Pono ea Mokreste ka Balaoli ba Phahameng
“Sephefumolohi se seng le se seng a se ke se ikokobeletse balaoli ba phahameng, hobane ha ho bolaoli bo bileng teng ka ntle ho Molimo; balaoli ba teng ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng.”—BA-ROMA 13:1, “NW.”
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha Pauluse e ne e le motšoaruoa Roma? (b) Boipiletso ba Pauluse ho Cesare bo hlahisa lipotso life?
MOAPOSTOLA Pauluse o ile a ngolla Baroma mantsoe a ka holimo hoo e ka bang ka 56 C.E. Lilemo tse seng kae hamorao, o ile a iphumana a le Roma e le motšoaruoa. Hobane’ng? O ne a ile a hlaseloa ke sehlopha sa mahoo-hoo Jerusalema eaba o lopolloa ke masole a Roma. O ile a isoa Cesarea, ’me a talimana le liqoso tsa bohata, empa o ile a ipuella ka tsela e bohlale ka pel’a Felixe, ’musisi oa Roma. A tšepile ho fumana tjotjo, Felixe o ile a mo koalla teronkong lilemo tse peli. Qetellong, Pauluse o ile a bolella ’musisi ea latelang, Festuse, hore o batla hore Cesare a mamele nyeoe ea hae.—Liketso 21:27-32; 24:1–25:12.
2 Joaloka moahi oa Roma o ne a e-na le tokelo ena. Empa na ho ipiletsa ha Pauluse ho bolaoli boo ba moemphera ho ne ho lumellana le melao-motheo eo a neng a bolela hore oa e lumela, ha Jesu a ile a bitsa Satane ‘’musi oa sebele oa lefatše’ ’me Pauluse ka boeena a ile a bitsa Satane “molimo oa tsamaiso ena ea lintho”? (Johanne 14:30, NW; 2 Ba-Korinthe 4:4, NW) Kapa na bolaoli ba Roma bo ne bo le ‘boemong bo lekanyelitsoeng’ bo ileng ba etsa hore ho talima ha Pauluse bolaoling boo bakeng sa ho sireletsa litokelo tsa hae e be ho loketseng? Hona na mantsoe ao baapostola ba ileng ba a bua pejana, “Re tlameha ho utloa Molimo e le ’musi ho e-na le batho,” a lumella Mokreste ho utloa babusi ba batho neng le neng ha hoo ho sa akarelletse ho se utloe Molimo?—Liketso 5:29, NW.
3. Pauluse o senola pono efe e bontšang ho nahanisisa ka hloko, ’me letsoalo le ameha joang?
3 Pauluse o re thusa ho arabela lipotso tsena lengolong la hae le eang ho Baroma, moo a senolang pono e bontšang ho nahanisisa ka hloko ka puso ea batho. Ho Ba-Roma 13:1-7 (NW), Pauluse o hlakisa karolo eo letsoalo la Mokreste le tlamehang ho e phetha ho leka-lekanyeng ho bontša kutlo e felletseng ho Bolaoli bo Phahameng ka ho Fetisisa, Jehova Molimo, le ho bontša kutlo e lekanyelitsoeng ho “balaoli ba phahameng.”
Ho Khetholla Balaoli ba Phahameng
4. Ho ile ha etsoa phetoho efe ponong ea litaba ka 1962, ’me hoo ho hlahisa lipotso life?
4 Ka lilemo tse ’maloa, ho fihlela ka 1962, Lipaki tsa Jehova li ne li lumela hore balaoli ba phahameng ke Jehova Molimo le Kreste Jesu. Leha ho le joalo, tumellanong le Liproverbia 4:18, leseli le ile la eketseha, ’me pono ena e ile ea fetoloa, e leng ho ka ’nang ha hlahisa lipotso mehopolong ea ba bang. Na joale re nepile ha re bolela hore balaoli baa ke marena, bapresidente, bo-tona-khōlō, babusi ba metse e meholo, bo-’maseterata, le ba bang ba sebelisang matla a lefatše, a lipolotiki lefatšeng le hore re lokela ho ikokobeletsa bona ka tsela e lekanyelitsoeng?
