōna e tla sala e le lesupi.” (23:38) Ha a tloha tempeleng, Jesu o profeta ho timetsoa ha eona.
26. Jesu o fana ka pontšo efe ea boprofeta mabapi le ho ba teng ha hae khanyeng ea borena?
26 Jesu o fana ka ‘pontšo ea ho ba teng ha hae’ (24:3–25:46). Thabeng ea Mehloare, barutuoa ba hae ba ’motsa ka ‘pontšo ea ho ba teng ha hae le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho.’ Ha a arabela Jesu o supa nakong ea lintoa, ‘sechaba se tla loantša sechaba se seng ’muso o loantše ’muso o mong,’ likhaello tsa lijo, litšisinyeho tsa lefatše, ho eketseha ha ho hloka molao, ho bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” lefatšeng lohle ho khethoa ha ‘mohlanka ea khabane, ea bohlale holim’a mesebetsi ea hae kaofela,’ le litšobotsi tse ling tse ngata tsa pontšo e makala ea ho tšoaea ‘ho fihla ha Mor’a motho khanyeng ea hae ho ea lula teroneng ea hae e khanyang.’ (24:3, 7, 14, 45-47; 25:31, NW) Jesu o qetella boprofeta bona ba bohlokoa ka lipapiso tsa baroetsana ba leshome le tsa litalenta, tse tšoereng meputso e thabisang ho ba hlokolosi le ba tšepahalang, le papiso ea linku le lipōli, e bontšang batho ba kang lipōli ba eang “timetsong e sa feleng, empa ba lokileng ba tla ea bophelong bo sa feleng.”—25:46, NW.
27. Ke liketsahalo life tse tšoaeang letsatsi la ho qetela la Jesu lefatšeng?
27 Liketsahalo tsa letsatsi la ho qetela la Jesu (26:1–27:66). Hoba a keteke Paseka, Jesu o hlōma ho hong ho hocha le baapostola ba hae ba tšepahalang, a ba mema hore ba je bohobe bo sa lomosoang le veine e le litšoantšetso tsa ’mele oa hae le mali a hae. Joale ba ea Gethsemane, moo Jesu a rapelang. Mono Judase o tla le letšoele le hlometseng ’me o eka Jesu ka kako ea boikaketsi. Jesu o isoa ho moprista ea phahameng, le baprista ba ka sehloohong ’me Sanhedrin eohle e batla lipaki tsa bohata khahlanong le Jesu. E le ’nete ho latela boprofeta ba Jesu, Petrose a mo latola ha a beoa tekong. Judase, a ikutloa a soabile, o akhela chelete ea hae ea boeki ka tempeleng ’me oa tsoa ’me o ea ho ea iphanyeha. Hoseng Jesu o isoa ka pel’a ’musi oa Moroma Pilato, ea nehelanang ka eena ho ea khokhotheloa tlas’a khatello ea mahoo-hoo a hooang a susumetsoang ke baprista: “Mali a hae a be holim’a rōna, le holim’a bana ba rōna.” Masole a ’musi enoa a soma borena ba hae ’me a mo isa Golgotha, moo a otlelloang thupeng pakeng tsa lisenyi tse peli, ka letšoao le balehang tjena holim’a hlooho ea hae: “Enoa ke Jesu, morena oa ba-Jode.” (27:25, 37) Ka mor’a ho hlokofatsoa lihora, qetellong Jesu oa shoa hoo e ka bang ka hora ea boraro motšehare oa mantsiboea ’me joale o beoa lebitleng la khopotso le lecha la Josefa oa Arimathea. E bile letsatsi la ketsahalo e khōlō historing eohle!