5. Taba e potolohileng Ba-Roma 13:1 e re thusa ka tsela efe ho khetholla balaoli ba phahameng, ’me liphetolelo tse fapa-fapaneng tsa Bibele li tšehetsa ho ba khetholla ka tsela ee joang?
5 Irenaeus, mongoli oa lekholong la bobeli la lilemo C.E., o ile a bolela hore ho latela batho ba bang ba mehleng ea hae, ho Ba-Roma 13:1 Pauluse o ne a bua “ka sehlopha sa mangeloi [kapa] babusi ba sa bonahaleng.” Leha ho le joalo, Irenaeus ka boeena o ne a talima balaoli ba phahameng e le “balaoli ba sebele ba batho.” Taba e potolohileng mantsoe a Pauluse e bontša hore Irenaeus o ne a nepile. Litemaneng tse qetellang tsa Ba-Roma khaolo ea 12, Pauluse o hlalosa hore na Bakreste ba lokela ho itšoara joang pel’a “batho bohle,” hore esita le ‘lira’ tsa bona ba li tšoare ka tsela e lerato le e nahanelang. (Ba-Roma 12:17-21) Ka ho hlakileng, polelo “batho bohle” e sebetsa ho batho ba ka ntle ho phutheho ea Bokreste. Kahoo e tlameha e be “balaoli ba phahameng,” bao Pauluse a tsoelang pele ho bua ka bona, le bona ba ka ntle ho phutheho ea Bokreste. Tumellanong le sena, hlokomela hore na liphetolelo tse fapa-fapaneng li fetolela karolo e qalang ea Ba-Roma 13:1 joang: “E mong le e mong o tlameha ho utloa balaoli ba ’muso” (Today’s English Version); “e mong le e mong o tlameha ho ipeha ka tlaase ho balaoli ba busang” (New International Version); “e mong le e mong o tšoanela ho utloa balaoli ba sechaba.”—New Testament in Modern English ea Phillips.
6. Mantsoe a Pauluse mabapi le ho lefa makhetho le sethaba-thaba a bontša joang hore e tlameha e be balaoli ba phahameng ke balaoli ba lefatše?
6 Pauluse o tsoela pele ho bolela hore balaoli bana ba batla makhetho le sethaba-thaba. (Ba-Roma 13:6, 7, NW) Phutheho ea Bokreste ha e batle makhetho kapa sethaba-thaba; esita le Jehova kapa Jesu kapa ‘babusi leha e le bafe ba bang ba sa bonahaleng’ ha ba li batle. (2 Ba-Korinthe 9:7) Makhetho a lefshoa ho balaoli ba lefatše feela. Tumellanong le sena, mantsoe a Segerike a emelang “lekhetho” le “sethaba-thaba” ao Pauluse a a sebelisitseng ho Ba-Roma 13:7 (NW) ka ho toba a bolela chelete e lefshoang ho ’Muso.a
7, 8. (a) Mangolo a fapa-fapaneng a lumellana le pono ea hore Bakreste ba lokela ho ikokobeletsa balaoli ba lipolotiki ba lefatše lee joang? (b) Ke neng feela moo Bakreste ba ke keng ba latela litaelo tsa “bolaoli”?