28. Mattheu o fihlisa tlaleho ea hae tlhōrōng ka litaba life tse molemohali, hona o qetella ka thōmo efe?
28 Tsoho ea Jesu le litaelo tsa ho qetela (28:1-20). Joale Mattheu o fihlisa tlaleho ea hae tlhōrōng ka litaba tse molemohali. Jesu ea shoeleng o tsositsoe—o phela hape! Hoseng ha letsatsi la pele la beke, Maria Magdalena le “Maria e mong” ba tla lebitleng ’me ba utloa tsebiso ea lengeloi ea taba ena e thabisang. (28:1) Ho e tiisa, Jesu ka boeena o itlhahisa ho bona. Lira li bile li leka le ho loantša taba ea ho tsoha ha hae, ba reka masole a neng a lebetse lebitla hore a re: “Barutuoa ba hae ba tlile bosiu, ba mo utsoitse re robetse.” Hamorao, Galilea, Jesu o ba le seboka se seng le barutuoa ba hae. Ha a arohana le bona o ba laea ka ho re’ng? Tjena: “Tsamaeang . . . le etse barutuoa ba batho ba lichaba tsohle, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang.” Na ba ne ba tla ba le tataiso mosebetsing oo oa ho bolela? Polelo ea ho qetela ea Jesu eo Mattheu a e tlalehang e fana ka tiiso ena: “Bonang! Ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.”—28:13, 19, 20, NW.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
29. (a) Mattheu o hokahanya joang ho tloha Mangolong a Seheberu ho ea ho a Segerike? (b) Ke tokelo efe e thabetsoeng ke Jesu e ntseng e bulehetse Bakreste kajeno?
29 Buka ea Mattheu, ea pele ho Likosepele tse ’ne, ka sebele e fana ka sehokelo se babatsehang ho tloha Mangolong a Seheberu ho ea Mangolong a Bokreste a Segerike. Ntle ho phoso, e khetholla Messia le Morena oa ’Muso oa Molimo o tšepisitsoeng, e tsebahatsa se hlokoang bakeng sa ho ba balateli ba hae, ’me e beha mosebetsi o larileng ka pele bakeng sa bana lefatšeng. E bile Johanne Mokolobetsi pele, ea e-ba Jesu, ’me qetellong ea e-ba barutuoa ba hae ba ileng ba bolela, “’Muso oa maholimo o atametse.” Ho feta moo, taelo ea Jesu e theosa ho tla fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” Ka sebele, e ne e le tokelo e babatsehang le e khōlō, ’me e ntse e le eona, ho kopanela mosebetsing ona oa ’Muso, ho akarelletsa ‘ho etsa barutuoa ba batho ba lichaba tsohle,’ ho sebetsa ho latela mohlala oa Monghali enoa.—3:2; 4:17; 10:7; 24:14; 28:19, NW.
30. Ke karolo efe ka ho khetheha ea Mattheu e eloang hloko ka lebaka la molemo oa eona o sebetsang?
30 Ka sebele Kosepele ea Mattheu ke “litaba tse molemo.” Molaetsa oa eona o bululetsoeng e ne e le “litaba tse molemo” ho ba neng ba o mamela lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng, ’me Jehova Molimo o entse hore a bone hore o bolokoa e le “litaba tse molemo” ho tla fihlela kajeno. Esita le bao e seng Bakreste ba susumelletsehile ho lumela matla a Kosepele ena, ka mohlala, joaloka moeta-pele oa Hindu Mohandas (Mahatma) Gandhi, eo ho tlalehoang a ile a re ho Lord Irwin, eo e kileng ea e-ba moemeli India: “Mohla naha ea heno le ea heso li tla kopana hammoho lithutong tse beiloeng ke Kreste Thutong ena ea Thabeng, re tla be re rarollotse mathata e seng a linaha tsa habo rōna feela empa le a lefatše lohle.”f Ka lekhetlo le leng Gandhi o ile a re: “Ka hohle-hohle noang ka ho felletseng lilibeng tseo le li fuoeng Thutong ea Thabeng . . . Hobane se rutoang ke Thuto eo se ne se reretsoe e mong le e mong oa rōna.”g
31. Ke bo-mang ba bontšitseng kananelo ea sebele keletsong e ho Mattheu, hona ke hobane’ng ha ho le molemo ho ithuta Kosepele ee khafetsa?