7 Ho feta moo, khothatso e matla ea Pauluse ea hore re ikokobeletse balaoli ba phahameng e lumellana le taelo ea Jesu ea hore re ntšetse “Cesare tseo e leng tsa Cesare,” ’me moo “Cesare” o emela bolaoli ba lefatše. (Mattheu 22:21) E boetse e lumellana le mantsoe a Pauluse ho Tite hamorao: “U ’ne u ba hopotse ho ikokobetsa le ho utloa mebuso le balaoli joaloka babusi, ho itokisetsa mosebetsi o mong le o mong o motle.” (Tite 3:1, NW) Kahoo, ha mebuso e laela Bakreste hore ba kopanele mesebetsing ea sechaba, ka nepo ba latela hoo hafeela mesebetsi eo e se ho sekisetsa ho ka nkang sebaka sa tšebeletso eo e seng ea Mangolo kapa hoo ka tsela e ’ngoe ho ka tlōlang melao-motheo ea Mangolo, e kang e fumanoang ho Esaia 2:4.
8 Petrose o ile a boela a tiisa hore re lokela ho ikokobeletsa balaoli ba lefatše lena ha a re: “Le ke le utloe borena bofe le bofe ba batho, leha e le morena, kahobane e le eena e moholo; leha e le babusisi, ka ho re, ke ba rongoang ke eena ho khalemela ba etsang hampe, le ho boka ba etsang hantle.” (1 Petrose 2:13, 14) Tumellanong le sena, Bakreste ba ne ba tla ela hloko hape temoso ea Pauluse ho Timothea: “Joale, khothatso ea ka ea sehloho, ke re: Liqelo, le merapelo, le lithapello, le liteboho, li etsetsoe batho bohle, le marena, le bohle ba boholong [“ba boemong bo phahameng,” NW], hore re tle re iphelele khotsong le boiketlong.”b—1 Timothea 2:1, 2.
9. Ke hobane’ng ha ho bolela hore balaoli ba batho ke “ba phahameng” e se ho amoha Jehova khanya?
9 Ka ho bitsa balaoli ba lefatše “ba phahameng,” na ka tsela e itseng re amoha Jehova tlhompho e mo loketseng? Che, hobane Jehova hase feela ea phahameng. Ke “Morena ’Musi,” “ea Phahameng ka ho Fetisisa.” (Pesaleme ea 73:28, NW; Daniele 7:18, 22, 25, 27, NW; Tšenolo 4:11; 6:10, NW) Boikokobetso bo loketseng ho balaoli ba batho ha ho amohe Bolaoli bo Phahameng ka ho Fetisisa, Morena ’Musi Jehova, borapeli ba rōna ka tsela leha e le efe. Ka hona, balaoli baa ba phahame ho isa bohōleng bofe? Ba mpa ba phahame feela ha ba bapisoa le batho ba bang esita le karolong ea bona ea mosebetsi. Ba ikarabella bakeng sa ho busa le ho sireletsa lichaba tsa batho, ’me ba beha melao ea boitšoaro litabeng tsa sechaba ka lebaka la sena.
“Ba Behiloe ke Molimo Maemong a Bona a Lekanyelitsoeng”
10. (a) Polelo ea Pauluse mabapi le ‘ho behoa’ ha balaoli ba phahameng e paka eng ka bolaoli ba Jehova ka boeena? (b) Jehova o lumelletse eng mabapi le ‘ho behoa’ ha babusi ba itseng, ka hona bahlanka ba hae ba lekoa joang?
10 Hore Jehova Molimo o phahame haholo esita le ho feta balaoli ba lefatše ho bontšoa ke hore balaoli bana ba “behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng.” Leha ho le joalo, polelo ena e hlahisa potso. Lilemo tse ’maloa ka mor’a hore Pauluse a ngole mantsoe ana, moemphera oa Roma Nero o ile a qala phutuho ea mahloriso a sehlōhō khahlanong le Bakreste. Na Molimo e ne e le oona o behileng Nero boemong ba hae? Le hanyenyane! Hase hore ’musi ka mong o khethoa ke Molimo e be o behoa sebakeng seo ‘ka mohau oa Molimo.’ Ho fapana le hoo, ka linako tse ling Satane o tsamaisa litaba hore batho ba sehlōhō ba be maemong a babusi, ’me Jehova o lumella sena, hammoho le liteko tseo babusi ba joalo ba li tlisetsang bahlanka ba hae ba bolokang botšepehi.—Bapisa le Jobo 2:2-10.
11, 12. Ke liketsahalo life tse tlalehiloeng tseo ho tsona Jehova ka boeena a ileng a tsamaisa litaba hore balaoli ba lefatše ba lule litulong kapa ba tlohe litulong?
11 Leha ho le joalo, Jehova ka boeena o ’nile a kenella tabeng ea babusi kapa mebuso e itseng e le hore a phethahatse morero oa hae o phahameng. Ka mohlala, nakong ea Abrahama Bakanana ba ile ba lumelloa ho lula naheng ea Kanana. Leha ho le joalo, hamorao Jehova o ile a ba fothola eaba o fa peō ea Abrahama naha eo. Ha Baiseraele ba entse khefu leetong la bona lefeelleng, Jehova ha aa ka a ba lumella ho futuhela Ammone, Moabe, le Thaba ea Seire. Empa o ile a ba laela hore ba ripitle mebuso ea Sihone le Oge.—Genese 15:18-21; 24:37; Exoda 34:11; Deuteronoma 2:4, 5, 9, 19, 24; 3:1, 2.
12 Hoba Iseraele e ahe Kanana, Jehova o ile a ’na a bontša thahasello ho balaoli ba neng ba ama batho ba hae. Ka linako tse ling, ha Iseraele e ne e sitiloe, Jehova o ne a e lumella hore e kene tlas’a bolaoli ba bahetene. Ha e baka, o ne a tlosa bolaoli boo ka har’a naha. (Baahloli 2:11-23) Qetellong, o ile a lumella Juda, hammoho le lichaba tse ling tse ngata, hore e busoe ke Babylona. (Esaia 14:28–19:17; 23:1-12; 39:5-7, NW) Ka mor’a hore Iseraele e ee khōlehong Babylona, Jehova o ile a bolela esale pele ka ho phahama le ho oa ha mebuso ea lefatše ho neng ho tla ama batho ba hae ho tloha nakong ea Babylona ho theosa ho tla fihlela mehleng ea rōna.—Daniele, likhaolo 2, 7, 8 le 11.
13. (a) Ho latela pina ea Moshe, ke hobane’ng ha Jehova a ile a fana ka litaelo mabapi le meeli ea lichaba? (b) Ke hobane’ng ha Molimo o ile oa khutlisetsa Iseraele naheng ea habo eona hamorao?
13 Moshe o ile a bina tjena ka Jehova: “Eanaeare mohla E moholo-holo a abelang lichaba lefa la tsona, mohla a arohanyang bana ba batho, a bea meeli ea lichaba ka palo ea bana ba Iseraele; hobane kabelo ea Jehova ke ea sechaba sa hae; ’me Jakobo ke kabelo ea lefa la hae.” (Deuteronoma 32:8, 9; bapisa le Liketso 17:26.) E, Molimo o ile oa laela hore na ke balaoli bafe ba neng ba tla lula ba ntse ba le teng moo le hore na ke bafe ba neng ba tla timetsoa, e le hore o phethahatse merero ea oona. Ka tsela ena, o ile oa abela litloholo tsa Abrahama naha eo e neng e tla ba lefa la tsona eaba hamorao o li khutlisetsa naheng eo, e le hore qetellong Peō e tšepisitsoeng e ka hlaha hona moo, feela joalokaha ho ne ho profetiloe.—Daniele 9:25, 26; Mikea 5:2.