31 Leha ho le joalo, lefatše lohle, ho akarelletsa le karolo eo e ipolelang hore ke ea Bokreste, le ntse le tsoela pele ka mathata a lona. Ho tlohelletsoe ho sehlopha se senyenyane sa Bakreste ba ’nete ho nka Thuto ena ea Thabeng e le ea bohlokoa, ho ithuta eona le ho e sebelisa le keletso eohle e ’ngoe e utloahalang ea litaba tse molemo ho latela Mattheu ’me kahoo ba fumana melemo e ke keng ea lekanngoa. Ho molemo ho ithuta khafetsa likeletso tse molemo tsa Jesu tsa ho fumana thabo ea sebele, hammoho le boitšoarong le lenyalong, matla a lerato, thapelo e amohelehang, litekanyetso tsa moea khahlanong le tse bonahalang, ho batla ’Muso pele, ho ba le tlhompho linthong tse halalelang, le ho ba seli le ho utloa. Mattheu khaolo ea 10 e fana ka litaelo tsa Jesu tsa tšebeletso ho ba etsang boboleli ba litaba tse molemo tsa “’muso oa maholimo.” Lipapiso tse ngata tsa Jesu li na le lithuto tsa bohlokoa bakeng sa bohle ba ‘nang le litsebe ho utloa.’ Ho feta moo, boprofeta ba Jesu, bo kang bo qaqisitsoeng ba ho boleloa esale pele ‘pontšo ea ho ba teng ha hae,’ bo haha tšepo e matla le ho kholiseha ho matla ka bokamoso.—5:1–7:29; 10:5-42; 13:1-58; 18:1–20:16; 21:28–22:40; 24:3–25:46.
32. (a) Bontša kamoo boprofeta bo phethahetseng bo pakang Bomessia ba Jesu. (b) Ke tiiso efe e matla eo ho phethahala hoo ho re nehang eona kajeno?
32 Kosepele ea Mattheu e na le boprofeta bo bongata bo phethahetseng. Lirapa tse ngata tseo a li qotsitseng Mangolong a bululetsoeng a Seheberu e ne e le ka morero oa ho bontša ho phethahala hona. Li fana ka bopaki bo ke keng ba hanyetsoa ba hore Jesu ke Messia, hobane ho ne ho ke ke ha etsahala ho hang ho lokisetsa makolopetso ana ’ohle esale pele. Ka mohlala, bapisa Mattheu 13:14, 15 le Esaia 6:9, 10; Mattheu 21:42 le Pesaleme ea 118:22, 23; le Mattheu 26:31, 56 le Zakaria 13:7. Ho phethahala ho joalo le rōna ho re fa tiiso e matla, ea hore ponelo-pele eohle ea boprofeta ea Jesu ka boeena, e tlalehiloeng ke Mattheu, ka nako ea teng e tla ba ’nete ha merero e khanyang ea Jehova mabapi le “’muso oa maholimo” e phethahala.
33. Barati ba ho loka joale ba ka nyakallela tsebo efe le tšepo?
33 Molimo o ne o nepile hakaakang ka ho bolela esale pele bophelo ba Morena oa ’Muso, le ka mokhoa o qaqileng ka ho felletseng! Mattheu ea bululetsoeng o ne a nepile hakaakang ho tlaleha ka botšepehi ho phethahala ha boprofeta boo! Ha ba nahana ka ho phethahala ha boprofeta le litšepiso tse tlalehiloeng bukeng ea Mattheu, barati ba ho loka ka sebele ba ka nyakallela tsebo le tšepo ea “’muso oa maholimo” e le kofuto ea Jehova bakeng sa ho halaletsa lebitso la hae. Ke ’Muso ona ka Jesu Kreste o tlisang mahlohonolo a mangata haholo a bophelo le thabo ho ba bonolo le ba lapileng moeeng “nchafalong ea tsohle, mohla Mor’a motho a lulang teroneng ea khanya ea hae.” (Matt. 19:28) Tsena tsohle li fuperoe litabeng tse molemo tse susumetsang “ho latela Mattheu.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Khatiso ea 1981, Moq. V, leqephe 895.
b Phetolelo ho tsoa bukeng ea Selatine e hlophisitsoeng ke E. C. Richardson le e hatisitsoeng e le letoto “Texte und Untersuchungen zur Geschichte der altchristlichen Literatur,” Leipzig, 1896, Moq. 14, maqephe 8, 9.
c The Ecclesiastical History, VI, xxv, 3-6.
d Introduction to the Study of the Gospels, 1896, B. F. Westcott, leqephe 201.
e Mehleng ea Jesu, denari e ne e lekana le moputso oa letsatsi; kahoo lidenari tse 100 li ne li ka lekana le karolo ea boraro ea moputso oa selemo. Lidenari tse limillione tse 60 li ne li lekana le meputso e neng e tla hloka nako ea bophelo e likete hore e bokellane.—Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 614.
f Treasury of the Christian Faith, 1949, e hlophisitsoeng ke S. I. Stuber le T. C. Clark, leqephe 43.
g Mahatma Gandhi’s Ideas, 1930, ea C. F. Andrews, leqephe 96.