14. Ka kakaretso, Jehova o beha balaoli ba batho maemong a bona a lekanyelitsoeng ka kutloisiso efe?
14 Leha ho le joalo, maemong a mangata Jehova o beha babusi maemong a bona a lekanyelitsoeng ka kutloisiso ea hore o lumella batho ho lula maemong a bolaoli a lekanyelitsoeng kamanong ea bona e mong ho e mong empa ka mehla ba ntse ba le ka tlaase ho eena. Ka hona, ha Jesu a eme ka pel’a Ponse Pilato, o ile a bolella ’musi eo: “U ka be u se na bolaoli ho hang khahlanong le ’na hoja u ne u sa bo fuoa bo e-tsoa holimo.” (Johanne 19:11, NW) Sena se ne se sa bolele hore Pilato ka boeena o ne a behiloe boemong boo ke Molimo, empa se ne se bolela hore bolaoli ba hae bo neng bo e-na le matla a lefu le bophelo holim’a Jesu bo ne bo le teng feela ka tumello ea Molimo.
“Molimo oa Tsamaiso Ena ea Lintho”
15. Satane o sebelisa bolaoli ka tsela efe lefatšeng lee?
15 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka polelo ea Bibele ea hore Satane ke molimo, kapa ’musi, oa lefatše lee? (Johanne 12:31, BPN; 2 Ba-Korinthe 4:4, NW) Ho feta moo, ho thoe’ng ka boithoriso ba Satane ho Jesu ha a bontša Jesu mebuso eohle ea lefatše ’me a re: “Bolaoli bona kaofela . . . ke bo neiloe, ’me ke bo fa mang kapa mang eo ke lakatsang ho mo fa bona.” (Luka 4:6, NW) Jesu ha aa ka a hanyetsa boithoriso ba Satane. ’Me mantsoe a Satane a lumellana le seo Pauluse a ileng a se ngolla Baefese hamorao: “Ntoa ea rōna ha e khahlanong le mali le nama, empa e khahlanong le mebuso, khahlanong le balaoli, khahlanong le babusi ba lefatše ba lefifi lena, khahlanong le litšusumetso tsa meea e khopo e libakeng tsa leholimo.” (Ba-Efese 6:12, NW) Ho feta moo, buka ea Tšenolo e hlahisa Satane e le drakone e khōlō e fang setšoantšo se kang sebata sa tsamaiso ea lefatše ea lipolotiki “matla a eona le terone ea eona le bolaoli bo boholo.”—Tšenolo 13:2, NW.
16. (a) Ho ka bonoa joang hore bolaoli ba Satane ke bo lekanyelitsoeng? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a lumelletse Satane ho ba le bolaoli har’a batho?
16 Leha ho le joalo, hlokomela hore polelo ea Satane ho Jesu, “Bolaoli bona kaofela . . . ke bo neiloe,” e bontša hore le eena o na le bolaoli feela hobane a lumelletsoe. Ke hobane’ng ha Molimo o lumelletse see? Mosebetsi oa Satane oa ho ba ’musi oa lefatše o qalile morao koana Edene ha a qosa Molimo pepenene ka ho bua leshano le ho sebelisa bobusi ba Oona ka mokhoa o se nang toka. (Genese 3:1-6) Adama le Eva ba ile ba latela Satane ’me ba se ke ba mamela Jehova Molimo. Hona nakong eo, ka toka e phethahetseng, Jehova a ka be a ile a timetsa Satane le balateli ba hae ba babeli ba bacha. (Genese 2:16, 17) Empa mantsoe a Satane e ne e hlile e le phephetso ea botho ho Jehova. Kahoo bohlaleng ba oona Molimo o ile oa lumella Satane hore a ’ne a phele nakoana e itseng, ’me Adama le Eva ba ile ba fuoa monyetla oa ho ba le bana pele ba e-shoa. Ka tsela ena, Molimo o ile oa fana ka nako le monyetla tsa hore ho bontšoe hore phephetso ea Satane ke leshano.—Genese 3:15-19.
17, 18. (a) Ke hobane’ng ha re ka re Satane ke molimo oa lefatše lee? (b) Ke ka tsela efe ‘ho seng bolaoli’ bo bileng teng lefatšeng lee “ka ntle ho Molimo”?
17 Lintho tse etsahetseng ho tloha nakong ea Edene li bontšitse hore liqoso tsa Satane e ne e le mashano a pepenene. Litloholo tsa Adama ha lia fumana thabo ka ho ba tlas’a puso ea Satane kapa tlas’a puso ea motho. (Moeklesia 8:9) Ka lehlakoreng le leng, litšebelisano tsa Molimo le batho ba oona li bontšitse hore puso ea Molimo ke e phahameng. (Esaia 33:22) Empa kaha boholo ba litloholo tsa Adama ha li amohele bobusi ba Jehova, e-bang lia tseba kapa ha li tsebe li sebeletsa Satane joaloka molimo oa tsona.—Pesaleme ea 14:1; 1 Johanne 5:19.
18 Haufinyane litseko tse ileng tsa hlahisoa Edene li tla rarolloa. ’Muso oa Molimo o tla nka matla a tsamaiso litabeng tsa batho ka botlalo, ’me Satane o tla koalloa sekoting. (Esaia 11:1-5; Tšenolo 20:1-6) Leha ho le joalo, khabareng ho ’nile ha hlokahala tokisetso kapa tsamaiso ea mofuta o mong o itseng har’a batho e le hore ho be le bophelo bo laolehileng. Jehova “hase Molimo oa mofere-fere, empa e le oa khotso.” (1 Ba-Korinthe 14:33) Kahoo, o ile a lumella litsamaiso tsa bolaoli hore li be teng lichabeng tse ileng tsa hōlela ka ntle ho Edene, ’me o lumelletse batho ho ba le bolaoli tokisetsong ena. Ka tsela ena, “ha ho bolaoli bo bileng teng ka ntle ho Molimo.”
Balaoli ba Hlokang Leeme
19. Na motho e mong le e mong ea busang o tlas’a taolo e tobileng ea Satane?
19 Ho tloha Edene, Satane o ’nile a ba le bolokolohi bo boholo har’a batho, ’me o ’nile a sebelisa bolokolohi bona ho laola liketsahalo lefatšeng, tumellanong le boithoriso ba hae ho Jesu. (Jobo 1:7; Mattheu 4:1-10) Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore ’musi e mong le e mong ea teng lefatšeng lena o ipeha ka ho toba tlas’a taolo ea Satane. Ba bang—ba kang Nero oa lekholong la pele la lilemo le Adolf Hitler oa lekholong la rōna la lilemo—ruri ba bonahalitse moea oa bosatane. Empa ba bang ha baa ka ba bonahatsa moea o joalo. Sergiuse Pauluse, ’musisi oa Cypera, e ne e le “monna ea hlalefileng” ea neng “a lakatsa ho utloa lentsoe la Molimo.” (Liketso 13:7) Gallione, ’musisi oa Akaia, o ile a hanyetsa khatello ea Bajode ba neng ba nģosa Pauluse. (Liketso 18:12-17) Babusi ba bang ba bangata ba ’nile ba sebelisa bolaoli ba bona ka tsela e hlomphehang ba latela matsoalo a bona.—Bapisa le Ba-Roma 2:15.
20, 21. Ke liketsahalo life tsa lekholong la bo20 la lilemo tse bontšang hore hase ka mehla batho ba busang ba etsang thato ea Satane?
20 Buka ea Tšenolo e ile ea bolela esale pele hore “letsatsing la Morena,” le qalileng ka 1914, Jehova o ne a tla laola esita le balaoli ba batho hore ba thibele merero ea Satane. Tšenolo e hlalosa moroallo oa mahloriso, oo Satane a ileng a o tšollela Bakreste ba tlotsitsoeng, o neng o tla metsoa ke “lefatše.” (Tšenolo 1:10, NW; 12:16) Likarolo tsa motheo tsa “lefatše,” mokhatlo oa batho o teng lefatšeng hona joale, li ne li tla sireletsa batho ba Jehova mahlorisong a Satane.
21 Na see se hlile se etsahetse? E. Ka mohlala, ka bo-1930 le bo-1940 Lipaki tsa Jehova United States li ile tsa ba tlas’a khatello e khōlō, tsa hlokofatsoa ke litlhaselo tsa lihlopha tsa mahoo-hoo le ho tšoaroa khafetsa ka ntle ho toka. Li ile tsa lopolloha ha Lekhotla le Phahameng ka ho Fetisisa la U.S. le fana ka letoto la liqeto tse neng li bontša hore mosebetsi oa tsona o hlokomeloa e le oa molao. Libakeng tse ling ka ho tšoanang, balaoli ba ’nile ba phallela batho ba Molimo. Ireland, lilemong tse ka bang 40 tse fetileng, sehlopha sa mahoo-hoo sa Roma e K’hatholike se ile sa hlasela Lipaki tse peli motseng oa Cork. Lepolesa la sebaka seo le ile la phallela Lipaki tseo, ’me lekhotla la molao le ile la fa batho bao ba ileng ba li hlasela kotlo. Fiji, selemong se fetileng feela, seboka sa baokameli ba phahameng se ile sa mamela tšisinyo ea hore mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o thibeloe. Mookameli e mong o ile a buella Lipaki ka sebete, ’me tšisinyo eo e ile ea hlōloa habonolo.
22. Ho tla tšohloa lipotso life tse latelang?
22 Che, hase ka mehla balaoli ba lefatše ba sebeletsang ho phethahatsa merero ea Satane. Bakreste ba ka ikokobeletsa balaoli ba phahameng ka ntle le ho ikokobeletsa Satane ka boeena. Ha e le hantle, ba tla ikokobeletsa balaoli bana hafeela Molimo o ntse o lumelletse balaoli ho ba teng. Empa, boikokobetso bo joalo bo bolela eng? ’Me Bakreste bona ba ka lebella eng ho balaoli ba phahameng? Lipotso tsena li tla tšohloa lihloohong tse ithutoang tse qalang maqepheng a 18 le 23 a makasine ona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka mohlala, bona tšebeliso ea lentsoe “lekhetho” (phoʹros) ho Luka 20:22. Bona le tšebeliso ea lentsoe la Segerike teʹlos, leo mona le fetoletsoeng e le “sethaba-thaba,” ho Mattheu 17:25 (NW), moo le fetoletsoeng e le “lekhetho la thepa e kenang le e tsoang ka har’a naha.”
b Lereho la Segerike le fetoletsoeng e le “boemong bo phahameng,” hy·pe·ro·kheʹ, le amana le leetsi hy·pe·reʹkho. Polelong “balaoli ba phahameng” lentsoe “phahameng” le nkiloe leetsing lona lena la Segerike, e leng ho eketsang bopaki ba hore balaoli ba phahameng ke balaoli ba lefatše. Tsela eo Ba-Roma 13:1 e fetoletsoeng ka eona ho The New English Bible, “Motho e mong le e mong o tlameha ho ipeha ka tlaase ho balaoli ba phahameng ka ho fetisisa,” ha ea nepahala. Batho “ba boemong bo phahameng” hase ba phahameng ka ho fetisisa, le hoja e ka ’na eaba ba phahametse batho ba bang.
U ne U Tla Arabela Joang?
◻ Balaoli ba phahameng ke bo-mang?
◻ Ke joang re ka bolelang hore “ha ho bolaoli bo bileng teng ka ntle ho Molimo”?
◻ Ke hobane’ng ha Jehova a lumelletse hore lefatše le be tlas’a bolaoli ba Satane?
◻ Ke ka tsela efe Molimo o behang balaoli ba batho “maemong a bona a lekanyelitsoeng”?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ka mor’a ho chesoa ha Roma, ruri Nero o ile a bonahatsa moea oa bosatane
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Sergiuse Pauluse, ’musisi oa Cypera, o ne a lakatsa ho utloa lentsoe la Molimo